Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Ke Entse Khotso le Molimo Hammoho le ’Mè oa Ka

Ke Entse Khotso le Molimo Hammoho le ’Mè oa Ka

’MÈ OA KA o ile a mpotsa, a re: “Ke hobane’ng ha u sa rapele balimo ba hao? Ha u tsebe hore ke bona ba u fileng bophelo? Na ha u ua lokela ho ba leboha? Ke hobane’ng ha u batla ho lahla meetlo ea baholo-holo ba rōna? Ha u sa hlomphe balimo ba rōna, seo se bolela hore u re borapeli ba rōna ha bo na thuso.” ’Mè o ile a lla ha a qeta ho bua mantsoe ana.

Likhoeli tse seng kae pele ho moo, Lipaki Tsa Jehova li ne li ithaopetse ho ithuta Bibele le ’Mè. O ne a sa batle ho ithuta, empa e le hore a se ke a li soetsa o ile a re li ka ’na tsa ithuta le ’na. Ho makatsang ke hore joale o ile a nkoatela, ’me seo se ne se sa tloaeleha etsoe ke ne ke lula ke mo mamela. Empa kaha ke ne ke batla ho thabisa Jehova, ha kea ka ka mo mamela. Ho ne ho se bonolo, leha ho le joalo Jehova o ile a mpha matla.

KE ITHUTA KA JEHOVA

Lelapa leso e ne e le la Mabuddha, joaloka a mang a mangata Japane. Empa ka mor’a likhoeli tse peli ke ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka kholiseha hore e bua ’nete. Ha ke utloa hore ke na le Ntate ea leholimong, ke ile ka batla ho mo tseba. Qalong ’Mè o ne a thaba ha ke mo bolella seo ke ithutang sona. Ke ile ka qala ho ea libokeng ka Sontaha Holong ea ’Muso. Ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta, ke ile ka bolella ’Mè hore ha ke sa tla hlola ke kopanela meketeng ea Mabuddha. Seo se ile sa mo halefisa. O ile a re: “Ho lula le motho ea sa hlompheng balimo ke mahlabisa-lihlong.” A re ke khaotse ho ithuta Bibele le ho ea libokeng. Ke ne ke sa nahane hore ’Mè a ka bua tjena! O ne a se ka tsela eo ke mo tsebang ka eona.

Ntate o ile a lumellana le ’Mè. Ke ne ke ithutile ho Baefese khaolo ea 6 hore Jehova o batla hore ke mamele batsoali. Ke ne ke batla hore ho boele ho be le khotso ka lapeng, kahoo ka nahana hore haeba nka mamela batsoali ba ka, seo se tla etsa hore qetellong le bona ba ’mamele. Ka nako eo, ke ne ke lokela ho itokiselletsa litlhahlobo tsa sekolo, kahoo ka lumela ho qeta likhoeli tse tharo ke etsa seo batsoali ba ka ba reng ke se etse. Empa ka tšepisa Jehova hore ka mor’a likhoeli tseo, ke tla boela ke ee libokeng.

Qeto eo e ne e fosahetse ka mabaka a mabeli. La pele, ke ne ke nahana hore ka mor’a likhoeli tse tharo, ke tla be ke ntse ke e-na le takatso e matla ea ho sebeletsa Jehova. Ho e-na le hoo, kamano ea ka le eena e ile ea fokola haholo. La bobeli, ’Mè le Ntate ba ile ba leka ka matla ho nkholisa hore ke khaotse ho sebeletsa Jehova.

SE ILENG SA NTHUSA HO TOBANA LE KHANYETSO

Ha ke le Holong ea ’Muso ke ile ka kopana le barab’abo rōna ba bangata ba neng ba hanyetsoa ke ba malapa abo bona. Ba ile ba ntiisetsa hore Jehova o tla ’matlafatsa. (Matheu 10:34-37) Ba ile ba re haeba nka lula ke tšepahala ho Jehova, ba lelapa leso ba ka ’na ba ithuta ka eena. Ke ne ke batla ho itšetleha ka Jehova, kahoo ka qala ho rapela ka tieo.

