Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Phetolelo e Hlakileng ea Lentsoe la Molimo

Phetolelo e Hlakileng ea Lentsoe la Molimo

“Lentsoe la Molimo lea phela.”—BAHEBERU 4:12.

LIPINA: 37, 116

1. (a) Molimo o ile a fa Adama boikarabelo bofe? (b) Ho tloha ka nako eo, batho ba Molimo ba ’nile ba sebelisa mpho ee joang?

JEHOVA MOLIMO o file batho bokhoni ba ho bua e le mpho. Serapeng sa Edene, Molimo o ile a fa Adama boikarabelo ba hore a rehe liphoofolo tsohle mabitso. Adama o ile a reha phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe lebitso le nang le moelelo. (Genese 2:19, 20) Ho tloha ka nako eo, batho ba Molimo ba ’nile ba sebelisa bokhoni ba ho bua ho rorisa Jehova le ho bolella ba bang ka eena. Morao tjena, batho ba Molimo ba sebelisa mpho ena ho fetolela Bibele e le hore batho ba eketsehileng ba ka ithuta ka Jehova.

2. (a) Litho tsa Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha li ile tsa latela melao-motheo efe ha li fetolela Bibele? (b) Re tlil’o ithuta eng sehloohong see?

2 Bibele e na le liphetolelo tse likete, ’me tse ling li nepahetse ho feta tse ling. E le hore Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e fetolele Bibele ka nepo, e ile ea etsa qeto ea ho latela melao-motheo ena e meraro: (1) Ho hlompha lebitso la Molimo le ho le sebelisa ka Lentsoeng la hae ka makhetlo a lekanang le ao le hlahang ka ’ona libukeng tsa qalong. (Bala Matheu 6:9.) (2) Ho fetolela molaetsa oa qalong lentsoe ka lentsoe ha ho khoneha. Ha ho sa khonehe, ho fetoleloe moelelo o nepahetseng. (3) Bibele e fetoleloe ka puo eo ho leng bonolo ho e bala le ho e utloisisa. * (Sheba naletsana.) (Bala Nehemia 8:8, 12.) Bafetoleli ba Phetolelo ea Lefatše le Lecha ba latetse melao-motheo ena e meraro ha ba e fetolela ka lipuo tse fetang 130. Sehloohong sena, re tlil’o bona kamoo melao-motheo ena e ’nileng ea sebelisoa kateng ha ho hlahisoa khatiso e ntlafalitsoeng ea 2013 ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Senyesemane le ka lipuo tse ling.

BIBELE E HLOMPHANG LEBITSO LA MOLIMO

3, 4. (a) Litlhaku tse ’nè tse emelang lebitso la Molimo li fumaneha hokae? (b) Bafetoleli ba bangata ba Bibele ba entse’ng ka lebitso la Molimo?

3 Lebitso la Molimo le emeloa ke litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse bitsoang Tetragrammaton. Litlhaku tsena li fumaneha lingoliloeng tse ngata tsa boholo-holo tsa Seheberu tse ngotsoeng ka letsoho, joaloka Meqolong ea Leoatle le Shoeleng. Li boetse li fumaneha likoping tse ling tsa Septuagint ea Segerike. Likopi tsena li ngotsoe lilemo tse ka bang 200 pele ho mehla ea Kreste, ha tse ling tsona li ngotsoe lilemo tse ka bang 100 ka mor’a mehla ea Kreste. Batho ba bangata baa hlolloa ha ba bona kamoo lebitso la Molimo le hlahang ka makhetlo a mangata kateng lingoliloeng tseo tsa khale.

Ba bangata baa hlolloa ha ba bona kamoo lebitso la Molimo le hlahang ka makhetlo a mangata kateng lingoliloeng tsa khale

4 Ho hlakile hore lebitso la Molimo le lokela ho ba teng ka Bibeleng. Leha ho le joalo, bafetoleli ba bangata ha ba le sebelise. Ka mohlala, lilemo tse peli feela ka mor’a hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e lokolloe, ho ile ha lokolloa Bibele e ntlafalitsoeng ea American Standard Version. Khatiso ea 1901 e ne e e-na le lebitso la Molimo, ha e ntlafalitsoeng ea 1952 e se na lona. Hobane’ng? Bafetoleli ba eona ba ne ba nahana hore “ho fosahetse” ho sebelisa lebitso la Molimo. Liphetolelo tse ngata tsa Senyesemane le tsa lipuo tse ling, li entse se tšoanang.

