Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U Tšepahalla ’Muso oa Molimo

Lula U Tšepahalla ’Muso oa Molimo

“Hase karolo ea lefatše.”—JOHANNE 17:16.

LIPINA: 63, 129

1, 2. (a) Ho tšepahalla bobusi ba Jehova ho amana joang le ho se nke lehlakore liqhoebeshanong tsa lefatše? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Batho ba bangata ba tšehetsa eng, hona phello e ba efe?

BAHLANKA ba Jehova ha ba kenelle litabeng tse arolang batho, tse kang tsa bochaba, merabe kapa setso. Hobane’ng? Hobane re rata Jehova, re tšepahalla bobusi ba hae ebile re mamela litaelo tsa hae. (1 Johanne 5:3) Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae kapa hore na re tsoa hokae, re latela litaelo tsa Molimo. Re nka ho tšepahalla Jehova le ’Muso oa hae e le habohlokoa ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe. (Matheu 6:33) Ke kahoo re reng ‘ha re karolo ea lefatše.’—Bala Johanne 17:11, 15, 16; Esaia 2:4.

2 Batho ba bangata kajeno lefatšeng ba tšepahalla linaha tsa habo bona, merabe, litso, esita le ho tšehetsa lithimi tse itseng. Ka bomalimabe, sena se entse hore batho ba bangata ba hlōlisane, ba hloeane, ’me ka linako tse ling ba be ba bolaee ba tšehetsang lehlakore le leng. Le hoja re sa kenelle liqhoebeshanong tsena, li ka re ama tsa ba tsa ama ba malapa a rōna, ’me re ka ’na ra latsoa liphello tse bohloko tsa ho hloka toka. Ho ka ba bonolo ho nka lehlakore ha mebuso e etsa liqeto tse se nang toka, kaha Molimo o re bōpile re e-na le bokhoni ba ho lemoha ha lintho li etsoa ka toka kapa ka leeme. (Genese 1:27; Deuteronoma 32:4) U ikutloa joang ha lintho li etsoa ka leeme? Na u khona ho lula u sa nke lehlakore?

Bakreste ba ’nete ha ba nke hore karolo e ’ngoe ea lefatše la Satane e molemo ho feta e ’ngoe

3, 4. (a) Ke hobane’ng ha re sa nke lehlakore ha ho e-na le liqhoebeshano? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?

3 Batho ba bangata ba nka lehlakore ha ho e-na le liqhoebeshano hobane mebuso e ba bolella hore ke seo baahi ba molemo ba lokelang ho se etsa. Empa re balateli ba Jesu. Ka hona ha re kenelle lipolotiking, ebile ha re kopanele lintoeng. (Matheu 26:52) Bakreste ba ’nete ha ba nke hore karolo e ’ngoe ea lefatše la Satane e molemo ho feta e ’ngoe. (2 Bakorinthe 2:11) Ho hang ha re kenelle liqhoebeshanong tsa lefatše lena.—Bala Johanne 15:18, 19.

4 Kaha ha rea phethahala, ba bang ba rōna e ka ’na eaba re ntse re e-na le maikutlo a fosahetseng ka batho ba merabe e meng. (Jeremia 17:9; Baefese 4:22-24) Sehloohong sena re tlil’o tšohla melao-motheo e tla re thusa ho loantša maikutlo ana a arolang batho. Re tla boela re bone hore na re ka etsa’ng ho tšepahalla ’Muso ka hore re itloaetse ho nahana ka tsela eo Jehova le Jesu ba nahanang ka eona.

KE HOBANE’NG HA RE SE KAROLO EA LEFATŠE?

5, 6. Ha Jesu a le lefatšeng, o ne a talima batho ba merabe e sa tšoaneng joang, hona hobane’ng?

5 Haeba u thatafalloa ho lula u sa nke lehlakore, ipotse, ‘Jesu o ne a tla etsa’ng boemong boo?’ Ha Jesu a ne a le lefatšeng, ho ne ho e-na le liqhoebeshano mahareng a batho ba Judea, Galilea le Samaria. Ak’u nahane ka mehlala ena e seng mekae. Bajuda le Basamaria ba ne ba sa buisane. (Johanne 4:9) Bafarisi ba ne ba sa lumellane le Basaduse lintlheng tse ngata. (Liketso 23:6-9) Bajuda ba neng ba ithutetse Molao ba ne ba nka hore ba phahametse ba bang. (Johanne 7:49) Ba bangata ba hloile babokelli ba lekhetho le Baroma. (Matheu 9:11) Empa Jesu ha aa ka a kenella liqhoebeshanong tseo. Le hoja a ne a lula a sireletsa ’nete e mabapi le Jehova a bile a tseba hore Baiseraele ke sechaba sa Molimo se khethehileng, ha ho mohla a kileng a ruta barutuoa ba hae hore ba molemo ho feta batho ba bang. (Johanne 4:22) Ho e-na le hoo, o ile a ba ruta hore ba rate batho bohle.—Luka 10:27.

