Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova ke Molimo ea Lerato

Jehova ke Molimo ea Lerato

“Molimo ke lerato.”—1 JOHANNE 4:8, 16.

LIPINA: 18, 91

1. Tšobotsi ea Molimo e ka sehloohong ke efe, hona ho tseba see ho etsa hore u ikutloe joang?

BIBELE e re “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Empa see se bolela’ng? Lerato ke e ’ngoe ea litšobotsi tse ntle tseo Jehova a nang le tsona. Ke tšobotsi ea hae e ka sehloohong. Hase feela hore o na le lerato. Ke lerato. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e susumetsoa ke lerato. Ruri rea thaba hore ebe Jehova o ile a susumetsoa ke lerato hore a bōpe leholimo le lefatše le lintho tsohle tse phelang!

2. Lerato la Molimo le re tiisetsa eng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

2 Jehova o rata pōpo ea hae. Lerato la hae le re tiisetsa hore seo a se reretseng batho se tla phethahala. ’Me seo se tla etsa hore ba mo mamelang ba thabe. Ka mohlala, kaha Jehova o oa re rata “o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng,” Jesu Kreste. (Liketso 17:31) Re kholisehile hore sena se tla phethahala. Sena se bolela hore batho ba ileng ba mo mamela ba tla fumana bophelo bo sa feleng.

HISTORI E BONTŠITSE ENG?

3. Batho ba ne ba tla ba le bokamoso bo joang hoja ebe lerato hase tšobotsi ea Molimo e ka sehloohong?

3 Batho ba ne ba tla ba le bokamoso bo joang hoja ebe lerato hase tšobotsi ea Molimo e ka sehloohong? Ba ne ba tla tsoela pele ho busa ba bang ba susumetsoa ke Satane, e leng molimo ea sehlōhō le ea lonya. (2 Bakorinthe 4:4; 1 Johanne 5:19; bala Tšenolo 12:9, 12.) Re ne re tla ba le bokamoso bo lerootho hoja ebe Jehova ha a re rate!

4. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Satane hore a buse?

4 Satane o ile a fetohela bobusi ba Molimo, ’me a susumetsa batsoali ba rōna ba pele hore le bona ba fetohele Molimo. O ile a belaella tokelo ea Molimo ea ho ba ’Musi oa Bokahohle. Satane o ile a re a ka busa ka tsela e molemo ho feta Molimo. (Genese 3:1-5) Ka bohlale, Jehova o ile a fa Satane nako e khutšoanyane ea hore a pake seo. Empa liphello li bontša ka ho hlaka hore puso ea batho hammoho le Satane e hlōlehile.

Jehova ha aa bōpa motho a e-na le matla kapa tokelo ea hore a ipuse ntle ho tataiso ea hae

5. Histori e bontšitse eng ka ho hlaka?

5 Kajeno boemo ba lefatše bo ntse bo mpefala. Lilemong tse lekholo tse fetileng, batho ba fetang limilione tse 100 ba ile ba bolaoa lintoeng. Bibele e re ka ‘matsatsi a ho qetela’: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.” (2 Timothea 3:1, 13) E boetse e re: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Histori e bontšitse ka ho hlaka hore mantsoe ao ke ’nete. Jehova ha aa bōpa motho a e-na le matla kapa tokelo ea hore a ipuse ntle ho tataiso ea hae.

6. Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bokhopo?

6 Ka ho lumella bokhopo hore bo tsoele pele ka nakoana, Jehova o boetse o bontšitse hore ke eena feela ea ka atlehang ho busa. Nakong e tlang, Molimo o tla felisa bohle ba khopo. Ka mor’a moo, motho leha e le ofe ea tla belaella tsela e lerato eo Molimo a busang ka eona, o tla mo felisa hang-hang. A ka supa histori ea batho ho bontša hore marabele ao a lokela ho felisoa hang-hang. A ke ke a hlola a lumella bokhopo hore bo be teng.

MOLIMO O BONTŠITSE LERATO LA HAE JOANG?

7, 8. Jehova o bontšitse lerato la hae joang?

