Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Buisana le Batho le Mangeloi

Jehova o Buisana le Batho le Mangeloi

‘Ka kōpo, mamela ’me ke tla bua.’—JOBO 42:4.

LIPINA: 113, 114

1-3. (a) Ke’ng e bontšang hore Molimo o phahametse batho ka monahano le ka puo? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

JEHOVA o ne a batla ho thabela bophelo le ba bang, kahoo a bōpa mangeloi ’me hamorao a bōpa batho. (Pesaleme ea 36:9; 1 Timothea 1:11) Jehova o ile a qala ka ho bōpa eo moapostola Johanne a mo bitsang “Lentsoe.” (Johanne 1:1; Tšenolo 3:14) Jehova o ne a buisana le Lentsoe, e leng Jesu ’me a mo bolella seo a se nahanang le maikutlo a hae. (Johanne 1:14, 17; Bakolose 1:15) Moapostola Pauluse o re mangeloi le ’ona a buisana ka puo ea ’ona, e fapaneng hōle le ea batho.—1 Bakorinthe 13:1.

2 Jehova o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka batho le ka mangeloi a libilione ao a a bōpileng. O khona ho mamela lithapelo tse etsoang ke batho ba limilione ka nako e le ’ngoe, ’me o oa li utloisisa ho sa tsotellehe hore na ba bua puo efe. Ha a ntse a mametse lithapelo tseo, Jehova o boetse o buisana le mangeloi le ho a fa litaelo. E le hore Jehova a khone ho etsa lintho tsena kaofela, e tlameha ebe o phahametse batho hōle ka monahano le ka puo. (Bala Esaia 55:8, 9.) Kahoo, ha a buisana le batho, o ba bolella molaetsa ka tsela e bonolo e le hore ba o utloisise.

3 Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na ke joang Jehova a buisanang le batho ka tsela e hlakileng. Re tl’o boela re bone kamoo a fetolang tsela ea ho bua kateng maemong a fapaneng.

MOLIMO O BUISANA LE BATHO

4. (a) Jehova o ne a sebelisa puo efe ha a buisana le Moshe, Samuele le Davida? (b) Bibele e fupere lintlha life?

4 Mohlomong ha Jehova a buisana le monna oa pele, e leng Adama, serapeng sa Edene o ile a bua le eena ka Seheberu sa boholo-holo. Hamorao, Jehova o ile a buisana le banna ba kang Moshe, Samuele le Davida. Kaha ba ne ba bua Seheberu, ba ile ba ngola menahano ea Molimo empa ba sebelisa mantsoe a bona. Ba ile ba tlaleha lipolelo tseo Jehova a li buileng ka ho toba le tsela eo a ’nileng a sebelisana le batho ba hae ka eona. Ka mohlala, Bibele e tlaleha lerato le tumelo ea bona ho Molimo, e boetse e tlaleha liphoso tsa bona le liketso tse ling tsa ho se tšepahale. Lintlha tsena kaofela li ngotsoe molemong oa rōna.—Baroma 15:4.

Bangoli ba Bibele ba tlalehile lipolelo tseo Jehova a li buileng ka ho toba le tsela eo a ’nileng a sebelisana le batho ba hae ka eona

5. Na Molimo o ne a buisana le batho ka Seheberu feela? Hlalosa.

5 Hase kamehla Jehova a neng a buisana le batho ka Seheberu. Nakong ea ha Baiseraele ba lokolloa Babylona, ba bang ba bona ba ne ba se ba bua Searame. Mohlomong ke kahoo Daniele, Jeremia le Esdrase ba ileng ba ngola likarolo tse ling tsa mangolo a bona ka Searame. * (Sheba naletsana.)

6. Ke hobane’ng ha Mangolo a Seheberu a ile a fetoleloa ka Segerike?

6 Hamorao Alexandere e Moholo o ile a hapa linaha tse ngata, ’me Sekoine kapa Segerike se tloaelehileng sa buuoa linaheng tseo. Bajuda ba bangata ba ile ba qala ho bua Segerike, kahoo qetellong Mangolo a Seheberu a fetoleloa ka Segerike. Phetolelo eo e bitsoa Septuagint. Ke phetolelo ea pele ea Bibele ’me ke e ’ngoe ea tse ikhethang. Litsebi li lumela hore Septuagint e fetoletsoe ke batho ba 72. * (Sheba naletsana.) Ba bang ba fetoletse Mangolo a Seheberu lentsoe ka lentsoe, ha ba bang bona ba fetoletse moelelo. Leha ho le joalo, Bajuda le Bakreste ba buang Segerike ba ne ba lumela hore Septuagint ke Lentsoe la Molimo.

