Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso

Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso

‘Maria o ile a lula fatše a mamela Jesu. Ka lehlakoreng le leng, Maretha o ne a sitisoa ke mesebetsi e mengata.’—LUKA 10:39, 40.

LIPINA: 94, 134

1, 2. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a rata Maretha, empa Maretha o ile a etsa’ng e neng e bontša hore o ne a sa phethahala?

HA HO buuoa ka Maretha khaitseli ea Lazaro, u nahana ka motho ea joang? Bibele e re Maretha e ne e le motsoalle oa Jesu, ’me Jesu a mo rata. Ke ’nete hore hase eena feela mosali eo Jesu a neng a mo rata a bile a mo hlompha. Ka mohlala, Maria ngoan’abo Maretha le eena e ne e le motsoalle oa Jesu. Jesu o ne a boetse a rata ’mè oa hae, Maria. (Johanne 11:5; 19:25-27) Ebe ke hobane’ng ha Jesu a ne a rata Maretha?

2 Jesu o ne a rata Maretha hobane o ne a le mosa, a le seatla se bulehileng, ebile a sebetsa ka thata. Empa habohlokoa le ho feta, Jesu o ne a mo rata hobane o ne a e-na le tumelo e matla. O ne a lumela lintho tsohle tseo Jesu a li rutang, ebile a kholisehile hore ke Mesia ea tšepisitsoeng. (Johanne 11:21-27) Leha ho le joalo, Maretha o ne a sa phethahala. O ne a etsa liphoso joaloka rōna bohle. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng ha Jesu a ba etetse, Maretha o ile a koatela Maria, ’me a re Jesu a mo khalemele. Maretha o ile a re: “Morena, na ha ho tsotellehe ho uena hore ebe morali’eso o ntšiile ke le mong hore ke hlokomele lintho? Ka hona, mo bolelle hore a nthuse.” (Bala Luka 10:38-42.) Ke’ng e neng e etsa hore Maretha a bue joalo, hona re ithuta’ng karabong ea Jesu?

MARETHA O NE A KHATHATSEHILE KA LINTHO TSE NGATA

3, 4. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a babatsa Maria, hona Maretha o ile a ithuta’ng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

3 Jesu o ne a ananela hore ebe Maretha le Maria ba mo memme, ’me o ne a batla ho ba ruta linnete tsa bohlokoa. Hang-hang, Maria o ile a lula fatše a mo mamela. O ne a batla ho ithuta ho hongata ho Mosuoe e Moholo. Maretha le eena a ka be a ile a khetha ho mamela Jesu. Jesu a ka be a ile a mo babatsa hore ebe o tlohetse mesebetsi ea hae, ’me a khetha ho mo mamela.

4 Empa Maretha o ne a phathahane. A lokisetsa Jesu lijo tse khethehileng a bile a etsa lintho tse ling tse ngata e le hore Jesu a ikutloe a amohelehile. Maretha o ile a utloa bohloko ha a bona Maria a lutse a sa mo thuse, ’me a tletleba ka taba eo ho Jesu. Jesu o ne a tseba hore Maretha o leka ho etsa lintho tse ngata haholo, kahoo ka mosa a re ho eena: “Maretha, Maretha, u tšoenyehile le ho khathatseha ka lintho tse ngata.” A mo bolella hore ha ho hlokahale hore a phehe lintho tse ngata. Jesu a ntan’o babatsa Maria hore ebe o mo mametse ka hloko. O ile a re: “Maria o khethile karolo e ntle, ’me a ke ke a e amohuoa.” E ka ’na eaba Maria o ile a lebala hore na o jele’ng mantsiboeeng ao, empa ha ho pelaelo hore ha aa ka a lebala lintho tseo a ithutileng tsona ho Jesu le tsela eo a ileng a mo babatsa ka eona. Lilemo tse fetang 60 hamorao, moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Jesu o ne a rata Maretha le morali’abo.” (Johanne 11:5) Mantsoe ana a bontša hore Maretha o ile a amohela keletso e lerato ea Jesu ’me a sebeletsa Jehova ka botšepehi bophelo bohle ba hae.

