Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ela Hloko Tsela eo U Buang ka Eona

Ela Hloko Tsela eo U Buang ka Eona

“Lipolelo tsa molomo oa ka . . . e ke e be tse khahlisang ka pel’a hao, Jehova.”—PESALEME EA 19:14.

LIPINA: 82, 77

1, 2. Ke hobane’ng ha Bibele e bapisa bokhoni ba rōna ba ho bua le mollo?

KA 1871, mollo o ile oa qhoma morung oa Wisconsin, United States. O ile oa nama ka potlako ’me oa chesa lifate tse ka bang libilione tse peli. Oa bolaea batho ba fetang 1 200. Ha e le hantle, o ile oa bolaea batho ba bangata ho feta mollo leha e le ofe o kileng oa ba teng United States. Ho bonahala eka khanare eo ea mollo e ile ea qaloa ke litlhase tse tsoang litereneng tse fetang pel’a moru oo. Ketsahalo eo e re hopotsa mantsoe a Bibele a reng: “Ho hlokahala mollo o monyenyane hakaakang ho chesa moru o moholo haholo!” (Jakobo 3:5) Ke hobane’ng ha Jakobo a ile a ngola mantsoe aa?

2 O ile a re: “Leleme ke mollo.” (Jakobo 3:6) “Leleme” le emela bokhoni ba rōna ba ho bua. Seo re se buang se ka baka tšenyo, feela joaloka mollo. Lintho tseo re li buang li ka ama ba bang haholo. Bibele e boetse e re li ka ba phelisa kapa tsa ba bolaea. (Liproverbia 18:21) Empa na see se bolela hore ha rea lokela ho bua, hobane re tšaba hore re tla bua ntho e fosahetseng? Che. Ha re khaotse ho sebelisa mollo hobane re nahana hore re ka ’na ra cha. Ho e-na le hoo, re ba hlokolosi ha re o sebelisa. Ka mohlala, re ka sebelisetsa mollo ho pheha, ho iphuthumatsa esita le ho khantša. Ka tsela e tšoanang, haeba re le hlokolosi ka seo re se buang, re ka sebelisa bokhoni bona ho tlotlisa Jehova le ho khothatsa ba bang.—Pesaleme ea 19:14.

3. Ke lintho life tse tharo tse tla re thusa hore re khothatse ba bang ha re bua?

3 Jehova o re file bokhoni ba ho bolella ba bang seo re se nahanang le kamoo re ikutloang kateng, ebang ke ka ho bua kapa ho sebelisa puo ea matsoho. Kahoo, re ka sebelisa mpho ee e babatsehang joang ho khothatsa ba bang? (Bala Jakobo 3:9, 10.) Ho hlokahala hore re tsebe hore na re lokela ho bua neng, re bue eng le hore na re bue joang.

RE LOKELA HO BUA NENG?

4. Ke maemong afe moo re lokelang ho thōla?

4 Ka linako tse ling, ho hlokahala hore re thōle. Bibele e re ho na le “nako ea ho khutsa.” (Moeklesia 3:7) Ka mohlala, rea thōla ha ba bang ba bua, ho bontša hore rea ba hlompha. (Jobo 6:24) Hape, ha re bue makunutu a ba bang le lintho tseo batho ba sa lokelang ho li tseba. (Liproverbia 20:19) Ha motho e mong a re halefisa, e ka ba hantle hore re lule re khobile matšoafo ’me re thōle.—Pesaleme ea 4:4.

5. Re ka bontša Jehova joang hore rea ananela hore ebe o re file bokhoni ba ho bua?

5 Empa ka linako tse ling re lokela ho bua. (Moeklesia 3:7) Ho na le nako ea ho rorisa Jehova, ea ho khothatsa ba bang, ea ho ntša maikutlo le ea ho bolella ba bang seo re se hlokang. (Pesaleme ea 51:15) Ha re sebelisa bokhoni ba ho bua ka tsela ena, re bontša Jehova hore re ananela mpho ena eo a re fileng eona. Etsoe ha motsoalle a re file mpho ea bohlokoa, re batla ho e tšoara hantle.

6. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho khetha nako e loketseng ea ho bua?

