Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ho Hlokahala Hore le be le Mamello”

“Ho Hlokahala Hore le be le Mamello”

MONNA oa Anita o ile a halefa haholo ha Anita e e-ba Paki ea Jehova. * (Sheba naletsana.) O ile a leka ho mo thibela ho ea libokeng a ba a mo laela hore a khaotse ho bitsa lebitso la Molimo. O ne a mo halefela ha a utloa a bitsa lebitso la Jehova.

Ho phaella moo, monna oa Anita o ne a sa batle ha a ruta bana ba hae ka Jehova kapa hore a ee libokeng le bona. Sena se ne se le boima ho eena hobane o ne a tlameha ho leka ho thusa bana ba hae monna a sa tsebe.

Joalokaha mohlala oa Anita o bontša, setho se seng sa lelapa se ka ’na sa leka ho u thibela hore u sebeletse Jehova. Kapa u ka ’na ua tobana le boemo bo bong bo boima. Mohlomong u bile le bothata ba ho kula ka nako e telele. E ka ’na eaba u hlokahaletsoe ke ngoana, monna kapa mosali. Kapa mohlomong setho sa lelapa seo u se ratang se lahlile Jehova. Ha u le maemong aa, ke’ng e ka u thusang hore u lule u tšepahala ho Jehova?

Moapostola Pauluse o ile a re: “Ho hlokahala hore le be le mamello.” (Baheberu 10:36) Kahoo, ke’ng e ka u thusang hore u mamelle?

RAPELA JEHOVA HORE A U THUSE

Ha u le mahlomoleng, hopola hore u lokela ho tšepa Jehova hore a u thuse ho mamella. Rapella hore a u thuse. Ke seo Ana a ileng a se etsa ha monna oa hae a hlokahala ka tšohanyetso. Ba ne ba qetile lilemo tse 30 ba nyalane. Ana o re: “O ile a ea mosebetsing eaba ha a sa khutla. O ne a le lilemo li 52 feela.”

Ana o ne a lula a phathahane, empa seo ha sea ka sa felisa bohloko boo a neng a bo utloa. O ile a etsa joang? O re: “Ke ile ka tšollela pelo ea ka ho Jehova ’me ka mo kōpa hore a nthuse.” O oa hlokomela hore Jehova o ile a mo thusa hobane ka mor’a hore a rapele, o ile a ikutloa a e-na le khotso a bile a sa tšoenyeha. O phaella ka ho re: “Ke kholisehile hore Jehova o tla tsosa monna oa ka bafung.”—Bafilipi 4:6, 7.

Jehova o tšepisa bahlanka ba hae hore o tla utloa lithapelo tsa bona. (Pesaleme ea 65:2) Ebile o tšepisa hore o tla ba fa seo ba se hlokang e le hore ba tsoele pele ho mo sebeletsa. Jehova o tla u thusa hore le uena u tšepahale ho eena esita le maemong a boima.

LULA U LE HAUFI LE BARA LE BARALI BENO

Jehova o boetse o re thusa ka tsela e ’ngoe hore re mamelle. O re file bara le barali babo rōna ka phuthehong. Re ka ithuta tseleng eo barab’abo rōna ba Thesalonika ba ileng ba thusana ka eona ha ba ne ba hlorisoa ka sehlōhō. Ba ne ba lokela ho khothatsana, haholo-holo nakong eo. (1 Bathesalonika 2:14; 5:11) Ba ile ba thusa bara le barali babo bona ho lula ba tšepahala ho Jehova ka hore ba bokane hammoho le hore e be metsoalle e haufi. Ke’ng seo re ka se etsang hore re lule re tšepahala joaloka Bakreste ba Thesalonika?

Re lokela ho ba le metsoalle e haufi ka phuthehong ’me re khothatsane, haholo-holo linakong tse boima. (Baroma 14:19) Moapostola Pauluse o ile a hlorisoa a ba a tobana le mathata a mang, empa Jehova o ile a mo fa matla a ho mamella. Ka mohlala, Jehova o ile a khothatsa Pauluse a sebelisa bara le barali babo rōna. Ha a bua ka metsoalle ea hae, moapostola eo o ile a re: “Ba fetohile thuso e matlafatsang ho ’na.” (Bakolose 4:10, 11) Bara bana babo rōna ba ne ba rata Pauluse. Kahoo, ba ile ba mo khothatsa le ho mo matlafatsa ha a hloka thuso. Mohlomong u hopola linako tseo ka tsona bara le barali beno ka phuthehong ba ileng ba bua kapa ba etsa ntho e ileng ea u khothatsa.