Ba lelapa leso ba ne ba nkhanyetsa ka litsela tse sa tšoaneng. ’Mè o ne a mphehella hore ke khaotse ho ithuta ’me a leka ho mpehela mabaka. Boholo ba nako ke ne ke ithōlela. Empa mohla ke buang, re ne re ngangisana kaha ka bobeli re ne re batla ho bontša hore re nepile. Hona joale kea elelloa hore hoja ebe ke ile ka hlompha maikutlo a ’Mè le seo a se lumelang, mohlomong boemo bo ka be bo sa ba bobe hakaalo. Batsoali ba ka ba ne ba mpha mosebetsi o mongata e le hore ke lule hae. Ka linako tse ling, ba ne ba nkoalla ka ntle kapa ba sa ntšiele lijo.

’Mè o ile a kōpa batho ba bang hore ba bue le ’na. O ile a kōpa tichere ea ka, empa le eona ea hlōleha. ’Mè o ile a ea le ’na mosebetsing ’me a re mookameli oa hae a mpolelle hore malumeli ’ohle ha a na thuso. O ile a founela beng ka rōna a ba kōpa a ntse a lla hore ba mo thuse. Seo se ne se nkutloisa bohloko haholo. Empa ha ke le libokeng, baholo ba ile ba nkhopotsa hore ha ’Mè a bolella ba bang ka boemo ba rōna, ha e le hantle o oa ba pakela.

Batsoali ba ka ba ne ba batla hore ke ee univesithi e le hore ke tle ke fumane mosebetsi o lefang hantle. Maikutlo a ne a phahama nako le nako ha re buisana ka taba ena, kahoo ke ile ka ba ngolla mangolo a ’maloa ho ba hlalosetsa hore na lipakane tsa ka ke life. Ntate o ile a kharuma a re: “Haeba u nahana hore u tla fumana mosebetsi, u fumane hosane, ho seng joalo u ntsoele ka ntlo.” Ke ile ka rapela Jehova ka mo kōpa hore a nthuse. Ka le hlahlamang ha ke le tšimong, barali’abo rōna ba babeli ba ile ba mpha mosebetsi oa ho ruta bana ba bona. Ntate ha aa ka a thabisoa ke seo, kahoo a khaotsa ho mpuisa ’me a qala ho ntlhokomoloha. ’Mè o ile a re ho ka be ho le molemo hoja ebe ke lesholu, ho e-na le hore ebe ke Paki ea Jehova.

Jehova o nthusitse ho fetola tsela eo ke nahanang ka eona le ho tseba seo ke lokelang ho se etsa

Ka linako tse ling, ke ne ke sa tsebe hore na Jehova o ikutloa joang ha ke ba khahlanong le batsoali ba ka hakana. Kahoo, ke ile ka rapela Jehova ’me ka thuisa ka seo Bibele e se buang ka lerato la hae. Sena se ile sa nthusa hore ke be le boikutlo bo nepahetseng, ’me ke lemohe hore batsoali ba ka ba nkhanyetsa hobane ba amehile ka ’na. Jehova o ile a nthusa ho fetola tsela eo ke nahanang ka eona le ho tseba seo ke lokelang ho se etsa. Kaha ke ne ke qeta nako e ngata ke le tšebeletsong ea tšimo, ke ile ka e rata le ho feta. Ha e le hantle, ke ne ke batla ho ba pula-maliboho.

KE BA PULA-MALIBOHO

Ha barali’abo rōna ba bang ba utloa hore ke batla ho ba pula-maliboho, ba ile ba re ke eme hanyane hore batsoali ba ka ba theole maikutlo. Ke ile ka kōpa Jehova hore a mphe bohlale, ka etsa lipatlisiso, ka nahanisisa ka mabaka a etsang hore ke batle ho ba pula-maliboho, ’me ka buisana le bara le barali babo rōna ba nang le phihlelo. Ka mor’a moo, ka etsa qeto ea hore ke batla ho thabisa Jehova. Ke ile ka lemoha hore leha nka ema nakoana pele ke nka bopula-maliboho, mohlomong batsoali ba ka ba tla ’ne ba tsoele pele ho nkhanyetsa.

Ha ke le selemong sa ho qetela sekolong se phahameng, ke ile ka nka bopula-maliboho. Ka mor’a ho ba pula-maliboho ka nakoana, ke ile ka batla ho ea sebakeng seo ho nang le tlhokahalo ho sona. Empa ’Mè le Ntate ba ne ba sa batle hore ke tlohe lapeng. Kahoo, ka ema ho fihlela ke le lilemo li 20. Ka ntan’o kōpa ofisi ea lekala hore e nkabele ho ea sebeletsa karolong e ka boroa ea Japane haufi le beng ka rōna, e le hore ’Mè a se ke a khathatseha haholo.

