Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Re fe Tumelo e Eketsehileng”

“Re fe Tumelo e Eketsehileng”

“Nthuse moo ke hlokang tumelo!”—MAREKA 9:24.

LIPINA: 81, 135

1. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be le tumelo? (Sheba setšoantšo se qalong.)

MOHLOMONG u kile ua ipotsa, ‘Na Jehova o tla bona ho hlokahala hore a mpholose matšoenyehong a maholo?’ Moapostola Pauluse o ile a re tumelo ke tšobotsi ea bohlokoa haholo e tla re thusa hore re pholohe. O ile a re: ‘Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho khahlisa Molimo.’ (Baheberu 11:6) Re ka ’na ra nka hore taba eo e bonolo, empa ’nete ke hore “hase batho bohle ba nang le tumelo.” (2 Bathesalonika 3:2) Mangolo ana a mabeli a re thusa ho hlokomela kamoo e leng habohlokoa kateng hore re imatlafatse tumelong.

2, 3. (a) Ho ba le tumelo ho tla re thusa joang? (b) Re tlil’o tšohla lintlha life?

2 Moapostola Petrose o ile a bua ka tumelo “e lekiloeng.” (Bala 1 Petrose 1:7.) Kaha matšoenyeho a maholo a atametse, re batla ho ba “mofuta o nang le tumelo hore moea o bolokoe o phela.” (Baheberu 10:39) Kahoo, re lokela ho leka ka matla ho imatlafatsa tumelong. Re batla ho ba har’a ba tla fuoa moputso ha Morena oa rōna Jesu Kreste a senoloa. Ho tšoana le monna ea ileng a kōpa Jesu hore a mo fe tumelo e eketsehileng, le rōna re ka re: “Nthuse moo ke hlokang tumelo!” (Mareka 9:24) Kapa re ka bua joaloka baapostola ra re: “Re fe tumelo e eketsehileng.”—Luka 17:5.

3 Sehloohong sena re tlil’o tšohla lintlha tse latelang: re ka imatlafatsa joang tumelong, re ka bontša joang hore re na le tumelo e matla, hona ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo o tla re fa tumelo e eketsehileng ha re mo kōpa.

MOLIMO O OA THABA HA RE IMATLAFATSA TUMELONG

4. Ke bo-mang ba re behetseng mohlala o motle o ka re susumelletsang ho imatlafatsa tumelong?

4 Kaha tumelo ke tšobotsi ea bohlokoa, Jehova o re file mehlala e mengata ka Bibeleng ea batho ba ileng ba e bontša. Mehlala eo e ‘ngolletsoe ho re laea.’ (Baroma 15:4) Abrahama, Sara, Isaka, Jakobo, Moshe, Rahaba, Gideone, Barake le ba bang ba bangata, ba re behetse mohlala o motle o ka re susumelletsang hore re imatlafatse tumelong. (Baheberu 11:32-35) Ntle ho batho bao ba boholo-holo, ho boetse ho na le bara le barali babo rōna kajeno ba re behelang mohlala o motle oa tumelo. * (Sheba naletsana.)

Ho na le bara le barali babo rōna kajeno ba re behelang mohlala o motle oa tumelo

5. Elia o ile a bontša joang hore o na le tumelo e matla ho Jehova, hona re lokela ho ipotsa potso efe?

5 Mohlala o mong o ka Bibeleng ke oa moprofeta Elia. Ha u ntse u thuisa ka mohlala oa hae, hlokomela lintlha tse hlano tseo a ileng a bontša ka tsona hore o na le tumelo e matla ho Jehova. (1) Elia o ile a bolella Morena Akabe hore Jehova o tla tlisa komello, ’me a bua ka kholiseho a re: “Ka Jehova Molimo oa Iseraele ea phelang eo ke emeng ka pel’a hae, lilemong tsena ho ke ke ha e-ba le phoka kapa pula.” (1 Marena 17:1) (2) Elia o ne a lumela hore Jehova o tla mo fa lintho tseo a li hlokang nakong ea komello, a be a fe le ba bang. (1 Marena 17:4, 5, 13, 14) (3) Elia o ne a boetse a kholisehile hore Jehova o tla tsosa mora oa mosali oa mohlolohali. (1 Marena 17:21) (4) O ne a se na pelaelo ea hore mollo o tsoang ho Jehova o tla chesa sehlabelo sa hae Thabeng ea Karmele. (1 Marena 18:24, 37) (5) Le pele pula e qala ho na, Elia o ile a bua ka kholiseho a re ho Akabe: “Nyoloha, u je ’me u noe; etsoe ho na le molumo oa pula ea litloebelele.” (1 Marena 18:41) Kahoo, ka mor’a ho hlahloba lintlha tsena re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke na le tumelo e matla joaloka Elia?’

