Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U Lebeletse Bofelo!

Lula U Lebeletse Bofelo!

“Le haeba e ka lieha, u lule u e lebeletse!” —HABAKUKE 2:3.

LIPINA: 128, 45

1, 2. Ho theosa le lilemo bahlanka ba Jehova ba ’nile ba etsa’ng?

BAHLANKA ba Jehova ba ’nile ba letela ho phethahala ha boprofeta ka mamello. Ka mohlala, Jeremia o ile a letela Bababylona hore ba timetse Juda, ’me ke sona se ileng sa etsahala ka 607 B.C.E. (Jeremia 25:8-11) Esaia o ile a profeta hore Jehova o tla lokolla Bajuda botlamuoeng e le hore ba khutlele Juda, ’me a re: “Ho thaba bohle ba mo lebeletseng.” (Esaia 30:18) Mikea le eena o ne a letetse ho phethahala ha litšepiso tsa Jehova, ’me a re: “Ke tla ’ne ke lebelle Jehova.” (Mikea 7:7) Bahlanka ba Molimo ba qetile lilemo tse makholo ba letetse ho tla ha Mesia ea tšepisitsoeng, kapa Kreste.—Luka 3:15; 1 Petrose 1:10-12. * (Sheba naletsana.)

2 Le rōna kajeno re letetse ho phethahala ha boprofeta bo mabapi le ’Muso oa Jehova. Kaha Jesu ke Morena oa ’Muso oo, haufinyane o tla pholosa bahlanka ba Molimo lefatšeng lena le kotsi. O tla timetsa batho ba khopo, ’me a felise mahlomola ’ohle. (1 Johanne 5:19) Kahoo, re lokela ho lebella letsatsi la Jehova hore le fihle ka nako leha e le efe, ’me re etse sohle se matleng a rōna ho lula re itokisitse.

3. Haeba ke khale re letetse bofelo, re ka ’na ra ipotsa potso efe?

3 Re lebeletse ka tjantjello nako eo ka eona thato ea Molimo e tla etsoa lefatšeng. (Matheu 6:10) Empa haeba ke khale re letetse bofelo, re ka ’na ra ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re lebeletse bofelo hore bo fihle haufinyane?’

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO LEBELLA BOFELO HAUFINYANE?

4. Ke hobane’ng ha re lokela ‘ho lula re lebetse’?

4 Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ‘ba lule ba lebetse’ ba bile ‘ba falimehile.’ Ke ka lebaka leo e leng habohlokoa hore re lule re lebeletse bofelo hore bo tle haufinyane. (Matheu 24:42; Luka 21:34-36) Ho feta moo, mokhatlo oa Jehova o lula o re hopotsa hore re lokela ‘ho leta le ho lula re hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova’ ’me re tsepamise kelello lefatšeng le lecha leo Jehova a le tšepisang.—Bala 2 Petrose 3:11-13.

5. Ke lebaka lefe le leng le etsang hore re lule re lebeletse letsatsi la Jehova?

5 Haeba balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lokela ho lula ba lebeletse letsatsi la Jehova, joale ke habohlokoa le ho feta kajeno hore re le lebelle. Hobane’ng? Hobane pontšo eo Jesu a faneng ka eona e paka hore e bile Morena oa ’Muso oa Molimo ho tloha ka 1914 le hore re phela matsatsing a ho qetela, kapa ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ Ka mohlala, maemo a lefatše a ntse a mpefala le ho feta, feela joalokaha Jesu a profetile ’me litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloa lefatšeng lohle. (Matheu 24:3, 7-14) Jesu ha aa ka a bolela hore na matsatsi a ho qetela a tla nka nako e kae, kahoo re lokela ho lebella bofelo hore bo fihle ka nako leha e le efe.