7. Jesu o ne a bua puo efe ha a ruta barutuoa ba hae?

7 Mohlomong Jesu o ne a bua Seheberu ha a le lefatšeng. (Johanne 19:20; 20:16; Liketso 26:14) E ka ’na eaba o ne a sebelisa le mantsoe a Searame a neng a tloaelehile ka nako eo. Empa o ne a boetse a tseba Seheberu sa khale se neng se buuoa ke Moshe le baprofeta, bao mangolo a bona a neng a baloa ka synagogeng beke le beke. (Luka 4:17-19; 24:44, 45; Liketso 15:21) Le hoja mehleng ea Jesu ho ne ho buuoa Segerike le Selatine, Bibele ha e re bolelle hore na le tsona o ne a li bua kapa che.

8, 9. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bangata ba ne ba bua Segerike, hona see se re ruta’ng ka Jehova?

8 Balateli ba pele ba Jesu ba ne ba bua Seheberu, empa ba bileng teng ka mor’a lefu la hae, ba ne ba bua lipuo tse ling. (Bala Liketso 6:1.) Ha litaba tse molemo li ntse li pharalla, Bakreste ba bangata ba ile ba bua Segerike ho fapana le Seheberu. Kaha batho ba bangata ba ne ba bua Segerike, buka ea Matheu, Mareka, Luka le Johanne li ile tsa ngoloa ka Segerike. * (Sheba naletsana.) Libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ke moapostola Pauluse le ba bang le tsona li ile tsa ngoloa ka Segerike.

9 Ke ho thahasellisang hore ebe bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste ba ne ba atisa ho sebelisa Septuagint ha ba qotsa Mangolo a Seheberu. Ka linako tse ling mantsoe ao a qotsitsoeng a ne a fapana hanyenyane le a Seheberu sa qalong. Kahoo, mosebetsi oo bafetoleli ba sa phethahalang ba ileng ba o etsa, ke karolo ea Bibele eo re e sebelisang kajeno. Sena se re ruta hore Jehova ha a nke hore puo kapa setso se itseng se molemo ho feta tse ling.—Bala Liketso 10:34.

Molimo ha aa lebella hore re bue puo e itseng e le hore re mo tsebe kapa re tsebe merero ea hae

10. Re ithuta’ng tseleng eo Jehova a buisanang le batho ka eona?

10 Re ithutile hore Jehova o buisana le batho ho ea ka maemo a bona. Ha aa lebella hore re bue puo e itseng e le hore re mo tsebe kapa re tsebe merero ea hae. (Bala Zakaria 8:23; Tšenolo 7:9, 10.) Re boetse re ithutile hore Jehova o ile a bululela bangoli ba Bibele, empa a ba lumella hore ba ngole menahano ea hae ka mantsoe a bona.

MOLIMO O BOLOKA MOLAETSA OA HAE

11. Ke hobane’ng ha taba ea hore batho ba bua lipuo tse fapaneng e se bothata ho Jehova?

11 Batho ba bua lipuo tse ngata, empa seo hase bothata ho Jehova. Re tseba see joang? Ka Bibeleng ho na le lipolelo tse seng kae feela tseo Jesu a li buileng ka puo ea hae. (Matheu 27:46; Mareka 5:41; 7:34; 14:36) Empa Jehova o entse bonnete ba hore molaetsa oa Jesu o oa ngoloa le ho fetoleloa ka Segerike ’me hamorao oa fetoleloa ka lipuo tse ling. Kaha Bajuda le Bakreste ba ile ba kopitsa Lentsoe la Molimo hangata, seo se ile sa etsa hore molaetsa oa Molimo o bolokehe. Ha nako e ntse e ea, o ile oa fetoleloa le ka lipuo tse ling tse ngata. Lilemo tse ka bang 400 ka mor’a lefu la Kreste, John Chrysostom o ile a re lithuto tsa Jesu li ne li se li fetoletsoe ka lipuo tse buuoang Syria, Egepeta, India, Persia, Ethiopia le libakeng tse ling tse ngata.

