Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Tla U Tšehetsa

Jehova o Tla U Tšehetsa

“Jehova o tla mo tšehetsa holim’a setulo sa hae se kang moalo sa ho kula.”—PESALEME EA 41:3.

LIPINA: 23, 138

1, 2. Nakong e fetileng Molimo o ile a etsa’ng, hona ha motho a kula a ka ’na a ipotsa eng?

HAEBA u kile ua kula haholo, mohlomong u ile ua ipotsa: ‘Na ke tla fola tjee?’ Kapa mohlomong e mong oa lelapa kapa motsoalle o oa kula, ’me u ua ipotsa hore na o tla ke a fole. Ka tlhaho re batla ho phela hantle le hore batho bao re ba ratang le bona ba phele hantle. Ka Bibeleng, re bala ka batho ba bang ba ileng ba batla ho tseba hore na ba tla fola. Ka mohlala, Morena Akazia, mora oa Akabe le Jezebele o ile a lemala ’me a ipotsa hore na o tla ke a fole. Hamorao, ha Morena Ben-hadade oa Syria a kula o ile a botsa hore na o tla ke a hlaphoheloe.—2 Marena 1:2; 8:7, 8.

2 Bibele e boetse e re bolella hore nakong e fetileng, Jehova o ile a folisa batho ba bang ka mohlolo a ba a sebelisa baprofeta ba hae ho tsosa bafu. (1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:17-20, 32-35) Batho ba bang ba kulang kajeno baa ipotsa hore na ebe Molimo o tla ba thusa hore ba fole.

3-5. Jehova le Jesu ba ka etsa’ng, hona re tlil’o tšohla lipotso life?

3 Jehova a ka etsa hore batho ba kule kapa a ba folisa. O ile a otla ba bang ka boloetse, joaloka Faro oa mehleng ea Abrahama le khaitseli ea Moshe, Miriame. (Genese 12:17; Numere 12:9, 10; 2 Samuele 24:15) O ile a boela a otla Baiseraele ka ‘boloetse le likotlo’ tse ling ha ba ne ba sa tšepahale ho eena. (Deuteronoma 28:58-61) Ka linako tse ling, Jehova o ne a sireletsa batho ba hae hore ba se ke ba kula. (Exoda 23:25; Deuteronoma 7:15) O ile a folisa ba bang. Ka mohlala, o ile a folisa Jobo ha a ne a kula haholo hoo a neng a lakatsa ho shoa.—Jobo 2:7; 3:11-13; 42:10, 16.

4 Re kholisehile hore Jehova o na le matla a ho folisa ba kulang. Jesu le eena o na le matla a ho ba folisa. Ha a le lefatšeng, o ile a folisa batho ba tšoeroeng ke maloetse a kang lepera le sethoathoa. A folisa ba foufetseng le ba holofetseng. (Bala Matheu 4:23, 24; Johanne 9:1-7) Mehlolo eo e re thusa hore re lebelle ka tjantjello lintho tseo Jesu a tla li etsa lefatšeng le lecha. Ka nako eo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24.

5 Empa na re ka lebella hore Jehova kapa Jesu ba re folise ka mohlolo ha re kula hona joale? Hona re lokela ho nahana ka eng ha re khetha phekolo?

TŠEPA JEHOVA HA U KULA

6. Bibele e ile ea re’ng ka mehlolo eo Bakreste ba mehleng ea baapostola ba neng ba e etsa?

6 Mehleng ea baapostola, Jehova o ile a tlotsa Bakreste ka moea oa hae o halalelang ’me a fa ba bang matla a ho etsa mehlolo. (Liketso 3:2-7; 9:36-42) Ka mohlala, ba ne ba khona ho folisa batho le ho bua lipuo tse sa tšoaneng. (1 Bakorinthe 12:4-11) Empa hamorao mehlolo eo e ile ea khaotsa, feela joalokaha Bibele e ne e boletse. (1 Bakorinthe 13:8) Kahoo, kajeno re ke ke ra lebella hore Molimo a re folise ka mohlolo hammoho le baratuoa ba rōna.

Jehova o tseba hantle hore na ke’ng se tšoenyang bahlanka ba hae ’me ha a lebale botšepehi ba bona

7. Pesaleme ea 41:3 e re khothatsa joang?

7 Empa haeba u ua kula, Jehova o tla u tšehetsa, joalokaha a ile a tšehetsa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng. Morena Davida o ile a ngola, a re: “Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase; Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi. Jehova o tla mo lebela ’me a mo boloke a phela.” (Pesaleme ea 41:1, 2) Davida o ne a sa bolele hore motho ea lokileng ea neng a nahanela ba tlaase ka nako eo, a ke ke a shoa. Joale Jehova o ne a tla thusa motho eo ea lokileng joang? Davida o ile a re: “Jehova o tla mo tšehetsa holim’a setulo sa hae se kang moalo sa ho kula; ka sebele u tla fetola liphate tsohle tsa hae nakong ea boloetse ba hae.” (Pesaleme ea 41:3) Jehova o tseba hantle hore na ke’ng se tšoenyang bahlanka ba hae ’me ha a ba lebale. O ba fa sebete le bohlale. Jehova o boetse o bōpile motho ka tsela eo ka eona ’mele oa hae o ka khonang ho ipholisa.