7 Jehova o bontšitse batho lerato la hae ka litsela tse ngata. Nahana kamoo bokahohle bo leng boholo ’me bo leng botle kateng. Bo na le lihlopha tsa linaleli tse libilione, ’me sehlopheng ka seng ho na le linaleli le lipolanete tse libilione. Letsatsi ke e ’ngoe ea linaleli tse sehlopheng sa rōna sa linaleli se bitsoang Milky Way. Ka ntle ho letsatsi, ha ho letho le ka phelang lefatšeng. Lintho tsena tsohle tse bōpiloeng li bontša hore Jehova ke ’Mōpi oa rōna, ’me li bonahatsa litšobotsi tsa hae, tse kang matla, bohlale le lerato. Ha e le hantle, “litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.”—Baroma 1:20.

Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e bōpileng lefatšeng e tsoela batho le liphoofolo molemo

8 Jehova o bōpile lefatše hore batho ba phele ho lona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng e tsoela batho le liphoofolo molemo. Molimo o ile a etsetsa batho serapa se setle hore ba phele ho sona ’me a ba fa kelello le ’mele o phethahetseng hore ba phele ka ho sa feleng. (Bala Tšenolo 4:11.) O boetse ‘o ba fa lijo, etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’—Pesaleme ea 136:25.

9. Le hoja Jehova e le Molimo ea lerato, o hloile eng?

9 Jehova ke Molimo ea lerato, leha ho le joalo o hloile bobe. Ka mohlala, Pesaleme ea 5:4-6 e re ka Jehova: “Ha u Molimo ea thabelang bokhopo . . . U hloile bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi.” O boetse “o hloile motho ea tšollang mali le ea thetsang.”

HAUFINYANE BOKHOPO BO TLA FELA

10, 11. (a) Ho tla etsahala’ng ka batho ba khopo? (b) Jehova o tla putsa ba mo mamelang joang?

10 Ka nako e loketseng, Jehova o tla felisa bokhopo bokahohleng, kaha ke Molimo ea lerato ’me o hloile bobe. Lentsoe la Molimo le re: “Baetsi ba bobe ba tla felisoa, empa ba tšepang Jehova ke bona ba tla rua lefatše. Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng.” Lira tsa Jehova “li tla fela” joaloka mosi.—Pesaleme ea 37:9, 10, 20.

11 Lentsoe la Molimo le boetse le re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Batho ba tšepahalang “ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:11) Hobane’ng? Hobane ka linako tsohle Molimo oa rōna ea lerato o etsetsa bahlanka ba hae ba tšepahalang se molemo. Bibele e re: “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Ruri boo ke bokamoso bo babatsehang bo letetseng batho ba mamelang Molimo le ba ananelang lerato la hae!

12. Ke mang “ea sa tšoauoeng phoso”?

12 Bibele e re: “Sheba ea sa tšoauoeng phoso ’me u talime ea lokileng, etsoe bokamoso ba motho eo bo tla ba le khotso. Empa ka sebele batlōli ba tla felisoa hammoho; bokamoso ba batho ba khopo bo tla felisoa.” (Pesaleme ea 37:37, 38) Motho “ea sa tšoauoeng phoso” o tseba Jehova le Mora oa hae ’me ka boikokobetso o etsa thato ea Molimo. (Bala Johanne 17:3.) O lumela ka tieo hore “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Kaha bofelo ba lefatše bo atametse, ho potlakile hore ‘re tšepe Jehova ’me re latele tsela ea hae.’—Pesaleme ea 37:34.

PONTŠO E KHŌLŌ KA HO FETISISA EA LERATO LA MOLIMO

13. Pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea lerato la Molimo ke efe?

13 Le hoja re sa phethahala, re ka mamela Molimo. Re ka boetse ra ba le kamano e haufi le Jehova ka lebaka la sehlabelo sa Jesu sa thekollo, e leng pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea lerato la Molimo. Jehova o fane ka thekollo e le hore batho ba mamelang ba ka lopolloa sebeng le lefung. (Bala Baroma 5:12; 6:23.) Jesu o qetile nako e ngata a tšepahala ho Molimo leholimong, kahoo Jehova o ne a kholisehile hore Mora enoa oa hae o tla lula a tšepahala lefatšeng. Kaha Jehova ke Ntate ea lerato, o ile a utloa bohloko ka ho tebileng ha a bona batho ba tšoara Mora oa hae hampe. Leha ho le joalo, ka botšepehi Jesu o ile a tšehetsa tokelo ea Molimo ea ho busa, ’me a bontša hore motho ea phethahetseng a ka tšepahala ho Molimo esita le linakong tse thata.