12. Bibele e ’nile ea hlaseloa ka litsela life?

12 Ho theosa le lilemo Bibele e ’nile ea hlaseloa hammoho le bafetoleli ba eona le ba e abang. Lilemo tse ka bang 300 ka mor’a hore Jesu a tsoaloe, Moemphera Diocletian oa Moroma o ile a laela hore likopi tsohle tsa Bibele li senngoe. Lilemo tse ka bang 1 200 hamorao, William Tyndale o ile a qala ho fetolela Bibele ka Senyesemane. O ile a re haeba Molimo a ka mo ekelletsa matsatsi a bophelo, o tla etsa bonnete ba hore esita le moshanyana feela oa molisana o tseba Bibele ho feta moruti. Tyndale o ile a tlameha ho tloha Engelane ’me a balehela linaheng tse ling tsa Europe ka lebaka la mahloriso, e le hore a ka ea fetolela Bibele le ho e hatisa. Le hoja baruti ba ile ba leka ho chesa likopi tsohle tsa phetolelo ea Tyndale, li ne li se li abetsoe batho ba bangata haholo. Qetellong, Tyndale o ile a bolaoa ’me a chesoa thupeng. Empa phetolelo ea hae e ile ea pholoha tlhaselo eo ea baruti, ’me ea sebelisoa ha ho etsoa Bibele ea King James Version.Bala 2 Timothea 2:9.

13. Liphuputso tse entsoeng libukeng tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho li bontša’ng?

13 Ke ’nete hore Libibeleng tse ling tsa khale ho na le liphoso tse nyenyane le ho se tšoane. Leha ho le joalo, litsebi tsa Bibele li ile tsa hlahloba ka hloko libuka tse ngotsoeng ka letsoho le likarolo tse ling tsa tsona hammoho le liphetolelo tsa khale tsa Bibele. Sena se ile sa etsa hore li hlokomele ho se tšoane litemaneng tse seng kae le hona linthong tse fokolang. Empa molaetsa oa Bibele ha o oa fetoha. Liphuputso tse kang ena li netefaletsa liithuti tsa Bibele hore Bibele eo li e balang kajeno ke Lentsoe la Jehova le bululetsoeng.—Esaia 40:8. * (Sheba naletsana.)

14. Bibele e se e fetoletsoe ka lipuo tse kae?

14 Le hoja e le khale Bibele e hlaseloa, e fetoletsoe ka lipuo tse fetang 2 800. Ke eona feela buka e fetoletsoeng ka lipuo tse ngata hakaalo. Batho ba bangata ha ba lumele ho Molimo, empa Lentsoe la hae le tsoela pele ho ajoa ka bongata ho feta buka leha e le efe e ’ngoe. Le hoja liphetolelo tse ling tsa Bibele li le thata ho utloisiseha kapa li na le liphoso, boholo ba tsona li fana ka molaetsa o bonolo oa tšepo le oa bophelo bo sa feleng.

HO NE HO HLOKAHALA PHETOLELO E NCHA EA BIBELE

15. (a) Ho bile le phetoho efe lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele ho tloha ka 1919? (b) Ke hobane’ng ha lingoliloeng tsa rōna li ngoloa ka Senyesemane?

15 Ka 1919, ho ile ha khethoa liithuti tse seng kae tsa Bibele hore e be “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Ka nako eo, lekhoba le tšepahalang le ne le sebelisa Senyesemane haholo ha le ngolla batho ba Molimo. (Matheu 24:45) Empa kajeno lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele li fetoleloa ka lipuo tse fetang 700. Hona joale Senyesemane se sebelisoa haholo litabeng tsa khoebo le likolong, joalokaha nakong e fetileng ho ne ho sebelisoa Segerike. Kahoo lingoliloeng tsa rōna li ngoloa ka Senyesemane, ebe li fetoleloa ka lipuo tse ling.

16, 17. (a) Batho ba Molimo ba ne ba hloka’ng? (b) Ho ile ha etsoa’ng ho ba thusa? (c) Mor’abo rōna Knorr o ne a labalabela eng?

