Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bontša Hore U Ananela ho Fana ha Jehova

Bontša Hore U Ananela ho Fana ha Jehova

JEHOVA ke Molimo ea seatla se bulehileng. (Jakobo 1:17) Re bona sena ha re sheba lintho tsohle tseo a li bōpileng. O entse sepakapaka se e-na le linaleli tse ngata, ’me a koahela lefatše ka limela tse ntle.—Pesaleme ea 65:12, 13; 147:7, 8; 148:3, 4.

Mongoli oa Pesaleme ea 104 o ne a ananela lintho tsohle tseo Jehova a li bōpileng, hoo a ileng a mo rorisa ka pina. Ha u bala pesaleme eo, na u ananela pōpo ea Jehova joaloka mopesaleme? O ile a re: “Ke tla binela Jehova bophelong bohle ba ka; ke tla binela Molimo oa ka lipina tsa thoriso hafeela ke ntse ke le teng.” (Pesaleme ea 104:33) Na le uena u batla ho etsa se tšoanang?

MPHO E KHŌLŌ KA HO FETISISA EO A FANENG KA EONA

Jehova o batla hore re fane ka seatla se bulehileng joaloka eena. ’Me o re fa mabaka a utloahalang a ho etsa joalo. O ile a bululela moapostola Pauluse hore a ngole a re: “Fana ka litaelo ho ba ruileng tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa, le hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele; hore ba sebetse se molemo, hore ba rue mesebetsing e metle, hore ba be seatla se bulehileng, ba itokisetse ho arolelana, ba ipolokele ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.”—1 Timothea 6:17-19.

Lengolong la hae la bobeli le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a hlalosa hore na re lokela ho ba le sepheo sefe ha re fa ba bang. O ile a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakorinthe 9:7) Ke mang ea ruang molemo ha re fana ka seatla se bulehileng? Pauluse o ile a re re thusa ba bang ha re ba fa seo ba se hlokang, empa le rōna re rua molemo ha re etsa joalo hobane Jehova o tla re hlohonolofatsa.—2 Bakorinthe 9:11-14.

Ka mor’a moo, Pauluse o ile a bua ka mpho e khōlō ka ho fetisisa e bontšang hore Molimo o fana ka seatla se bulehileng, ha a re: “Ho lebohuoe Molimo bakeng sa mpho ea hae e ke keng ea hlalosoa e sa lefelloeng.” (2 Bakorinthe 9:15) ‘Mpho e sa lefelloeng’ eo Jehova a faneng ka eona e akarelletsa lintho tsohle tse molemo tseo a re fang tsona ka Jesu Kreste. Mpho ena ke ea bohlokoa hoo re haelloang ke mantsoe a ho e hlalosa.

Re ka bontša joang hore re ananela sohle seo Jehova le Jesu ba re etselitseng sona le seo ba tla re etsetsa sona? Tsela e ’ngoe ke ka ho fana ka nako, matla le thepa ea rōna ka seatla se bulehileng borapeling ba Jehova le ho thusa ba bang hore ba ithute ka eena. Re ka etsa sena ebang re na le ho hongata kapa ho seng hokae.—1 Likronike 22:14; 29:3-5; Luka 21:1-4.