Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Itokiselletse Hona Joale ho Phela Lefatšeng le Lecha

Itokiselletse Hona Joale ho Phela Lefatšeng le Lecha

“Ba sebetse se molemo, . . . e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.”—1 TIMOTHEA 6:18, 19.

LIPINA: 125, 40

1, 2. (a) U labalabela ho etsa’ng Paradeiseng? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke’ng e tla re thabisa ka ho fetisisa lefatšeng le lecha?

RE LABALABELA ‘ho phela ka ho sa feleng.’ Moapostola Pauluse o re bona ke “bophelo ba sebele.” (Bala 1 Timothea 6:12, 19.) Ho ba bangata ba rōna, sena se bolela hore re tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. Nahana feela hore na ho tla ba monate hakaakang ho tsoha hoseng re le matjato, re thabile re bile re khotsofetse. (Esaia 35:5, 6) Ruri e tla ba ho thabisang ho qeta nako re e-na le ba malapa le metsoalle ea rōna, ho akarelletsa le ba tsositsoeng bafung. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) U tla ba le nako ea ho ithuta lintho tse ncha le ea ho ntlafatsa tsebo ea hao linthong tseo u thabelang ho li etsa. Ka mohlala, u ka ithuta ho eketsehileng ka saense. Kapa u ka ithuta ho bapala seletsa se itseng sa ’mino kapa ho toroea polane ea ntlo ea hao.

2 Le hoja re labalabela lintho tsena tsohle tse ntle, se tla re thabisa ka ho fetisisa ke ho rapela Jehova. Ak’u nahane hore na bophelo bo tla ba joang ha batho bohle ba se ba nka lebitso la Jehova le halalela ’me ba mo amohela e le ’Musi oa bona. (Matheu 6:9, 10) Re tla thabela ho bona lefatše le tletse batho ba phethahetseng, feela joalokaha Molimo a ne a rerile. Hape ak’u nahane feela kamoo re tla nolofalloa kateng ho matlafatsa setsoalle sa rōna le Jehova, ha butle-butle re ntse re boela phethehong!—Pesaleme ea 73:28; Jakobo 4:8.

3. Re lokela ho itokiselletsa eng hona joale?

3 Re lumela hore Jehova o tla etsa lintho tsena tsohle tse babatsehang, kaha “lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Matheu 19:25, 26) Haeba re batla ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha, ena ke nako ea hore ‘re tšoarelle ka tieo’ bophelong bo sa feleng. Rea tseba hore bofelo bo atametse, kahoo re lokela ho phela ka tsela e bontšang hore re lebeletse hore bo fihle neng kapa neng. Re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna hona joale ho itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha. A re boneng hore na re ka etsa sena joang.

RE KA ITOKISA JOANG?

4. Re ka etsa’ng hona joale ho itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha? Fana ka mohlala.

4 Re ka etsa’ng hona joale ho itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha? Haeba re rera ho fallela naheng e ’ngoe, re ka ’na ra etsa lintho tse itseng ho itokiselletsa ho phela naheng eo. Ka mohlala, re ka ’na ra qala ho ithuta puo le meetlo ea batho ba naheng eo. Kapa ra leka ho ja lijo tseo ba li jang. Ka tsela e tšoanang, re ka itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha ka hore re phele joalokaha eka re se re ntse re le ho lona. A re boneng litsela tse ling tseo re ka etsang sena ka tsona.

5, 6. Ho ithuta ho mamela tataiso eo mokhatlo oa Jehova o re fang eona ho ka re thusa joang ho itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha?

5 Lefatšeng lena, Satane o batla hore batho ba nahane hore ba ka iketsetsa borata. Batho ba bangata ba thabela ho ipusa ’me ba nka hore ha ho hlokahale hore ba mamele Molimo. Phello ea see e ’nile ea e-ba efe? Sena se tliselitse batho mahlomola le masoabi. (Jeremia 10:23) Empa Jehova ke ’Musi ea lerato. Ruri bophelo e tla ba bo khathollang lefatšeng le lecha, ha bohle ba tla be ba mo mamela!

