Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Hahamalla ho Etsisa Kreste?

Na U Hahamalla ho Etsisa Kreste?

‘Ho fihlela bohle re fihla tekanyong ea boholo ba Kreste.’—BAEFESE 4:13.

LIPINA: 69, 70

1, 2. Pakane ea Mokreste e mong le e mong ke efe? Fana ka mohlala.

KE’NG seo ’mè a se shebang ha a khetha litholoana ka ’marakeng? Ha a shebe feela tse khōlō kapa tse theko e tlaase. Ho e-na le hoo, o nka tse shebahalang hantle le tse seng li loketse ho jeoa. O batla litholoana tse butsoitseng hantle.

Mokreste ea hōlileng tsebong o lula a sheba melao-motheo ea Bibele e ka mo thusang ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng

2 Ka mor’a hore motho a ithute ka Jehova ’me a etse qeto ea ho kolobetsoa, kamano ea hae le Molimo e tiea le ho feta. Pakane ea hae ke ho ba Mokreste ea hōlileng tsebong. Ho hōla tsebong ha ho bolele hore motho o hōlile lilemong. Ho e-na le hoo, ho bolela hore o hōlile moeeng, kapa hore o na le kamano e haufi le Jehova. Moapostola Pauluse o ne a batla hore Bakreste ba Efese ba hōle tsebong. O ile a ba khothalletsa hore ba momahane tumelong ’me ba tsoele pele ho ithuta ka Jesu, e le hore e be ‘banna ba hōlileng ka ho feletseng, ho isa tekanyong ea boholo ba botlalo ba Kreste.’—Baefese 4:13.

3. Phutheho ea Efese e tšoana joang le bahlanka ba Jehova kajeno?

3 E ne e se e le lilemo phutheho ea Efese e thehiloe ha Pauluse a e ngolla lengolo. Bakreste ba bangata phuthehong eo, ba ne ba e-na le phihlelo, ’me ba hōlile tsebong. Empa ho ne ho hlokahala hore ba bang ba bona ba matlafatse kamano ea bona le Jehova. Le kajeno, bara le barali babo rōna ba bangata ba sebelelitse Jehova ka nako e telele ’me ke Bakreste ba hōlileng tsebong. Leha ho le joalo, ba bang ka phuthehong ha ba e-s’o fihle boemong boo. Ka mohlala, ho kolobetsoa batho ba likete selemo le selemo, kahoo, ba bang ba ntse ba lokela ho hōla tsebong. Uena?—Bakolose 2:6, 7.

MOKRESTE A KA HŌLA JOANG?

4, 5. Bakreste ba hōlileng tsebong ba fapana ka litsela life, empa ba tšoana ntlheng efe? (Sheba setšoantšo se qalong.)

4 Ha u sheba litholoana tse butsoitseng ’marakeng, u tla fumana hore ha li tšoane hantle. Empa ho na le lintho tse itseng tseo li tšoanang ka tsona, tse bontšang hore li butsoitse. Ho joalo le ka Bakreste ba hōlileng tsebong. Ha ba tšoane hantle. Ba tsoa linaheng le litsong tse sa tšoaneng. Ha ba lekane ka lilemo ebile ba rata lintho tse sa tšoaneng. Empa ho na le litšobotsi tse itseng tse khethollang Bakreste bohle ba hōlileng tsebong. Tse ling tsa litšobotsi tsee ke life?

‘Na ho na le moo ke lokelang ho etsa liphetoho teng e le hore ke etsise Jesu haholoanyane?’

5 Mokreste ea hōlileng tsebong o etsisa Jesu ’me o latela “mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21) Jesu o ile a re motho o lokela ho rata Jehova ka pelo ea hae eohle, ka moea oa hae oohle le ka kelello ea hae eohle, ’me a rate moahelani oa hae joalokaha a ithata. (Matheu 22:37-39) Mokreste ea hōlileng tsebong o leka ka matla ho mamela taelo eo. Tsela eo a phelang ka eona e bontša hore o nka kamano ea hae le Jehova le ho rata ba bang e le habohlokoa.