5. Ke hobane’ng ha ho le thata ho tsepamisa kelello linthong tsa bohlokoa kajeno, hona re lokela ho ipotsa potso efe?

5 Rea tseba hore kajeno ho na le lintho tse ngata tse ka re sitisang ho sebeletsa Jehova ho feta tse neng li le teng mehleng ea Bibele. Molula-Qhooa oa September 15, 1958, o ile oa lemosa bara le barali babo rōna hore ba se ke ba lumella theknoloji ho ba sitisa ho sebeletsa Jehova. Esita le nakong eo, ho ne ho bonahala eka ho lula ho e-ba le ho hong ho hocha. Batho ba ne ba se ba rata lintho tse kang limakasine, seea-le-moea, lifilimi le mananeo a thelevishene. Molula-Qhooa oo o ile oa re ha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo ntse bo atamela, “litšitiso li ka ’na tsa eketseha.” Kajeno ho feta leha e le neng pele, ho na le lintho tse ngata tse ka re sitisang. Re ka etsisa Maria joang ’me ra lula re tsepamisitse kelello borapeling ba Jehova?

LE SE KE LA SEBELISA LEFATŠE KA BOTLALO

6. Batho ba Jehova ba ’nile ba sebelisa theknoloji joang?

6 Batho ba Jehova ba ’nile ba sebelisa theknoloji ho bolela litaba tse molemo. Ka mohlala, pele ho ntoa ea pele ea lefatše le ha e ntse e loana, ba ile ba bontša batho filimi ea “Photo-Drama of Creation.” Ba ile ba pakela batho ba limilione linaheng tse ngata ba sebelisa filimi ena e nang le litšoantšo tse mebala tse tsamaisanang le molumo. “Photo-Drama” e ne e qetella ka ho hlalosa nako eo ho tla rena khotso ka eona lefatšeng, ha Jesu Kreste a se a busa. Ha nako e ntse e ea, batho ba Jehova ba ile ba sebelisa seea-le-moea ho hasa molaetsa oa ’Muso ho batho ba limilione lefatšeng ka bophara. Kajeno, re sebelisa lik’homphieutha le Inthanete ho finyella batho hohle, esita le libakeng tse hōle.

U se ke ua lumella lintho tseo e seng tsa bohlokoa hore li u sitise ho sebeletsa Jehova (Sheba serapa sa 7)

7. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho sebelisa lefatše ka botlalo? (b) Ke’ng eo re lokelang ho e ela hloko? (Sheba naletsana.)

7 Bibele e re lemosa hore re se ke ra sebelisa lefatše ka botlalo. Sena se akarelletsa ho qeta nako e ngata linthong tsa lefatše. (Bala 1 Bakorinthe 7:29-31.) Tse ling tsa lintho tsena ha lia fosahala, empa li ka re jella nako. Ka mohlala, e ka ’na eaba re rata ho itlosa bolutu ka ho bala, ho shebella thelevishene, ho ea libakeng tsa boikhathollo, ho reka, kapa ho batlisisa ka lihlahisoa tsa morao-rao tsa elektronike le lintho tse ling tse joalo. Ba bangata ba rata ho buisana le metsoalle ka Inthanete, ho romellana melaetsa ka fono le li-e-mail, kapa ho sheba litaba le tsa lipapali. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba lemalla ho etsa lintho tsena. * (Sheba naletsana.) (Moeklesia 3:1, 6) Haeba re qeta nako e ngata re etsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa, re ka ’na ra hlokomoloha borapeli ba rōna ho Jehova, e leng bona bo ka sehloohong.—Bala Baefese 5:15-17.

8. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho rata lintho tsa lefatše?

8 Satane o etsa sohle se matleng a hae ho re hohela ka lintho tsa lefatše le ho re sitisa ho sebeletsa Jehova. O ile a etsa sena nakong e fetileng ’me le kajeno o ntse a etsa se tšoanang. (2 Timothea 4:10) Kahoo, re lokela ho lula re itlhahloba ho bona hore na re ikutloa joang ka lintho tsa lefatše, ’me re etse liphetoho moo ho hlokahalang. Bibele e re ha rea lokela ho rata lintho tse lefatšeng. Ho e-na le hoo, re lokela ho rata Jehova ka ho tebileng. Ha re rata Jehova, re tla nolofalloa ho mamela litaelo tsa hae le ho lula re le haufi le eena.—1 Johanne 2:15-17.

TSEPAMISA KELELLO MOSEBETSING OA BOHLOKOA KA HO FETISISA

9. Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba lokela ho ameha ka eng, hona o re behetse mohlala ofe tabeng ee?

9 Jesu o ile a bolella Maretha hore a se ke a khathatseha ka lintho tse ngata, ’me le barutuoa ba hae o ba boleletse se tšoanang. O ba khothalletsa hore ba amehe ka ho sebeletsa Jehova le ho batla ’Muso oa hae pele. (Bala Matheu 6:22, 33.) Jesu o re behetse mohlala o motle tabeng ena. O ne a se na lintho tse ngata, ebile a se na ntlo kapa sona setša.—Luka 9:58; 19:33-35.