6 Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho khetha nako e loketseng ea ho bua? Liproverbia 25:11 e re: “Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.” Liapole tsa khauta li ntle, empa li ka ba ntle le ho feta ha li le ka sejaneng sa silevera. Ka ho tšoanang, re ka ba le ntlha ea bohlokoa eo re batlang ho e bolella motho e mong. Empa re ka thusa motho eo le ho feta haeba re khetha nako e loketseng ea ho bua. Re ka etsa see joang?

7, 8. Barab’abo rōna ba Japane ba ile ba etsisa mohlala oa Jesu joang?

7 Haeba re bua ka nako e fosahetseng, batho ba ka ’na ba se ke ba utloisisa seo re se buang kapa hona ho re mamela. (Bala Liproverbia 15:23.) Ka mohlala, ka March 2011, metse e mengata e karolong e ka bochabela ea Japane e ile ea senngoa ke tšisinyeho ea lefatše le tsunami. Batho ba fetang 15 000 ba ile ba shoa. Le hoja Lipaki Tsa Jehova tse ngata le tsona li ne li lahlehetsoe ke ba malapa le metsoalle, li ne li batla ho tšelisa ba bang ka Bibele. Empa li ne li tseba hore boholo ba batho bao ke Mabuddha ’me ha ba tsebe Bibele hakaalo. Kahoo, ho e-na le hore barab’abo rōna ba ba bolelle ka tsoho, ba ile ba ba tšelisa, ba ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha batho ba lokileng ba hlaheloa ke lintho tse bohloko.

8 Bara bao babo rōna ba ile ba etsisa Jesu. O ne a tseba nako ea ho thōla le ea ho bua. (Johanne 18:33-37; 19:8-11) ’Me o ne a emela nako e loketseng hore a rute barutuoa ba hae lintho tse itseng. (Johanne 16:12) Barab’abo rōna ba Japane ba ile ba emela nako e loketseng e le hore ba bolella batho ka tsoho. Lilemo tse peli le halofo ka mor’a tsunami, ba ile ba fa batho pampitšana e reng, Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela? Ba bangata ba ile ba amohela pampitšana eo, ’me ba khothatsoa ke molaetsa oa eona. Le rōna re lokela ho nahana ka setso le litumelo tsa batho ba tšimong ea rōna, e le hore re khethe nako e loketseng ea ho bua le bona.

Re lokela ho ba le mamello, ’me re khethe nako e loketseng eo batho ba ka mamelang ka eona

9. Ke maemong afe a mang moo re lokelang ho emela nako e loketseng ea ho bua?

9 Ke maemong afe a mang moo re lokelang ho emela nako e loketseng ea ho bua? Mohlomong motho o bua ntho e re khopisang. Ho e-na le ho mo araba hang-hang ’me re bue ntho e booatla, e ka ba hantle hore re nahane: ‘Na o ne a rerile ho mpuisa hampe? Na hoa hlokahala hore ke mo botse ka ntho eo a e buileng?’ Ho ka ’na ha e-ba molemo ho thōla. Empa haeba ho hlile ho hlokahala hore re bue le eena, re lokela ho emela hore maikutlo a theohe. (Bala Liproverbia 15:28.) Kapa mohlomong re batla ho thusa beng ka rōna bao e seng Lipaki hore ba ithute ka Jehova. Re lokela ho ba le mamello, re nahane ka hloko ka seo re batlang ho se bua, ’me re khethe nako e loketseng eo ba ka mamelang ka eona.

RE LOKELA HO RE’NG?

10. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho khetha ka hloko seo re se buang? (b) Re lokela ho qoba puo ea mofuta ofe?

10 Seo re se buang se ka khothatsa ba bang kapa sa ba nyahamisa. (Bala Liproverbia 12:18.) Batho ba bangata lefatšeng lena la Satane ba sebelisa mantsoe a hlabang joaloka “motsu” kapa “sabole” hobane ba batla ho utloisa ba bang bohloko. (Pesaleme ea 64:3) Boholo ba bona ba ithutile ho bua ka tsela ena lifiliming le mananeong a thelevishene ao ba a shebellang. Empa Bakreste ha baa lokela ho bua ka tsela e hlokang mosa, esita le haeba ba soasoa. Metlae e ea tšehisa ebile e ka natefisa seo re se buang. Empa ha rea lokela ho soma ba bang kapa ho bua lintho tse tla ba soabisa hobane re batla hore ba bang ba tšehe. Bibele e laela Bakreste hore ba se ke ba sebelisa “puo e nyefolang.” E boetse e re: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.”—Baefese 4:29, 31.