6. Re tseba joang hore maemo a lefatše a tla mpefala le ho feta ha bofelo bo ntse bo atamela?

6 Na “qetello ea tsamaiso ea lintho” e bolela nako e tlang ha lefatše le tla be le mpefetse le ho feta? Bibele e ile ea bolela hore batho ba tla ba khopo le ho feta “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1, 13; Matheu 24:21; Tšenolo 12:12) Kahoo, le hoja maemo a le mabe hona joale, rea tseba hore a tla mpefala le ho feta.

7. Matheu 24:37-39 e re maemo a lefatše a tla ba joang matsatsing a ho qetela?

7 Ba bang ba ka ’na ba nahana hore pele ‘matšoenyeho a maholo’ a qala, ho tla ba le lintoa linaheng tsohle ’me batho ba bangata ba tla kula le ho bolaoa ke tlala. (Tšenolo 7:14) Empa haeba seo se ne se ka etsahala, batho bohle ba ne ba tla elelloa hore boprofeta ba Bibele boa phethahala. Le batho ba sa thahaselleng Bibele ba ne ba tla hlokomela. Leha ho le joalo, Jesu o boletse esale pele hore matsatsing a ho qetela, batho ba bangata ‘ha ba na ho elelloa.’ Ba tla be ba iketsetsa mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi ’me ba tla makala ha letsatsi la Jehova le fihla. (Bala Matheu 24:37-39.) Kahoo, ho hlakile hore ha rea lokela ho lebella hore maemo a lefatše a be mabe haholo pele ‘matšoenyeho a maholo’ a qala, hoo batho ba tla tlameha ho lumela hore bofelo bo atametse.—Luka 17:20; 2 Petrose 3:3, 4.

Re kholisehile hore re phela ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho’

8. Pontšo eo Jesu a faneng ka eona e re fa kholiseho efe?

8 Pontšo eo Jesu a faneng ka eona e ne e reretsoe ho hlokomelisa balateli ba hae nako eo ba phelang ho eona. Balateli ba Jesu ba ’nile ba lula ba falimehile. (Matheu 24:27, 42) Ho tloha ka 1914, likarolo tse fapaneng tsa pontšo ea Jesu li ’nile tsa phethahala. Re kholisehile hore re phela matsatsing a ho qetela, kapa ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ Jehova o se a entse qeto ea hore na o tla felisa lefatše le khopo la Satane neng.

9. Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella bofelo hore bo tle haufinyane?

9 Joale ke hobane’ng ha re lokela ho lebella bofelo hore bo tle haufinyane? Ke hobane re mamela Jesu Kreste. Ho feta moo, re bona ka ho hlaka ho phethahala ha pontšo ea Jesu e tšoaeang matsatsi a ho qetela. Re lumela hore bofelo bo atametse, eseng hobane re lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e utloang, empa hobane re kholisehile hore boprofeta ba Bibele boa phethahala. Re lokela ho lula re falimehile ’me re letetse bofelo.

RE LOKELA HO LETA NAKO E KAE?

10, 11. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re barutuoa ba hae ‘ba lule ba lebetse’? (b) Jesu o ile a re balateli ba hae ba etse’ng ha bofelo bo sa tle ka potlako joalokaha ba nahanne? (Sheba setšoantšo se qalong.)

10 Ba bangata ba rōna re qetile lilemo tse ngata re sebeletsa Jehova ka botšepehi re bile re letetse letsatsi la hae ka tjantjello. Ho sa tsotellehe hore na ke khale hakae re letile, re lokela ho lula re le lebeletse hore le fihle kapele. Re lokela ho ba malala-a-laotsoe ha Jesu a tla ho tla timetsa lefatše la Satane. Hopola seo Jesu a ileng a re balateli ba hae ba se etse: “Lulang le talimile, le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla ba neng. Ho joaloka motho ea etelang hōle ea ileng a siea ntlo ea hae eaba o fa makhoba a hae bolaoli, a fa le leng le le leng mosebetsi oa lona, ’me a laela molebeli oa monyako hore a lule a lebetse. Ka hona le lule le lebetse, kaha ha le tsebe hore na mong’a ntlo o tla neng, ebang ke ha e se e le mantsiboea kapa har’a mp’a bosiu kapa ha mokōkō o lla kapa hoseng haholo; e le hore ha a fihla ka tšohanyetso, a se ke a fumana le robetse. Empa seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle, Le lule le lebetse.”—Mareka 13:33-37.

