Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thuisa ka Lerato la Jehova le Tšoarellang

Thuisa ka Lerato la Jehova le Tšoarellang

“Ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao.”—PESALEME EA 77:12.

LIPINA: 18, 61

1, 2. (a) Ke’ng e u kholisang hore Jehova o rata batho ba hae? (b) Batho ba bōpiloe ba e-na le takatso efe?

KE’NG e u kholisang hore Jehova o rata batho ba hae? Pele u araba potso eo, nahana ka mehlala ena: Bara le barali babo rōna ba qetile lilemo tse ngata ba khothatsa morali’abo rōna ea bitsoang Taylene. Ba mo bolella hore a se ke a lebella ho etsa se ka nģane ho matla a hae. O re: “Haeba Jehova o ne a sa nthate, a ka be a sa nkeletsa ka nako e telele hakana.” Brigitte, ea ileng a hlokahalloa ke monna ’me a tlameha ho hōlisa bana ba babeli a le mong o re: “Ho boima haholo ho hōlisa bana tsamaisong ena ea Satane, haholo-holo ha u se na molekane. Empa ke kholisehile hore Jehova o oa nthata, kaha o ’nile a ntataisa le maemong a thata, ’me ha ho mohla a kileng a ntlohella hore ke tobane le maemo ao nke keng ka khona ho a jara.” (1 Bakorinthe 10:13) Sandra eena o tšoeroe ke boloetse bo sa phekoleheng. Ha a le kopanong, morali’abo rōna e mong o ile a mo bontša thahasello. Monna oa Sandra o re: “Le hoja re ne re sa mo tsebe, re ile ra ananela haholo tsela eo a ileng a re bontša kutloelo-bohloko ka eona. Esita le lintho tse nyenyane tseo bara le barali babo rōna ba li etsang ho bontša lerato, li mpontša kamoo Jehova a re ratang kateng.”

2 Jehova o bōpile batho ba e-na le takatso ea ho rata ba bang le ea ho ratoa. Empa re ka ’na ra nyahamisoa ke ho kula, mathata a lichelete kapa ke ha re sa fumane batho ba thahasellang tšimong. Haeba re tleloa ke boikutlo ba hore Jehova ha a sa re rata, re lokela ho hopola hore o re nka re le ba bohlokoa le hore o na le rōna ’me o re tšoere ka letsoho le letona ho re thusa. A ke ke a re lebala haeba re tšepahala ho eena.—Esaia 41:13; 49:15.

3. Ke’ng e ka re kholisang le ho feta hore Jehova o re rata ka lerato le tšoarellang?

3 Lipaki tseo re sa tsoa bua ka tsona li kholisehile hore Molimo o ’nile a li tšehetsa linakong tse thata. Le rōna re ka kholiseha hore o tla re tšehetsa. (Pesaleme ea 118:6, 7) Sehloohong sena, re tlil’o bua ka lintho tse ’nè tseo Jehova a re fileng tsona ho bontša hore o oa re rata. Tsona ke (1) pōpo, (2) Bibele, (3) thapelo le (4) thekollo. Ho thuisa ka lintho tse ntle tseo Jehova a li entseng ho ka re thusa hore re ananele le ho feta lerato la hae le tšoarellang.—Bala Pesaleme ea 77:11, 12.

THUISA KA PŌPO EA JEHOVA

4. Re hlokomela eng ha re lekola pōpo ea Jehova?

4 Ha re lekola pōpo ea Jehova, re hlokomela kamoo a re ratang kateng. (Baroma 1:20) Ka mohlala, Jehova ha aa etsa lefatše hore feela re phele ho lona. O re file lintho tsohle tse hlokahalang e le hore re thabele bophelo. Ke ’nete hore re tlameha ho ja, empa Jehova o re file mefuta e mengata ea lijo e etsang hore re thabele ho ja! (Moeklesia 9:7) Morali’abo rōna e mong ea bitsoang Catherine o thabela ho boha pōpo, haholo-holo nakong ea selemo Canada. O re: “Ruri hoa hlasimolla ho bona ha lipalesa li thunya le linonyana li khutla, ho akarelletsa le tse nyenyane tsa li-hummingbird tse tlang ho tla jella sekotloloaneng seo ke se behileng ka ntle pel’a kichine ea ka. E tlameha ebe Jehova o re rata e le kannete hore ebe o re file lintho tse khahlang hakana.” Ntate oa rōna o rata pōpo ea hae, ’me o batla hore le rōna re e thabele.—Liketso 14:16, 17.

