Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thuisa ka Lintho Tsa Moea

Thuisa ka Lintho Tsa Moea

“Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.”—1 TIMOTHEA 4:15.

LIPINA: 57, 52

1, 2. Ke’ng e etsang hore batho ba fapane le liphoofolo?

KELELLO ea motho e ea ikhetha. Ka mohlala, batho ba khona ho ithuta puo. Ho tseba puo ho re nolofalletsa ho bala, ho ngola, ho bua le ho utloisisa seo ba bang ba se buang. Ho boetse ho re thusa hore re khone ho rapela Jehova le ho mo binela lithoriso. Sena se etsa hore re fapane le liphoofolo. Bo-rasaense ha ba utloisise ka ho feletseng hore na boko ba motho bo khona ho etsa lintho tsena tse hlollang joang.

2 Jehova o re file mpho ea hore re khone ho sebelisa puo. (Pesaleme ea 139:14; Tšenolo 4:11) O boetse o re file mpho e ’ngoe e re khethollang ho liphoofolo. Batho ba entsoe “ka setšoantšo sa Molimo.” Re na le bolokolohi ba ho ikhethela kapa ba ho iketsetsa liqeto. Hape re ka khetha ho sebelisa puo hore re sebeletse Jehova le ho mo rorisa.—Genese 1:27.

3. Jehova o re file eng ho re hlalefisa?

3 Jehova o re file Bibele e le hore re tsebe hore na re lokela ho mo sebeletsa le ho mo rorisa joang. Bibele e fumaneha ka lipuo tse fetang 2 800, e feletse kapa e sa fella. Ha re thuisa ka seo Bibele e se rutang, re tla nahana ka tsela eo Molimo a nahanang ka eona. (Pesaleme ea 40:5; 92:5; 139:17) ’Me litsela tsa Jehova lia re hlalefisa ebile li re lebisa bophelong bo sa feleng.—Bala 2 Timothea 3:14-17.

4. Ho thuisa ho bolela’ng, hona re tlil’o tšohla lipotso life?

4 Ho thuisa ho bolela ho nahana ka ho teba kapa ho nahanisisa ka taba e itseng. (Pesaleme ea 77:12; Liproverbia 24:1, 2) Re rua molemo haholo ha re thuisa ka seo re ithutang sona ka Jehova le Jesu. (Johanne 17:3) Sehloohong sena re tla araba lipotso tse latelang: Re ka etsa’ng e tla re nolofalletsa ho thuisa ha re bala? Re ka thuisa ka eng? Re ka etsa’ng hore re thuise kamehla ’me re ho thabele?

TIISA HORE U RUA MOLEMO HO SEO U ITHUTANG SONA

5, 6. Ke’ng e ka u thusang hore u hopole seo u se balang le ho se utloisisa?

5 Na u kile ua hlokomela hore ho na le lintho tse ling tseo u li etsang empa u sa nahane ka tsona, joaloka ho hema, ho tsamaea kapa ho palama baesekele? Ntho e bohloko ke hore ka linako tse ling u ka bala empa kelello e se ho seo u se balang. E ka ’na ea lelera, ’me ua qala ho nahana ka lintho tse ling ha u ntse u bala. U ka etsa’ng ho qoba see? Ho hlokahala hore u tsepamise kelello ho seo u se balang ’me u nahane ka seo u ithutang sona moo. Ha u qeta ho bala serapa kapa sehloohoana, khefutsa ’me u thuise ka seo u sa tsoa se bala. Nahana ka seo u ithutang sona ’me u etse bonnete ba hore u ua se utloisisa.

Ho ntša lentsoe ha re bala Bibele ho tla re thusa hore re tsepamise kelello ho seo re se balang ’me re se hopole

6 Bo-rasaense ba hlokometse hore motho o nolofalloa ho hopola boitsebiso ha a sa balle ka pelong. ’Mōpi oa rōna o tseba seo, ke kahoo a ileng a bolella Joshua hore a bale buka ea Molao “ka lentsoe le tlaase,” ke hore a ntše lentsoe ha a bala. (Bala Joshua 1:8.) Le rōna ha re bala Bibele ka tsela eo, seo se tla re thusa hore re tsepamise kelello ho seo re se balang ’me re se hopole.

