Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Phela Tumellanong le Thapelo ea Mohlala—Karolo ea I

Phela Tumellanong le Thapelo ea Mohlala—Karolo ea I

“Lebitso la hao le ke le halaletsoe.”—MATHEU 6:9.

1. Ha re buisana le batho boboleling, re ka ’na ra sebelisa mantsoe a thapelong ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu 6:9-13 joang?

BATHO ba bangata ba tseba mantsoe a thapelo e tlalehiloeng ho Matheu 6:9-13. Ha re buisana le batho boboleling, re atisa ho ba bolella hore ’Muso ona ke puso ea Molimo ea sebele, e tla fetola lefatše lena hore e be paradeise. Re boetse re sebelisa poleloana “lebitso la hao le ke le halaletsoe” ho bontša batho hore Molimo o na le lebitso le hore le lokela ho halaletsoa.—Matheu 6:9.

2. Re tseba joang hore Jesu o ne a sa batle hore re lule re pheta mantsoe a tšoanang nako le nako ha re rapela?

2 Na Jesu o ne a batla hore re lule re pheta mantsoe ao a a buileng, joalokaha ba bangata ba etsa? Che. Jesu o ile a re: “Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang.” (Matheu 6:7) Ka lekhetlo le leng, ha a ruta barutuoa ba hae ho rapela, o ile a pheta thapelo e tšoanang, empa a sebelisa mantsoe a fapaneng. (Luka 11:1-4) Kahoo, Jesu o ile a etsa thapelo ea mohlala ho re ruta lintho tseo re lokelang ho li rapella.

3. U ka ipotsa lipotso life ha u ntse u ithuta thapelo ea mohlala?

3 Sehloohong sena le se latelang, re tlil’o ithuta haholoanyane ka thapelo ena ea mohlala. Ha re ntse re ithuta ka eona, ipotse, ‘Thapelo ee e ka nthusa ho ntlafatsa boleng ba lithapelo tsa ka joang?’ Habohlokoa le ho feta, ‘Na ke phela tumellanong le thapelo ea mohlala?’

“NTAT’A RŌNA EA MAHOLIMONG”

4. Mantsoe a reng “Ntat’a rōna” a re hopotsa’ng, hona Jehova ke Ntate oa rōna ka tsela efe?

4 Jesu o ile a qala thapelo eo ka mantsoe a reng, “Ntat’a rōna.” Sena se re hopotsa hore Jehova ke Ntate oa bara le barali babo rōna lefatšeng lohle. (1 Petrose 2:17) Bao Jehova a ba khethileng hore ba il’o phela leholimong o ba nka e le bara, kahoo ke Ntate oa bona ka tsela e ikhethang. (Baroma 8:15-17) Ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, le bona ba ka mo bitsa “Ntate.” Jehova o ba file bophelo ’me ka lerato o ba fa seo ba se hlokang. Ha ba se ba phethahetse ’me ba fetile tekong ea ho qetela ba tšepahetse ho Jehova, ba tla bitsoa “bana ba Molimo.”—Baroma 8:21; Tšenolo 20:7, 8.

5, 6. Ke mpho efe e khōlō ka ho fetisisa eo batsoali ba ka e fang bana ba bona, hona ngoana ka mong o lokela ho etsa’ng ka mpho ee? (Sheba setšoantšo se qalong.)

5 Batsoali ba fa bana ba bona mpho ea bohlokoa ha ba ba thusa ho utloisisa hore Jehova ke Ntate oa bona ea maholimong, ’me ba ba ruta hore ba mo rapele. Molebeli e mong oa potoloho Afrika Boroa, o re: “Ho tloha letsatsing leo barali ba rōna ba hlahileng ka lona feela, ke ne ke rapela le bona bosiu bo bong le bo bong, ntle le ha ke le sieo lapeng. Barali ba ka ba re ha ba hopole mantsoe ao ke neng ke a bua thapelong ha ke rapela le bona bosiu. Empa ba ntse ba hopola hore na ho ne ho e-ba joang, re buisana ka bolokolohi le Jehova, Ntate oa rōna, ’me ba ikutloa ba phutholohile ba bile ba sireletsehile. Hang ha ba se ba ka etsa thapelo, ke ne ke ba khothalletsa hore ba rapelle holimo e le hore ke utloe seo ba se bolellang Jehova. Sena se ne se mpha monyetla oa hore ke tsebe se ka lipelong tsa bona. Ka mor’a moo, ke ne ke ba thusa ka bonolo hore ba kenyelletse lintlha tsa bohlokoa tse thapelong ea mohlala, e le hore lithapelo tsa bona li be le moelelo haholoanyane.”

6 Barali ba hae ba ile ba tsoela pele ho ba haufi le Jehova, esita le ha ba se ba hōlile. Hona joale ba nyetsoe ’me ba sebeletsa Jehova ka nako e tletseng le banna ba bona. Mpho e khōlō ka ho fetisisa eo batsoali ba ka e fang bana ke ho ba ruta hore Jehova ke Motho oa sebele le hore e ka ba Motsoalle oa bona. Empa ngoana e mong le e mong o lokela ho hlaolela kamano e ntle le Jehova.—Pesaleme ea 5:11, 12; 91:14.