Ha re lekola pōpo, re hlokomela kamoo Jehova a re ratang kateng

5. Lerato la Jehova le bonahala joang tseleng eo a re bōpileng ka eona?

5 Jehova o re bōpile re e-na le bokhoni ba ho sebetsa le ho thabela mosebetsi. (Moeklesia 2:24) O file batho mosebetsi oa hore ba tlatse lefatše, ba le leme ’me ba hlokomele litlhapi, linonyana le lintho tse ling tse phelang ho lona. (Genese 1:26-28) O boetse o re bōpile re e-na le litšobotsi tse ratehang e le hore re khone ho mo etsisa!—Baefese 5:1.

LENTSOE LA MOLIMO KE LA BOHLOKOA

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho ananela Lentsoe la Molimo ka ho teba?

6 Jehova o re file Bibele hobane a re rata haholo. E re bolella seo re lokelang ho se tseba ka eena le kamoo a ikutloang kateng ka batho. Ka mohlala, Bibele e re bolella kamoo Jehova a neng a ikutloa kateng ka Baiseraele ba neng ba atisa ho mo siteloa. Pesaleme ea 78:38 e re: “O ne a le mohau; o ne a koahela phoso ’me a sa tlise pheliso. A khutlisa bohale ba hae ka makhetlo a mangata. O ne a sa tsose khalefo eohle ea hae.” Ho thuisa ka temana ena ho ka ’na ha u thusa hore u bone kamoo Jehova a u ratang le ho u tsotella kateng. Re ka kholiseha hore Jehova o re tsotella e le kannete.—Bala 1 Petrose 5:6, 7.

Bibele e re bolella seo re lokelang ho se tseba ka Molimo le kamoo a ikutloang kateng ka batho

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka Bibele e le ea bohlokoa?

7 Re lokela ho nka Bibele e le ea bohlokoa. Hobane’ng? Hobane Jehova o buisana le rōna ka Lentsoe la hae. Ha motsoali le ngoana ba buisana ka bolokolohi, lerato la bona le ea tiea ’me ba tšepana le ho feta. Jehova ke Ntate oa rōna ea lerato. Le hoja re e-s’o mo bone kapa hona ho utloa lentsoe la hae, ho joalokaha eka o bua le rōna ka ho toba ka Bibele. Re lokela ho mo mamela ka linako tsohle! (Esaia 30:20, 21) Ha re bala Lentsoe la Molimo, seo se etsa hore re tsebe Jehova ’me re mo tšepe, kaha o oa re tataisa le ho re sireletsa.—Bala Pesaleme ea 19:7-11; Liproverbia 1:33.

Jehu o ile a tlameha ho khalemela Josafate, leha ho le joalo, Jehova o ile a fumana “lintho tse ntle” ho morena eo (Sheba serapa sa 8 le 9)

8, 9. Ke’ng seo Jehova a batlang hore re se tsebe? Fana ka mohlala o hlahang ka Bibeleng.

8 Jehova o batla hore re tsebe hore o oa re rata le hore ha a talime mefokolo ea rōna feela. O sheba le lintho tse ntle tseo re li etsang. (2 Likronike 16:9) A re boneng kamoo Jehova a ileng a sebetsana le Morena Josafate oa Juda kateng. Josafate o ile a etsa qeto e booatla, a ikopanya le Morena Akabe oa Iseraele ho loantša Basyria, Ramothe-gileade. Le hoja baprofeta ba 400 ba bohata ba ile ba bolella Akabe ea khopo hore o tla hlōla ntoeng, moprofeta oa Jehova Mikaia o ile a bolella Josafate le Akabe hore haeba ba ka ea ntoeng, ba tla hlōloa. ’Me ho ile ha fela ha e-ba joalo. Akabe o ile a bolaoa ntoeng, ’me Josafate a phonyoha ka sobana-la-nale. Ka mor’a ntoa, Jehova o ile a romela Jehu ho ea khalemela Josafate ka phoso eo a e entseng. Empa Jehu o ile a boela a re ho eena: “Ho na le lintho tse ntle tse fumanoeng ho uena.”—2 Likronike 18:4, 5, 18-22, 33, 34; 19:1-3.