7. Nako e molemo ea ho thuisa ka Bibele ke efe? (Sheba setšoantšo se qalong.)

7 Re lokela ho etsa boiteko bo matla e le hore re thuise le ho tsepamisa kelello ho seo re se balang. Ke kahoo ho leng molemo hore u thuise ha u sa khathala, ’me u le sebakeng se khutsitseng moo ho se nang lintho tse ngata tse ka u sitisang. Mopesaleme Davida o ne a thuisa bosiu ha a phaphame. (Pesaleme ea 63:6) Jesu ea neng a phethahetse, o ne a khetha libaka tse khutsitseng e le hore a thuise le ho rapela.—Luka 6:12.

LINTHO TSE MOLEMO TSEO U KA THUISANG KA TSONA

8. (a) Re ka thuisa ka eng? (b) Jehova o ikutloa joang ha re buisana le ba bang ka eena?

8 Ntle ho seo u se balang ka Bibeleng, ho na le lintho tse ling tseo u ka thuisang ka tsona. Ka mohlala, ha u bona pōpo ea Jehova e hlollang, ipotse: ‘E nthuta’ng ka Jehova?’ Ha ho pelaelo hore seo se tla u susumelletsa hore u lebohe Jehova ka thapelo. ’Me haeba u na le ba bang, u tla ba bolella kamoo u ikutloang kateng. (Pesaleme ea 104:24; Liketso 14:17) Jehova o oa hlokomela ebile o oa thaba ha re thuisa, re rapela le ha re buisana le ba bang ka eena. Bibele e re: “Buka ea khopotso ea qala ho ngoloa ka pel’a hae bakeng sa ba tšabang Jehova le bakeng sa ba nahanang ka lebitso la hae.”—Malakia 3:16.

Na u thuisa kamoo u ka thusang liithuti tsa hao tsa Bibele kateng? (Sheba serapa sa 9)

9. (a) Pauluse o ile a re Timothea a thuise ka eng? (b) Re ka thuisa ka eng ha re lokisetsa ho ea tšimong?

9 Moapostola Pauluse o ile a bolella Timothea hore a nahane kamoo lintho tseo a li buang, a li etsang le ho li ruta li amang ba bang kateng. (Bala 1 Timothea 4:12-16.) Le uena u ka thuisa ka lintho tsena. Ka mohlala, u lokela ho ipha nako ea ho thuisa ha u lokisetsa ho ea khanna thuto ea Bibele. Nahana ka motho eo, ’me u leke ho fumana potso kapa mohlala o tla mo thusa hore a hatele pele. Ha u lokisetsa ho khanna lithuto tsa Bibele ka tsela ena, tumelo ea hao e tla matlafala ’me u tla ba mosuoe ea hloahloa oa Bibele. U tla boela u rue molemo ha u thuisa pele u ea tšebeletsong ea tšimo. (Bala Esdrase 7:10.) Mohlomong u ka bala khaolo bukeng ea Liketso e le ho u thusa hore u chesehe haholoanyane tšebeletsong. U ka boela ua bala litemana tsa Bibele tseo u rerang ho li sebelisa letsatsing leo le lingoliloeng tseo u tla li tsamaisa. (2 Timothea 1:6) Nahana ka batho ba tšimong ea lōna le ka lintho tseo u ka buang ka tsona. Ha u lokisetsa ka tsela ena, u tla khona ho sebelisa Bibele hamolemo ho pakela ba bang.—1 Bakorinthe 2:4.