Ho hlaseloa ha bolumeli ba bohata ho ka etsahala ka nako leha e le efe le hona ka potlako

11 Kaha balateli ba Jesu baa hlokomela hore o qalile ho busa ka 1914, baa elelloa hore bofelo bo ka ’na ba tla ka nako leha e le efe. Kahoo, ba itokiselletsa bona ka hore ba etse ho eketsehileng mosebetsing oa boboleli. Jesu o ile a re a ka ’na a tla “ha mokōkō o lla kapa hoseng haholo.” Haeba a tla ka nako eo, balateli ba hae ba lokela ho etsa’ng? Jesu o ile a re: “Le lule le lebetse.” Kahoo, esita le haeba ke khale re letile, seo ha se bolele hore bofelo bo sa le hōle kapa hore bo tla tla re se re le sieo.

12. Habakuke o ile a re’ng ho Jehova, hona Molimo o ile a mo araba joang?

12 Moprofeta Habakuke o ile a leta ka mamello ha a ntse a phatlalatsa ho timetsoa ha Jerusalema. Baprofeta ba bang ba bileng teng pele ho eena, le bona ba ne ba phatlalalitse molaetsa oo ka lilemo tse ngata. Habakuke o ile a bona kamoo bobe bo jeleng setsi kateng le ho hloka toka ho atileng kateng. O ile a kōpa thuso ho Jehova, ’me a re: “Jehova, ke tla hoeletsa halelele hakae ho kōpa thuso?” Le hoja Jehova a sa ka a bolella Habakuke hore na bofelo bo tla tla neng, o ile a mo tšepisa a re: ‘Bo ke ke ba siuoa ke nako.’ Jehova o ile a boela a bolella Habakuke hore ‘a lule a bo lebeletse.’—Bala Habakuke 1:1-4; 2:3.

13. Habakuke o ne a ka ’na a nahana eng, empa ke hobane’ng ha seo se ne se ka ba kotsi?

13 A re re mohlomong Habakuke o ile a khathala ke ho letela bofelo ’me a re: ‘E se e le lilemo joale ke lebeletse hore Jerusalema e timetsoe. Bofelo bo sa le hōle. Ha ho hlokahale hore ke ’ne ke phatlalatse hore boa tla. Ba bang ba tla bo phatlalatsa.’ Ho ka be ho ile ha etsahala’ng hoja ebe o ile a nahana ka tsela eo? Jehova o ne a ke ke a mo amohela. Hape, a ka be a ile a shoa hoja ebe bofelo bo ile ba fihla a sa itokisa.

14. Ke hobane’ng ha re tla ananela hore ebe Jehova o re lemositse hore re lule re lebeletse bofelo?

14 Nka hore u lefatšeng le lecha. Lintho tsohle tseo Jehova a li profetileng ka matsatsi a ho qetela li phethahetse feela joalokaha a ne a boletse. Kahoo, u tšepa Jehova le ho feta, ebile u kholisehile hore litšepiso tsohle tsa hae li tla phethahala. (Bala Joshua 23:14.) ’Me u ananela hore ebe Jehova o behile nako e loketseng ea ho tlisa bofelo le hore ebe o lemositse batho esale pele ka bona.—Liketso 1:7; 1 Petrose 4:7.

RE TSOELA PELE HO BOLELA HA RE NTSE RE LETILE

Na u bolela litaba tse molemo ka cheseho? (Sheba serapa sa 15)

15, 16. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang mosebetsing oa boboleli matsatsing aa a ho qetela?

