Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Lerato le Nthusitse ho Mamella

Lerato le Nthusitse ho Mamella

KA June 1970, ke ne ke robetse sepetlele Pennsylvania, United States. Ke ne ke le lilemo li 20, ke le sesoleng ’me ke kula haholo. Ka mor’a metsotso e meng le e meng e 30, mohlankana e mong oa mooki o ne a hlahloba khatello ea ka ea mali. Mooki eo ea neng a ntšiea ka lilemo tse seng kae, o ne a shebahala a tšoenyehile. Ha boemo ba ka bo ntse bo mpefala ke ile ka mo botsa ka re, “Na u kile ua bona ha motho a shoa?” O ile a pulufala, eaba o re, “Che, ha ke e-s’o mo bone.” Ho ne ho sa bonahale eka ke tla phela, empa ke ile ka phela. E reng ke le bolelle ho se hokae ka bophelo ba ka.

HA KE QALA HO BONA SE ETSAHALANG NTOENG

Nakong ea ntoa Vietnam, ke ne ke sebetsa moo ho bueloang batho teng, ’me ha ke le moo ka kula. Ke ne ke rata ho thusa batho ba kulang le ba lemetseng, ’me ke batla ho ba ngaka. Ke fihlile Vietnam ka July 1969. Ho tšoana le masole a mang ’ohle a fihlang, ke ile ka fuoa beke ea hore ke tloaele maemo a sebakeng seo.

Ke ile ka abeloa ho sebetsa sepetleleng sa masole se haufi le Nōka ea Mekong. Lihelikopthara tse ngata li ne li tlisa masole a lemetseng moo sepetlele. Ke ne ke rata naha ea heso ke bile ke rata mosebetsi, kahoo ke batla ho thusa masole a heso hang-hang. Masole a lemetseng a ne a lokisetsoa ho buuoa, ’me a potlakisetsoa lik’hontheinareng tsa lesenke tse sebelisetsoang ho buela tse nang le air-conditioner. Ngaka e buoang le e robatsang hammoho le baoki ba babeli, ba ne ba sebetsa ka thata ba leka ho thusa ba lemetseng. Ho ne ho e-na le mekotla e meholo e metšo e neng e sa theoloe ka lihelikopthareng. Ke ile ka bolelloa hore mekotla eo e tšetse litho tsa ’mele ea masole a ranthantsoeng ntoeng. Ke sona seo ke ileng ka se bona ha ke qala ho ea ntoeng.

KE QALA HO BATLA MOLIMO

Ke qalile ho utloa ’nete ha ke sa le mocha

Ke qalile ho utloa ’nete ho Lipaki Tsa Jehova ha ke sa le ngoana. ’Mè o ne a ithuta Bibele le Lipaki, le hoja a sa ka a kolobetsoa. Ke ne ke thabela ho ba teng ha a ithuta. Ka le leng, ’na le Ntate re ile ra feta haufi le Holo ea ’Muso. Ke ile ka mo botsa ka re, “Ho etsahala’ng moo?” O ile a re, “Le ka mohla u se ke ua atamela batho bao!” Kaha ke ne ke rata Ntate ke bile ke mo tšepa, ke ile ka mo mamela, ’me ka khaotsa ho buisana le Lipaki Tsa Jehova.

Ha ke khutla Vietnam, ke ne ke lula ke nahana ka lintho tse ngata tse bohloko tse etsahetseng moo. Seo se ile sa etsa hore ke shoe maikutlo. Ho ne ho bonahala eka ha ho na motho ea utloisisang se etsahalang Vietnam. Ke hopola ke utloa baipelaetsi ba bang ba re masole a United States a bolaea bana, ka lebaka la litlaleho tsa hore a bolaile bana ba se nang molato. Sena se ile sa etsa hore ke batle ho ba le kamano le Molimo.

Joale ke ile ka ea likerekeng tse fapa-fapaneng. Haesale ke rata Molimo, empa ke ne ke sa rate lintho tse etsahalang likerekeng. Qetellong, ke ile ka ea Holong ea ’Muso e Delray Beach, Florida. E ne e le ka Sontaha, ka February 1971.

