Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Khetha Metsoalle ka Hloko Matsatsing Ana a ho Qetela

Khetha Metsoalle ka Hloko Matsatsing Ana a ho Qetela

“Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” —1 BAKORINTHE 15:33.

LIPINA: 73, 119

1. Re phela linakong tse joang?

RE PHELA ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ Haesale ho tloha ka 1914 ha ‘matsatsi a ho qetela’ a qala, maemo a lefatše a ’nile a mpefala. (2 Timothea 3:1-5) ’Me re ka kholiseha hore a tla ’ne a mpefale le ho feta, kaha boprofeta ba Bibele bo re “batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.”—2 Timothea 3:13.

2. Batho ba bangata ba ithabisa ka tsela efe kajeno? (Sheba setšoantšo se qalong.)

2 Batho ba bangata kajeno ba ithabisa ka ho shebella lifilimi tse bontšang pefo, boitšoaro bo bobe, kapa tse kenyelletsang boselamose le bodemona, esita le ho etsa liketso tseo. Ka mohlala, Inthanete, mananeo a thelevishene, lifilimi, libuka le limakasine li atisa ho hlahisa pefo le boitšoaro bo bobe e le lintho tse amohelehang. Lintho tse neng li nyarosa batho nakong e fetileng li se li amoheleha hoo hona joale libakeng tse ling li lumeletsoeng ka molao. Empa seo ha se bolele hore Jehova o amohela boitšoaro bo joalo.—Bala Baroma 1:28-32.

3. Batho ba bangata ba nahana’ng ka batho ba hlomphang molao oa Molimo?

3 Lekholong la pele la lilemo, batho ba ne ba ithabisa ka ho shebella pefo le boitšoaro bo bobe. Empa balateli ba Jesu ba ne ba sa li shebelle, kaha ba ne ba mamela molao oa Molimo. Sena se ne se ‘makatsa’ batho ba ba potolohileng. Phello e ne e e-ba efe? Batho ba ne ba soma Bakreste ba bile ba ba hlorisa. (1 Petrose 4:4) Le kajeno batho ba bangata ba nahana hore batho ba hlomphang molao oa Molimo ke mekhelo. Ha e le hantle, Bibele e ea re lemosa hore ba latelang mohlala oa Kreste Jesu “ba tla hlorisoa.”—2 Timothea 3:12.

“LITLOAELANO TSE MPE LI SENYA MEKHOA E METLE”

4. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho rata lefatše?

4 Haeba re batla ho etsa thato ea Molimo, ha rea lokela ho rata “lefatše kapa lintho tse lefatšeng.” (Bala 1 Johanne 2:15, 16.) Satane, e leng “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” o laola lefatše. O sebelisa malumeli, mebuso, mekhatlo ea khoebo le mecha ea phatlalatso ho khelosa batho. (2 Bakorinthe 4:4; 1 Johanne 5:19) Kaha ha re batle ho susumetsoa ke lefatše lena, re lokela ho qoba litloaelano tse mpe. Bibele e re lemosa ka ho hlaka: “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakorinthe 15:33.

5, 6. Ke bo-mang bao re sa lokelang ho tloaelana le bona, hona hobane’ng?

5 E le hore re boloke kamano ea rōna le Jehova e le ntle, re khetha ho se tloaelane le motho leha e le ofe ea etsang lintho tse fosahetseng. Sena se akarelletsa le batho ba ipolelang hore ba rapela Jehova empa ba khetha ho se mo mamele. Haeba batho bao ba etsa sebe se tebileng ’me ba sa bake, re khaotsa ho tloaelana le bona.—Baroma 16:17, 18.

