Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kreste—ke Matla a Molimo

Kreste—ke Matla a Molimo

“Kreste ke matla a Molimo.” —1 BAKORINTHE 1:24.

1. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re “Kreste ke matla a Molimo”?

JEHOVA o ile a sebelisa Jesu Kreste ho bonahatsa matla a hae ka tsela e hlollang. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a etsa mehlolo. Re ka bala e meng ea eona ka Bibeleng, ’me ea re matlafatsa tumelong. (Matheu 9:35; Luka 9:11) Jehova o file Jesu matla a maholo, hoo moapostola Pauluse a neng a ka re: “Kreste ke matla a Molimo.” (1 Bakorinthe 1:24) Empa mehlolo eo Jesu a e entseng e re ama joang?

2. Re ka ithuta’ng mehlolong eo Jesu a ileng a e etsa?

2 Moapostola Petrose o re Jesu o ile a etsa “limakatso,” kapa mehlolo. (Liketso 2:22) Mehlolo ee e re ruta’ng? E re bontša lintho tseo Jesu a tla li etsa nakong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete. Ka nako eo, o tla etsa mehlolo e meholo le ho feta e tla tsoela batho bohle molemo. Mehlolo eo a e entseng e boetse e re thusa ho utloisisa litšobotsi tseo eena le Ntate oa hae ba nang le tsona. Sehloohong sena, re tlil’o tšohla mehlolo e meraro ea Jesu, ’me re hlahlobe hore na e re ama joang hona joale le nakong e tlang.

MOHLOLO O RE RUTANG HO FANA

3. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa mohlolo oa hae oa pele? (b) Jesu o ile a bontša joang hore o seatla se bulehileng ha a le Kana?

3 Jesu o ile a etsa mohlolo oa pele lenyalong le neng le le motseng oa Kana. Ha re tsebe hore na ho tlile joang, empa ho ne ho se na veine e lekaneng. Ana e ne e tla ba mahlabisa-lihlong ho banyalani ba bacha, kaha e ne e le boikarabelo ba bona ho hlokomela baeti. ’Mè oa Jesu e leng Maria le eena o ne a le teng lenyalong leo. O ile a kōpa Jesu hore a thuse, mohlomong hobane a lumela hore o na le matla a ho etsa seo. E tlameha ebe Maria o ne a ’nile a thuisa ka boprofeta bo mabapi le mora oa hae, ’me o ne a tseba hore o tla bitsoa “Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa.” (Luka 1:30-32; 2:52) Empa ho hlakile hore Maria le Jesu ba ne ba batla ho thusa banyalani bao. Kahoo, Jesu o ile a fetola lilithara tse ka bang 380 tsa metsi hore e be veine e monate. (Bala Johanne 2:3, 6-11.) Na Jesu o ne a tlamehile ho etsa mohlolo oo? Che. O o entse hobane a tsotella batho, ebile a etsisa Ntate oa hae, ea fanang ka seatla se bulehileng.

Jesu o ile a re re lokela “ho fana”

4, 5. (a) Mohlolo oa pele oo Jesu a ileng a o etsa o re ruta’ng? (b) Mohlolo oa Kana o bontša hore ho tla etsahala’ng nakong e tlang?

4 Jesu o ile a atisa veine ka mohlolo, ’me ea lekana batho ba bangata. Mohlolo oo o re ruta’ng? O re ruta hore Jehova le Jesu ha ba lekhonatha, empa ba seatla se bulehileng. O paka hore ba tsotella tsela eo batho ba ikutloang ka eona. O boetse o bontša hore Jehova o tla sebelisa matla a hae ho re fa nala ea lijo lefatšeng le lecha, ho sa tsotellehe hore na re phela hokae.—Bala Esaia 25:6.

5 Ak’u nahane ka sena! Haufinyane Jehova o tla re fa sohle seo re se hlokang. Motho e mong le e mong o tla ba le ntlo e ntle le lijo tse khotsofatsang. Rea thaba ha re nahana ka lintho tse babatsehang tseo Jehova a tla re fa tsona ka seatla se bulehileng lefatšeng la Paradeise.