“LEBITSO LA HAO LE KE LE HALALETSOE”

7. Re na le tlotla efe, empa re lokela ho etsa’ng?

7 Ke tlotla ho tseba lebitso la Molimo le ho ba “batho bakeng sa lebitso la hae.” (Liketso 15:14; Esaia 43:10) Re rapella hore ‘lebitso la hae le halaletsoe.’ Re boetse re kōpa Jehova hore a re thuse hore re se ke ra etsa kapa ra bua ntho leha e le efe e ka etsang hore lebitso la hae le hlompholloe. Ha rea lokela ho etsisa batho ba bang ba lekholong la pele la lilemo, ba neng ba sa etse lintho tseo ba neng ba li ruta ba bang. Pauluse o ile a re ho bona: “Lebitso la Molimo le ntse le nyefoloa ka lebaka la lōna har’a lichaba.”—Baroma 2:21-24.

8, 9. Fana ka mohlala o bontšang hore Jehova o thusa ba batlang ho halaletsa lebitso la hae.

8 Re etsa sohle se matleng a rōna ho tlotlisa lebitso la Jehova. Morali’abo rōna e mong oa Norway ea ileng a hlokahalloa ke monna, ’me a mo siea le mora ea lilemo li peli, o re: “Ke ne ke selebaletsoe. Ke rapela letsatsi le leng le le leng, hoo e batlang e le hora e ’ngoe le e ’ngoe hore ke se ke ka nkoa ke maikutlo, ’me ka fa Satane lebaka la ho nyefola Jehova hobane ke entse qeto e booatla kapa ke sa tšepahala. Ke ne ke batla ho halaletsa lebitso la Jehova le hore mora oa ka a tle a bone ntate oa hae Paradeiseng.”—Liproverbia 27:11.

9 Na Jehova o ile a arabela lithapelo tsa hae? E. Bara le barali babo rōna ba ile ba mo khothatsa. Lilemo tse hlano hamorao, o ile a nyaloa ke moholo. Hona joale, mora oa hae ea seng a le lilemo li 20, o kolobelitsoe. O re: “Kea thaba hore ebe monna oa ka o nthusitse ho mo hōlisa.”

10. Molimo o tla halaletsa lebitso la hae ka ho feletseng joang?

10 Jehova o tla halaletsa lebitso la hae ka ho feletseng ha a felisa bohle ba sa mo hlompheng le ba hanang bobusi ba hae. (Bala Ezekiele 38:22, 23.) Ka nako eo, batho e tla ba ba phethahetseng, ’me bohle ba leholimong le lefatšeng ba tla rapela Jehova le ho tlotlisa lebitso la hae le halalelang. Qetellong, Ntate oa rōna ea lerato e tla ba “lintho tsohle ho e mong le e mong.”—1 Bakorinthe 15:28.

“’MUSO OA HAO O KE O TLE”

11, 12. Ka 1876, Jehova o ile a thusa batho ba hae hore ba utloisise eng?

11 Pele Jesu a khutlela leholimong, barutuoa ba hae ba ile ba mo botsa, ba re: “Morena, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?” Jesu o ile a re ha e-s’o be nako ea hore ba tsebe hore na ’Muso oa Molimo o tla qala ho busa neng. O ile a bolella barutuoa ba hae hore ba amehe ka mosebetsi oa bohlokoa oa boboleli. (Bala Liketso 1:6-8.) Empa a boela a ba ruta hore ba rapelle hore ’Muso oa Molimo o tle ’me ba o letele. Ke kahoo le kajeno re ntseng re rapella ’Muso oo hore o tle.

12 Ha nako ea hore Jesu a qale ho busa a le leholimong e ntse e atamela, Jehova o ile a thusa batho ba hae ho utloisisa hore na seo se tla etsahala neng. Ka 1876, Charles Taze Russell o ile a ngola sehlooho se reng, “Linako Tsa Lichaba: Li Fela Neng?” O ile a hlalosa hore “linako tse supileng” tseo ho buuoang ka tsona boprofeteng ba Daniele ke “linako tse behiloeng tsa lichaba” tse boprofeteng ba Jesu. Sehlooho seo se ile sa hlalosa hore linako tseo li tla fela ka 1914. * (Sheba naletsana.)—Daniele 4:16; Luka 21:24.

13. Ho ile ha etsahala’ng ka 1914, hona lintho tse etsahetseng lefatšeng ho tloha ka 1914 li paka eng?

13 Ka 1914, ntoa e ile ea qhoma Europe ’me ea namela likarolong tsohle tsa lefatše. Ntoa eo e ile ea etsa hore ho be le tlala ea bo-ja-likata. ’Me ha e lala ka 1918, lefu la mokakallane la bolaea batho ba bangata ho feta ba bolailoeng ntoeng. Lintho tsena kaofela e ne e le karolo ea “pontšo” eo Jesu a neng a buile ka eona. Pontšo eo e ile ea paka hore Jesu e bile Morena leholimong ka 1914. (Matheu 24:3-8; Luka 21:10, 11) Selemong seo, o ile ‘a tloha e le ea hlōlang e le hore a phethe tlhōlo ea hae.’ (Tšenolo 6:2) Jesu o ile a leleka Satane le bademona leholimong, ’me a ba lihela lefatšeng. Ka mor’a moo, ho ile ha phethahala boprofeta bo reng: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”—Tšenolo 12:7-12.