Etsa hore seo u se balang se u finyelle pelo, ’me u lebohe Jehova ka lintho tse molemo tseo a u rutang tsona

10. Ke lintho life tse ling tse molemo tseo re ka thuisang ka tsona?

10 Ke’ng hape eo u ka thuisang ka eona? Haeba u ngola lintlha nakong ea puo ea phatlalatsa le ha u le kopanong, iphe nako ea ho li hlahloba. Ha u ntse u li hlahloba, ipotse, ‘Ke’ng seo Lentsoe la Molimo le mokhatlo oa hae o nthutang sona?’ U ka boela ua thuisa ka boitsebiso bo hlahang likhatisong tsa khoeli le khoeli tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le lingoliloeng tse sa tsoa lokolloa kopanong. Ha u qeta ho bala phihlelo e itseng Bukeng ea Selemo, khefutsa ho se hokae ’me u nahane ka eona, u tebisetse seo u se balang pelong. Ha u bala lingoliloeng, tšoaea lintlha tsa bohlokoa kapa u li ngole ka mahlakoreng. Lintlha tseo li tla u thusa ha u lokisetsa leeto la ho boela, leeto la bolisa kapa puo. Habohlokoa le ho feta, ha u ipha nako ea ho thuisa ka seo u se balang, boitsebiso boo bo tla u finyella pelo ’me u tla rapela Jehova, u mo lebohe ka lintho tse molemo tseo a u rutang tsona.

THUISA KA LENTSOE LA MOLIMO LETSATSI KA LENG

11. Ke buka efe ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho thuisa ka eona, hona see se tla re thusa joang? (Sheba le naletsana.)

11 Ke ’nete hore Bibele ke buka ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho thuisa ka eona. Empa u ka etsa’ng haeba ka le leng u thibeloa ho ba le Bibele? * (Sheba naletsana.) Ha ho na motho ea ka u thibelang ho thuisa ka lintho tseo u li tsebang, joaloka lengolo leo u le ratang kapa pina ea ’Muso. (Liketso 16:25) Moea oa Molimo le oona o tla u hopotsa lintho tseo u ithutileng tsona, ’me seo se tla u thusa hore u lule u tšepahala.—Johanne 14:26.

12. Tsela e ’ngoe eo ka eona u ka etsang kemiso ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ke efe?

12 Tsela e ’ngoe eo ka eona u ka etsang kemiso ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ke efe? Mohlomong ka matsatsi a mang a beke u ka bala ’malo oa Bibele o tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ka a mang u ka bala Kosepele ea Matheu, Mareka, Luka le ea Johanne ’me u thuise ka seo Jesu a se buileng le ho se etsa. (Baroma 10:17; Baheberu 12:2; 1 Petrose 2:21) Re boetse re na le buka e hlalosang lintho tse etsahetseng bophelong ba Jesu ka tatellano ea tsona. Buka ena e ka u thusa hore u rue molemo haholoanyane ha u bala Likosepele.—Johanne 14:6.

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA HO THUISA?

13, 14. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re lule re thuisa ka Jehova le Jesu, hona see se tla re susumelletsa ho etsa’ng?

13 Ho thuisa ka Jehova le Jesu ho tla re thusa hore re be Bakreste ba hōlileng tsebong ’me re be le tumelo e matla. (Baheberu 5:14; 6:1) Motho ea sa ipheng nako e lekaneng ea ho thuisa ka Molimo, o tla senya setsoalle sa hae le Jehova butle-butle kapa a qetelle a mo furaletse. (Baheberu 2:1; 3:12) Jesu o ile a re lemosa hore haeba re sa ho amohele Lentsoe la Molimo “ka pelo e ntle” kapa re sa le mamele, re ke ke ‘ra le boloka.’ Ho e-na le hoo, re tla “nkoa ke matšoenyeho le maruo le menyaka ea bophelo bona.”—Luka 8:14, 15.

14 Kahoo, a re tsoeleng pele ho thuisa ka Bibele ’me re tsebe Jehova haholoanyane. Sena se tla re susumelletsa hore re etsise litšobotsi tsa hae le botho ba hae. (2 Bakorinthe 3:18) Re lokela ho tsoela pele re ithuta ka Ntate oa rōna ea leholimong ’me re mo etsise ka ho sa feleng. Ruri eo ke tlotla e khōlō ka ho fetisisa!—Moeklesia 3:11.