6 Hangata batho ba rata ho khahlisa metsoalle ea bona le hore e ba amohele. Kahoo, haeba re tloaelana le batho ba sa mameleng Molimo, re ka ’na ra lekeha hore re etse seo ba se etsang. Ka mohlala, haeba re tloaelana le batho ba etsang boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, re ka ’na ra ba etsisa. Sena se ’nile sa etsahalla bara le barali babo rōna ba bang. ’Me haeba ba sa bake, baa khaoloa. (1 Bakorinthe 5:11-13) Kahoo, ba qetella ba le boemong bo kang bona boo Petrose a bo hlalositseng.—Bala 2 Petrose 2:20-22.

7. Re lokela ho khetha ho tloaelana le bo-mang?

7 Le hoja re batla ho ba mosa ho batho bohle, ha rea lokela ho tloaelana le batho ba sa mameleng Molimo. Ho fosahetse hore Paki ea Jehova e ratane le motho eo e seng mohlanka ea tšepahalang oa Jehova ea kolobelitsoeng. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore Molimo a re amohele, ho e-na le hore re amoheloe ke batho ba sa mo rateng. Re lokela ho tloaelana feela le batho ba etsang thato ea Molimo. Jesu o ile a re: “Mang kapa mang ea etsang thato ea Molimo, enoa ke mor’eso le morali’eso le ’Mè.”—Mareka 3:35.

Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore Jehova a re amohele, ho e-na le hore re amoheloe ke batho ba sa mo rateng

8. Litloaelano tse mpe li ile tsa ama Baiseraele ba boholo-holo joang?

8 Litloaelano tse mpe li fella ka tlokotsi. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahalla Baiseraele. Pele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Jehova o ile a ba lemosa ka batho ba lulang moo. O ile a re: “U se ke ua inamela melimo ea bona kapa ua hlohlelletsoa hore u e sebeletse, ’me u se ke ua etsa ntho leha e le efe e tšoanang le mesebetsi ea bona, empa ruri u ba felise ’me ruri u heletse litšiea tsa bona tse halalelang. Le sebeletse Jehova Molimo oa lōna.” (Exoda 23:24, 25) Empa Baiseraele ba bangata ha baa ka ba mamela taelo eo ea Molimo, ’me ba mo koenehela. (Pesaleme ea 106:35-39) Phello e ile ea e-ba efe? Hamorao Jehova o ile a lahla sechaba seo sa Iseraele, ’me a khetha phutheho ea Bokreste hore e be sechaba sa hae.—Matheu 23:38; Liketso 2:1-4.

ELA HLOKO SEO U SE BALANG LE HO SE SHEBA

9. Ke hobane’ng ha mecha ea phatlalatso e ka ba kotsi?

9 Lintho tse ngata tse hlahang mecheng ea phatlalatso, joaloka mananeong a thelevishene, liwebsaeteng le libukeng, li ka senya kamano ea rōna le Jehova. Lintho tsena ha lia rereloa ho thusa Bakreste hore ba matlafatse tumelo ea bona ho Jehova le litšepisong tsa hae. Ho e-na le hoo, li khothalletsa batho hore ba tšepe lefatše le khopo la Satane. Kahoo, re lokela ho khetha ka hloko e le hore re se ke ra shebella, ra bala kapa hona ho mamela ntho leha e le efe e ka etsang hore re be le “litakatso tsa lefatše.”—Tite 2:12.

10. Ho tla etsahala’ng ka mecha ea phatlalatso ea lefatše lee?

10 Haufinyane, lefatše la Satane le tla felisoa hammoho le mecha ea lona ea phatlalatso e kotsi. Bibele e re: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Ka ho tšoanang, mopesaleme o ile a bina a re: “Baetsi ba bobe ba tla felisoa.” A phaella ka ho re: “Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” Ka nako e kae? “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:9, 11, 29.