Bakreste ba hōlileng ba ka etsisa boikokobetso ba Jesu ka hore ba tšehetse ba bacha ba etellang pele (Sheba serapa sa 6)

6, 7. (a) Ke litšobotsi life tse ling tse khethollang Mokreste ea hōlileng tsebong? (b) Re lokela ho ipotsa lipotso life?

6 Lerato ke e ’ngoe ea litšobotsi tse ngata tseo Mokreste ea hōlileng tsebong a li bontšang. (Bagalata 5:22, 23) O boetse o bontša bonolo, boitšoaro le mamello. Litšobotsi tsena li mo thusa ho mamella maemo a thata a sa tenehe le hore a lule a e-na le tšepo ha lintho li sa tsamaee hantle. Ha Mokreste ea hōlileng tsebong a ithuta Bibele, o sheba melao-motheo e ka mo thusang ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng. Joale, o tla nolofalloa ho etsa liqeto tse bohlale ha a sebelisa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. Mokreste ea hōlileng tsebong o ikokobelitse, kahoo o lumela hore tataiso le melao eo Jehova a fanang ka eona e molemo ho feta ea hae. * (Sheba naletsana.) O bolela litaba tse molemo ka cheseho, ’me o etsa sohle se matleng a hae ho thusa phutheho hore e lule e momahane.

7 Ho sa tsotellehe hore na ke khale hakae re sebeletsa Jehova, e mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa: ‘Na ho na le moo ke lokelang ho etsa liphetoho teng e le hore ke etsise Jesu haholoanyane? Nka ntlafatsa ka litsela life?’

“LIJO TSE TIILENG KE TSA BATHO BA HŌLILENG KA HO FELETSENG”

8. Jesu o ne a tseba Bibele a bile a e utloisisa hantle hakae?

8 Jesu Kreste o ne a tseba Mangolo a bile a a utloisisa hantle. Ha a le lilemo li 12, o ile a qotsa Mangolo ha a bua le mesuoe tempeleng. “Bohle ba neng ba mo mametse ba ne ba makatsoa ka nako eohle ke kutloisiso ea hae le likarabo tsa hae.” (Luka 2:46, 47) Hamorao, o ile a sebelisa Lentsoe la Molimo ka bohlale ha a ruta, hoo lira tsa hae li ileng tsa hlōleha ho mo araba.—Matheu 22:41-46.

9. (a) Mokreste ea hōlileng tsebong o lokela ho ba le kemiso efe ea ho ithuta? (b) Ke hobane’ng ha re ithuta Bibele?

9 Motho ea batlang ho ba Mokreste ea hōlileng tsebong o etsisa mohlala oa Jesu ’me o leka ho utloisisa Bibele kahohle kamoo a ka khonang. O lula a hlahloba linnete tse tebileng tsa Mangolo, kaha o oa tseba hore “lijo tse tiileng ke tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng.” (Baheberu 5:14) Mokreste ea hōlileng tsebong o batla ho ba le ‘tsebo e nepahetseng’ ea Bibele. (Baefese 4:13) Kahoo, ipotse: ‘Na ke bala Bibele letsatsi le letsatsi? Na ke na le kemiso ea thuto ea botho? Na ke tšoara borapeli ba lelapa beke le beke?’ Ha u ithuta Bibele, sheba melao-motheo e tla u thusa ho tseba monahano le boikutlo ba Jehova. Ebe u sebelisa melao-motheo eo ha u etsa liqeto. Seo se tla u atametsa ho Jehova haholoanyane.

10. Mokreste ea hōlileng tsebong o ikutloa joang ka litaelo tsa Molimo le melao-motheo ea hae?

10 Mokreste ea hōlileng tsebong ha a felle feela ka ho tseba seo Bibele e se buang. O lokela ho rata litaelo tsa Molimo le melao-motheo ea hae. ’Me o bontša seo ka hore a labalabele ho etsa thato ea Jehova, eseng ea hae. O boetse o fetola tsela eo a phelang ka eona, eo a nahanang le ho etsa lintho ka eona. Ka mohlala, o etsisa Jesu ’me o apara botho bo bocha, ‘bo bōpiloeng ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.’ (Bala Baefese 4:22-24.) Ke habohlokoa ho hopola hore Molimo o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang ho tataisa bangoli ba Bibele. Kahoo, ha Mokreste a ithuta Bibele, moea o halalelang oa Molimo o mo thusa hore a hōle tsebong, a rate Jehova haholoanyane ’me setsoalle sa hae le eena se tiee le ho feta.

