Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Phela Tumellanong le Thapelo ea Mohlala—Karolo ea II

Phela Tumellanong le Thapelo ea Mohlala—Karolo ea II

“Ntat’a lōna oa tseba hore na ke lintho life tseo le li hlokang.”—MATHEU 6:8.

1-3. Ke’ng e ileng ea kholisa morali’abo rōna e mong hore Jehova o tseba seo a se hlokang?

PULA-MALIBOHO e mong oa kamehla ea bitsoang Lana, o ile a hlolloa ke se ileng sa etsahala ha a etetse Jeremane ka 2012. O lumela hore Jehova o ile a arabela lithapelo tsa hae tse peli. Ha a le ka tereneng e eang boema-fofane, o ile a kōpa Jehova hore a mo thuse ho fumana motho eo a ka mo pakelang. Ha a fihla boema-fofane, o ile a bolelloa hore sefofane seo a lokelang ho se palama se tl’o tsamaea ka le hlahlamang. Lana o ile a kōpa Jehova hore a mo thuse ho fumana sebaka seo a ka robalang ho sona, kaha o ne a se na chelete ea ho lefella marobalo.

2 Nakoana feela ka mor’a hore Lana a qete ho rapela, o ile a utloa motho a re ho eena, “Lumela Lana, u batla’ng moo?” E ne e le mohlankana e mong eo a neng a kena sekolo le eena. O ne a e-ea Afrika Boroa, ’me ’mè oa hae le nkhono oa hae ba mo felehelitse. Ha Lana a ba bolella bothata ba hae, ’mè oa mohlankana eo le nkhono ba ile ba re a tl’o robala ha bona. Ba ile ba mo botsa lipotso tse ngata ka seo a se lumelang le ka mosebetsi oa hae oa bopula-maliboho.

3 Letsatsi le latelang ka mor’a lijo tsa hoseng, Lana o ile a araba lipotso tse ling tsa Bibele tseo ba neng ba e-na le tsona. O ile a ba kōpa hore ba mo fe liaterese, e le hore a ka ba kopanya le motho ea ka arabang lipotso tse ling tsa bona. Lana o ile a khutlela hae a sireletsehile, ’me e ntse e le pula-maliboho. O lumela hore Jehova o utloile lithapelo tsa hae, kaha o tseba seo a se hlokang ’me kahoo a mo thusa.—Pesaleme ea 65:2.

Ha ho hlokahale hore re tšoenyehe ka lintho tseo re tla li hloka nakong e tlang

4. Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?

4 Re nolofalloa ho rapela Jehova ha re hlaheloa ke bothata ka tšohanyetso, ’me o oa thaba ha re mo rapela ebile o utloa lithapelo tsa rōna. (Pesaleme ea 34:15; Liproverbia 15:8) Empa thapelo ea Jesu ea mohlala e re ruta hore ho na le lintho tse ling tsa bohlokoa tseo re lokelang ho li rapella. Sehloohong sena, re tlil’o tšohla kamoo likōpo tse ’nè tsa ho qetela thapelong eo ea mohlala, li ka re thusang ho lula re tšepahala ho Jehova kateng.—Bala Matheu 6:11-13.

“RE FE KAJENO BOHOBE BA RŌNA BA LETSATSI LENA”

5, 6. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a ruta hore re kōpe “bohobe ba rōna” esita le haeba re sa sokole lijo?

5 Jesu o rutile hore re kōpe “bohobe ba rōna,” eseng “bohobe ba ka.” Molebeli e mong oa potoloho Afrika ea bitsoang Victor, o re: “Ke atisa ho leboha Jehova hore ebe ’na le mosali oa ka ha re toute ka hore na re tla fumana lijo kae, kapa hona ho tšoenyeha ka rente. Barab’abo rōna ba lula ba re hlokometse hantle. Empa ke rapella hore ba khone ho sebetsana ka katleho le mathata a lichelete ao ba tobanang le ’ona.”