16 Lingoliloeng tsohle tsa rōna li thehiloe Bibeleng. Qalong ho ne ho sebelisoa Bibele ea King James Version, e hatisitsoeng ka 1611. Empa e ne e sebelisa puo ea khale ’me e le thata ho utloisiseha. E ne e e-na le lebitso la Molimo litemaneng tse seng kae feela, le hoja libukeng tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho le ne le hlaha ka makhetlo a likete. Phetolelo eo e ne e boetse e e-na le liphoso ’me e na le litemana tse ling tse sieo libukeng tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho. Libibele tse ling tsa Senyesemane le tsona li ne li e-na le mathata a tšoanang.

17 Ho hlakile hore batho ba Molimo ba ne ba hloka phetolelo ea Bibele e nepahetseng le e utloisisehang habonolo. Kahoo ho ile ha thehoa Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha, ’me barab’abo rōna ba komiting eo ba ile ba lokolla Bibele ka likarolo tse tšeletseng ho tloha ka 1950 ho ea ho 1960. Karolo ea pele e ile ea lokolloa kopanong ka la 2 August, 1950. Kopanong eo Mor’abo rōna Knorr o ile a re batho ba Molimo ba hloka Bibele e nepahetseng, e ngotsoeng ka puo ea kajeno, e utloisisehang habonolo le e tla ba thusa ho ithuta ’nete ka tsela e hlakileng. Ba ne ba hloka phetolelo eo ba tla khona ho e utloisisa le ho e bala habonolo, feela joaloka libuka tsa qalong tse ngotsoeng ke barutuoa ba Kreste. Mor’abo rōna Knorr o ne a labalabela hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e thuse batho ba limilione ho ithuta ka Jehova.

18. Ho entsoe’ng ho thusa hore Bibele e fetoleloe?

18 Seo Mor’abo rōna Knorr a neng a se labalabela se ile sa phethahala ka 1963. Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ile ea lokolloa ka Sedache, Sefora, Sejeremane, Sepanishe, Sepotoketsi le Setaliana. Ka 1989, Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se ile sa bula lefapha le lecha ntlo-khōlō le reretsoeng ho thusa bafetoleli ba Bibele. ’Me ka 2005, sa fana ka tumello ea hore Bibele e fetoleloe ka lipuo tseo Molula-Qhooa o fetoleloang ka tsona. Ka lebaka leo, hona joale Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fumaneha e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang 130.

19. Ho ile ha etsahala’ng sebokeng sa selemo le selemo sa 2013, hona re tl’o ithuta’ng sehloohong se latelang?

19 Kaha puo ea Senyesemane e fetohile ho tloha ha ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka lekhetlo la pele, ho ile ha hlokahala hore phetolelo eo e ntlafatsoe. Mafelo-bekeng a la 5 le la 6 October, 2013, batho ba 1 413 676 ba linaheng tse 31 ba ne ba mametse lenaneo la seboka sa selemo le selemo sa bo-129 sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Setho sa Sehlopha se Busang se ile sa lokolla Bibele e ntlafalitsoeng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane. Bamameli ba ne ba thabile hoo ba bangata ba ileng ba lla ha ba fuoa likopi tsa bona. Ha libui li ntse li bala litemana Bibeleng ena e ncha, bamameli ba ile ba hlokomela hore phetolelo ena e baleha habonolo ebile e ea utloisiseha. Sehloohong se latelang re tl’o ithuta ho eketsehileng ka Bibele ena, le hore na e fetoleloa joang ka lipuo tse ling.

^ ser. 5 Esdrase 4:8; 7:12; Jeremia 10:11; le Daniele 2:4 li ne li ngotsoe ka Searame qalong.

^ ser. 6 Lentsoe Septuagint le bolela “Mashome a Supileng.” Ho bonahala eka phetolelo ena e ile ea qaloa lilemo tse 300 pele ho Kreste, ’me ea phethoa lilemo tse 150 hamorao. Phetolelo ena e ntse e le ea bohlokoa le kajeno kaha e thusa litsebi ho utloisisa litemana kapa mantsoe a thata a Seheberu.

^ ser. 8 Batho ba bang ba lumela hore Matheu o ngotse buka ea hae ka Seheberu, mohlomong eaba o e fetolela ka Segerike.

^ ser. 13 Sheba sehlooho se reng, “Buka ee e Ile ea Phonyoha Joang?” ho Buka ea Batho Bohle, leqepheng la 7-9.