6 Lefatšeng le lecha, re tla thabela ho latela tataiso eo mokhatlo oa Jehova o re fang eona e le hore re fetole lefatše paradeise e ntle le ho re thusa hore re rute ba tsositsoeng bafung. Jehova o tla re abela mosebetsi o mongata. Empa re tla etsa’ng ha ba re etellang pele ba re kōpa hore re etse mosebetsi oo re sa o rateng? Na re tla ba mamela? Na re tla etsa sohle se matleng a rōna ho o phetha ’me re etse seo re thabile? E le hore re itokiselletse ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha, re lokela ho mamela tataiso eo mokhatlo oa Jehova o re fang eona hona joale.

7, 8. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisana ’moho le ba re etellang pele? (b) Maemo a Bakreste ba bang a ’nile a fetoha ka tsela efe? (c) Ke’ng eo re ka kholisehang ka eona lefatšeng le lecha?

7 E le hore re itokiselletse ho phela lefatšeng le lecha, re lokela ho ithuta ho khotsofala le ho sebelisana ’moho le mokhatlo oa Jehova haesita le batho ba bang. Ka mohlala, re ka ikemisetsa ho amohela likabelo tse ncha tseo re li fuoang, ’me ra etsa sohle se matleng a rōna ho li thabela le ho li khotsofalla. Haeba re ithuta ho sebelisana le ba re etellang pele hona joale, re tla nolofalloa ho etsa se tšoanang lefatšeng le lecha. (Bala Baheberu 13:17.) Ha Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, ba ile ba abeloa hore na ba lule hokae. (Numere 26:52-56; Joshua 14:1, 2) Ha re tsebe hore na lefatšeng le lecha re tla abeloa ho lula hokae. Empa haeba re ithutile ho sebelisana ’moho le ba re etellang pele, re tla thabela ho etsa thato ea Jehova ho sa tsotellehe hore na re lula hokae.

8 Ak’u nahane hore na e tla ba tlotla e kaakang ho sebeletsa Molimo lefatšeng le lecha tlas’a puso ea ’Muso! Ke kahoo re thabelang ho latela tataiso eo mokhatlo oa Jehova o re fang eona hona joale le ho etsa ntho leha e le efe eo o re abelang eona. Empa ka linako tse ling re ka ’na ra fuoa likabelo tse ncha. Ka mohlala, litho tse ling tsa lelapa la Bethele, United States, li ile tsa abeloa ho ea tšimong. Balebeli ba bang ba tsamaeang le bona ba abetsoe hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng ka lebaka la ho hōla kapa maemo a mang a itseng. Ba khotsofetse likabelong tsa bona tse ncha, ’me Jehova o oa ba hlohonolofatsa. Haeba re rapela Jehova re mo kōpa hore a re thuse, ’me re etsa sohle se matleng a rōna ho mo sebeletsa ebile re ithuta ho khotsofalla kabelo leha e le efe eo re e fuoang, re tla thaba ’me Jehova o tla re hlohonolofatsa. (Bala Liproverbia 10:22.) Re tla etsa’ng haeba lefatšeng le lecha re batla ho lula sebakeng se itseng, empa mokhatlo oa Jehova o re kōpa hore re ee ho se seng? Ka nako eo, hore na re lula hokae kapa hore na re etsa’ng, e tla be e se taba ea bohlokoa. Re tla be re ananela feela hore re phela lefatšeng le lecha.—Nehemia 8:10.

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha hlokahala hore re be le mamello lefatšeng le lecha? (b) Re ka bontša joang hore re na le mamello hona joale?