6 Mohlomong ha re sokole lijo, empa barab’abo rōna ba bangata ba futsanehile. Ha ba bang bona ba anngoe ke likoluoa. Re ka ba rapella ’me ra etsa ho hong ho ba thusa. Ka mohlala, re ka ba arolela seo re nang le sona. Re ka boetse ra ntša monehelo ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle o etsoang ke batho ba Jehova. Rea tseba hore menehelo eo e thusa barab’abo rōna ba hlokang.—1 Johanne 3:17.

7. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re ‘re se ke ra tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang’?

7 Ha Jesu a qeta ho ruta barutuoa ba hae thapelo ea mohlala, o ile a re ha rea lokela ho khathatseha ka lintho tse bonahalang. O ile a re haeba Jehova a khona ho hlokomela lipalesa tsa naha, na “a ke ke a le apesa haholo, lōna ba nang le tumelo e nyenyane? Kahoo le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, . . . ‘Re tla apara’ng?’” A phaella ka ho re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang.” (Matheu 6:30-34) Ha ho hlokahale hore re tšoenyehe ka lintho tseo re tla li hloka nakong e tlang. Ho e-na le hoo, re lokela ho khotsofalla lintho tsa motheo tseo re li hlokang letsatsi ka leng. Ka mohlala, re ka rapella bolulo le mosebetsi e le hore re hlokomele ba malapa a rōna esita le tataiso ea ho etsa liqeto tse bohlale litabeng tsa phekolo. Empa ho na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa le ho feta eo re lokelang ho e rapella.

8. Seo Jesu a se buileng ka bohobe ba rōna ba letsatsi le letsatsi, se re hopotsa eng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

8 Seo Jesu a se buileng ka bohobe ba rōna ba letsatsi le letsatsi, se re hopotsa taba e ’ngoe eo a ileng a e bua: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) Kahoo, re lokela ho rapela Jehova hore a tsoele pele ho re ruta le ho re fa seo re se hlokang e le hore re lule re le haufi le eena.

“U RE TŠOARELE MELATO EA RŌNA”

9. Ke hobane’ng ha libe tsa rōna li tšoana le melato?

9 Jesu o ile a re: “U re tšoarele melato ea rōna.” Ka lekhetlo le leng, a re: “U re tšoarele libe tsa rōna.” (Matheu 6:12; Luka 11:4) O ne a bua joalo hobane libe tsa rōna li tšoana le melato. Ka 1951, Molula-Qhooa o ile oa hlalosa hore ha re etsa sebe, ho tšoana le ha re kolota Jehova. Re lokela ho rata Jehova le ho ikokobelletsa eena. Kahoo, ha re siteloa Molimo, ha re mo fe se mo tšoanelang. Molula-Qhooa o ile oa re ha Jehova a rata, a ka khaola setsoalle sa rōna le eena. Oa phaella ka ho re: “Sebe ke ho se rate Molimo.”—1 Johanne 5:3.

Leboha Jehova kamehla ka mpho e babatsehang ea thekollo

10. Jehova o fane ka eng e le hore re tšoareloe libe, hona re lokela ho ikutloa joang ka see?

10 Ruri rea leboha hore ebe Jehova o fane ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo e le hore re tšoareloe libe! Letsatsi le letsatsi, re hloka Jehova hore a re tšoarele. Jesu o re shoetsoe lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, empa le kajeno re ntse re rua molemo sehlabelong seo. Re lokela ho leboha Jehova kamehla ka mpho ena e babatsehang. Ha ho le ea mong oa rōna ea neng a ka fana ka thekollo e hlokahalang ho re lokolla sebeng le lefung. (Bala Pesaleme ea 49:7-9; 1 Petrose 1:18, 19.) Mantsoe ana a thapelong ea mohlala a reng “u re tšoarele melato ea rōna,” a re hopotsa hore rōna hammoho le bara le barali ba bang babo rōna re hloka thekollo. Jehova o boetse o batla hore re nahane ka bona le ka kamano ea hae le bona. Sena se akarelletsa ho potlakela ho ba tšoarela ha ba re fosetsa. Barab’abo rōna ba atisa ho re etsetsa liphoso tse nyenyane, empa re bontša hore rea ba rata ha re ba tšoarela. Re boetse re bontša hore re ananela hore ebe Jehova o oa re tšoarela.—Bakolose 3:13.