RE KA ETSA’NG HORE RE BE LE TUMELO?

6. Ke’ng eo re lokelang ho e kōpa ho Jehova haeba re batla ho ba le tumelo?

6 E le hore re be le tumelo, re lokela ho kōpa moea o halalelang oa Molimo. Hobane’ng? Hobane tumelo ke tšobotsi e ’ngoe ea tholoana ea moea o halalelang. (Bagalata 5:22) Re lokela ho mamela keletso ea Jesu ea hore re kōpe Molimo a re ekeletse moea o halalelang. Jesu o ile a re Jehova ‘o tla fana ka moea o halalelang ho ba mo kōpang.’—Luka 11:13.

Re lokela ho mamela keletso ea Jesu ea hore re kōpe Molimo a re ekeletse moea o halalelang

7. Re ka etsa’ng hore tumelo ea rōna e lule e le matla?

7 Ha re se re e-na le tumelo e matla ho Molimo, re lokela ho sebetsa ka thata hore e lule e le teng. Re ka tšoantša tumelo le mollo. Ha mollo o qala ho tuka, lelakabe le ba matla. Empa haeba re sa eketse patsi, mollo oo o tla tima ebe ho sala molora feela. E le hore o ’ne o tuke, ho hlokahala re eketse patsi. Ho joalo le ka tumelo ea rōna. Haeba re tsoela pele ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi, re tla rata Bibele le Jehova haholoanyane. Ka tsela eo, re tla lula re le matla tumelong.

8. U ka etsa’ng hore tumelo ea hao e lule e le matla?

8 Ha u ua lokela ho khotsofalla feela ho tseba lintho tseo u ithutileng tsona pele u kolobetsoa. (Baheberu 6:1, 2) Ka mohlala, ho ithuta boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse ho tla u thusa hore u lule u e-na le tumelo e matla. U ka boela ua sebelisa Lentsoe la Molimo ho itlhahloba hore na tumelo ea hao e matla hakae.—Bala Jakobo 1:25; 2:24, 26.

9, 10. (a) Metsoalle e metle e re thusa joang? (b) Liboka tsa phutheho li re matlafatsa joang tumelong? (c) Mosebetsi oa boboleli oona o re thusa joang?

9 Moapostola Pauluse o ile a re Bakreste ‘ba ka khothatsana, e mong ka tumelo ea e mong.’ (Baroma 1:12) See se bolela’ng? Ha re qeta nako re e-na le bara le barali babo rōna, re ka matlafatsana tumelong. Haholo-holo ha re qeta nako le bao tumelo ea bona e ileng ea ‘lekoa.’ (Jakobo 1:3) Metsoalle e mebe e senya tumelo ea rōna, empa metsoalle e metle e ea e matlafatsa. (1 Bakorinthe 15:33) Ke kahoo re khothalletsoang hore re be teng kamehla libokeng. Ha re le libokeng, rea “khothatsana.” (Bala Baheberu 10:24, 25.) Ho feta moo, taeo eo re e fuoang ha re le libokeng e matlafatsa tumelo ea rōna. Bibele e re “tumelo e latela ntho e utloiloeng.” (Baroma 10:17) Kahoo, ipotse, ‘Na ke ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste?’

10 Re boetse re imatlafatsa tumelong ha re bolella ba bang litaba tse molemo tse tsoang ka Bibeleng. Ho tšoana le Bakreste ba mehleng ea baapostola, re ithuta ho tšepa Jehova le ho bua ka sebete boemong leha e le bofe.—Liketso 4:17-20; 13:46.