Ha ke fihla Holong ea ’Muso, ke ile ka fumana puo ea phatlalatsa e fela, kahoo ka lula ka mamela Thuto ea Molula-Qhooa. Ha ke hopole sehlooho se neng se ithutoa, empa ke hopola ke bona bana ba phetla ka Libibeleng tsa bona litemana tse baloang. Seo se ile sa nkhahla haholo! Ke ile ka thōla ka shebella. Ha ke se ke tsamaea, mor’abo rōna e mong ea ka bang lilemo li 80 a tla ho ’na. Lebitso la hae ke Jim Gardner. O ile a mpha buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng ’me a re, “Na u ka thabela buka ee?” Ke ile ka e amohela, ’me ra lumellana ka hore re tla bonana Labone hoseng hore re tlil’o qala ho ithuta Bibele.

Ha liboka li tsoa ka Sontaha seo, ke ne ke lokela ho ea mosebetsing. Ke ne ke sebetsa sepetlele sa Boca Raton, Florida, ’me ke kena ka 11 bosiu, ke chaisa ka 7 hoseng. Ho ne ho se na bakuli ba bangata bosiung boo, kahoo ka fumana monyetla oa ho bala buka ea ’Nete. Mooki e mong o ile a phamola buka eo, a e sheba ka ntle, ’me a mpotsa hore na ke batla ho ba Paki ea Jehova. Le ’na ke ile ka e phamola ’me ka mo bolella hore le hoja ke e-s’o qete ho e bala, ke batla ho ba Paki. O ile a khaohana le ’na, ’me ka qetella ho bala buka eo bosiung boo.

Ke baletsoe ke Jim Gardner, e leng mor’abo rōna oa motlotsuoa ea neng a tseba Charles Taze Russell

Pele re qala thuto ea rōna ea Bibele le Mor’abo rōna Gardner, ke ile ka mo botsa ka re, “Re tlil’o ithuta eng?” O ile a re, “Buka eo ke u fileng eona.” Ka re, “Ke se ke qetile ho e bala.” Eaba ka mosa Mor’abo rōna Gardner o re, “Ho lokile, empa a re ke re hlahlobe khaolo e qalang.” Ke ile ka makatsoa ke ho bona kamoo ke neng ke sa hlokomela lintlha tse ngata kateng. O ile a re ke shebe mangolo Bibeleng ea ka ea King James Version. Kahoo, ka qala ho ithuta ka Molimo oa ’nete, Jehova. Re ile ra bala likhaolo tse tharo tsa buka ea ’Nete le Jim hoseng hoo. Ka mor’a moo, ra bala likhaolo tse tharo Labone le leng le le leng hoseng. Ke ne ke thabela ho ithuta haholo. E bile tlotla e khōlō ho balloa ke mor’abo rōna eo oa motlotsuoa ea neng a tseba Charles T. Russell!

Ka mor’a libeke tse seng kae, ke ile ka lumelloa ho ea tšimong. Ke ne ke thatafalloa ho paka ka ntlo le ntlo, empa Jim a nthusa. (Liketso 20:20) Seo se ile sa etsa hore ke rate tšebeletso. Ke nka ho bolela e le tlotla e khōlō ka ho fetisisa. Ke thabela hore ebe ke mosebetsi-’moho le Molimo!—1 Bakorinthe 3:9.

SE ENTSENG HORE KE RATE JEHOVA

Joale e reng ke le phetele ntho e ’ngoe e ikhethang, e entseng hore ke rate Jehova. (Tšenolo 2:4) Lerato leo ke ratang Jehova ka lona le nthusa ho kokobetsa bohloko boo ke bo utloang ha ke hopola lintho tse etsahetseng ntoeng le ho nthusa ho mamella mathata a mang.—Esaia 65:17.

Lerato leo ke ratang Jehova ka lona le nthusa ho kokobetsa bohloko boo ke bo utloang ha ke hopola lintho tse etsahetseng ntoeng esita le ho mamella mathata a mang

Ke kolobelitsoe ka July 1971, Kopanong ea Setereke ea “Lebitso la Molimo,” e neng e tšoaretsoe Yankee Stadium

Ka 1971, ke ile ka lelekoa ntlong eo batsoali ba ka ba neng ba nkalimile eona. Hobane’ng? Hobane Ntate o ne a sa batle ha Paki ea Jehova e lula moo! Ke ne ke se na chelete ka nako eo. Sepetlele se ne se ntefa habeli ka khoeli, ’me ke sebelisitse chelete ho reka liaparo tseo ke tla ea tšimong ka tsona, e le hore ke emele Jehova hantle. Ke ne ke bolokile chelete e ’ngoe bankeng, feela banka eo e le Michigan, moo ke hōletseng teng. Kahoo, ke ile ka qeta matsatsi a seng makae ke robala ka koloing. Ke ea karacheng ha ke batla ho hlapa le ho kuta litelu.