9 Lefatšeng le lecha, ho ka ’na ha hlokahala hore re be le mamello. Ka mohlala, re ka ’na ra utloa hore batho ba bang ba thabile kaha metsoalle le beng ka bona ba tsositsoe bafung. Empa joale rōna re ka ’na ra lokela ho letela hore baratuoa ba rōna ba tsosoe. Haeba seo se etsahala, na re tla thaba le ba bang ’me re bontše mamello? (Baroma 12:15) Haeba hona joale re ithuta ho letela Jehova ka mamello hore a phethahatse litšepiso tsa hae, seo se tla re thusa hore re be le mamello nakong e tlang.Moeklesia 7:8.

10 Re ka boetse ra itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha ka hore re bontše mamello ha ho etsoa liphetoho tseleng eo re utloisisang linnete tsa Bibele ka eona. Na re bontša mamello haeba re sa utloisise ka ho feletseng tlhaloso e ncha eo re e balang? Ha re etsa joalo, seo se tla re nolofalletsa hore re be le mamello lefatšeng le lecha nako le nako ha Jehova a re fa litaelo tse ncha.—Liproverbia 4:18; Johanne 16:12.

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta ho tšoarela ba bang hona joale, hona see se tla re thusa joang lefatšeng le lecha?

11 Tsela e ’ngoe eo re ka itokiselletsang ho phela lefatšeng le lecha ka eona, ke ka ho ithuta ho tšoarela. Nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, ho tla nka nako hore bohle ba fihle phethehong. (Liketso 24:15) Na re tla bontšana lerato ’me re tšoarelane? Haeba re ithuta ho tšoarela ba bang le ho sebelisana hantle le bona hona joale, re tla nolofalloa ho etsa seo lefatšeng le lecha.—Bala Bakolose 3:12-14.

Lefatšeng le lecha, re tla lokela ho bonahatsa litšobotsi tseo Jehova a re rutang hore re be le tsona hona joale

12. Ke hobane’ng ha hona joale re lokela ho itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha?

12 Lefatšeng le lecha, re ka ’na ra se ke ra lula re fumana lintho tseo re li batlang, kapa re ka ’na ra lokela ho leta pele re li fumana. Re tla lokela ho amohela le ho khotsofalla boemo leha e le bofe boo re tla ba ho bona. Ha e le hantle, re tla lokela ho bonahatsa litšobotsi tseo Jehova a re rutang hore re be le tsona hona joale. Kahoo, ha re ithuta ho bonahatsa litšobotsi tseo hona joale, re bontša hore re nka lefatše le lecha e le la sebele le hore re itokiselletsa ho phela ka ho sa feleng. (Baheberu 2:5; 11:1) Hape, re bontša hore re batla ho phela lefatšeng leo ho lona bohle ba tla beng ba mamela Jehova.

AMEHA KA HO SEBELETSA JEHOVA

Bolela litaba tse molemo ka cheseho

13. Re tla phathahana ka eng lefatšeng le lecha?

13 Lefatšeng le lecha, re tla ba le sohle seo re se hlokang e le hore re thabele bophelo. Empa ntho e tla re thabisa ka ho fetisisa ke ho ba le kamano e haufi le Jehova. (Matheu 5:3) Re tla phathahana ka ho sebeletsa Jehova, ’me seo se tla re tlisetsa thabo. (Pesaleme ea 37:4) Kahoo, ha re etelletsa Jehova pele bophelong ba rōna hona joale, re itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha.—Bala Matheu 6:19-21.

14. Bacha ba ka ipehela lipakane life tšebeletsong ea Jehova?

14 Re ka etsa’ng e le hore re thabele ho sebeletsa Jehova haholoanyane? Tsela e ’ngoe eo re ka etsang seo ka eona ke ka ho ipehela lipakane. Haeba u mocha, nahana ka ho teba ka ho sebeletsa Jehova. U ka etsa lipatlisiso lingoliloeng tsa rōna ka mefuta e sa tšoaneng ea tšebeletso ea nako e tletseng. U ka ipehela pakane ea ho kenela mofuta o mong oa tšebeletso ea nako e tletseng. * (Sheba naletsana.) Buisana le motho ea qetileng lilemo tse ngata a sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Ha u sebeletsa Jehova, u tla fumana koetliso ea bohlokoa. Koetliso ena e tla u thusa hore u sebeletse Jehova lefatšeng le lecha.