11. Ke’ng e ileng ea matlafatsa tumelo ea Kalebe le Joshua, hona re ka ba etsisa joang?

11 Tumelo ea rōna ho Jehova e tiea le ho feta ha re lemoha litsela tseo a re thusang ka tsona le hore o araba lithapelo tsa rōna. Sena ke sona se ileng sa etsahalla Kalebe le Joshua. Ba ile ba bontša tumelo ho Jehova ha ba hloela Naha e Tšepisitsoeng. Ha nako e ntse e ea, tumelo ea bona e ile ea matlafala nako le nako ha ba hlokomela kamoo Jehova a ba thusitseng kateng. Ke kahoo Joshua a neng a ka re ka kholiseho ho Baiseraele: “Ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala.” Hamorao o ile a re: “Tšabang Jehova ’me le mo sebeletse ka ho hloka molato le ka ’nete.” A phaella ka ho re: “Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.” (Joshua 23:14; 24:14, 15) Ha re tšepa Jehova ’me re lemoha kamoo a re thusang kateng ka bomong, tumelo ea rōna e tla tiea le ho feta.—Pesaleme ea 34:8.

RE KA BONTŠA JOANG HORE RE NA LE TUMELO?

12. Re ka bontša joang hore re na le tumelo e matla?

12 Re ka bontša joang hore re na le tumelo e matla? Morutuoa Jakobo o ile a re: “Ke tla u bontša tumelo ea ka ka mesebetsi ea ka.” (Jakobo 2:18) Re bontša ka liketso hore re na le tumelo e matla. A re tšohleng ntlha ena.

Re bontša ho ba le tumelo e matla ha re ikitlaetsa mosebetsing oa boboleli (Sheba serapa sa 13)

13. Re bontša tumelo joang ha re bolela litaba tse molemo?

13 Mosebetsi oa boboleli ke tsela e molemo ea ho bontša hore re na le tumelo. Hobane’ng? Hobane ha re bolela, re bontša hore re lumela hore bofelo bo haufi le hore ‘bo ke ke ba siuoa ke nako.’ (Habakuke 2:3) E le hore re bone hore na tumelo ea rōna e matla hakae, re lokela ho ipotsa: ‘Ke nka mosebetsi oa boboleli e le oa bohlokoa hakae? Na ke etsa sohle seo nka se khonang ho bolella ba bang ka Molimo? Na ke batla litsela tsa ho sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng?’ (2 Bakorinthe 13:5) A re bontšeng hore re na le tumelo e matla ka hore re bolele litaba tse molemo phatlalatsa.—Bala Baroma 10:10.

14, 15. (a) Re ka bontša joang hore re tšepa Jehova kamehla? (b) Pheta phihlelo ea lelapa le ileng la bontša tumelo e matla.

14 Re boetse re bontša tumelo ho Jehova ha re mamella mathata ao re tobanang le ’ona. Ha re kula, re nyahame, re imetsoe kelellong, re futsanehile kapa re e-na le mathata a mang, re lokela ho lumela hore Jehova le Jesu ba tla re ‘thusa ka nako e nepahetseng.’ (Baheberu 4:16) Re bontša hore re tšepa Jehova ha re mo kōpa hore a re thuse. Jesu o ile a re re ka kōpa Jehova hore a re fe bohobe ho ea ka seo re se hlokang letsatsi ka leng. (Luka 11:3) Litlaleho tsa Bibele li paka hore Jehova a ka re fa ntho leha e le efe eo re e hlokang. Ka mohlala, Jehova o ile a fa Elia lijo le metsi nakong ea komello e khōlō Iseraele. Bibele e re ‘makhoaba a ne a mo tlisetsa bohobe le nama hoseng le bohobe le nama ka shoalane, ’me a noa metsi phuleng ea molapo o phoroselang.’ (1 Marena 17:3-6) Le rōna re lumela hore Jehova o tla re fa lintho tseo re li hlokang.