11. Molimo o re thusa joang hore re lule re tšepahala ho eena?

11 Ho fapana le lefatše la Satane, mokhatlo oa Jehova o re thusa hore re phele ka tsela e re lebisang bophelong bo sa feleng. Jesu o ile a rapela Jehova a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Jehova o sebelisa mokhatlo oa hae ho re fa sohle seo re se hlokang e le hore re mo tsebe. Ka mohlala, re na le limakasine, libuka, libukana, livideo le boitsebiso bo bongata bo hlahang Websaeteng ea rōna bo re thusang hore re lule re sebeletsa Molimo. Mokhatlo oa hae o boetse o hlophisetsa hore liboka li tšoaroe kamehla liphuthehong tse fetang 110 000 lefatšeng ka bophara. Lintlha tseo re ithutang tsona Bibeleng ha re le libokeng tseo le ha re le likopanong li matlafatsa tumelo ea rōna ho Jehova le litšepisong tsa hae.—Baheberu 10:24, 25.

NYALA “FEELA MORENENG”

12. Ke hobane’ng ha Bibele e re laela hore re nyale “feela Moreneng”?

12 Bakreste ba batlang ho kena lenyalong ba lokela ho ba hlokolosi hore na ba khetha ho tloaelana le bo-mang. Lentsoe la Molimo lea re lemosa: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang. Etsoe ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe? Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi?” (2 Bakorinthe 6:14) Bibele e eletsa bahlanka ba Molimo hore ba nyale “feela Moreneng,” ke hore ba nyalane feela le motho ea inehetseng le ho kolobetsoa ’me a phela tumellanong le melao ea Jehova. (1 Bakorinthe 7:39) Ha u nyalana le motho ea ratang Jehova, u tla ba le molekane ea tla u thusa hore u lule u tšepahala ho Molimo.

Ha u nyalana le motho ea ratang Jehova, u tla ba le molekane ea tla u thusa hore u lule u tšepahala ho Molimo

13. Molimo o ile a fa Baiseraele taelo efe mabapi le lenyalo?

13 Jehova o tseba se re loketseng, ’me taelo ea hae ea ho nyala “feela Moreneng” ha e ncha. Ka mohlala, hlokomela seo Jehova a ileng a se bolella Baiseraele ka batho ba sa mo sebeletseng. O ile a ba fa taelo ena a sebelisa Moshe: “U se ke ua etsa selekane sa lenyalo le tsona. U se ke ua fana ka morali oa hao ho mora oa hae, ’me u se ke ua nkela mora oa hao morali oa hae. Etsoe o tla khelosa mora oa hao hore a se ke a ntatela, ’me ka sebele ba tla sebeletsa melimo e meng; ruri bohale ba Jehova bo tla le tukela, ’me o tla le felisa ka potlako.”—Deuteronoma 7:3, 4.

14, 15. Ho ile ha etsahala’ng ka Solomone ha a hlokomoloha taelo ea Jehova?

14 Nakoana ka mor’a hore Solomone e be morena oa Iseraele, o ile a rapella bohlale ’me Jehova a arabela thapelo ea hae. Kahoo, Solomone o ile a tsebahala e le ’musi ea bohlale oa sechaba se atlehileng. Ha e le hantle, mofumahali oa Sheba o ile a khahloa ke bohlale ba Solomone hoo a ileng a re ho eena: “Bohlale ba hao le katleho ea hao li feta botumo boo ke bo boleletsoeng.” (1 Marena 10:7, Bibele—Phetolelo e Ncha) Empa mohlala oa Solomone o boetse o re ruta se etsahalang ha motho a hlokomoloha taelo ea Molimo, ’me a nyala motho ea sa sebeletseng Jehova.—Moeklesia 4:13.

15 Le hoja Jehova a ile a mo hlohonolofatsa, Solomone ha aa ka a mamela taelo e hlakileng ea Molimo. Solomone ‘o ile a rata basali ba bangata ba basele’ ba neng ba sa sebeletse Jehova, ’me a qetella a e-na le basali ba 700 le lirethe tse 300. Phello e ile ea e-ba efe? Ha Solomone a se a hōlile, basali ba hae ‘ba ile ba khelosa pelo ea hae hore a latele melimo e meng, ’me Solomone a qala ho etsa se sebe mahlong a Jehova.’ (1 Marena 11:1-6) Litloaelano tse mpe li ile tsa mo susumetsa, ’me ha aa ka a lula a tšepahala ho Jehova. Haeba sena se ile sa etsahalla Solomone, se ka etsahalla motho leha e le ofe. Ke kahoo re sa lokelang ho nyalana le batho ba sa rateng Jehova!

