Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le ’ne le Nke Banna ba Mofuta oo e le ba Bohlokoa”

“Le ’ne le Nke Banna ba Mofuta oo e le ba Bohlokoa”

HO TLOHA ka 1992, Sehlopha se Busang se ’nile sa abela baholo ba nang le boiphihlelo ho thusa likomiting tse fapaneng. * (Sheba naletsana.) Baholo bana, bao e leng karolo ea “linku tse ling,” ba thusa Sehlopha se Busang haholo. (Johanne 10:16) Ba ba teng sebokeng sa beke le beke sa komiti eo ba sebeletsang ho eona. Mosebetsi oa bona ke ho fana ka boitsebiso bo hlokahalang le ho etsa litlhahiso. Litho tsa Sehlopha se Busang ke tsona tse etsang liqeto, ’me bathusi ba etsa bonnete ba hore li kenngoa tšebetsong. Bara bana babo rōna ba ikemiselitse ho etsa mosebetsi leha e le ofe oo ba o fuoang. Ba tsamaea le litho tsa Sehlopha se Busang ha li ea likopanong tse khethehileng le tsa machaba. Ba boetse ba etela liofisi tsa makala e le baemeli ba ntlo-khōlō.

Mor’abo rōna e mong ea sebelelitseng e le mothusi oa Sehlopha se Busang ho tloha ka 1992 o re, “Ha ke etsa mosebetsi oo ke o abetsoeng, Sehlopha se Busang se ba le nako e lekaneng ea ho lokisa lijo tsa moea.” E mong ea sebelelitseng e le mothusi ka lilemo tse 20 eena o re, “Ho sebeletsa ke le mothusi ke tlotla e khōlōhali.”

Sehlopha se Busang se file bara bana babo rōna ba tšepahalang boikarabelo bo boholo, ’me se ananela mosebetsi o boima oo ba o etsang. A re tsoeleng pele ‘ho nka banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa.’—Bafilipi 2:29.

^ ser. 2 Sheba lebokose le reng “Sehlopha se Busang se Hlokomela Litlhoko Tsa ’Muso Joang?” khaolong ea 12 ea buka ea ’Muso oa Molimo oa Busa! e le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka likomiti tse tšeletseng tsa Sehlopha se Busang.