Molimo o rometse Mora oa hae ka lerato (Sheba serapa sa 13)

14, 15. Lefu la Jesu le buletse batho monyetla ofe?

14 Jesu o ile a tšepahala ’me a tšehetsa tokelo ea Jehova ea ho busa, ho sa tsotellehe liteko tse matla tseo a ileng a tobana le tsona. Re lokela ho ananela hore ebe Jesu o re shoetse, kahoo a lefa thekollo, kaha e bulela batho monyetla oa hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo! Moapostola Pauluse o hlalosa lerato leo Jehova le Jesu ba ileng ba le bonahatsa ka thekollo. O re: “Ka sebele, ha re sa ntse re fokola, Kreste o ile a shoela batho ba se nang bomolimo ka nako e behiloeng. Etsoe ke ka thata mang kapa mang a ka shoelang motho ea lokileng; ka sebele, mohlomong motho a ka iteta sefuba ho shoela motho ea molemo. Empa Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Baroma 5:6-8) Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena. Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Molimo, empa hore o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.”—1 Johanne 4:9, 10.

15 Jesu o ile a re “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Jehova o ile a fana ka Mora oa hae e le sehlabelo le hoja seo se ile sa mo utloisa bohloko. Sena se bontša kamoo a ratang batho kateng. ’Me lerato leo le tla tšoarella ka ho sa feleng. Pauluse o ile a re: “Etsoe ke kholisehile hore leha e le lefu kapa bophelo kapa mangeloi kapa mebuso kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla kapa matla kapa bophahamo kapa botebo kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.”—Baroma 8:38, 39.

’MUSO OA MOLIMO O OA BUSA

16. ’Muso oa Bomesia ke eng, hona Jehova o khethile mang hore e be ’Musi oa oona?

16 ’Muso oa Bomesia oo Molimo a o thehileng le oona o bontša hore Jehova o rata batho. Ka tsela efe? Jehova o khethile ’Musi ea ratang batho ea bileng a tšoanelehang ho busa, e leng Jesu Kreste. (Liproverbia 8:31) Ho phaella moo, o khethile batho ba 144 000 hore ba tle ba buse le Kreste leholimong. Ha ba tsosoa bafung, ba tla be ba tseba hore na ho ne ho le joang ho ba motho. (Tšenolo 14:1) Ha Jesu a le lefatšeng, ntho e ka sehloohong eo a neng a ruta ka eona ke ’Muso, ’me o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rapele ba re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:9, 10) Re labalabela hore Molimo a arabele lithapelo tse kang ena, e le hore ’Muso oa hae o tlisetse batho litlhohonolofatso tse ngata!

17. Tsela eo Jesu a busang ka eona e fapane joang le eo batho ba busang ka eona?

17 Tsela e lerato eo Jesu a busang ka eona e fapane hōle le eo batho ba busang ka eona. Puso ea batho e bakile lintoa tse bolaileng ba limilione. Empa ’Musi oa rōna Jesu, o oa re rata ’me o etsisa litšobotsi tse ntle tsa Molimo, haholo-holo lerato. (Tšenolo 7:10, 16, 17) Jesu o ile a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Matheu 11:28-30) Ruri ena ke tšepiso e bontšang lerato!

18. (a) Ho ’nile ha etsahala’ng ho tloha ka 1914? (b) Re tlil’o hlahloba lipotso life sehloohong se latelang?

18 Bibele e bontša hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa leholimong ka 1914. Ho tloha ka nako eo, ho ’nile ha bokelloa litho tsa ho qetela tse tla busa le Jesu leholimong hammoho le “bongata bo boholo” ba batho ba tla phonyoha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ’me ba kene lefatšeng le lecha. (Tšenolo 7:9, 13, 14) Bongata bo boholo bo boholo hakae kajeno? Molimo o batla hore bo etse’ng? Re tla hlahloba lipotso tsena sehloohong se latelang.