5. Ke hobane’ng ha lebitso la Molimo le lokela ho sebelisoa ka Bibeleng?

5 Na hoa tsotelleha hore na bafetoleli ba sebelisa lebitso la Molimo kapa che? E, hoa tsotelleha! Jehova, Mongoli oa Bibele, o batla hore batho ba tsebe lebitso la hae. Mofetoleli ea hloahloa o lokela ho tseba seo mongoli a se batlang, ’me seo se lokela ho ama liqeto tseo a li etsang ha a fetolela. Litemana tse ngata li bontša hore lebitso la Molimo ke la bohlokoa le hore re lokela ho le hlompha. (Exoda 3:15; Pesaleme ea 83:18; 148:13; Esaia 42:8; 43:10; Johanne 17:6, 26; Liketso 15:14) Jehova o ile a bululela bangoli ba Bibele hore ba sebelise lebitso la hae ka makhetlo a likete libukeng tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho. (Bala Ezekiele 38:23.) Kahoo, ha bafetoleli ba siea lebitso la Molimo, ba bontša ho se hlomphe Jehova.

6. Ke hobane’ng ha lebitso la Molimo le kentsoe litemaneng tse ling tse tšeletseng Bibeleng e ntlafalitsoeng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha?

6 Kajeno, ho na le bopaki bo eketsehileng ba hore re lokela ho sebelisa lebitso Jehova. Khatisong ea 2013 ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha, lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a 7 216. Le kentsoe litemaneng tse ling tse tšeletseng. Ho tse hlano tsa tsona, le kentsoe hobane lebitso la Molimo le fumanoe Meqolong ea Leoatle le Shoeleng e phatlalalitsoeng morao tjena. * (Sheba naletsana.) Le kentsoe ho 1 Samuele 2:25; 6:3; 10:26; 23:14, 16. Temana ea botšelela ke Baahloli 19:18, moo le kentsoeng ka mor’a ho hlahlobisisa libuka tse tšepahalang tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele.

7, 8. Lebitso Jehova le bolela’ng?

7 Bakreste ba ’nete ba lumela hore ke habohlokoa ho utloisisa se hlileng se boleloang ke lebitso la Molimo. Lebitso la hae le bolela “O Etsa Hore ho be.” * (Sheba naletsana.) Nakong e fetileng, lingoliloeng tsa rōna li ’nile tsa sebelisa Exoda 3:14 ho hlalosa se boleloang ke lebitso la Molimo, ha e re: “Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona.” Khatiso ea 1984 ea Bibele ea Senyesemane e ile ea hlalosa hore Jehova o iketsa ntho leha e le efe eo a khethang ho ba eona hore a phethahatse litšepiso tsa hae. * (Sheba naletsana.) Khatiso ea 2013 eona e re: “Le hoja lebitso Jehova le ka ’na la akarelletsa khopolo ena, ha le felle feela tabeng ea hore o khetha ho iketsa ho itseng. Le boetse le akarelletsa seo a se etsang ka pōpo ea hae esita le ho finyella morero oa hae.”

8 Jehova o etsa hore pōpo ea hae e be ntho leha e le efe eo a khethang hore e be eona. Ka mohlala, Molimo o ile a etsa hore Noe a hahe areka, Bezaliele e be setsebi sa mosebetsi oa matsoho, Gideone e be mohlabani ea matla, ’me Pauluse e be moromuoa. Lebitso la Molimo ke la bohlokoa ho batho ba hae, ke kahoo Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e le kenyelelitseng phetolelong ena.

9. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bibele e fetoleloe ka lipuo tse ling?

