Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Khabisa Paradeise ea Moea

Khabisa Paradeise ea Moea

“Ke tla tlotlisa sebaka sa maoto a ka.”—ESAIA 60:13.

LIPINA: 102, 75

1, 2. Lentsoe “setuloana” le bolela’ng ka Mangolong a Seheberu?

JEHOVA MOLIMO o ile a re: “Maholimo ke terone ea ka, ’me lefatše ke setuloana sa ka sa maoto.” (Esaia 66:1) Molimo o ne a boetse a bua ka ‘setuloana sa hae sa maoto’ ha a re: “Ke tla tlotlisa sebaka sa maoto a ka.” (Esaia 60:13) O tlotlisa setuloana sa hae sa maoto joang? See se bolela’ng ho ba lulang setuloaneng sa maoto a hae, e leng lefatše?

2 Ka Mangolong a Seheberu lentsoe “setuloana” le boetse le sebelisetsoa ho hlalosa tempele ea boholo-holo ea Iseraele. (1 Likronike 28:2; Pesaleme ea 132:7) Tempele ena e ne e le ntle haholo ho Jehova hobane e ne e le setsi sa borapeli ba ’nete. Hape e ne e sebelisetsoa ho tlotlisa Jehova lefatšeng.

3. Setsi sa borapeli ba ’nete ke sefe kajeno, hona se qalile ho sebetsa neng?

3 Setsi sa borapeli ba ’nete ke sefe kajeno? Hase mohaho o kang tempele. Empa ke tempele ea moea ’me e tlotlisa Jehova ho feta mohaho leha e le ofe. Tempele ea moea ke’ng? Ke tokisetso eo Molimo a e sebelisang, ho nolofalletsa batho hore e be metsoalle ea hae le ho mo rapela. Sena se etsahala feela ka lebaka la sehlabelo sa Jesu sa thekollo. E qalile ho sebetsa ka selemo sa 29 C.E. ha Jesu a ne a kolobetsoa ’me a tlotsoa ho ba Moprista ea Phahameng tempeleng ea moea ea Jehova.—Baheberu 9:11, 12.

Bahlanka ba Jehova ba lokela ho mo rorisa hona joale ha ba sa phela

4, 5. (a) Ho latela Pesaleme ea 99, barapeli ba ’nete ba Jehova ba batla ho etsa’ng? (b) Re lokela ho ipotsa potso efe?

4 Ka sebele re ananela tokisetso ea Molimo ea borapeli ba ’nete. Re bontša hore re ananela tokisetso ena ka ho bolella ba bang ka Jehova le ka mpho e babatsehang ea thekollo. Rea thaba hore ebe ho na le Bakreste ba ’nete ba fetang limilione tse robeli ba rorisang Jehova letsatsi le letsatsi! Le hoja batho ba malumeli a mangata ka phoso ba nahana hore ba tla rorisa Molimo ha ba se ba shoele ba le leholimong, bahlanka ba Jehova baa tseba hore ke habohlokoa ho mo rorisa hona joale ba sa phela.

5 Ha re rorisa Jehova, re etsisa mohlala oa bahlanka ba tšepahalang ba Molimo bao ho buuoang ka bona ho Pesaleme ea 99:1-3, 5. (E bale.) Nakong e fetileng, banna ba tšepahalang ba kang Moshe, Arone le Samuele ba ile ba tšehetsa ka botlalo tokisetso ea Molimo ea borapeli ba ’nete. (Pesaleme ea 99:6, 7) Kajeno, batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi karolong e lefatšeng ea tempele ea moea, pele ba ea leholimong ho ea sebetsa e le baprista hammoho le Jesu. “Linku tse ling” tse baloang ka limilione li ba tšehetsa ka botšepehi. (Johanne 10:16) Lihlopha tsena ka bobeli li rapela Jehova li momahane. Kahoo re lokela ho ipotsa, ‘Na ke tšehetsa tokisetso ea Jehova ea borapeli ba ’nete ka botlalo?’

HO KHETHOLLA BA SEBELETSANG TEMPELENG EA MOLIMO EA MOEA

6, 7. Ke bothata bofe bo ileng ba hlahella phuthehong ea Bokreste lekholong la pele la lilemo, hona ho ile ha etsahala’ng ka 1919?

6 Le pele ho feta lilemo tse 100 phutheho ea Bokreste e thehiloe, bokoenehi bo neng bo boletsoe esale pele bo ile ba hlahella. (Liketso 20:28-30; 2 Bathesalonika 2:3, 4) Ka mor’a moo, ho ile ha e-ba thata ho khetholla barapeli ba ’nete ba Molimo. Ho ile ha feta lilemo tse makholo pele Jehova a sebelisa Jesu ho khetholla batho ba sebeletsang Molimo tempeleng ea Hae ea moea.