9 Lilemo pejana ho moo, Josafate o ne a ile a laela likhosana, Balevi le baprista hore ba ee metseng eohle ea Juda ’me ba rute batho Molao oa Jehova. Ba ile ba atleha hoo le batho ba lichaba tse ling ba ileng ba ithuta ka Jehova. (2 Likronike 17:3-10) Kahoo, le hoja Josafate a ile a etsa qeto e booatla hamorao, Jehova ha aa ka a lebala lintho tse ntle tseo a li entseng. Mohlala oo o lokela ho re khothatsa, hobane ka linako tse ling re etsa liphoso. Jehova o tla lula a re rata haeba re etsa sohle seo re ka se khonang ho mo sebeletsa, ebile a ke ke a lebala lintho tse ntle tseo re li entseng.

ANANELA THAPELO

10, 11. (a) Ke hobane’ng ha thapelo e le mpho e ikhethang e tsoang ho Jehova? (b) Molimo a ka ’na a araba lithapelo tsa rōna joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

10 Ntate ea lerato o ipha nako ea ho mamela ha bana ba hae ba batla ho bua le eena. Kaha o oa ba tsotella, o batla ho tseba maikutlo a bona. Ntate oa rōna ea lerato Jehova, o etsa se tšoanang. O oa re mamela ha re rapela. Ruri ke tlotla e ikhethang ho buisana le Ntate oa rōna!

Jehova o utloa likōpo tsa rōna, ebile o oa re utloisisa le haeba ba bang ba sa re utloisise

11 Re ka rapela Jehova ka nako leha e le efe. Ke Motsoalle oa rōna, ebile o ikemiselitse ho mamela lithapelo tsa rōna. Taylene, eo re buileng ka eena pejana o re: “U ka bua le eena ka ntho leha e le efe.” Ha re bolella Jehova maikutlo a rōna a tebileng, a ka ’na a sebelisa temana ea Mangolo, sehlooho se itseng se hlahang lingoliloeng tsa rōna kapa balumeli-’moho le rōna ho re khothatsa. Jehova o utloa likōpo tsa rōna tse tiileng, ebile o oa re utloisisa le haeba ba bang ba ka ’na ba se ke ba re utloisisa. O bontša hore o re rata ka lerato le tšoarellang ka hore a arabe lithapelo tsa rōna.

12. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba lithapelo tse tlalehiloeng ka Bibeleng? Fana ka mohlala.

12 Re ka ithuta thuto ea bohlokoa lithapelong tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Ka linako tse ling, ho ka ba molemo hore re hlahlobe tse ling tsa lithapelo tsena ha re tšoere borapeli ba lelapa. Boleng ba lithapelo tsa rōna bo tla ntlafala ha re thuisa ka lithapelo tse tiileng tse ileng tsa etsoa ke bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng. Ka mohlala, le ka hlahloba thapelo eo ka boikokobetso Jonase a ileng a e etsa a le ka mpeng ea tlhapi e khōlō. (Jonase 1:17–2:10) Le ka boetse la tšohla thapelo e tsoang botebong ba pelo eo Solomone a ileng a e etsa ha a nehela tempele ho Jehova. (1 Marena 8:22-53) Hape le ka thuisa ka thapelo ea Jesu ea mohlala. (Matheu 6:9-13) Ka holim’a tsohle, lulang le tsebisa Molimo likōpo tsa lōna tse matla. Ha le etsa joalo, “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.” ’Me le tla tsoela pele ho ananela lerato la Jehova le tšoarellang.—Bafilipi 4:6, 7.