Jehova le Jesu ha ba nke hore batho ba morabe, sechaba kapa ba buang puo e itseng ba phahametse ba bang

6 Ke hobane’ng ha Jesu a ne a sa nke hore morabe o mong o phahametse e meng? Ke ka lebaka la tsela eo eena le Ntate oa hae ba ikutloang ka eona ka batho. Jehova o bōpile batho e le hore ba tlatse lefatše ka merabe e sa tšoaneng. (Genese 1:27, 28) Kahoo, Jehova le Jesu ha ba nke hore batho ba morabe, sechaba kapa ba buang puo e itseng ba phahametse ba bang. (Liketso 10:34, 35; Tšenolo 7:9, 13, 14) Re lokela ho etsisa mohlala oa bona o phethahetseng.—Matheu 5: 43-48.

7, 8. (a) Re ka lehlakoreng la mang, hona hobane’ng? (b) Ke’ng feela e ka rarollang mathata a batho?

7 Ke hobane’ng ha re sa tšehetse ’musi ea itseng kapa mebuso ea batho? Ke hobane re ka lehlakoreng la Jehova. Ke ’Musi oa rōna. Serapeng sa Edene, Satane o ile a re Jehova ha a buse batho ka tsela e loketseng. Satane o ne a batla hore batho ba lumele hore tsela eo a busang ka eona e molemo ho feta ea Molimo. Jehova o re fa monyetla oa hore re ikhethele hore na re ka lehlakoreng la mang. Joale uena u ka lehlakoreng la mang? Na u mamela Jehova hobane u lumela hore tsela eo a etsang lintho ka eona e molemo ho feta ea hao? Na u kholisehile hore ke ’Muso oa hae feela o ka rarollang mathata a rōna? Kapa u nahana hore batho ba ka atleha ho ipusa ba sa tataisoe ke Molimo?—Genese 3:4, 5.

8 Ka mohlala, haeba motho a u botsa hore na u ikutloa joang ka mokha o itseng oa lipolotiki, mokhatlo o itseng oa baitseki kapa mekhatlo e meng e kang eo, u ne u ka re’ng? E ka ’na eaba e meng ea mekhatlo ena e na le sepheo se setle ’me e batla ho thusa batho. Empa rea tseba hore ke ’Muso oa Jehova feela o ka rarollang mathata a batho le ho felisa ho hloka toka. Re boetse re latela tataiso ea Jehova ka phuthehong, ho e-na le hore e mong le e mong a iketsetse borata. Ke kahoo phutheho e momahaneng.

9. Bakreste ba bang lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le bothata bofe, hona ba ne ba lokela ho etsa’ng?

9 Lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba bang ba Korinthe ba ne ba phehisana khang, e mong a re: “‘’Na ke oa Pauluse,’ ‘Empa ’na ke oa Apolose,’ ‘Empa ’na ke oa Kefase,’ ‘Empa ’na ke oa Kreste.’” Pauluse o ile a makala ha a utloa sena. Bona e ne e le bothata bo tebileng, kaha bo ne bo ka ’na ba senya khotso ka phuthehong. Kahoo, a botsa bara le barali babo hore na Kreste o arohane. Pauluse o ile a re: “Kea le eletsa, barab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano, le hore ho se ke ha e-ba le likarohano har’a lōna, empa hore le kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.” Hoa tšoana le kajeno. Ha hoa lokela hore ho be le likarohano ka phuthehong.—1 Bakorinthe 1:10-13; bala Baroma 16:17, 18.