10. Jesu o re behetse mohlala ofe o motle?

10 Jesu ha aa ka a lumella letho hore le mo sitise ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ka mohlala, nakoana ka mor’a hore a qale ho bolela, batho ba bangata ba Kapernauma ba ile ba batla hore Jesu a qete nako e eketsehileng motseng oo. O ile a etsa’ng? O ile a tsepamisa kelello mosebetsing oa hae. O ile a re: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:42-44) Jesu o ile a ea libakeng tse hōle ho ea bolela litaba tse molemo le ho ruta batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Le hoja a ne a phethahetse, o ne a khathala ’me ho hlokahala hore a phomole kaha o ne a sebetsa ka thata.—Luka 8:23; Johanne 4:6.

Jesu o re haeba re ameha ka ho batla lintho tse ngata, li tla re sitisa ho sebeletsa Molimo

11. Jesu o ile a etsa’ng ha monna e mong a mo bolella bothata ba hae? Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae thuto efe?

11 Ka nako e ’ngoe ha Jesu a ntse a ruta barutuoa ba hae thuto ea bohlokoa, monna e mong o ile a mo kena hanong, a re: “Mosuoe, bolella mor’eso hore a nkarolele lefa.” Jesu ha aa ka a leka ho rarolla bothata ba monna eo. Ha aa ka a lumella seo hore se mo sitise ho ruta barutuoa ba hae. Ha e le hantle, o ile a sebelisa monyetla oo ho ba ruta hore haeba ba amehile ka ho batla lintho tse ngata, li tla ba sitisa ho sebeletsa Molimo.—Luka 12:13-15.

12, 13. (a) Jesu o ile a etsa’ng e ileng ea khahla Bagerike ba neng ba tlile Jerusalema? (b) Jesu o ile a re’ng ha Filipi a mo kōpa hore a kopane le batho bao?

12 Ho ne ho setse matsatsi a seng makae feela pele ho lefu la hae, ’me Jesu o ne a le tlas’a khatello e matla. (Matheu 26:38; Johanne 12:27) O ne a tseba hore o tl’o hlokofatsoa le ho bolaoa. O ne a boetse a tseba hore ho na le lintho tseo a lokelang ho li etsa pele a shoa. Ka mohlala, ka Sontaha sa la 9 Nisane, Jesu o ile a kena Jerusalema a palame esele. Bongata bo ile ba mo thabela, ba re ke Morena oa bona. (Luka 19:38) Ka le hlahlamang, Jesu o ile a leleka batho ba meharo ba neng ba rekisetsa batho lintho ka theko e phahameng.—Luka 19:45, 46.

13 Bagerike ba bang ba neng ba tlile ho tla keteka Paseka, Jerusalema, ba ile ba bona seo Jesu a se entseng, ’me ba khahloa ke seo. Kahoo ba kōpa moapostola Filipi hore a ba kopanye le Jesu. Empa Jesu o ne a sa leke ho fumana batho ba tla mo tšehetsa le ho mo sireletsa lireng tsa hae. O ne a tseba hore na ke’ng eo ehlileng e leng ea bohlokoa. O ile a tsepamisa kelello ho etseng thato ea Jehova, ’me thato ea Jehova e ne e le hore a fane ka bophelo ba hae e le sehlabelo. O ile a hopotsa barutuoa ba hae hore o mothating oa ho bolaoa le hore balateli bohle ba hae le bona ba lokela ho itela. O ile a re: “Ea ratang moea oa hae oa o timetsa, empa ea hloeang moea oa hae lefatšeng lena o tla o sireletsa bakeng sa bophelo bo sa feleng.” Jesu o ile a boela a tšepisa balateli ba hae hore ‘Ntate o tla ba hlompha’ a be a ba fe bophelo bo sa feleng. Filipi o ile a bolella Bagerike bao molaetsa ona o khothatsang.—Johanne 12:20-26.

14. Le hoja Jesu a ne a amehile ka ho etsa mosebetsi oa boboleli, o ne a tiisa hore o etsa’ng?

14 Ha Jesu a le lefatšeng, mosebetsi oa hae o ka sehloohong e ne e le ho bolela litaba tse molemo. Le hoja a ne a amehile ka ho bolela litaba tse molemo, o ne a sa lule a nahana ka lintho tseo a lokelang ho li etsa. Ka mohlala, o ile a ea bonyane lenyalong le le leng, leo ho lona a ileng a fetola metsi hore e be veine. (Johanne 2:2, 6-10) O ne a boetse a ea lijong malapeng a metsoalle ea hae le a batho ba bang ba thahasellang litaba tse molemo. (Luka 5:29; Johanne 12:2) Habohlokoa le ho feta, Jesu o ne a atisa ho ipha nako ea ho rapela, ea ho thuisa le ea ho phomola.—Matheu 14:23; Mareka 1:35; 6:31, 32.