KHOTHALLETSA BONNGOE

11. Jesu o ile a tobana le boemo bofe ha a le lefatšeng?

11 Jesu o ne a phethahetse. Empa ha a le lefatšeng, o ne a phela har’a batho ba sa phethahalang. Batsoali ba hae le banab’abo ba ne ba sa phethahala. Esita le balateli ba Jesu ba haufi, ba ne ba bonahatsa litšobotsi tse kang boikhohomoso le boithati. Ka mohlala, bosiung ba pele Jesu a bolaoa, barutuoa ba hae ba ile ba phehisana khang “ka hore na ke ofe ho bona ea neng a bonahala eka ke e moholo.” (Luka 22:24) Ho sa tsotellehe monahano oa bona o fosahetseng, Jesu o ne a tseba hore haufinyane balateli ba hae e tla ba Bakreste ba hōlileng tsebong ’me ba thehe phutheho e momahaneng. Hona bosiung boo, Jesu o ile a ba rapella hore ba momahane. A ba kōpela ho Ntate oa hae hore ba be le bonngoe ’me a re: “Feela joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na ’me ’na ke le bonngoeng le uena.” A phaella ka ho re: “E le hore ba ka ba bang feela joalokaha re le bang.”—Johanne 17:21, 22.

12, 13. (a) Sepheo sa rōna ke sefe joaloka Bakreste? (b) Mor’abo rōna e mong o ile a etsa’ng e le hore a khothalletse bonngoe?

12 Mokreste ea hōlileng tsebong o khothalletsa bonngoe ka phuthehong. (Bala Baefese 4:1-6, 15, 16.) Kaha re Bakreste, sepheo sa rōna ke hore re ‘kopane hammoho ka tumellano,’ kapa re etse lintho ka kutloano. Ho hlokahala boikokobetso e le hore Mokreste a momahane le ba bang. Esita le haeba ba bang ba mo foselitse, Mokreste ea hōlileng tsebong o sebetsa ka thata hore a sireletse bonngoe ba phutheho. Kahoo, ipotse: ‘Ke itšoara joang ha mora kapa morali oabo rōna a etsa phoso? Ke ikutloa joang ha motho e mong a ntšiteloa? Na ke khaotsa ho mo buisa? Kapa ke leka ho rarolla bothata?’ Mokreste ea hōlileng tsebong o batla ho rarolla bothata, ho e-na le ho bakela ba bang mathata.

13 Nahana ka mohlala oa Uwe. Nakong e fetileng, o ne a itumella ho utloisoa bohloko ke liphoso tsa bara le barali babo rōna. Eaba o etsa qeto ea ho hlahloba tlaleho ea Davida ka Bibeleng le bukeng ea Insight on the Scriptures. Hobane’ng a ile a khetha tlaleho ea Davida? Hobane bahlanka ba bang ba Molimo ba ile ba bakela Davida mathata. Ka mohlala, Morena Saule o ile a leka ho bolaea Davida, batho ba bang ba batla ho mo tlepetsa ka majoe ’me le mosali oa hae a mo tšeha. (1 Samuele 19:9-11; 30:1-6; 2 Samuele 6:14-22) Empa ho sa tsotellehe seo ba bang ba ileng ba mo etsa sona, Davida o ne a rata Jehova a bile a mo tšepa. Davida o ne a boetse a le mosa. Uwe o ile a hlokomela hore le eena o lokela ho etsa se tšoanang. Ha a ntse a ithuta Bibele, o ile a elelloa hore o lokela ho fetola tsela eo a ikutloang ka eona ka liphoso tse etsoang ke barab’abo. O ne a lokela ho lebala liphoso tsa bona ’me a khothalletse bonngoe ka phuthehong. Na le uena u ikemiselitse ho etsa se tšoanang?