11. Ke’ng e ka re susumelletsang ho khetha mantsoe ka hloko ha re bua le ba bang?

11 Jesu o ile a re “molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Matheu 12:34) Sena se bolela hore lintho tseo re li buang li senola kamoo re ikutloang kateng. Kahoo, haeba re rata batho ’me re ba tsotella e le kannete, re tla khetha mantsoe ka hloko ha re bua le bona. Re tla bua lintho tse hahang le tse khothatsang.

12. Ke’ng e ka re thusang hore re khethe mantsoe ka hloko?

12 Motho o lokela ho etsa boiteko e le hore a khethe mantsoe ka hloko. Le hoja Morena Solomone a ne a le bohlale, o ile “a nahanisisa le ho hlahlobisisa” lintho, e le hore a ngole lintlha tse nepahetseng tseo batho ba ka thabelang ho li bala. (Moeklesia 12:9, 10) Ke’ng e ka re thusang hore re tsebe seo re lokelang ho se bua? Ho bala Bibele le lingoliloeng tsa rōna ho ka re thusa hore re fumane litsela tse ling tsa ho itlhalosa. Re ka batlisisa moelelo oa mantsoe ao re sa a utloisiseng. Re ka boela ra hlahloba mohlala oa Jesu e le hore re ithute kamoo re ka buang le ba bang ka tsela e khothatsang. O ne a tseba hantle seo a lokelang ho se bua, kaha Jehova o ne a mo rutile hore a “tsebe ho araba ea khathetseng.” (Esaia 50:4) Re boetse re lokela ho nahana hore na mantsoe a rōna a tla ama ba bang joang. (Jakobo 1:19) Re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ha ke beha taba ka tsela ee, motho o tla utloisisa seo ke lekang ho mo bolella sona? O tla ikutloa joang?’

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho bua ka tsela e utloisisehang habonolo?

13 Iseraeleng, ho ne ho sebelisoa melumo e sa tšoaneng ea terompeta ho fana ka temoso. Molumo o mong o ne o lemosa batho hore ba lokela ho bokana. O mong o lemosa masole hore a lokela ho hlasela. U ka inahanela hore na ho ne ho ka etsahala’ng haeba molumo o lemosang masole o sa hlaka! Bibele e tšoantša molumo o hlakileng oa terompeta le mantsoe a utloisisehang habonolo. Haeba re sa hlalose lintho ka ho hlaka, batho ba ka ’na ba ferekana kapa ba lumela ntho eo e seng ’nete. Le hoja re batla ho itlhalosa ka tsela e hlakileng, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra bua le ba bang ka tsela e hlabang kapa e hlokang tlhompho.—Bala 1 Bakorinthe 14:8, 9.

14. Ke mohlala ofe o bontšang hore Jesu o ne a sebelisa mantsoe a utloisisehang habonolo?

14 Matheu khaolo ea 5 ho ea ho 7 e re bontša mohlala o motle oa kamoo Jesu a neng a sebelisa mantsoe a utloisisehang habonolo kateng. Ha a fana ka puo eo, ha aa ka a sebelisa mantsoe a thata kapa a sa hlokahaleng e le hore a leke ho khahla batho. Ebile ha aa ka a bua lintho tse utloisang ba bang bohloko. Jesu o ile a ruta lithuto tsa bohlokoa tse tebileng, empa a li ruta ka tsela e bonolo. Ka mohlala, Jesu o ne a batla ho tiisetsa barutuoa ba hae hore ba se ke ba tšoenyeha ka hore na ba tla ja’ng letsatsi ka leng. Kahoo o ile a ba bolella hore Jehova o fepa linonyana. A ntan’o ba botsa a re: “Na ha le ba bohlokoa ho li feta?” (Matheu 6:26) Ka mantsoe ao a bonolo, Jesu o ile a ba thusa ho utloisisa thuto ea bohlokoa ’me a ba khothatsa.