Ka le leng ha ke tsoa mosebetsing, ke ile ka ea Holong ea ’Muso ’me ka fihla lihora tse seng kae pele seboka sa tšebeletso ea tšimo se qala. Ke ile ka lula ka mor’a holo moo ho seng motho ea mponang, ’me ka tleloa ke mehopolo ea Vietnam. E ne eka ke utloa monko oa batho ba cheleng le ho bona mali, ’me ka ferekana. E ne eka ke utloa le ho bona bahlankana ba masole ba mpotsa ba re: “Na u bona eka ke tla phela? Na ebe ke tla phela tjee?” Ke ne ke bona hore ba makhatheng a lefu, empa ke leka ho ba tšelisa ’me ke etsa eka lintho li tla loka. Sena se ile sa nkutloisa bohloko haholo.

Neng le neng ha ke na le mathata bophelong, ke leka ho hopola lebaka le entseng hore ke rate Jehova

Ke ile ka rapela Jehova ke ntse ke lla. (Pesaleme ea 56:8) Ka qala ho nahana ka ho teba ka tsoho ea bafu. Seo se ile sa etsa hore ke hlokomele kamoo tšepo ena e babatsehang kateng! Jehova o tla tsosa bahlankana bao, ’me ba tla fumana monyetla oa ho ithuta ’nete ka eena. Tsoho e tla etsolla lintho tsohle tse bohloko le mahlomola a kileng a re hlahela. (Liketso 24:15) Ho utloisisa seo, ho ile ha matlafatsa lerato la ka ho Jehova le ho feta. Le kajeno ha ke lebale letsatsi leo. Haesale ho tloha ka nako eo, neng le neng ha ke na le mathata bophelong, ke leka ho hopola lebaka le entseng hore ke rate Jehova.

JEHOVA O MPONTŠITSE LERATO

Batho ba etsa lintho tse nyarosang nakong ea ntoa, ’me le ’na ke ile ka li etsa. Empa ke ’nile ka tšelisoa ke ho thuisa ka mangolo a mabeli ao ke a ratang haholo. La pele ke la Tšenolo 12:10, 11, le reng re hlōla Diabolose ka mosebetsi oa rōna oa boboleli le ka mali a Jesu. La bobeli ke la Bagalata 2:20, le nkhopotsang hore Jesu o shoele molemong oa ka. Ruri ke ananela sehlabelo sa Kreste, kaha se entse hore Jehova a ntšoarele. Hona joale ke na le letsoalo le hloekileng le takatso e matla ea ho bolella ba bang ka Molimo oa rōna ea mohau, Jehova!—Baheberu 9:14.

Ha ke nahana ka lintho tseo ke fetileng ho tsona, kea lemoha hore haesale Jehova a ntlhokometse. Ka mohlala, eitse ha Jim a utloa hore ke robala ka koloing, a nkisa ha morali’abo rōna e mong ea neng a e-na le likamore tse hirisoang. Ke lumela hore Jehova o ile a sebelisa Jim le morali eo oabo rōna hore ke fumane bolulo. Ruri Jehova o mosa! O hlokomela barapeli ba hae ba tšepahalang.

KE BONTŠA CHESEHO LE HO ITHUTA HO BA LE TEMOHO

Ka May 1971, ke ile ka lokela ho ea Michigan. Kahoo, pele ke tloha Florida, ka nka lingoliloeng tse ngata ka li kenya ka koloing, eaba ke kena tseleng. Eitse le pele ke feta Georgia, ka be ke se ke li tsamaisitse kaofela. Ke ne ke bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho hohle moo ke tsamaeang teng. Ke pakela batho ba literonkong ’me ba bang ke ba fa lipampitšana le ha ba le ka matloaneng a libakeng tsa phomolo. Kea ipotsa hore na bathong bao ke ileng ka ba pakela, ho na le ea ileng a ithuta ’nete.—1 Bakorinthe 3:6, 7.

Ha ke qala ho ithuta ’nete, ka linako tse ling ke ne ke sa sebelise temoho, haholo-holo ha ke pakela ba lelapa leso. Ke ne ke ipuela feela. Ke rata baholoane ba ka e leng John le Ron haholo, kahoo ke ne ke leka ho ba qobella hore ba amohele bolumeli ba ka bo bocha. Hamorao, ke ile ka lokela ho kōpa tšoarelo ka seo. Empa ke lula ke ba rapella hore ba amohele ’nete. Ho tloha ka nako eo, Jehova o nthusitse hore ke be le temoho ha ke paka le ha ke ruta ba bang.—Bakolose 4:6.