16. Ke keletso efe eo Bibele e fanang ka eona ho ba nang le balekane ba sa lumelang?

16 Ho thoe’ng haeba motho e e-ba morapeli oa Jehova a se a ntse a nyalane le motho ea sa lumelang? Bibele e re: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona.” (1 Petrose 3:1) Ho hlakile hore molao-motheo ona o oa sebetsa le ho monna haeba mosali oa hae e se morapeli oa Jehova. Lentsoe la Molimo le hlakile tabeng ena: U lokela ho ba monna kapa mosali ea molemo, ’me u sebelise melao ea Molimo lenyalong. Kahoo, ha molekane oa hao a hlokomela hore u fetohile ’me u se u le motho ea molemo, a ka ’na a batla ho sebeletsa Jehova. Sena se ’nile sa etsahalla banyalani ba bangata.

TLOAELANA LE BA RATANG JEHOVA

17, 18. Ke’ng e ileng ea thusa Noe hore a pholohe Moroallo, hona ke’ng e ileng ea thusa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ho pholoha ha Jerusalema e timetsoa?

17 Litloaelano tse mpe li ka u susumelletsa hore u se ke ua mamela Jehova, empa litloaelano tse ntle li ka u thusa hore u lule u tšepahala ho eena. Noe o re behetse mohlala o motle. O phetse nakong eo ‘bobe ba motho bo neng bo le bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e le mpe feela ka linako tsohle.’ (Genese 6:5) Batho ba ne ba le babe hoo Jehova a ileng a etsa qeto ea ho felisa lefatše leo le khopo. Empa Noe o ne a fapane le bona. Bibele e re e ne e le “motho ea lokileng,” ‘ea tsamaeang le Molimo oa ’nete.’—Genese 6:7-9.

18 Noe o ne a sa tloaelana le batho ba sa rateng Jehova. Eena hammoho le ba lelapa la hae ba ile ba phathahana ka ho haha areka, ’me e ne e boetse e le “’moleli oa ho loka.” (2 Petrose 2:5) Noe, mosali oa hae, bara ba hae ba bararo le basali ba bona e ne e le metsoalle. Ba ile ba phathahana ka ho etsa lintho tse khahlisang Molimo, ’me ka lebaka leo ba pholoha Moroallo. Kaofela ha rōna re litloholo tsa Noe, kahoo re lokela ho leboha hore ebe Noe le ba lelapa la hae ba ile ba mamela Jehova ’me ba qoba litloaelano tse mpe. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ne ba sa tloaelana le batho ba sa rateng Jehova. Ba ile ba mo mamela ’me ba pholoha ha Jerusalema e timetsoa ka 70 C.E.—Luka 21:20-22.

Metsoalle e ratang Jehova e ka re thusa hore re nahane hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng le lecha (Sheba serapa sa 19)

19. Ke’ng e tla re thusa hore re lule re tšepahala ho Jehova?

19 Ho tšoana le Noe, ba lelapa la hae le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ha re tloaelane le motho leha e le ofe ea sa rateng Jehova. Re na le bara le barali babo rōna ba limilione ba tšepahalang bao re ka khethang ho tloaelana le bona. Ba tla re thusa hore ‘re eme re tiile tumelong’ nakong ena e thata. (1 Bakorinthe 16:13; Liproverbia 13:20) Nahana feela hore na e tla ba ho babatsehang hakaakang ho phonyoha timetso ea lefatše lena le khopo le ho phela lefatšeng le lecha la Jehova! Ruri ke habohlokoa ho qoba litloaelano tse mpe hona joale!