9 Liphetolelo tse ngata tsa Bibele ha li sebelise lebitso la Molimo. Ho e-na le hoo, li sebelisa tlotla “Morena” kapa lebitso la molimo o mong o tsejoang sebakeng ka seng. Lena ke le leng la mabaka a etsang hore Sehlopha se Busang se bone e le habohlokoa hore batho ba lipuo tsohle ba be le Bibele e hlomphang lebitso la Molimo. (Bala Malakia 3:16.) Hona joale, lebitso Jehova le hlaha khatisong ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha, e fetoletsoeng ka lipuo tse fetang 130.

PHETOLELO E HLAKILENG LE E NEPAHETSENG

10, 11. Ho bile le mathata afe ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ntse e fetoleloa ka lipuo tse ling?

10 Ho bile le mathata ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetoleloa ka lipuo tse ling ho tloha Senyesemaneng. Ka mohlala, ho Moeklesia 9:10 le litemaneng tse ling, Bibele ea Senyesemane e ne e sebelisa lentsoe la Seheberu, “Sheole.” Lentsoe lena le sebelisitsoe le Libibeleng tse ling tsa Senyesemane. Empa ho ne ho sa khonehe ho le sebelisa lipuong tse ling, kaha babali ba lipuo tseo ha ba le tsebe. Ha le eo lidikishinaring tsa bona, ’me ba bang ba ne ba bile ba nahana hore ke lebitso la sebaka. Kahoo, bafetoleli ba ile ba lumelloa ho fetolela lentsoe lena la Seheberu “Sheole” le la Segerike “Hadese” e le “Lebitla.” Ho a fetolela ka tsela ena ho nepahetse ebile ho hlakisa taba haholoanyane.

11 Lentsoe la Seheberu le la Segerike le fetoletsoeng e le “moea” le lona ho ne ho le thata ho le fetolela. Lipuong tse ling, lentsoe lena le bolela sethotsela kapa ntho e tsoang ’meleng ha motho a shoa. Ho qoba pherekano ena, bafetoleli ba ile ba lumelloa ho fetolela lentsoe “moea” ho latela taba eo ho buuoang ka eona. Sehlomathiso se ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References se hlalosa lentsoe “moea” ka litsela tse sa tšoaneng. Khatisong e ncha, litlhaloso tsa mantsoe a Seheberu le a Segerike li kentsoe mongolong o botlaaseng ba leqephe, e le hore litemana tsa Bibele li ka baleha le ho utloisiseha habonolo.

Komiti e ile ea hlahloba lipotso tse likete tsa bafetoleli ha Bibele ena e ntse e ntlafatsoa

12. Ho entsoe liphetoho life tse ling khatisong e ntlafalitsoeng ea 2013?

12 Lipotso tseo bafetoleli ba neng ba li botsa li ile tsa senola mantsoe a mang a Bibele a ka ’nang a utloisisoa hampe. Kahoo, ka September 2007, Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea hore Bibele ea Senyesemane e ntlafatsoe. Komiti ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ile ea hlahloba lipotso tse likete tsa bafetoleli ha Bibele ena e ntse e ntlafatsoa. Ea tlosa mantsoe a khale a Senyesemane ea kenya a macha, ’me seo sa etsa hore boitsebiso bo balehe le ho utloisiseha habonolo, ha ka nako e tšoanang bo ntse bo nepahetse. Tsela eo taba e behiloeng ka eona ka lipuo tseo Bibele e sa tsoa fetoleloa ka tsona, le eona e thusitse ho ntlafatsa khatiso ea Senyesemane.—Liproverbia 27:17.

BA E ANANELA HAHOLO

13. Barab’abo rōna ba bangata ba ikutloa joang ka khatiso e ntlafalitsoeng ea 2013?

13 Barab’abo rōna ba bangata ba ikutloa joang ka khatiso e ntlafalitsoeng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha? Ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York, e amohetse mangolo a kananelo a tsoang ho bara le barali babo rōna ba likete. Ba bangata ba bona ba ikutloa joaloka morali’abo rōna ea ileng a ngola a re: “Bibele e na le mahakoe a bohlokoa. Ho bala mantsoe a Jehova phetolelong ena ea 2013 ho tšoana le ho hlahloba lehakoe ka leng, ’me ke ananela botle le mebala ea lona. Tsela e bonolo eo Mangolo a ngotsoeng ka eona e nthusitse ho atamela haufi le Jehova, joalokaha eka ntate o nkopile ka matsoho ’me o ntse a mpalla mantsoe a khothatsang.”