Re etsisa Jesu ha re fana ka nako ea rōna (Sheba serapa sa 6)

6. Jesu o ne a sebelisa matla a hae joang, hona re ka mo etsisa joang?

6 Ha ho mohla Jesu a kileng a sebelisa matla a hae ka boithati. Nahana ka se ileng sa etsahala ha Diabolose a ne a leka Jesu a re a fetole majoe bohobe. Jesu o ile a hana ho sebelisa matla a hae ho ithuisa molemo. (Matheu 4:2-4) Ho e-na le hoo, o ne a ikemiselitse ho sebelisa matla a hae ho thusa ba bang. Re ka mo etsisa joang tabeng ea ho hloka boithati? Jesu o ile a re re lokela “ho fana.” (Luka 6:38) Re ka etsa sena ka ho memela ba bang lijong. Re ka boetse ra ipha nako ea ho thusa ba bang ka mor’a liboka, mohlomong ra mamela mor’abo rōna ha a itlhakisetsa puo. Kapa re ka ’na ra khona ho thusa ba bang le ho ba koetlisa tšebeletsong ea tšimo. Re etsisa Jesu tabeng ea ho fana ka seatla se bulehileng ha re thusa ba bang neng le neng ha re khona.

“BOHLE BA JA BA KHORA”

7. Ho tla lula ho e-na le bothata bofe lefatšeng lee la Satane?

7 Bofutsana ha bo qale hona joale. Jehova o ile a bolella Baiseraele hore ‘ha ho mohla mofutsana a tla ba sieo naheng ea bona.’ (Deuteronoma 15:11) Lilemo tse makholo hamorao, Jesu o ile a re: ‘Etsoe kamehla le tla ba le mafutsana.’ (Matheu 26:11) Na Jesu o ne a bolela hore mafutsana a tla lula a le teng? Che, o ne a bolela hore a tla lula a le teng, hafeela re ntse re phela lefatšeng lena la Satane. Empa boemo e tla ba bo fapaneng hōle ha re se re phela lefatšeng le lecha! Ka nako eo, bofutsana bo tla be bo le sieo. Batho bohle ba tla khora, ’me bohle ba tla khotsofala!

8, 9. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a fepa batho ba likete? (b) U ikutloa joang ka mohlolo oo?

8 Mopesaleme o ile a re ka Jehova: “U fuparolla seatla sa hao u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” (Pesaleme ea 145:16) Ha Jesu a le lefatšeng, o ne a etsisa Ntate oa hae ka ho phethahetseng, ’me a atisa ho thusa ba hlokang. O ne a sa ba thuse hobane feela a batla ho bontša hore o na le matla. Jesu o ne a tsotella batho e le kannete. A re ke re tšohleng Matheu 14:14-21. (E bale.) Batho ba bangata ba tsoang metseng ba ile ba sala Jesu morao ba tsamaea ka maoto. (Matheu 14:13) Ha shoalane e tšoara, barutuoa ba ne ba tšoenyehile ka hore batho bao ba khathatse ebile ba lapile. Kahoo, ba kōpa Jesu hore a re bongata boo bo il’o ithekela lijo. Jesu o ile a etsa’ng?

9 Jesu o ile a fepa banna ba ka bang 5 000, hammoho le basali le bana ka mahobe a mahlano le litlhapi tse peli. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa mohlolo oo? Ke hobane o ne a rata batho ’me a ba tsotella. E tlameha ebe Jesu o ile a etsa lijo tse ngata, kaha bongata boo bo ile “ba ja ba khora.” Lijo tseo ba neng ba li jele li ne li tla ba fa matla ao ba a hlokang hore ba nke leeto le lelelele ha ba khutlela hae. (Luka 9:10-17) Ha bohle ba se ba jele, barutuoa ba ile ba tlatsa libaskete tse 12 ka lijo tse setseng!