10. Pauluse o ile a hopotsa Bakreste eng, hona re ithuta’ng ho see?

10 Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba tlotsitsoeng hore ke baahi ba leholimong, ’me kahoo ha baa lokela ho ameha ka ‘lintho tse lefatšeng.’ (Bafilipi 3:17-20) * (Sheba naletsana.) Batlotsuoa ke manģosa a emelang Molimo le Kreste. Ha lenģosa le rometsoe naheng e ’ngoe, ha le kenelle mathateng le lipolotiking tsa naha eo. Ka tsela e tšoanang, batlotsuoa ha baa lokela ho kenella mathateng le lipolotiking tsa lefatše lena. (2 Bakorinthe 5:20) Ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le bona ba tšehetsa ’Muso, ’me ha ba nke lehlakore liqhoebeshanong tsa lefatše lena.

IKOETLISETSE HO TŠEPAHALLA ’MUSO OA JEHOVA

11, 12. (a) Re lokela ho loantša boikutlo bofe haeba re batla ho lula re tšepahalla ’Muso oa Molimo? (b) Morali’abo rōna e mong o ne a ikutloa joang ka batho ba morabe o mong, hona ke’ng e ileng ea mo thusa hore a fetohe?

11 Libakeng tse ngata, batho ba atisa ho rata batho ba setso sa habo bona le ba buang puo eo ba e buang. Hangata ba nkela holimo libaka tseo ba tsoang ho tsona. Empa ha rea lokela ho lumella boikutlo bona hore bo re susumetse. Ho e-na le hoo, re lokela ho fetola tsela eo re nahanang ka eona, ’me re koetlise matsoalo a rōna e le hore re lule re sa nke lehlakore maemong ’ohle. Re ka etsa see joang?

12 Ka mohlala, Mirjeta * (sheba naletsana) o hlahetse naheng e neng e bitsoa Yugoslavia pele. Batho ba sebakeng seo a hōletseng ho sona ba ne ba hloile Maserbia. Ha a ithuta ka Jehova, o ile a hlokomela hore Jehova ha a khetholle merabe le hore Satane ke eena ea batlang hore batho ba hloeane. Kahoo, a leka ka matla ho fetola tsela eo a ikutloang ka eona. Empa ha batho ba merabe e sa tšoaneng ba lulang sebakeng seo ba loantšana, Mirjeta o ile a boela a hloea Maserbia. O ne a sa batle le ho a pakela. O ne a tseba hore seo se fosahetse, kahoo a kōpa Jehova hore a mo thuse a loantše boikutlo boo. A boela a mo kōpa hore a mo thuse hore ebe pula-maliboho. Mirjeta o re: “Ho qeta nako e ngata ke le tšebeletsong ho nthusitse haholo. Ha ke le tšebeletsong, ke leka ho etsisa lerato la Jehova, ’me seo se nthusa ho loantša maikutlo a fosahetseng.”

13. (a) Zoila o ile a tobana le boemo bofe, hona o ile a etsa’ng? (b) Re ithuta’ng phihlelong ea Zoila?

13 Morali’abo rōna e mong ea bitsoang Zoila, o ile a fallela Europe a tsoa Mexico. Phuthehong eo a kopanelang ho eona, ho na le bara le barali babo rōna ba bang ba tsoang karolong e ’ngoe ea Latin America. Zoila o re ba bang ba bona ba ne ba soma naha eo a tsoang ho eona, hammoho le meetlo le ’mino oa teng. O ile a utloa bohloko, kahoo a rapela Jehova a kōpa hore a mo thuse a se ke a khopisoa ke seo. U ne u ka etsa’ng haeba u ne u le boemong ba hae? Bara le barali babo rōna ba bang ba ntse ba thatafalloa ho ithiba ha batho ba soma libaka tseo ba tsoang ho tsona. Kahoo, ha re batle ho bua kapa ho etsa ntho leha e le efe e ka etsang hore batho ba morabe o mong ba nke hore ba phahametse ba merabe e meng. Ha re batle ho baka likarohano ka phuthehong kapa ho qabanya batho leha e le bafe.—Baroma 14:19; 2 Bakorinthe 6:3.

Kōpa Jehova hore a u thuse hore u etsise tsela eo a ikutloang ka eona ka batho

14. Ke’ng e ka u thusang hore u etsise tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka batho?

14 Rea tseba hore bahlanka ba Jehova ba momahane, kahoo ha rea lokela ho nka hore sebaka kapa naha e itseng e molemo ho feta e ’ngoe. Empa mohlomong ba lelapa leno le ba bang bao u hōtseng le bona, ba u susumelelitse hore u rate sebaka seo u tsoang ho sona. Kahoo, mohlomong ka linako tse ling u ntse u e-ba le maikutlo a fosahetseng ka batho ba lichaba, ba litso, lipuo kapa merabe e meng. Ke’ng e ka u thusang hore u fetohe? Ke ho thuisa ka tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka batho ba ikhantšang ka linaha tsa habo bona, kapa ba nkang hore ba phahametse ba bang. Batlisisa taba ena ha u etsa thuto ea botho kapa ha le tšoara borapeli ba lelapa. Kōpa Jehova hore a u thuse hore u etsise tsela eo a ikutloang ka eona ka batho.—Bala Baroma 12:2.