BATHO BA BANG BAO KE BA RATANG

Ke tla lula ke nka kamano ea ka le Jehova e le ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Empa ho na le batho ba bang bao ke ba ratang haholo, haholo-holo mosali oa ka ea ratehang, Susan. Ke ne ke batla mosali ea tla ntšehetsa hore ke tsoele pele ho sebeletsa Jehova. Susan o na le boikemisetso ebile o rata Jehova haholo. Ka letsatsi le leng pele re nyalana, ke ile ka mo etela habo Rhode Island. Ka mo fumana a lutse foranteng, a nkile Molula-Qhooa le Bibele ’me a ntse a bala. Se ileng sa nkhahla le ho feta ke hore o ne a sheba mangolo ’ohle, le hoja a ne a sa lokisetse liboka. Ke ile ka hlokomela hore o nka kamano ea hae le Jehova e le ea bohlokoa. Re ile ra nyalana ka December 1971. Ke leboha haholo hore ebe ke na le mosali ea ntšehetsang hakana. Se nthabisang haholo ke ho tseba hore o rata Jehova ho feta kamoo a nthatang kateng.

Ke na le mosali oa ka Susan le bara ba rōna ba babeli, Paul le Jesse

Jehova o re file bara ba babeli ba ratehang, e leng Jesse le Paul. Jehova o ile a ba tataisa ha ba ntse ba hōla. (1 Samuele 3:19) Ba na le kamano e ntle le eena, ’me sena se re thabisa haholo. Bobeli ba bona ba se ba sebelelitse Jehova ka nako e tletseng ka lilemo tse fetang 20. ’Me ba ntse ba tsoela pele ho mo sebeletsa hobane le bona ba hopola mabaka a entseng hore ba rate Jehova. Ke boetse ke motlotlo ka lingoetsi tsa ka tse peli, e leng Stephanie le Racquel, ’me ke ba nka e le barali ba ka. Ke thabisoa ke hore ebe bara ba ka ba nyetse basali ba ratang Jehova ka lipelo tsohle tsa bona, ’me baa mo sebeletsa.—Baefese 6:6.

Re ne re thabela ho bolela tšimong e sa sebetsoeng khafetsa re le lelapa

Ke sebelelitse Rhode Island ka lilemo tse 16, ’me ka ba le metsoalle e mengata. Ke sa ntse ke hopola baholo ba ratehang bao ke neng ke sebeletsa le bona. Ke boetse ke leboha balebeli ba tsamaeang ba bangata ba ileng ba nthusa. Ruri e bile tlotla ho sebeletsa Jehova hammoho le banna bana ba mo ratang. Ka 1987, re ile ra fallela North Carolina moo ho nang le tlhokahalo, ’me le hona moo, ra ba le metsoalle e mengata. *—Sheba naletsana.

Ke tšoere seboka sa tšebeletso ea tšimo ha re ntse re le potolohong

Ka August 2002, ’na le Susan re ile ra memeloa ho ba litho tsa lelapa la Bethele e Patterson, United States. Ke ile ka sebetsa Lefapheng la Tšebeletso ’me Susan a thusa ka ho hlatsoa liaparo, e leng mosebetsi oo a neng a o rata haholo! Ka August 2005, ke ile ka khethoa ho ba setho sa Sehlopha se Busang. Ke ne ke sa nahane hore nka khona ho jara boikarabelo boo. Susan le eena o ne a tšoenyehile ka lebaka la ho eketseha ha mosebetsi le maeto a amehang. Ha a rate ho tsamaea ka sefofane; empa hona joale re lula re tsamaea ka sona. O ile a thusoa haholo ke keletso eo a e fuoeng ke basali ba bang ba litho tsa Sehlopha se Busang. Ba mo thusitse hore a ikemisetse ho ntšehetsa, ’me seo se etsa hore ke mo rate le ho feta!

Ka ofising ea ka ke behile lifoto tse ngata tse ntle tse nkhopotsang linako tse thabisang tseo ke bileng le tsona. Ke fumane litlhohonolofatso tse ngata hobane ke ile ka ikitlaelletsa ho hopola se entseng hore ke rate Jehova!

Ke thabela ho qeta nako ke e-na le ba lelapa la ka

^ ser. 30 U ka bala lintlha tse eketsehileng ka tšebeletso ea Mor’abo rōna Morris Molula-Qhooeng oa March 15, 2006, leqepheng la 26.