7 Ka 1919, batho ba sebeletsang Molimo tempeleng ea hae ea moea le bao a ba amohelang ba ile ba khetholleha ka ho hlaka. Ba ile ba etsa liphetoho e le hore Jehova a amohele borapeli ba bona. (Esaia 4:2, 3; Malakia 3:1-4) Kahoo, pono eo moapostola Pauluse a bileng le eona lilemo tse makholo pele ho moo, e ile ea phethahala.

8, 9. “Paradeise” eo Pauluse a e boneng ponong ke eng?

8 Pono eo Pauluse a bileng le eona e hlalosoa ho 2 Bakorinthe 12:1-4. (E bale.) Ponong eo, Jehova o ile a bontša Pauluse se neng se tla etsahala nakong e tlang. “Paradeise” eo Pauluse a e boneng ke eng? E ka bolela Paradeise ea sebele e tla ba teng mona lefatšeng. (Luka 23:43) E ka boetse ea bolela paradeise ea moea e phethahetseng e tla ba teng lefatšeng le lecha. Hape e ka bolela maemo a babatsehang a tla ba teng leholimong ‘paradeiseng ea Molimo.’—Tšenolo 2:7.

9 Joale ke hobane’ng ha Pauluse a re o ile “a utloa mantsoe a ke keng a boleloa ao ho sa lumelloeng ke molao hore motho a a bue”? Ke hobane e ne e e-s’o be nako ea hore a hlalose lintho tse babatsehang tseo a li boneng ponong eo. Empa hona joale Jehova o re lumella ho bolella ba bang litlhohonolofatso tseo batho ba hae ba li thabelang!

10. Ke hobane’ng ha paradeise ea moea le tempele ea moea e se ntho e le ’ngoe?

10 Re atisa ho bua ka paradeise ea moea, empa ha e le hantle ke eng? Ke khotso eo Molimo a e fang bahlanka ba hae. Kahoo paradeise ea moea le tempele ea moea hase ntho e le ’ngoe. Tempele ea moea ke tokisetso ea Molimo ea borapeli ba ’nete. Athe paradeise ea moea e khetholla ka ho hlaka batho bao Molimo a ba amohelang, ba mo rapelang tempeleng ea hae ea moea.—Malakia 3:18.

11. Re na le tlotla efe kajeno?

11 Hoa thabisa ho tseba hore ho tloha ka 1919, Jehova o ’nile a lumella batho ba sa phethahalang ho matlafatsa le ho atolosa paradeise ea moea. Na u kenya letsoho mosebetsing oo o babatsehang? Na u ananela tlotla ea ho sebetsa le Jehova ho tlotliseng lebitso la hae lefatšeng?

JEHOVA O NTLAFATSA MOKHATLO OA HAE

12. Re tseba joang hore boprofeta bo ho Esaia 60:17 bo phethahetse? (Sheba setšoantšo se qalong.)

12 Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele ka liphetoho le lintlafatso tse babatsehang tse neng li tla etsahala karolong e lefatšeng ea mokhatlo oa Molimo. (Bala Esaia 60:17.) Bakreste ba bacha ka phuthehong le ba tlaase lilemong ba utloela feela ka liphetoho tsena kapa hona ho bala ka tsona. Empa ho na le bara le barali babo rōna ba bangata ba bileng le tokelo ea ho bona liphetoho tsena tse babatsehang! Bahlanka bana ba tšepahalang ba kholisehile hore Molimo o sebelisa Morena oa rōna Jesu, ho laola le ho tataisa mokhatlo oa Hae! Ho mamela liphihlelo tsa Bakreste bana ba ratehang ho tla matlafatsa tumelo ea rōna ho Jehova ’me ho etse hore re mo tšepe haholoanyane.

Paradeise ea moea ke khotso e teng har’a Bakreste ba ’nete kajeno

13. Ho latela Pesaleme ea 48:12-14, re lokela ho etsa’ng?

13 Bakreste bohle ba ’nete ba lokela ho bolella batho ba bang ka mokhatlo oa Jehova. Ke ho hlollang hore ebe le hoja re phela lefatšeng le khopo la Satane, re na le khotso le bonngoe ka mokhatlong oa bara ba motho! Ka thabo re lokela ho bolella meloko e tlang ka mokhatlo oa Jehova le ka paradeise ea moea!—Bala Pesaleme ea 48:12-14.

14, 15. Ke liphetoho life tse ileng tsa etsoa ka mor’a 1970, hona li ruisitse mokhatlo molemo joang?

