Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Ea se Nang Phihlelo o Lumela Lentsoe le Leng le le Leng’

‘Ea se Nang Phihlelo o Lumela Lentsoe le Leng le le Leng’

“Motho ea sa baleng koranta o booatla, empa ea lumelang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e balang koranteng o booatla le ho feta.”—Rahistori le mongoli oa Lejeremane ea bitsoang August von Schlözer (1735-1809).

LILEMONG tse fetang 200 tse fetileng, batho ba ne ba sa lumele ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ngotsoeng likoranteng. Le rōna kajeno ha rea lokela ho kholoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e balang kapa re e bonang Inthaneteng. Ho na le boitsebiso bo bongata Inthaneteng, ’me theknoloji e etsa hore ho be bonolo ho bo fumana. Bo bongata ba boitsebiso boo ke ’nete empa ho na le bo bong bo bongata ba bohata, bo se nang thuso le bo kotsi. Ke kahoo re lokelang ho khetha ka hloko hore na re bala’ng. Ha ba bang ba qala ho sebelisa Inthanete, ba ka ’na ba kholoa litlaleho tse hlahang moo hobane feela li hlaha Inthaneteng kapa hobane ba li romeletsoe ke motsoalle ka e-mail. Ba ka ’na ba kholoa taba le haeba e makatsa. Empa Bibele e ea re lemosa: “Ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.”—Liproverbia 14:15.

Motho ea sa lumeleng ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e utloang, o masene. Haeba re le masene, re tla ba hlokolosi ’me re kholoe feela lintho tseo re tsebang hore ke ’nete. Re ke ke ra thetsoa kapa ra lumela pale e ’ngoe le e ’ngoe eo re e balang Inthaneteng, ho sa tsotellehe hore na e namme hakae. Ke’ng e ka u thusang hore u be masene? Qala ka ho ipotsa: ‘Na taba ee e tsoa websaeteng e molaong le e tšepahalang? Kapa e tsoa websaeteng e lumellang motho leha e le ofe ho ingolla maikutlo, kapa ha ho tsejoe le hore na e tsoa hokae? Na ho na le websaete e tšepahalang e boletseng hore taba eo hase ’nete?’ * (Sheba naletsana.) Joale u lokela ho sebelisa temoho. (Liproverbia 7:7) Haeba taba e utloahala eka hase ’nete, e ka ’na eaba ho fela ho le joalo. Ha u bala taba e senyang motho e mong lebitso, ipotse hore na ke mang ea ruang molemo ka ho phatlalatsa taba eo le hore na ke hobane’ng ha a ka ’na a e hasa.

NA U LULA U FETISETSA BA BANG LI-E-MAIL?

Batho ba bang ba ka ’na ba fetisetsa e-mail ho batho bohle bao ba nang le liaterese tsa bona, ba sa netefatsa hore na taba eo ke ’nete kapa che, mohlomong ba bile ba sa nahane le hore na ho ka ’na ha etsahala’ng ka mor’a moo. Ba ka ’na ba etsa seo hobane ba rata hore litaba li lule li hlaha ka bona. (2 Samuele 13:28-33) Empa motho ea masene o nahana ka mathata a ka ’nang a hlahisoa ke seo. Ka mohlala, taba eo e ka senya motho lebitso kapa ea senya botumo ba mokhatlo o itseng.

Motho ea romelang taba eo a ka ’na a se ke a netefatsa hore e fela e le joalo, hobane ho etsa seo ho mo hloka nako le hore a etse boiteko. O tšepa hore bao a ba romellang molaetsa, ba tla netefatsa hore na taba eo e fela e le joalo. Empa le bona ha ba na nako. (Baefese 5:15, 16) Kahoo, ho e-na le ho romella ba bang taba eo re sa kholisehang ka eona, re lokela ho ipolella hore: “Haeba ha ke na bonnete ba hore taba ena e fela e le joalo, ke lokela ho hlakola molaetsa ona!”