Ha ke ntse ke le kabelong eo, ke ile ka thabisoa ke hore lithuto tsa ka tse ’maloa tsa Bibele li ile tsa kolobetsoa. Ke ile ka qala ho ithuta Senyesemane kaha ke ne ke batla ho atolosa tšebeletso ea ka. Ha ke bona kamoo bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng ba chesehang kateng phuthehong ea heso le kamoo ba thusang ba bang kateng, ke ile ka etsa qeto ea hore le ’na ke batla ho ba pula-maliboho ea khethehileng. Ha ke ntse ke le moo, ’Mè o ile a kula haholo ka makhetlo a mabeli, ’me nako le nako ha a kula ke ne ke khutlela lapeng ho ea mo thusa. O ile a makatsoa ke seo ’me a qala ho ntšoara ka mosa.

JEHOVA O NTLHOHONOLOFATSA HAHOLO

Lilemo tse supileng hamorao, mor’abo rōna e mong ea bitsoang Atsushi, e leng e mong oa bo-pula-maliboho ba khethehileng bao ke buileng ka bona pejana, o ile a ’ngolla lengolo. O ne a batla ho ’nyala ’me a batla ho tseba hore na ke ikutloa joang ka eena. Ke ne ke se na thahasello ho Atsushi, ’me ke sa nahane hore o oa nthahasella. Ka mor’a khoeli, ke ile ka mo araba ka mo bolella hore nka rata ho mo tseba hamolemo. Re ile ra elelloa hore re na le lipakane tse tšoanang. Re ne re batla ho tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng ’me re ikemiselitse ho amohela kabelo leha e le efe eo re e fuoang. Qetellong, ra nyalana. Ke ile ka thaba haholo hore ebe batsoali ba ka le beng ka rōna ba bang ba ile ba tla lenyalong la rōna.

Nepal

Ka mor’a nakoana, ha re ntse re sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba kamehla, Atsushi o ile a khethoa hore e be molebeli oa potoloho ea tšoereng molepo. Ka mor’a moo, re ile ra khethoa hore re be bo-pula-maliboho ba khethehileng ’me hamorao ra abeloa mosebetsi oa potoloho. Ha re qeta ho etela liphutheho tsohle tse potolohong ea rōna ka lekhetlo la pele, barab’abo rōna ba ofising ea lekala ba ile ba re founela. Ba re botsa hore na re ka thabela ho ea potoloha Nepal.

Ho sebeletsa linaheng tse ’maloa ho nthutile ho hongata ka Jehova

Ke ne ke tšoenyehile ka hore na batsoali ba ka ba tla ikutloa joang ha ke ea sebakeng seo se hōle. Ha ke ba founela, Ntate o ile a re: “Le ea sebakeng se setle.” Beke pele ho moo, motsoalle e mong oa hae o ne a mo file buka e buang ka Nepal, ’me Ntate a bile a lakatsa ho etela teng.

Re ne re thabela ho ba har’a batho ba Nepal ba botsoalle. Hamorao liphutheho tse ling tsa Bangladesh li ile tsa kenyelletsoa potolohong ea rōna. Le hoja Bangladesh e le haufi le Nepal, meetlo ea teng e fapane haholo. Re ne re pakela batho ba maemo a sa tšoaneng. Ka mor’a lilemo tse hlano, re ile ra khutlisetsoa Japane, e leng hona moo re ntseng re potoloha teng.

Ke ithutile ho hongata ka Jehova ha re ntse re sebeletsa Japane, Nepal le Bangladesh. Batho ba linaheng tsena ba na le litloaelo, mekhoa le meetlo e sa tšoaneng. ’Me batho ha ba tšoane. Ke bone kamoo Jehova a tsotellang batho ka bomong, a ba amohelang esita le ho ba hlohonolofatsa kateng.

Ho na le lintho tse ngata tseo ke lebohang Jehova ka tsona. O mphile monyetla oa hore ke mo tsebe le oa hore ke etse mosebetsi oa hae a ba a mpha molekane ea babatsehang oa Mokreste. Molimo o nthusitse hore ke etse liqeto tse molemo ’me hona joale ke na le kamano e ntle le eena le ba lelapa leso. Ka thuso ea Jehova, ’na le ’Mè re boetse re metsoalle. Ke thaba haholo hore ebe ke na le khotso le Molimo hammoho le ’mè oa kae.

Mosebetsi oa potoloho o re thabisa haholo