Re lokela ho tšepahala ho Jehova, ho sa tsotellehe seo batho ba ka se etsang (Sheba serapa sa 15 le 16)

15, 16. (a) Ba bang ba tla etsa’ng ha ba bona hore ha re tšoane le bona? (b) Batsoali ba ka etsa’ng ho thusa bana ba bona hore ba lule ba tšepahalla Jehova?

15 Re batla ho sebeletsa Jehova re e-na le letsoalo le hloekileng, kahoo ka linako tse ling re ka ’na ra ba mekhelo mosebetsing, sekolong, ho baahelani esita le ho beng ka rōna. (1 Petrose 2:19) Jesu o ile a re lemosa hore ba bang ba tla re hloea hobane re sa tšoane le bona. Hopola hore ba bangata ba bahanyetsi ba rōna ha ba tsebe letho ka ’Muso oa Molimo. Kahoo, ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha re tšepahalla ’Muso oo, ho e-na le ho tšehetsa mebuso ea batho.

16 E le hore re tšepahalle bobusi ba Jehova, re lokela ho ikokobelletsa eena ho sa tsotellehe seo batho ba ka ’nang ba se bua le ho se etsa. (Daniele 3:16-18) Bacha ka ho khetheha ba ka ’na ba thatafalloa ho ba mekhelo. Batsoali, thusang bana ba lōna hore ba be sebete ha ba le sekolong. Ba ka ’na ba tšaba ho hana ho lumelisa folakha kapa ho kopanela meketeng e itseng ea bochaba. Ha le tšoara borapeli ba lelapa, le ka ’na la buisana ka hore na Jehova o ikutloa joang ka lintho tsena. Ba ruteng hore na ba ka hlalosa seo ba se lumelang joang ka tlhompho le ka tsela e hlakileng. (Baroma 1:16) Hape haeba ho hlokahala, thusang bana ba lōna ka hore le bue le matichere ’me le a hlalosetse seo re se lumelang.

THABELA PŌPO EOHLE EA JEHOVA

17. Re lokela ho qoba monahano ofe, hona hobane’ng?

17 Ka tloaelo re thabela lijo, puo, tikoloho le meetlo ea moo re hōletseng teng. Empa na re nka hore lintho tseo re li ratang li molemo ho feta tseo ba bang ba li ratang? Jehova o batla hore re thabele lintho tse sa tšoaneng tseo a li bōpileng. (Pesaleme ea 104:24; Tšenolo 4:11) Kahoo, ke hobane’ng ha re ka tsitlella hore tsela e itseng ke eona feela e molemo ea ho etsa lintho?

Jehova o batla hore batho ba mefuta eohle ba phele ka ho sa feleng

18. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsisa tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka batho?

18 Jehova o batla hore batho ba mefuta eohle ba ithute ka eena, ba mo rapele ’me ba phele ka ho sa feleng. (Johanne 3:16; 1 Timothea 2:3, 4) Kahoo, ha barab’abo rōna ba e-na le maikutlo a sa tšoaneng le a rōna, re lokela ho ikemisetsa ho ba mamela, hafeela maikutlo a bona a amoheleha ho Jehova. Ha re etsa joalo, re tla thabela bophelo ’me re tla tsoela pele re momahane le bara le barali babo rōna. Joalokaha re bone, kaha re tšepahalla Jehova le ’Muso oa hae, ha re kenelle liqhoebeshanong tsa lefatše lena. Re hloile boikhantšo le tlhōlisano tse lefatšeng la Satane. Ruri rea leboha hore ebe Jehova o re rutile ho rata khotso le hore re ikokobetse! Re ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Bonang! Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!”—Pesaleme ea 133:1.

^ ser. 10 E ka ’na eaba ba bang phuthehong ea Filipi ba ne ba e-na le tokelo ea ho ba baahi ba Roma, kahoo ba na le litokelo tse ngata ho feta barab’abo bona bao e seng baahi ba Roma.

^ ser. 12 Mabitso a mang a fetotsoe.