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšoarela ba bang?

11 Kaha ha rea phethahala, ka linako tse ling re ka ’na ra thatafalloa ho tšoarela ba re siteloang. (Levitike 19:18) Haeba re bolella ba bang ka phuthehong seo ba re entseng sona, ba bang ba ka ’na ba nka lehlakore tabeng ena, ’me sena sa senya bonngoe ba phutheho. Haeba re lumella boemo bona bo tsoela pele, re tla be re sa bontše hore re ananela sehlabelo seo Molimo a faneng ka sona, ’me se ke ke sa re ruisa molemo. (Matheu 18:35) Jehova a ke ke a re tšoarela haeba re sa tšoarele ba bang. (Bala Matheu 6:14, 15.) Hape, haeba re batla hore Jehova a re tšoarele, re lokela ho khaotsa ho etsa ntho leha e le efe eo a e hloileng.—1 Johanne 3:4, 6.

Haeba u batla hore Molimo a u tšoarele, u lokela ho tšoarela ba bang (Sheba serapa sa 11)

“U SE KE UA RE KENYA MOLEKONG”

12, 13. (a) Jesu o ile a etsahalloa ke’ng ha a qeta ho kolobetsoa? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho beha ba bang molato ha re oela tekong? (c) Jesu o ile a bontša eng ka hore a lule a tšepahala ho isa lefung?

12 Mantsoe a thapelong ea mohlala a reng “u se ke ua re kenya molekong,” a re hopotsa se ileng sa etsahalla Jesu, nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe. Moea oa Molimo o ile oa mo isa lefeelleng “ho ea lekoa ke Diabolose.” (Matheu 4:1; 6:13) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella see hore se etsahale? Jehova o ne a rometse Jesu lefatšeng ho tla rarolla tseko e ileng ea e-ba teng ha Adama le Eva ba lahla bobusi ba Jehova. Borabele ba bona bo ile ba hlahisa lipotso tseo ho neng ho tla nka nako hore li arabeloe. Ka mohlala, na tsela eo Jehova a bōpileng batho ka eona e ne e fosahetse? Na motho ea phethahetseng a ka lula a tšepahala ho Jehova ha a lekoa ke “ea khopo”? Hona na ho ne ho ka ba molemo ha batho ba ipusa? (Genese 3:4, 5) Nakong e tlang, ha lipotso tsena li se li arabiloe ka tsela e khotsofatsang Jehova, bohle ba leholimong le lefatšeng ba tla tseba hore bobusi ba Jehova bo molemo ka ho fetisisa.

Re ka tšepahala ho Jehova le maemong a thata ka ho fetisisa

13 Jehova o oa halalela, kahoo ha a leke motho leha e le ofe ka lintho tse mpe. Satane ke eena eo e leng “Moleki.” (Matheu 4:3) Satane o leka ho re hohela ka litsela tse ngata. Empa re na le khetho. E mong le e mong oa rōna a ka khetha ho hanela teko kapa ho se e hanele. (Bala Jakobo 1:13-15.) Jesu o ile a leleka Satane hang-hang ha a mo leka, ’me a qotsa se ngotsoeng ka Lentsoeng la Molimo. Jesu o ne a tšepahala ho Molimo. Empa Satane ha aa ka a tela. O ile a ema “ho fihlela nakong e ’ngoe e loketseng” hore a boele a leke Jesu. (Luka 4:13) Empa Jesu o ile a lula a mamela Molimo e le ’Musi oa hae, ho sa tsotellehe hore na Satane o etsa’ng. O ile a bontša hore motho ea phethahetseng a ka tšepahala ho Jehova le maemong a thata ka ho fetisisa. Satane o leka ho khelosa balateli ba Jesu hore ba se ke ba mamela Jehova, ’me le uena o leka ho u khelosa.