KHETHA METSOALLE HAR’A BA ETSANG THATO EA MOLIMO

14. Jesu o ile a khetha metsoalle ea hae joang?

14 Jesu Kreste o ne a le botsoalle. Banna le basali, bacha le ba hōlileng esita le bana ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le Jesu. Empa o ile a khetha metsoalle ka hloko. O ile a re ho baapostola ba hae: “Le metsoalle ea ka haeba le etsa seo ke le laelang sona.” (Johanne 15:14) Jesu o ile a khetha metsoalle e haufi har’a balateli ba hae ba tšepahalang, ba ratang Jehova le ba mo sebeletsang. Na u khetha metsoalle e ratang Jehova ka pelo eohle? Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?

Na u khetha metsoalle e ratang Jehova ka pelo eohle?

15. Bacha ba ka rua molemo joang ka ho tloaelana le Bakreste ba hōlileng tsebong?

15 Litholoana tse ngata li butsoa hantle ha li chabeloa ke letsatsi. Ka ho tšoanang, lerato la bara le barali babo rōna le ka u thusa hore u be Mokreste ea hōlileng tsebong. Na u mocha, ’me u lokela ho etsa qeto ea hore na u tla etsa’ng bophelong? Haeba ho joalo, e ka ba bohlale hore u khethe batho bao e leng khale ba sebeletsa Jehova le ba khothalletsang bonngoe ka phuthehong hore e be metsoalle ea hao. Mohlomong ba ile ba kopana le mathata bophelong kapa ba mamella maemo a itseng a thata ha ba ntse ba sebeletsa Jehova. Ba ka u thusa hore u khethe tsela e tla u tsoela molemo. Ha u qeta nako u e-na le bona, ba ka u thusa hore u etse liqeto tse bohlale le hore u hōle moeeng.—Bala Baheberu 5:14.

16. Litho tse hōlileng tsa phutheho li ile tsa thusa morali’abo rōna e mong joang ha a sa le mocha?

16 Helga o re ha a etsa selemo sa ho qetela sekolong, bana ba bangata ka tlelaseng ea hae ba ne ba bua ka lintho tseo ba rerang ho li etsa. Ba ne ba bua ka hore ba batla ho ea univesithi e le hore ba tle ba atlehe bophelong. Empa Helga o ile a buisana le metsoalle ea hae e hōlileng tsebong ka phuthehong. O re: “Boholo ba metsoalle ea ka ke batho ba baholo, ’me ba ile ba nthusa haholo. Ba ile ba nkhothalletsa ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ka mor’a moo, ke ile ka qeta lilemo tse hlano ke le pula-maliboho. Ha ke hetla morao, kea thaba hore ebe ke ile ka sebelisa nako e ngata ea bocha ba ka ke le tšebeletsong ea Jehova. Ha ke ikoahlaele seo le hanyenyane.”

17, 18. Ke’ng e ka re thusang ho sebeletsa Jehova hantle?

17 Ha re etsisa Jesu, re tla ba Bakreste ba hōlileng tsebong. Re tla atamela haufi le Jehova, ’me takatso ea rōna ea ho mo sebeletsa e tla hōla. Motho o khona ho sebeletsa Jehova hantle ha a hōlile tsebong. Jesu o ile a phehella balateli ba hae a re: “Leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lōna ea maholimong.”—Matheu 5:16.

18 Re ithutile hore Mokreste ea hōlileng tsebong o fana ka tšehetso e matla ka phuthehong. O boetse o bontša ho hōla tsebong ka tsela eo a sebelisang letsoalo la hae ka eona. Letsoalo le ka re thusa joang ho etsa liqeto tse bohlale? Hona re ka hlompha matsoalo a ba bang joang? Re tla araba lipotso tsena sehloohong se latelang.

^ ser. 6 Ka mohlala, barab’abo rōna ba seng ba hōlile le ba nang le phihlelo ba ka ’na ba kōpuoa hore ba tlohele likabelo tsa bona, ’me ba thuse barab’abo rōna ba bacha ba fuoang likabelo tseo.