RE LOKELA HO BUA LE BA BANG JOANG?

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho bua le ba bang ka tsela e mosa?

15 Tsela eo re buang le ba bang ka eona ke ea bohlokoa. Batho ba ne ba thabela ho mamela Jesu hobane o ne a bua le bona ka tsela e mosa. (Luka 4:22) Ha re bua le batho ka tsela e mosa, ba ka ’na ba thabela ho re mamela ’me ba amohela seo re se buang. (Liproverbia 25:15) Re tla nolofalloa ho bua le batho ka tsela e mosa haeba re ba hlompha re bile re nahanela maikutlo a bona. Ke sona seo Jesu a ileng a se etsa. Ka mohlala, ha a bona bongata bo ikitlaelletsa ho mo mamela, o ile a ithaopela ho qeta nako a bo ruta. (Mareka 6:34) Esita le ha batho ba mo hlapaola, Jesu ha aa ka a iphetetsa ka ho ba hlapaola.—1 Petrose 2:23.

16, 17. (a) Re ka etsisa Jesu joang ha re bua le ba malapa a rōna le metsoalle? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Morali’abo rōna e mong o ile a finyella molemo ofe ka hore a bue ka tsela e mosa?

16 Le hoja re rata ba malapa a rōna le metsoalle, re ka ’na ra bua le bona ka tsela e hlokang mosa hobane re ba tloaetse. Re ka ’na ra nka hore ha ho hlokahale hore re be hlokolosi ha re bua le bona. Empa ha ho mohla Jesu a kileng a khahlapetsa barutuoa ba hae. Ha barutuoa ba bang ba ngangisana ka hore na ke mang e moholo har’a bona, o ile a ba khalemela ka mosa ’me a ba etsetsa mohlala ka ngoana e monyenyane ho ba thusa hore ba lokise tsela eo ba nahanang ka eona. (Mareka 9:33-37) Baholo ba ka etsisa mohlala oa Jesu ka hore ba eletse ba bang ka mosa.—Bagalata 6:1.

17 Esita le haeba motho a bua ntho e re utloisang bohloko, e ka ba hantle hore re mo arabe ka mosa. (Liproverbia 15:1) Ka mohlala, morali’abo rōna e mong ea se nang molekane o ne a e-na le mora ea etsang lintho tse tsoileng tseleng, ha ka nako e tšoanang a etsa eka o ntse a sebeletsa Jehova. Morali’abo rōna e mong ka phuthehong o ile a re ho ’mè eo: “Ke hampe hore ebe o hlōlehile ho koetlisa ngoana oa hao.” ’Mè eo o ile a inahana, eaba o re: “Ke ’nete hore lintho ha li tsamaee hantle hona joale, empa ke ntse ke leka ho mo koetlisa. Ha re bue ka taba ena ka mor’a Armagedone, ’me ka nako eo ’nete e tla hlaka.” Kaha ’mè eo o ile a lula a khobile matšoafo ’me a araba morali’abo rōna ka mosa, ba ile ba tsoela pele e le metsoalle. Mora o ne a ntse a ba mametse, ’me a hlokomela hore ’mè oa hae o na le tšepo ea hore o tla fetoha. Kahoo, o ile a khaotsa ho tsamaea le metsoalle e mebe, a kolobetsoa ’me hamorao a ea Bethele. Ebang re bua le barab’abo rōna, ba malapa a rōna, kapa batho bao re sa ba tsebeng, seo re se buang kamehla e lokela ho ba “se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai.”—Bakolose 4:6.

18. Re ka latela mohlala oa Jesu joang ha re bua le bang?

18 Ha e le hantle, bokhoni ba ho bolella ba bang seo re se nahanang le tsela eo re ikutloang ka eona, ke mpho e babatsehang e tsoang ho Jehova. Haeba re latela mohlala oa Jesu, re tla khetha nako e loketseng ea ho bua, re be hlokolosi hore na re bua eng ’me kamehla re bue le ba bang ka tsela e mosa. Kahoo, a re bueng ka tsela e khothatsang le e thabisang Jehova.