Jehova o kholisehile hore re ka lula re tšepahala ho eena, ’me o batla ho re thusa

14. Re lokela ho etsa’ng e le hore re se ke ra kena molekong?

14 Lipotso tse botsitsoeng ka bobusi ba Jehova, li ntse li lokela ho arajoa. Kahoo, Jehova o lumella Satane ho re leka hajoale. Jehova ha a re ‘kenye molekong.’ Ha e le hantle, o kholisehile hore re ka lula re tšepahala ho eena, ’me o batla ho re thusa. Empa ha a re qobelle hore re etse se nepahetseng. O re file bolokolohi ba ho ikhethela. Kahoo, o re fa monyetla oa ho ikhethela hore na re tla tšepahala ho eena kapa che. E le hore re se ke ra kena molekong, re lokela ho etsa lintho tsena tse peli: re lule haufi le Jehova ’me re rapelle thuso ea hae kamehla. Jehova o re thusa joang ha re rapella hore re se ke ra kena molekong?

Lula haufi le Jehova ’me u chesehele tšebeletso (Sheba serapa sa 15)

15, 16. (a) Ke liteko life tse ling tseo re lokelang ho li hanela? (b) Ke molato oa mang ha re inehela tekong?

15 Jehova o re fa moea oa hae o halalelang ho re thusa ho loantša liteko tsa Satane. Jehova o boetse o sebelisa Bibele le phutheho ho re lemosa ka maemo a kotsi. Ka mohlala, o re lemosa hore re se ke ra sebelisa boholo ba nako ea rōna, chelete le matla linthong tseo e seng tsa bohlokoa. Espen le Janne ba lula naheng e ’ngoe e ruileng Europe. E ne e bile bo-pula-maliboho ka lilemo tse ngata karolong e ’ngoe ea naha eo, moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng. Ba ile ba khaotsa ho bula maliboho ha ba e-ba le ngoana, ’me hona joale ba na le bana ba babeli. Espen o re: “Re lula re rapela Jehova hore a re thuse re se ke ra kena molekong, kaha hona joale ha re sa qeta nako e ngata joaloka pele re le tšebeletsong. Re kōpa Jehova hore a re thuse hore re lule re le matla moeeng re bile re chesehela tšebeletso.”

16 Teko e ’ngoe eo re lokelang ho e hanela ke ea ho sheba litšoantšo tse litšila. Haeba re inehela tekong ena, re ke ke ra beha Satane molato. Hobane’ng? Hobane Satane a ke ke a re qobella ho etsa ntho leha e le efe e fosahetseng le lefatše la hae le ke ke la re qobella. Ba bang ba sheba litšoantšo tse litšila hobane ba lumella mehopolo e fosahetseng. Empa bara le barali babo rōna ba bangata ba hanetse teko ena, ’me le rōna re ka etsa se tšoanang.—1 Bakorinthe 10:12, 13.

“U RE LOPOLLE HO EA KHOPO”

17. (a) Re ka bontša joang hore re batla hore Jehova a “re lopolle ho ea khopo”? (b) Re tla thabela ho bona eng haufinyane?

17 Re ka etsa’ng ho bontša hore re batla hore Jehova a “re lopolle ho ea khopo”? Ha rea lokela ho ba “karolo ea lefatše,” esita le ‘ho rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng.’ (Johanne 15:19; 1 Johanne 2:15-17) Ruri re tla thaba ha Jehova a felisa Satane le lefatše lena le khopo! Empa ho fihlela ka nako eo, re lokela ho hopola hore Satane o halefile haholo, kaha o oa tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane. O tla leka kahohle ho etsa hore re khaotse ho sebeletsa Jehova. Kahoo, re lokela ho lula re rapela Jehova e le hore a re sireletse ho Satane.—Tšenolo 12:12, 17.

18. Re lokela ho etsa’ng haeba re batla ho pholoha bofelo ba lefatše lee la Satane?

18 Na u batla ho phela lefatšeng le se nang Satane? Haeba ho joalo, tsoela pele ho rapella ’Muso oa Molimo hore o tle, lebitso la Molimo le halaletsoe le hore thato ea hae e etsahale lefatšeng. Lula u tšepa Jehova hore o tla u hlokomela le ho u fa sohle seo u se hlokang hore u tšepahale ho eena. Etsa sohle se matleng a hao ho phela tumellanong le thapelo ea mohlala.