14 Ba bangata ba hōlileng liphuthehong tsa habo rōna ba bone liphetoho tse ntlafalitseng karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova. Ba hopola nakong eo mosebetsi liphuthehong o neng o tsamaisoa ke mohlanka oa phutheho eseng sehlopha sa baholo, ’me linaheng o tsamaisoa ke mohlanka oa lekala eseng Komiti ea Lekala le nakong eo mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower a neng a tataisa mosebetsi ho fapana le Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Le hoja bara bana babo rōna ba ne ba e-na le bathusi ba tšepahalang, e ne e le motho a le mong feela ea etsang liqeto ka phuthehong, ofising ea lekala esita le ntlo-khōlō. Ka mor’a 1970, lintho li ile tsa fetoha hore sehlopha sa baholo e be sona se etsang liqeto, eseng motho a le mong.

15 Ke hobane’ng ha liphetoho tsee li ruisitse mokhatlo molemo? Hobane li ne li thehiloe kutloisisong e hlakileng haholoanyane ea Mangolo. Ho e-na le hore ebe motho a le mong ea etsang liqeto, mokhatlo o rua molemo litšobotsing tse ntle tsa baholo bohle, kapa “limpho tseo e leng banna” tseo Jehova a faneng ka tsona.—Baefese 4:8; Liproverbia 24:6.

Jehova o fana ka tataiso ho batho ba e hlokang lefatšeng lohle (Sheba serapa sa 16 le 17)

16, 17. Ke liphetoho life tse bileng teng morao tjee tse u khahlileng, hona hobane’ng?

16 Nahana ka liphetoho tse ling tse sa tsoa etsoa lingoliloeng tsa rōna. Ha re le tšimong, re thabela ho fa batho lingoliloeng tse bohehang tse ka ba thusang. Hape nahana kamoo re sebelisang theknoloji kateng ho bolela litaba tse molemo. Ka mohlala, Websaete ea rōna ea jw.org e finyella batho ba bangata e le hore ba ka fumana thuso eo ba e hlokang. Liphetoho tsena tsohle li re bontša kamoo Jehova a ratang le ho tsotella batho kateng.

Re thabela koetliso eo re e fumanang likolong tse ngata tsa Bibele

17 Re boetse re ananela phetoho e ileng ea etsoa libokeng tsa rōna e re fileng nako ea ho tšoara borapeli ba lelapa kapa ho ba le thuto ea botho. Hape re ananela liphetoho tse entsoeng mananeong a likopano tse khōlō le tse nyenyane. Aa ntlafala selemo le selemo! Ho feta moo re thabela koetliso eo re e fumanang likolong tse ngata tsa Bibele. Liphetoho tsena tsohle li bontša ka ho hlaka hore Jehova o laola mokhatlo oa hae le hore o tsoela pele ho khabisa paradeise ea moea!

KAMOO RE KA THUSANG HO KHABISA PARADEISE EA MOEA

18, 19. Re ka thusa ho khabisa paradeise ea moea joang?

18 Jehova o re file tlotla ea hore re thuse ho khabisa paradeise ea rōna ea moea. Empa re ka e khabisa joang? Ka hore re bolele litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho le ka ho etsa barutuoa ba eketsehileng. Nako le nako ha re thusa motho hore e be mosebeletsi oa Molimo, re thusa ho atolosa paradeise ea moea.—Esaia 26:15; 54:2.

19 Re boetse re thusa ho khabisa paradeise ea moea ha re ikitlaelletsa ho ntlafatsa botho ba rōna ba Bokreste. Sena se thusa ho hohela ba bang paradeiseng ea moea. Hangata hase tsebo ea rōna ea Bibele feela e tlisang batho ka mokhatlong, empa ba khahloa ke bohloeki le khotso eo re nang le eona, ’me seo se ba atametsa haufi le Jehova le Jesu.

U ka thusa ho atolosa paradeise ea moea (Sheba serapa sa 18 le 19)

20. Ho ea ka Liproverbia 14:35, takatso ea rōna e lokela ho ba efe?

20 E tlameha ebe Jehova le Jesu baa thaba ha ba bona paradeise ea rōna e ntle ea moea kajeno. Thabo eo re e utloang hona joale ha re thusa ho khabisa paradeise ea moea, ke mohlala feela oa seo re tla se utloa nakong e tlang ha re etsa lefatše paradeise ea sebele. Re lokela ho lula re hopola Liproverbia 14:35, e reng: “Morena o khahlisoa ke mohlanka ea etsang ka temohisiso.” Joale, a re tsoeleng pele ho etsa lintho ka bohlale ha re ntse re ikitlaelletsa ho khabisa paradeise ea rōna ea moea!