“A RE HLOBOLENG BOIMA BO BONG LE BO BONG”

15. Moapostola Pauluse o ile a re Bakreste ba lokela ho etsa’ng, hona o re behetse mohlala ofe o motle?

15 Moapostola Pauluse o ile a re Bakreste ba tšoana le batho ba mathang lebelong la mokoka, ’me e le hore ba fihle khoeleng ba lokela ho lahla ntho leha e le efe e ka ba imelang kapa ea ba sitisa. (Bala Baheberu 12:1.) Pauluse o re behetse mohlala o motle tabeng ena. Kaha e ne e le moeta-pele bolumeling ba Sejuda, e ne e ka ba morui a ba a tuma, empa o ile a tela seo sohle ’me a tsepamisa kelello ‘linthong tsa bohlokoa haholo.’ O ile a sebetsa ka thata mosebetsing oa boboleli ’me a ea libakeng tse ngata, tse akarelletsang Syria, Asia Minor, Macedonia le Judea. Pauluse o ne a labalabela ho fumana moputso oa ho phela ka ho sa feleng leholimong. O ile a re: “Ha ke lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele, ke phehella pakaneng bakeng sa moputso.” (Bafilipi 1:10; 3:8, 13, 14) Pauluse e ne e le lesoha, ’me seo se ile sa mo thusa hore ‘a sebeletse Morena kamehla ntle ho tšitiso.’—1 Bakorinthe 7:32-35.

Pauluse o ile a tela sohle ’me a tsepamisa kelello ‘linthong tsa bohlokoa haholo’

16, 17. Ebang re lenyalong kapa che, re ka etsisa mohlala oa Pauluse joang? Mark le Claire ba entse see joang?

16 Ho tšoana le Pauluse, bahlanka ba bang ba Jehova kajeno ba khetha ho se kene lenyalong e le hore ba etse ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. (Matheu 19:11, 12) Masoha ha a atise ho ba le boikarabelo bo bongata joaloka batho ba lenyalong. Empa ebang re lenyalong kapa che, kaofela ha rōna re lokela ‘ho hlobola boima bo bong le bo bong’ bo ka re sitisang ho sebeletsa Jehova. Ho ka ’na ha hlokahala hore re fetole tsela eo re tloaetseng ho etsa lintho ka eona e le hore re qobe ho senya nako ’me re etse ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova.

17 Ka mohlala, Mark le Claire ba hōletseng Wales, ba ile ba nka bopula-maliboho ha ba qeta sekolo. Ba ile ba tsoela pele e le bo-pula-maliboho le ha ba se ba nyalane. Leha ho le joalo, ba ne ba batla ho etsa ho eketsehileng. Mark o re: “Re ile ra fokotsa lintho tseo re nang le tsona, ra rekisa ntlo ea rōna e nang le likamore tse tharo, ’me ra tlohella mosebetsi e le hore re ithaopele ho thusa ka mosebetsi oa kaho linaheng tse ling.” Ba qetile lilemo tse 20 ba thusa ho haha Liholo Tsa ’Muso libakeng tse sa tšoaneng, Afrika. Ka linako tse ling ba ne ba hloka chelete, empa Jehova a lula a ba hlokomela. Claire o re: “Rea thaba hore ebe re qeta letsatsi le leng le le leng re sebeletsa Jehova. Re na le metsoalle e mengata libakeng tse sa tšoaneng, ’me ha re haelloe ke letho. Lintho tseo re li tetseng hase letho ha li bapisoa le thabo eo re e fumanang ka lebaka la ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng.” Ba bangata ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba ikutloa ka tsela e tšoanang. *—Sheba naletsana.

18. Re ka ipotsa lipotso life?

18 Na u nahana hore u ka etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova? Na ho na le lintho tse u sitisang ho etsa lintho tsa bohlokoa? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng? Mohlomong u ka ntlafatsa tsela eo u ithutang Bibele ka eona. Sehlooho se latelang se tla bontša hore na u ka etsa sena joang.

^ ser. 17 Sheba pale ea bophelo ea Hadyn le Melody Sanderson sehloohong se reng “Ho Tseba se Nepahetseng le ho se Etsa.” (Molula-Qhooeng oa March 1, 2006) Ba ne ba e-na le khoebo e tsamaeang hantle Australia, empa ba ile ba e tlohela e le hore ba kenele tšebeletso ea nako e tletseng. Bala hore na ba ile ba etsa’ng ha ba felloa ke chelete ha e ntse e le baromuoa India.