14, 15. Barab’abo rōna ba buang lipuo tse ling ba ikutloa joang ka Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha?

14 Batho ba bang ba sa bueng Senyesemane le bona ba ananela Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Ntate-moholo e mong ea lulang Sofia, Bulgaria, o ile a re ka khatiso ea Sebulgaria: “Ke balile Bibele ka lilemo tse ngata, empa ke qala ho bala phetolelo e utloisisehang habonolo tjena le e nkamang maikutlo.” Morali’abo rōna e mong oa Albania eena o ile a ngola a re: “Lentsoe la Molimo le utloahala hamonate ka Sealbania! Ruri ke tlotla hore ebe Jehova o buisana le rōna ka puo ea rōna!”

15 Linaheng tse ngata, Bibele e theko e boima kapa ho thata ho e fumana. Ruri ke tlhohonolofatso ho ba le Bibele! Tlaleho e tsoang Rwanda e re: “Batho ba bangata bao e leng khale ba ithuta le barab’abo rōna ba ne ba sa hatele pele, kaha ba ne ba se na Libibele. Ba ne ba se na chelete ea ho reka Bibele e rekisoang ke likereke. Ba ne ba bile ba thatafalloa ho utloisisa litemana tse itseng, e leng se neng se ba sitisa ho tsoela pele.” Ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e lokolloa ka puo ea bona, lelapa le leng la moo Rwanda le nang le bana ba bane, le ile la re: “Re leboha Jehova le lekhoba le tšepahalang le le masene haholo ka hore ebe ba re file Bibele ena. Re futsanehile ’me re ne re se na chelete ea ho rekela e mong le e mong Bibele ka lapeng. Empa hona joale e mong le e mong o na le Bibele ea hae. E le ho bontša Jehova hore re ananela Bibele ena, re e bala re le lelapa letsatsi le letsatsi.”

16, 17. (a) Jehova o batla hore batho ba hae ba etse’ng? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

16 Khatiso e ntlafalitsoeng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e tla fetoleloa ka lipuo tse ling tse eketsehileng. Satane o leka ho emisa mosebetsi ona, empa rea tseba hore Jehova o batla hore batho bohle ba hae ba mo mamele ha a bua le bona ka puo e hlakileng le e utloahalang. (Bala Esaia 30:21.) Haufinyane, “lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—Esaia 11:9.

17 E se eka re ka ikemisetsa ho sebelisa mpho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang ho Jehova, ho akarelletsa phetolelo ena e hlomphang lebitso la hae. Mo lumelle hore a buisane le uena letsatsi ka leng ka Lentsoe la hae. O mamela lithapelo tsohle tsa rōna ka hloko. Ho buisana le Jehova ka tsela ena ho tla re thusa hore re mo tsebe haholoanyane le ho mo rata le ho feta.—Johanne 17:3.

“Ruri ke tlotla hore ebe Jehova o buisana le rōna ka puo ea rōna!”

^ ser. 2 Sheba sehlooho se reng “Ke Joang U ka Khethang Bibele e Fetoletsoeng Hantle?Molula-Qhooeng oa May 1, 2008.

^ ser. 6 Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e ngotsoe lilemo tse fetang 1 000 pele ho libuka tsa Seheberu tse ngotsoeng ke Masorete.

^ ser. 7 Libuka tse ling tsa litšupiso li fana ka tlhaloso ena, empa litsebi tse ling ha li lumellane le eona.

^ ser. 7 Sheba Appendix 1A e nang le sehlooho se reng “Lebitso la Molimo Mangolong a Seheberu,” ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References, leqepheng la 1561.