Ipotse: ‘Na ke lula ke fetisetsa ba bang li-e-mail? Na nkile ka tlameha ho kōpa tšoarelo ho batho bao ke ba rometseng melaetsa hobane ke ba file boitsebiso bo fosahetseng kapa mohlomong ba leshano? Na ho na le motho ea kileng a nkōpa hore ke khaotse ho mo romella li-e-mail?’ Hopola hore haeba batho bao ba na le e-mail, seo se bolela hore ba na le Inthanete ’me ha ba hloke hore u ba shebele lintho tse thahasellisang. Ha ba batle ho romeloa melaetsa e mengata ea metlae, livideo kapa litšoantšo. Hape ha rea lokela ho romela ba bang lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng kapa lintlha tse feletseng tsa lipuo tseo. * (Sheba naletsana.) Hopola hore motho o tla rua molemo ha a iketsetsa lipatlisiso, a ichebela litemana ka Bibeleng, kapa a ipatlela likarabo tseo a tla fana ka tsona libokeng ho feta ha u mo romella tsona.

Na nka fetisetsa molaetsa oo ho motho e mong?

U lokela ho etsa’ng ha u bona ho hlahisitsoe mashano ka mokhatlo oa Jehova Inthaneteng? Koala websaete eo hang-hang! U se ke ua kholoa mashano ao. Ha u ua lokela ho fetisetsa boitsebiso boo ho ba bang kapa ho batla maikutlo a bona tabeng eo, kaha ka ho etsa joalo u tla be u jala boitsebiso bo kotsi. Haeba u bona ntho e u tšoenyang Inthaneteng, kōpa Jehova hore a u fe bohlale ’me u bue le barab’abo rōna ba hōlileng tsebong. (Jakobo 1:5, 6; Juda 22, 23) Ha rea lokela ho makala ha batho ba re etselletsa. Batho ba ile ba etselletsa Jesu, ’me a lemosa barutuoa ba hae hore lira tsa bona li tla ba hlorisa li be li ba etselletse ‘ka leshano la mofuta o mong le o mong le khopo.’ (Matheu 5:11; 11:19; Johanne 10:19-21) Kahoo, haeba u le seli ’me u nahana lintho ka hloko, u tla lemoha ha motho a bua leshano le ha a leka ho khelosa ba bang.—Liproverbia 2:10-16.

HLOMPHA BATHO BA BANG

Re boetse re lokela ho ba hlokolosi ha re bua ka barab’abo rōna kapa liphihlelo tseo re li utloileng. Ka linako tse ling, ho fosahetse ebile ho bontša ho hloka lerato ho jala taba esita le haeba e le ’nete. (Matheu 7:12) Ka mohlala, hase ho bontša lerato ebile ha ho khothatse ho hasa melaetsa e buang ba bang hampe. (2 Bathesalonika 3:11; 1 Timothea 5:13) Lintho tse ling e ka ’na eaba ke lekunutu. Beng ba taba ba ka ’na ba batla ho bua ka eona hamorao kapa ho e hlahisa ka tsela e itseng. Kahoo, re lokela ho hlompha tokelo ea bona ea ho etsa qeto ea hore na ba batla ho bua ka taba eo neng le hona joang. Ha e le hantle, re ka baka mathata a mangata haeba re bolella ba bang taba eo pele ho nako.

Kajeno, litaba li jaleha ka potlako ebang ke ’nete kapa che, li molemo kapa ha li na thuso, li kotsi kapa ha li kotsi. Esita le haeba u romella motho a le mong feela molaetsa, motho eo a ka o fetisetsa ho batho ba bangata ka ho panya ha leihlo. Kahoo, u se ke ua itloaetsa ho fetisa boitsebiso ka potlako esita le ho bo romela batho bohle bao u ba tsebang. Le hoja lerato “le lumela lintho tsohle” ’me le sa belaelle lintho ho sa hlokahale, ha rea lokela ho iphoufaletsa ’nete ebe re kholoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e utloang. (1 Bakorinthe 13:7) Hape ha rea lokela ho kholoa mashano kapa litaba tse senyang mokhatlo oa Jehova le barab’abo rōna lebitso. Hopola hore batho ba qalang mashano ana le ho a jala ba thabisa Satane Diabolose, e leng “ntate oa leshano.” (Johanne 8:44) Kahoo, e se eka re ka ba masene ’me re nahane ka hloko ka seo re se etsang ka boitsebiso bo bongata bo fumanehang kajeno. Bibele e re “ba se nang phihlelo ba tla rua booatla, empa ba masene ba tla roala tsebo.”—Liproverbia 14:18.

^ ser. 4 Ka linako tse ling, taba e itseng e ka ’na ea lula e hlaha, le hoja ho totobalitsoe hore hase ’nete. E ka ’na ea hlaha e fapane hanyane hore ho bonahale eka ke ’nete.

^ ser. 8 Sheba “Lebokose la LipotsoTšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea April 2010.