10. Ho tla etsahala’ng ka bofutsana nakong e tlang?

10 Batho ba limilione tse makholo ba phela bofumeng ka lebaka la babusi ba meharo le ba bobolu. Esita le barab’abo rōna ba bang ba haelloa ke lijo. Empa haufinyane, batho ba mamelang Jehova ba tla phela lefatšeng le se nang bobolu le bofutsana. Jehova ke Molimo ea matla ’ohle, ’me o na le matla a ho fa bohle lintho tseo ba li hlokang ebile o lakatsa ho etsa seo. O tšepisa hore haufinyane o tla felisa tšotleho!—Bala Pesaleme ea 72: 16.

Mehlolo ea Jesu e re tiisetsa hore o batla ho sebelisa matla a hae molemong oa rōna

11. Ke’ng e u kholisang hore haufinyane Kreste o tla sebelisa matla a hae molemong oa bohle lefatšeng, hona u labalabela ho etsa’ng?

11 Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a etsa mehlolo metseng e seng mekae ka lilemo tse tharo le halofo feela. (Matheu 15:24) Empa ha Jesu a se a busa e le Morena Pusong ea hae ea Lilemo Tse Sekete, o tla thusa batho bohle. (Pesaleme ea 72:8) Mehlolo ea Jesu e re tiisetsa hore o batla ho sebelisa matla a hae molemong oa rōna. Ke ’nete hore ha re na matla a ho etsa mehlolo, empa ke’ng seo re ka se etsang? Re ka sebelisa nako le matla a rōna ho bolella ba bang litšepiso tse babatsehang tse ka Bibeleng. Kaha re Lipaki Tsa Jehova, ke sona seo re lokelang ho se etsa. (Baroma 1:14, 15) Ha re thuisa ka lintho tseo Kreste a tla li etsa haufinyane, re tla labalabela ho bolella ba bang ka tsona.—Pesaleme ea 45:1; 49:3.

JEHOVA LE JESU BA LAOLA LINTHO TSA TLHAHO

12. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jesu o utloisisa ka ho feletseng tsela eo lefatše le entsoeng ka eona?

12 Ha Molimo a bōpa lefatše le tsohle tse ho lona, Jesu ‘o ne a e-na le eena e le mosebetsi ea hloahloa.’ (Liproverbia 8:22, 30, 31; Bakolose 1:15-17) Kahoo, Jesu o utloisisa ka ho feletseng tsela eo lefatše le entsoeng ka eona. O tseba ho sebelisa lihloliloeng le ho li laola.

Ke’ng e u khahlang ka tsela eo Jesu a ileng a sebelisa matla a hae a ho etsa mehlolo? (Sheba serapa sa 13 le 14)

13, 14. Fana ka mohlala o bontšang hore Kreste o na le matla a ho laola lintho tsa tlhaho.

13 Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bontša hore Molimo o mo file matla a ho laola lintho tsa tlhaho. Ka mohlala, nahana ka tsela eo Jesu a ileng a laola sefefo se matla ka eona. (Bala Mareka 4:37-39.) Setsebi se seng sa Bibele se re lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “sefefo se matla” bukeng ea Mareka, le sebelisetsoa ho hlalosa leholiotsoana. Le hlalosa sefefo se tlang ka maru a matšo, moea o fokang ka matla, lehalima le lipula tsa likhohola. Moo se fetileng teng, se siea se bakile tšenyo e khōlō. Moapostola Matheu o re sefefo seo se ile sa baka “ho tsukutleha ho hoholo.”—Matheu 8:24.

14 Ak’u nahane ka boemo bona: Maqhubu a tsukutla sekepe, ’me metsi a kena ka sekepeng. Le hoja moea o foka ka matla ’me o etsa lerata, le sekepe se akhotsoa ke maqhubu, Jesu o khalehile ke mokhathala. Empa barutuoa bona ba tšohile, kahoo ba tsosa Jesu ’me ba re: “Re makhatheng a ho timela!” (Matheu 8:25) Jesu o etsa’ng? O oa tsoha ’me o re ho sefefo le leoatle: “Thōla! Khutsa!” (Mareka 4:39) Sefefo seo sea kokobela, ’me ho ba le “khutso e khōlō.” Ruri ona ke mohlala o motle o bontšang hore Jesu o na le matla a ho laola lintho tsa tlhaho!