14. (a) Ke hobane’ng ha re ntse re rapella ’Muso oa Molimo hore o tle? (b) Ke mosebetsi ofe oa bohlokoa oo re lokelang ho o etsa hona joale?

14 Boprofeta boo bo ho Tšenolo khaolo ea 12, bo re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho ile ha etsahala lintho tse nyarosang lefatšeng, ha Jesu a qala ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Le hoja Jesu e le Morena leholimong, Satane o ntse a busa lefatšeng. Empa haufinyane Jesu o tla ‘phetha tlhōlo ea hae’ ka hore a felise bokhopo bohle lefatšeng. Pele nako eo e fihla, re tla ’ne re rapelle ’Muso oa Molimo hore o tle, ’me re tsoele pele ho bolella batho ka oona ka cheseho. Mosebetsi oo re o etsang o phethahatsa boprofeta ba Jesu bo reng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.

“THATO EA HAO E KE E ETSAHALE LEFATŠENG”

15, 16. Na ho lekane ho rapella feela hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng? Hlalosa.

15 Lilemong tse ka bang 6 000 tse fetileng, thato ea Molimo e ne e etsahala lefatšeng. Ke kahoo Jehova a ileng a re ntho e ’ngoe le e ’ngoe e “molemo haholo.” (Genese 1:31) Ka mor’a moo Satane o ile a fetohela Molimo, ’me ho tloha ka nako eo batho ba bangata ha baa ka ba etsa thato ea Molimo. Empa kajeno ho na le batho ba ka bang limilione tse robeli ba sebeletsang Jehova. Ba rapella thato ea Molimo hore e etsahale lefatšeng, ’me ba etsa thato ea Molimo. Ba phela ka tsela e khahlisang Molimo ’me ba pakela ba bang ka cheseho ka ’Muso oa hae.

Na u ruta bana ba hao ho etsa thato ea Molimo? (Sheba serapa sa 16)

16 Ka mohlala, moromuoa e mong ea lilemo li 80, ea sebeletsang Afrika, ea kolobelitsoeng ka 1948, o re: “Ke rapella hore batho bohle ba kang linku ba pakeloe ’me ba thusoe hore ba tsebe Jehova nako e sa le teng. Pele ke pakela motho, ke kōpa bohlale ba hore ke mo finyelle pelo. Ha e le ba kang linku bao re seng re ba fumane, ke rapela Jehova hore a hlohonolofatse boiteko ba rōna ba ho ba hlokomela.” Morali enoa oabo rōna ea seng a hōlile o thusitse batho ba bangata ho ithuta ka Jehova. Na u tseba ba bang ba hōlileng ba etsang thato ea Jehova ka cheseho?—Bala Bafilipi 2:17.

17. U ikutloa joang ka seo Jehova a tla se etsetsa batho le lefatše nakong e tlang?

17 Ho fihlela Jehova a felisitse lira tsohle tsa hae lefatšeng, re tla tsoela pele ho rapella hore thato ea hae e etsahale. Joale lefatše le tla fetoha paradeise, ’me batho ba libilione ba tla tsosoa bafung. Jesu o ile a re “hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe” ho ’ona. (Johanne 5:28, 29) U ka inahanela kamoo re tla thaba kateng ha re amohela baratuoa ba rōna ba tsositsoeng! Molimo “o tla hlakola meokho eohle” mahlong a rōna. (Tšenolo 21:4) Har’a ba tla tsosoa, ho tla ba le ba bangata “ba sa lokang,” ba sa kang ba ithuta ’nete ka Jehova le Jesu. Re tla thabela ho ba ruta ho etsa thato ea Molimo e le hore ba ka fumana “bophelo bo sa feleng.”—Liketso 24:15; Johanne 17:3.

18. Ke lintho life tseo batho ba li hlokang ka ho fetisisa?

18 Ha ’Muso oa Molimo o tla, o tla halaletsa lebitso la hae ’me libōpuoa tsohle bokahohleng li tla rapela Jehova li momahane. Ha e le hantle, Molimo o tla fa batho lintho tseo ba li hlokang ka ho fetisisa ha a araba likōpo tsa pele tse tharo thapelong eo ea mohlala. Sehloohong se latelang, re tla tšohla lintho tse ling tsa bohlokoa tseo Jesu a re rutileng hore re li rapelle.

^ ser. 12 Ho fumana tlhaloso ea hore na re tseba joang hore boprofeta bona bo phethahetse ka 1914, sheba buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? leqepheng la 215-218.