Ho thuisa ka Jehova le Jesu ho tla u thusa hore u lule u chesehela ’nete

15, 16. (a) U ruile molemo joang ka ho thuisa ka Jehova le Jesu? (b) Ke hobane’ng ha ka linako tse ling re thatafalloa ho thuisa, empa ke hobane’ng ha re sa lokela ho tela?

15 Ho thuisa ka Jehova le Jesu ho tla u thusa hore u lule u chesehela ’nete. Ha u cheseha, u tla khothatsa balumeli-’moho le uena, esita le batho bao u kopanang le bona tšimong. Ha u thuisa ka seo Jehova a u etselitseng sona ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo, u tla tsoela pele ho ananela kamano eo u nang le eona le Molimo. (Baroma 3:24; Jakobo 4:8) Mor’abo rōna e mong oa Afrika Boroa ea bitsoang Mark, ea qetileng lilemo tse tharo a le teronkong ka lebaka la tumelo ea hae o re: “Re ka bapisa ho thuisa le ho ea sebakeng se khathollang. Ha re ntse re thuisa ka lintho tsa moea, re ithuta lintho tse ling tse ncha ka Jehova, Molimo oa rōna. Ka linako tse ling ha ke ikutloa ke nyahame kapa ke tšoenyehile ka se tla etsahala, ke bala Bibele ebe ke thuisa ka seo ke se balang. Seo se etsa hore ke ikutloe ke imolohile.”

16 Ho na le litšitiso tse ngata lefatšeng lena tse re thatafalletsang ho fumana nako ea ho thuisa ka Bibele. Mor’abo rōna e mong oa Afrika ea bitsoang Patrick, o re: “Ho na le lintho tse ngata ka hloohong ea ka, ’me letsatsi le letsatsi ke lokela ho khetha tsa bohlokoa ho tseo e seng tsa bohlokoa. Ke atisa ho ba le ‘menahano e ntlhokisang botsitso,’ ’me ha ke e lemoha, ke rapela Jehova hore a nthuse e le hore nka thuisa ka kelello e hlaphohileng. Le hoja ho nka nako ho etsa sena pele ke qala ho thuisa, ke ikutloa ke le haufi le Jehova. Sena se etsa hore ’nete e ntlhakele.” (Pesaleme ea 94:19) Ka sebele ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho thuisa ka eona ho re tsoela molemo haholo.—Liketso 17:11.

U KA FUMANA NAKO EA HO THUISA JOANG?

17. U ka fumana nako ea ho thuisa joang?

17 Batho ba bang ba tsoha hoseng hore ba bale, ba thuise le ho rapela. Ba bang ba etsa sena nakong ea khefu ea lijo tsa motšehare. Mohlomong uena u fumana nako e molemo ea ho bala Bibele e le mantsiboea kapa pele u robala. Ba bang ba thabela ho bala Bibele hoseng le ha ba il’o robala. (Joshua 1:8) Ntho ea bohlokoa ke hore u “ithekele nako,” ka mantsoe a mang, ho e-na le ho etsa lintho tse se nang thuso, u sebelise nako eo ho thuisa ka Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi.—Baefese 5:15, 16.

18. Bibele e tšepisa hore ba thuisang ka Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi le ho sebelisa seo ba ithutang sona ba tla fumana eng?

18 Bibele e tšepisa hore Jehova o tla hlohonolofatsa bohle ba thuisang ka Lentsoe la hae le ba lekang ka matla ho sebelisa seo ba ithutang sona. (Bala Pesaleme ea 1:1-3.) Jesu o ile a re: “Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!” (Luka 11:28) Habohlokoa le ho feta, ho thuisa ka Lentsoe la Jehova letsatsi le letsatsi ho tla re thusa hore re etse lintho tse tla mo tlotlisa. Ha re etsa joalo, Jehova o tla re putsa ka thabo hona joale le ka bophelo bo sa feleng lefatšeng la hae le lecha.—Jakobo 1:25; Tšenolo 1:3.

^ ser. 11 Sheba sehlooho se reng “Re Ile ra Loanela ho Lula re le Matla Moeeng,” Molula-Qhooeng oa December 1, 2006.