Ipehele lipakane tšebeletsong ea Jehova

15. Ke lipakane life tse ling tseo re ka ipehelang tsona tšebeletsong ea Jehova?

15 Ho na le lipakane tse ngata tseo re ka ipehelang tsona tšebeletsong ea Jehova. Ka mohlala, re ka ipehela pakane ea ho ithuta mokhoa o mocha oo re ka o sebelisang ha re le tšebeletsong ea tšimo. Kapa re ka leka ho utloisisa melao-motheo ea Bibele ’me ra ithuta ho e sebelisa haholoanyane bophelong ba rōna. Re ka leka ho ntlafatsa tsela eo re balang ka eona kapa eo re fanang ka lipuo le likarabo ka eona ha re le libokeng. Habohlokoa ke hore: Ha u ipehela lipakane tšebeletsong ea Jehova, seo se tla u thusa hore u chesehe haholoanyane le ho u lokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha.

TSELA E MOLEMOHALI EA HO PHELA HONA JOALE

Ananela sohle seo Jehova a u fang sona

16. Ke hobane’ng ha ho sebeletsa Jehova e le tsela e molemohali ea ho phela?

16 Na ho na le se re lahlehelang ha re sebelisa nako ea rōna ho itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha la Molimo? Che! Ho sebeletsa Jehova ke tsela e molemohali ea ho phela. Ha re mo sebeletse hobane ho e-na le motho ea re qobellang hore re mo sebeletse kapa hobane feela re batla ho phonyoha matšoenyeho a maholo. Bophelo ba rōna bo ba le morero ebile rea thaba ha re e-na le kamano e ntle le Jehova. Ke kamoo a neng a rerile hore re phele kateng. Ha ho letho le molemo ho feta ho ratoa ke Molimo le ho tataisoa ke eena bophelong. (Bala Pesaleme ea 63:1-3.) Kaofela re ka latsoa thabo e tlisoang ke ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna. Batho ba bang ba mo sebelelitseng ka lilemo tse ngata ba ka paka hore ena ke tsela e molemohali ea ho phela.—Pesaleme ea 1:1-3; Esaia 58:13, 14.

Batla tataiso ka Bibeleng

17. Boikhathollo e tla ba ba bohlokoa hakae Paradeiseng?

17 Paradeiseng, re tla thabela ho qeta nako e itseng re ikhatholla le ho etsa lintho tseo re li thahasellang. Etsoe, Jehova ke eena ea re bōpileng re e-na le takatso ea ho thabela bophelo, ’me o tšepisa hore o tla “khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” (Pesaleme ea 145:16; Moeklesia 2:24) Re hloka boikhathollo le phomolo, empa re li thabela le ho feta ha re etelletsa kamano ea rōna le Jehova pele. Ho tla ba joalo le lefatšeng le lecha. Kahoo, re lokela ho tsoela pele ‘re batla ’Muso pele’ ’me re nahane ka litlhohonolofatso tseo re li fumanang ha re sebeletsa Jehova.—Matheu 6:33.

Bophelo ba rōna bo ba le morero ebile rea thaba ha re e-na le kamano e ntle le Jehova

18. Re ka bontša joang hore re itokiselletsa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng?

18 Lefatšeng le lecha, bophelo bo tla ba monate ho feta kamoo re ka nahanang kateng. E se eka re ka bontša hore re batla ho phela ho lona ka hore re itokiselletse “bophelo ba sebele” hona joale. A re hlaoleleng litšobotsi tseo Jehova a re rutang hore re be le tsona, ’me re chesehele ho bolela litaba tse molemo. E se eka re ka latsoa thabo e tlisoang ke ho etelletsa borapeli ba Jehova pele bophelong ba rōna. Re na le tšepo e feletseng ea hore lefatšeng le lecha, Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae. Kahoo, a re pheleng joalokaha eka re se re ntse re le lefatšeng le lecha!