BONTŠA HORE U ANANELA THEKOLLO

13. Thekollo e re buletse monyetla ofe?

13 Jehova o re file thekollo e le mpho, “e le hore re ka fumana bophelo.” (1 Johanne 4:9) Ha moapostola Pauluse a bua ka mpho ena e bontšang lerato la Molimo, o ile a re: “Kreste o ile a shoela batho ba se nang bomolimo ka nako e behiloeng. Etsoe ke ka thata mang kapa mang a ka shoelang motho ea lokileng; ka sebele, mohlomong motho a ka iteta sefuba ho shoela motho ea molemo. Empa Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Baroma 5:6-8) Thekollo ke mohlala o ka sehloohong oa lerato la Molimo, ’me e fa batho monyetla oa hore ba be le kamano e haufi le eena.

14, 15. (a) Thekollo e bulela Bakreste ba tlotsitsoeng monyetla ofe? (b) Thekollo e bulela ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng monyetla ofe?

14 Bakreste ba seng bakae ba hlokomela ka tsela e ikhethang hore Jehova o oa ba rata. (Johanne 1:12, 13; 3:5-7) Molimo o ba tlotsitse ka moea o halalelang, kahoo, e se e le bana ba hae. (Baroma 8:15, 16) Kaha ba bang ba bona ba ntse ba le lefatšeng, ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re ba lutse “hammoho libakeng tsa leholimo bonngoeng le Kreste Jesu”? (Baefese 2:6) Ke hobane Jehova o ba file tšepo ea ho phela ka ho sa feleng leholimong.—Baefese 1:13, 14; Bakolose 1:5.

Thekollo e senola lerato leo Jehova a ratang batho bohle ka lona

15 Bakreste ba bang bohle bao e seng batlotsuoa e ka ba metsoalle ea Molimo, haeba ba bontša tumelo sehlabelong sa thekollo. Le bona ba na le monyetla oa ho ba bana ba Molimo le oa ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. Thekollo e senola lerato leo Jehova a ratang batho bohle ka lona. (Johanne 3:16) Ruri hoa thabisa ho tseba hore haeba re sebeletsa Molimo ka botšepehi, o tla re fa bophelo bo molemo ka ho fetisisa lefatšeng le lecha! Kahoo, a re bontšeng hore re ananela thekollo, e leng bopaki ba lerato le tšoarellang leo Molimo a re ratang ka lona.

BONTŠA HORE U RATA JEHOVA

16. Ho thuisa ka lerato la Molimo ho tla re susumelletsa ho etsa’ng?

16 Re ke ke ra khona ho bolela litsela tse ngata tseo Jehova a re bontšang lerato ka tsona. Morena Davida o ile a bina a re: “Menahano ea hao ke ea bohlokoa hakaakang ho ’na! Molimo, kakaretso e feletseng ea eona e kaakang! Ha ke ne nka leka ho e bala, e mengata le ho feta lehlabathe.” (Pesaleme ea 139:17, 18) Ho thuisa ka litsela tse ngata tseo Jehova a re ratang ka tsona, ho tla re susumelletsa ho mo rata le ho mo etsetsa sohle se matleng a rōna.

17, 18. Litsela tse ling tseo re ka bontšang hore re rata Molimo ka tsona ke life?

17 Ho na le litsela tse ngata tseo re ka bontšang Jehova ka tsona hore rea mo rata. Ka mohlala, re ka bontša lerato la rōna ho Jehova ka ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Re ka boetse ra bontša lerato la rōna ho Molimo ka ho mamella liteko ka botšepehi. (Bala Pesaleme ea 84:11; Jakobo 1:2-5.) Esita le haeba re tobana le liteko tse matla, re ka kholiseha hore Jehova o bona mahloreho a rōna le hore o tla re thusa, kaha o re nka re le ba bohlokoa.—Pesaleme ea 56:8.

18 Lerato la rōna ho Jehova le re susumelletsa hore re thuise ka lintho tsohle tse babatsehang tseo a li bōpileng. Re bontša Jehova hore rea mo rata le hore re rata Lentsoe la hae, ka ho ba liithuti tse hloahloa tsa Bibele. Kaha rea mo rata, ’me re batla ho matlafatsa kamano ea rōna le eena, re mo rapela kamehla. Ho feta moo, re thuisa ka mpho e babatsehang ea thekollo, ’me seo se etsa hore re mo rate le ho feta. (1 Johanne 2:1, 2) Tsena ke tse ling tsa litsela tse ngata tseo re ka bontšang Jehova ka tsona hore re ananela lerato la hae le tšoarellang.