15. Jehova o bontšitse joang hore o khona ho laola lintho tsa tlhaho?

15 Ke Jehova ea fileng Kreste matla, kahoo rea tseba hore Molimo ea Matla ’Ohle o khona ho laola lintho tsa tlhaho. Ka mohlala, pele ho Moroallo, Jehova o ile a re: “Ho setse matsatsi a supileng feela ’me ke tla nesa pula holim’a lefatše ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.” (Genese 7:4) ’Me ho Exoda 14:21, rea bala: “Eaba Jehova o qala ho khutlisetsa leoatle morao ka moea o matla oa bochabela.” Jonase 1:4 eona e re: “Jehova a romela moea o moholo leoatleng, ’me ha e-ba le sefefo se matla leoatleng; ha e le sekepe, se ne se le haufi le ho soahlamana.” Hoa khothatsa ho tseba hore lefatšeng le lecha, Jehova o tla lula a laola lintho tsa tlhaho.

16. Ke hobane’ng ha e le ho tšelisang ho tseba hore Jehova le Jesu ba na le matla a ho laola lintho tsa tlhaho?

16 Ke ho tšelisang ho tseba hore Jehova le Jesu ba na le matla a ho laola lintho tsa tlhaho. Pusong ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, batho bohle ba tla phela ba sireletsehile. Ha ho na motho ea tla lematsoa kapa a bolaoe ke likoluoa tsa tlhaho tse kang maholiotsoana, litsunami, ho foqoha ha seretse se chesang kapa litšisinyeho tsa lefatše. Ha re na ho tšoha koluoa leha e le efe kaha “tente ea Molimo” e tla be e le ho moloko oa batho! (Tšenolo 21:3, 4) Re kholisehile hore Jehova o tla fa Jesu matla a ho laola lintho tsa tlhaho Pusong ea hae ea Lilemo Tse Sekete.

ETSISA MOLIMO LE KRESTE HONA JOALE

17. Tsela e ’ngoe eo re ka etsisang Molimo le Kreste ka eona hona joale ke efe?

17 Ke ’nete hore re ke ke ra thibela likoluoa tsa tlhaho. Ke Jehova le Jesu feela ba ka li thibelang. Empa ho na le seo re ka se etsang. Re ka etsa se boletsoeng ho Liproverbia 3:27. (E bale.) Ha barab’abo rōna ba le mathateng, re ka ba thusa ka seo ba se hlokang nameng le maikutlong ’me ra ba tšelisa. (Liproverbia 17:17) Ka mohlala, re ka ba phallela ha ba oetsoe ke likoluoa tsa tlhaho. Mohlolohali e mong eo ntlo ea hae e ileng ea senngoa ke leholiotsoana, o ile a re: “Ke ananela haholo hore ebe ke ka mokhatlong oa Jehova, o ntlhokomelang nameng le moeeng.” Morali’abo rōna e mong oa lesoha o ile a ikutloa a nyahame ka mor’a hore ntlo ea hae e fefoloe ke moea. Ka mor’a hore barab’abo rōna ba mo thuse ho e lokisa, o ile a re: “Ke haelloa ke mantsoe! Ha ke khone ho hlalosa kamoo ke ikutloang kateng.” O ile a phaella ka ho re: “Kea leboha, Jehova!” Rea thaba hore ebe bara le barali babo rōna ba tsotellana e le kannete. Ka holim’a tsohle, re leboha Jehova le Jesu Kreste hore ebe baa re tsotella.

18. Ke hobane’ng ha u ananela lebaka leo Jesu a ileng a etsa mehlolo ka lona?

18 Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a bontša hore “ke matla a Molimo.” Empa ha ho mohla a kileng a sebelisa matla a hae ho etsa mponeng kapa ho ithuisa molemo. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a sebelisa matla a hae ho etsa mehlolo hobane a rata batho e le kannete. Re tla tšohla taba ena haholoanyane sehloohong se latelang.