KŌPA THUSO HO BAHOLO

Jehova o boetse o u file baholo ka phuthehong ea Bokreste. Banna bana ba ka u khothatsa le ho u fa keletso e molemo e tsoang ka Bibeleng. Ba tšoana le “sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo, joaloka melapo ea metsi naheng e se nang metsi, joaloka moriti oa lefika le leholo naheng e phophothehileng.” (Esaia 32:2) Hoa khothatsa ho tseba hore bara bana babo rōna ba ikemiselitse ho re thusa. Kahoo, ha u tobana le mathata, kōpa thuso ho baholo. Ba ka u thusa hore u tsoele pele u sebeletsa Jehova.

Ke ’nete hore baholo ba ke ke ba rarolla mathata ’ohle a hao kaha ha baa phethahala, joaloka uena. (Liketso 14:15) Leha ho le joalo, u ka ikutloa u imolohile ha u ea ho moholo ’me a u rapella ho Jehova hore a u thuse bothateng ba hao. (Jakobo 5:14, 15) Ka mohlala, baholo ba ile ba khothatsa mor’abo rona e mong oa Italy ea neng a kutse ka lilemo tse ngata. Ha e le hantle, o ile a re: “Barab’abo rōna ba ile ba mpontša lerato le ho nketela khafetsa, e leng se ileng sa nthusa hore ke mamelle.” Ha u e-na le mathata, Jehova o batla hore u kōpe thuso ho baholo.

AMEHA KA HO SEBELETSA JEHOVA

Ha re ameha ka ho sebeletsa Jehova, re tla bona kamoo a re thusang kateng. Ke sona seo John a ileng a se etsa. Ha a le lilemo li 39, o ile a fumana hore o tšoeroe ke kankere e sa tloaelehang. O ne a nka hore ke ho hloka toka hore ebe o kula hakaalo, kaha o ne a sa le monyenyane lilemong. O ne a boetse a khathatsehile ka mosali oa hae le ka mora oa bona, ea neng a le lilemo li tharo feela. O re: “Mosali oa ka o ne a lokela ho hlokomela ngoana oa rōna e monyenyane, a ntlhokomele a be a nketsetse litokisetso tsa ho bona ngaka.” Ka lebaka la phekolo eo a neng a e fuoa, o ne a ikutloa a khathetse haholo ebile a e-na le bothata ba mala. Mathata a hae a ne a sa felle moo. John o ile a utloa hore ntate oa hae o kulela lefu ’me o hloka motho ea ka mo hlokomelang.

Ke’ng e ileng ea thusa John le ba lelapa la hae nakong eo e boima? Le hoja hangata John a ne a ikutloa a khathetse, o ne a tiisa hore lelapa la hae le lula le amehile ka ho sebeletsa Jehova. O re: “Re ne re ea libokeng tsohle tsa phutheho, re ba teng tšebeletsong ea tšimo beke le beke, re bile re tšoara borapeli ba lelapa kamehla le ha ho le boima.” John o ile a hlokomela kamoo ho leng bohlokoa kateng hore a lule a e-na le kamano e matla le Jehova. Le hoja qalong a ne a tšohile ebile a tšoenyehile, nakoana ka mor’a moo o ile a ikutloa a imolohile. O ne a tseba hore Jehova o oa mo rata ’me o mo file matla ao a neng a a hloka. Ka tsela e tšoanang, Jehova a ka u thusa ha u tšoenyehile kapa u tšohile. John o re: “Jehova a ka u matlafatsa, feela joalokaha le ’na a ile a ’matlafatsa.”

Ha u le mathateng, hopola mantsoe a Pauluse ha a re: “Ho hlokahala hore le be le mamello.” Itšetlehe ka Jehova ka hore u mo rapele. E-ba haufi le bara le barali beno ka phuthehong, u kōpe thuso ho baholo ’me u lule u amehile ka ho sebeletsa Jehova. O tla u thusa bothateng leha e le bofe boo u ka ’nang ua tobana le bona hona joale kapa nakong e tlang.

^ ser. 2 Mabitso a mang a fetotsoe.