Re bontša tumelo ha re mamella mathata ao re tobanang le ’ona (Sheba serapa sa 14)

15 Re kholisehile hore ha re sebelisa melao-motheo ea Bibele, re tla khona ho fa ba malapa a rōna lintho tseo ba li hlokang. Morali’abo rōna e mong oa Asia ea bitsoang Rebecca, o re eena le ba lelapa la hae ba ile ba sebelisa molao-motheo o ho Matheu 6:33 le o ho Liproverbia 10:4. O re monna oa hae o ne a elelloa hore mosebetsi o ba sitisa ho ba le kamano e ntle le Jehova. Kahoo, a tlohela mosebetsi. Empa kaha ba ne ba lokela ho hlokomela bana ba bane, ba ile ba qala ho rekisa lijo. Ba ne ba sebetsa ka thata, kahoo ba fumana chelete e lekaneng ho hlokomela lelapa. O re: “Re ne re elelloa hore Jehova o oa re tšehetsa. Ha ho mohla re kileng ra robala ka tlala.” Na le uena u kile ua tobana le boemo bo joalo bo u matlafatsang tumelo?

Re kholisehile hore ha re sebelisa melao-motheo ea Bibele, re tla khona ho fa ba malapa a rōna lintho tseo ba li hlokang

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Molimo?

16 Re lokela ho kholiseha hore haeba re latela tataiso ea Jehova, o tla re thusa. Pauluse o ile a qotsa mantsoe a Habakuke ’me a re: “Ea lokileng o tla phela ka lebaka la tumelo.” (Bagalata 3:11; Habakuke 2:4) Ke ka lebaka leo re lokelang ho tšepa Molimo, hobane a ka khona ho re thusa. Pauluse o re Molimo ‘ka matla a hae a sebetsang ho rōna, a ka etsa lintho tse fetang tseo re li nahanang.’ (Baefese 3:20) Bahlanka ba Jehova ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho phetha thato ea Molimo, empa ba boetse baa hlokomela hore ba ke ke ba finyella seo ka botlalo. Re ananela haholo hore ebe Molimo o oa re tšehetsa ebile o hlohonolofatsa boiteko bohle ba rōna.

JEHOVA O TLA RE FA TUMELO E EKETSEHILENG

17. (a) Jesu o ile a araba baapostola ba hae joang? (b) Ke hobane’ng ha re ka lebella hore Jehova o tla re fa tumelo e eketsehileng ha re mo kōpa?

17 Ka mor’a ho hlahloba boitsebiso bona, re ka ’na ra ikutloa joaloka baapostola ba ileng ba kōpa Jesu ba re: “Re fe tumelo e eketsehileng.” (Luka 17:5) Jesu o ile a araba baapostola ba hae ka tsela e ikhethang ka Pentekonta ea 33 C.E., ha ba tšolleloa moea o halalelang ’me ba khona ho utloisisa morero oa Molimo haholoanyane. Sena se ile sa ba matlafatsa tumelong. Phello e ile ea e-ba efe? Ba ile ba bolela litaba tse molemo ka cheseho. (Bakolose 1:23) Na le rōna re ka lebella hore Jehova a re fe tumelo e eketsehileng ha re mo kōpa? Jehova o tšepisa hore o tla mamela lithapelo tsa rōna ha re ‘kōpa ho ea ka thato ea hae.’—1 Johanne 5:14.

18. Jehova o tla re hlohonolofatsa joang ha re mo tšepa ka ho feletseng?

18 Jehova o oa thaba ha re mo tšepa ka ho feletseng. O tla re fa tumelo e eketsehileng ha re mo kōpa ’me seo se tla re matlafatsa tumelong le ho etsa hore re be har’a ba “tšoaneloang ke ’muso oa Molimo.”—2 Bathesalonika 1:3, 5.

^ ser. 4 E le hore u bone mehlala e eketsehileng, bala pale ea bophelo ea Éva Josefsson (Molula-Qhooeng oa June 1, 1998), Franz Wohlfahrt (Tsoheng! ea November 8, 1994,) le Josephine Elias (Tsoheng! ea September 2009).