15 Mokhatlo oa Jehova o tla lula o re hopotsa hore re ikitlaelletse ho sebeletsa Jehova. Likhopotso tsena li re thusa hore re lule re phathahane tšebeletsong ea Molimo le hore re bone ka ho hlaka hore molaetsa oo re o phatlalatsang o potlakile. Re kholisehile hore pontšo eo Jesu a ileng a fana ka eona e ea phethahala le hore bofelo bo atametse. Kahoo, re etelletsa Jehova pele bophelong ba rōna ’me re tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.—Matheu 6:33; Mareka 13:10.

16 Ha re bolella ba bang litaba tse molemo, re ba thusa hore ba pholohe timetso ea lefatše lena la Satane e ntseng e atamela. E ’ngoe ea likoluoa tse mpe ka ho fetisisa tse kileng tsa etsahala leoatleng, ke ea ho teba ha sekepe se bitsoang Wilhelm Gustloff ka 1945. Batho ba likete ba ile ba shoa. Morali’abo rōna e mong o ile a pholoha koluoa eo le monna oa hae. O re ha sekepe se ntse se teba, mosali e mong o ne a hoelelitse a re: “Joo ’na! Sutuk’heise ea ka! Ao mabenyane a ka! Mabenyane ’ohle a ka a setse ka tlaase ka mola. Thepa eohle ea ka e ile!” Empa bapalami ba bang ba ne ba tseba hore na ntho ea bohlokoa ke efe, ’me ba sebetsa ka thata ho pholosa batho ba bang. Kajeno, bophelo ba batho bo kotsing. Kahoo, re batla ho tšoana le bapalami bao ba se nang boithati, ’me re hopole hore mosebetsi oa rōna oa boboleli o potlakile. Re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho thusa batho hore ba pholohe bofelo ba tsamaiso ena ea lintho.

Etsa liqeto tse bohlale e le hore u kopanele mosebetsing o potlakileng oa boboleli (Sheba serapa sa 17)

17. Ke hobane’ng ha re lokela ho letela bofelo hore bo tle ka nako leha e le efe?

17 Re bona ka ho hlaka hore boprofeta ba Bibele boa phethahala le hore bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo atametse. Re emetse hore “linaka tse leshome” le “sebata” li hlasele bolumeli ba bohata, e leng Babylona e Moholo. (Tšenolo 17:16) Ha rea lokela ho nahana hore ho tla nka nako hore seo se etsahale. U hopole hore Molimo o tla ‘kenya lipelong tsa tsona’ hore li hlasele bolumeli ba bohata le hore sena se ka etsahala ka nako leha e le efe le hona ka potlako! (Tšenolo 17:17) Bofelo ba lefatše lena le khopo la Satane bo atametse. Kahoo, re lokela ho mamela temoso ea Jesu e reng: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba.” (Luka 21:34, 35; Tšenolo 16:15) A re luleng re falimehile ’me re phathahane tšebeletsong ea Jehova, re kholisehile hore o tla ‘nka bohato molemong oa ba mo lebellang.’—Esaia 64:4.

18. Re tlil’o tšohla potso efe sehloohong se latelang?

18 Ha re ntse re letetse bofelo ba lefatše lena le khopo, re lokela ho mamela keletso ea morutuoa Juda, ha a re: “Baratuoa, ka ho ikaha tumelong ea lōna e halalelang ka ho fetisisa, le ho rapela ka moea o halalelang, le ipoloke leratong la Molimo, ha le ntse le letetse mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste ka tebello ea bophelo bo sa feleng.” (Juda 20, 21) Empa re ka etsa’ng ho bontša hore re lebeletse lefatše le lecha la Molimo hore le tle haufinyane le hore re labalabela ho phela ho lona? Re tla tšohla potso ena sehloohong se latelang.

^ ser. 1 U ka bala boprofeta bo bong bo tlalehiloeng ka Bibeleng bo mabapi le Mesia le kamoo bo ileng ba phethahala kateng, bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, leqepheng la 200.