Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Atamela ho Molimo ho Ntsoetse Molemo

Ho Atamela ho Molimo ho Ntsoetse Molemo

KE ILE ka khaotsa ho hōla ha ke le lilemo li robong. Hona joale ke lilemo li 43, ’me ke bolelele ba mithara feela. Ha batsoali ba ka ba hlokomela hore ha ke sa tla ba molelele, ba ile ba nkhothalletsa hore ke sebetse ka thata e le hore ke se ke ka lula ke nahana ka hona. Ke ile ka hloma lephephe ka pel’a ntlo eso leo ke rekisetsang litholoana ho lona, ’me ke le boloka le hloekile. Seo se ne se etsa hore batho ba thabele ho reka ho ’na.

Empa ho sebetsa ka thata ha hoa ka ha rarolla mathata a ka kaofela. Ka lebaka la bokhutšoanyane, ke ne ke sokola ho etsa le lintho tse tloaelehileng feela, joaloka ho fihlela lintho tse k’haontareng. Ke ne ke hlokomela hore lintho tsohle li etselitsoe batho ba balelele. Ke ne ke ikutloela bohloko, empa seo se ile sa fetoha ha ke le lilemo li 14.

Ka le leng, bo-’mè ba babeli ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba reka litholoana, ’me ba kōpa ho ithuta Bibele le ’na. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka hlokomela hore ho tseba Jehova le seo a rerileng ho se etsa, ke habohlokoa ho feta ho khathatseha ka bokhutšoanyane ba ka. Seo se ile sa nthusa haholo. Ke rata mantsoe a ho Pesaleme ea 73:28. Karolo e qalang ea lengolo leo e re: “Ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.”

Bophelo ba ka bo ile ba fetoha haholo ha lelapa leso le tloha Côte d’Ivoire ’me le fallela Burkina Faso. Sebakeng seo re neng re lula ho sona pele, batho ba ne ba tloaetse ho mpona ke rekisa litholoana. Empa mona batho ba ne ba sa ntsebe, ’me ba ’makalla. Ke ile ka qeta nako ke ikoaletse ka tlung, kaha batho ba ne ba lula ba nchebile. Joale ka hopola kamoo ho neng ho le monate kateng ha ke ntse ke ithuta ka Jehova. Ke ile ka ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, ’me ba nthomella motho ea tla ithuta Bibele le ’na. Ke ile ka eteloa ke moromuoa ea bitsoang Nani, a tsamaea ka sethuthuthu.

Litsela tse lehlabathe tsa sebakeng seo li ne li thella, ’me ha pula e na li ba seretse. Nani o ile a lihuoa ke sethuthuthu ka makhetlo a mangata ha a tla ho tla bala le ’na, empa ha aa ka a khaotsa ho tla. Ka lekhetlo le leng, o ile a nkōpa hore ke ee le eena libokeng. Ke ile ka elelloa hore ke tla lokela ho tsoa ka tlung, ’me batho ba tla lula ba nchebile. Ho feta moo, ho palama sethuthuthu le eena ho ne ho tla etsa hore ho be thata le ho feta ho se khanna litseleng tseo. Empa ke ile ka lumela, ka hopola karolo ea bobeli ea lengolo leo ke le ratang e reng: “Ke behile setšabelo sa ka ho ’Musi Morena Jehova.”

Ka linako tse ling re ne re oela ka liretseng le Nani, empa kaha re ne re rata liboka, re ne re sa nyahamisoe ke seo. Ha ke le Holong ea ’Muso, batho ba ne ba nthabela, ho fapana le ho ’makalla! Ke ile ka kolobetsoa likhoeli tse robong hamorao.

Karolo e qetellang ea lengolo leo ke le ratang e re: “Ho bolela mesebetsi eohle ea hao.” Ke ne ke tseba hore ho ea tšimong ho tla nthatafalla. Ke hopola ha ke ne ke qala ho ea ka ntlo le ntlo. Bana le batho ba baholo ba ne ba ’makalla, ba ntšala morao ba bile ba tšeha tsela eo ke tsamaeang ka eona. Seo se ne se nkutloisa bohloko, empa ha ke hopola hore kaofela ha rea phethahala, ke ne ke khothala.

E le ho inolofalletsa lintho, ke ile ka reka baesekele e soaeloang ka matsoho. Ha re le moepeng, motho eo ke tsamaeang le eena tšimong o ne a e sututsa, ebe ha e fihla motheong o palama ka potlako. Le hoja qalong ho ne ho le thata ho ea tšimong, ha nako e ntse e ea ke ile ka natefeloa hoo ka 1998 ke ileng ka ba pula-maliboho oa kamehla.

Ke ithutile Bibele le batho ba ’maloa, ’me ba bane ba bona ba kolobelitsoe. Ngoan’eso e mong le eena o ile a kolobetsoa! Ho utloa liphihlelo tsa ba bang ho ne ho nkhothatsa. Ka lekhetlo le leng ha ke tšoeroe ke malaria, ke ile ka fumana lengolo le tsoang Côte d’Ivoire. Ke ile ka qala thuto ea Bibele re eme monyako le mohlankana e mong ea kenang univesithing ea Burkina Faso, ’me ka kōpa mor’abo rōna e mong hore a tsoele pele le eena. Hamorao mohlankana eo o ile a fallela Côte d’Ivoire. Ke ile ka thaba ha ke utloa hore e se e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang!

Ke iphelisa ka ho etsa’ng? Mokhatlo o thusang batho ba holofetseng o ile oa ithaopela ho nthuta ho rōka. Ha tichere e ’ngoe e hlokomela hore ke sebetsa ka thata e ile ea re, “Re lokela ho u ruta ho etsa sesepa.” Ba ile ba fela ba nthuta. Hona joale ke etsa sesepa se hlatsoang le se hlapang, ’me ke sebeletsa lapeng. Batho ba rata sesepa seo ke se etsang, ebile ba bolella ba bang ka sona. Ke ba isetsa sona ka sethuthuthu.

Ka masoabi ke ile ka tlameha ho khaotsa ho bula maliboho ka 2004, ka lebaka la bothata ba mokokotlo. Empa ke ntse ke ea tšimong kamehla.

Batho ba re ke rata ho bososela. Ruri kea thaba hobane ho atamela ho Molimo ho ntsoetse molemo.—Joalokaha ho boletse Sarah Maiga.