8. Pesaleme ea 41:4 e re Davida o ile a kōpa eng ho Jehova ha a kula?

8 Ho Pesaleme ea 41, Davida o boetse o re bolella ka nako eo ka eona a neng a kula haholo, a nyahame a bile a tšoenyehile. Ho bonahala eka ka nako eo, mora oa hae Absalome o ne a leka ho mo theola boreneng. Davida o ne a kula hoo a neng a sa khone ho mo thiba. O ne a tseba hore o hlaheloa ke mathata ao ka lebaka la sebe sa hae le Bathe-sheba. (2 Samuele 12:7-14) Kahoo, o ile a etsa’ng? O ile a rapela, a re: “Jehova, u mpontše mohau. U folise moea oa ka, etsoe ke u sitetsoe.” (Pesaleme ea 41:4) Davida o ne a tseba hore Jehova o mo tšoaretse ’me a tšepile hore o tla mo thusa ha a kula. Empa na Davida o ne a lebeletse hore Jehova a mo folise ka mohlolo?

9. (a) Jehova o ile a thusa Morena Ezekiase joang? (b) Davida o ne a lebeletse eng ho Jehova?

9 Ke ’nete hore ka linako tse ling, Molimo o ile a khetha ho folisa batho. Ka mohlala, ha Morena Ezekiase a ne a kulela lefu, Jehova o ile a mo folisa. Ezekiase o ile a phela lilemo tse ling tse 15. (2 Marena 20:1-6) Empa Davida o ne a sa lebella ho folisoa ka mohlolo. Ho e-na le hoo, o ne a lebeletse hore Molimo a mo thuse feela joalokaha a thusa leha e le mang “ea nahanelang motho ea tlaase.” Davida o ne a e-na le kamano e ntle le Jehova, ke kahoo a ileng a kōpa hore a mo tšehetse le ho mo hlokomela ha a kula. O ile a boela a kōpa hore a hlaphoheloe. Le rōna ka ho tšoanang, re ka kōpa Jehova hore a re thuse.—Pesaleme ea 103:3.

10. Ke’ng se ileng sa etsahala ka Trofimase le Epafroditase, hona see se re ruta’ng?

10 Mehleng ea baapostola, hase Bakreste bohle ba neng ba folisoa ka mohlolo, le hoja Pauluse le ba bang ba ne ba khona ho folisa. (Bala Liketso 14:8-10.) Moapostola Pauluse o ile a folisa ntate oa Pabliase, ea neng a tšoeroe ke feberu le mala. Pauluse ‘o ile a rapela, a mo beha matsoho ’me a mo folisa.’ (Liketso 28:8) Empa Pauluse ha aa ka a folisa batho bohle. Motsoalle oa hae e mong ea bitsoang Trofimase, o ile a tsamaea le eena leetong la hae la boromuoa. (Liketso 20:3-5, 22; 21:29) Trofimase o ile a kula, empa Pauluse ha aa ka a mo folisa. Kahoo, Trofimase o ile a tlameha ho sala Miletase e le hore a ikoke. (2 Timothea 4:20) Motsoalle e mong oa Pauluse, e leng Epafroditase le eena o ile a kula haholo. Empa Bibele ha e re Pauluse o ile a mo folisa.—Bafilipi 2:25-27, 30.

U LOKELA HO AMOHELA KELETSO E JOANG?

11, 12. Re tseba eng ka Luka, ’me e ka ’na eaba o ile a thusa Pauluse joang?

11 Luka e ne e le ngaka, ’me a tsamaea le Pauluse. (Liketso 16:10-12; 20:5, 6; Bakolose 4:14) Mohlomong o ne a thusa Pauluse le ba bang ha ba kula ha ba le maetong a boromuoa. (Bagalata 4:13) Joalokaha Jesu a ile a bontša, “ba kulang” ba hloka ngaka.—Luka 5:31.

Re lokela ho ba hlokolosi ha motho a re eletsa hore re sebelise phekolo e itseng

12 Luka e ne e se motho feela ea ratang ho eletsa ba bang ka tsa bophelo bo botle. O ne a ithutetse bongaka. Bibele ha e re bolelle hore na o ne a ithutetse bona hokae hona neng. Empa e re bolella hore Pauluse o ile a fetisetsa litumeliso tsa Luka ho Bakolose. Kahoo, e ka ’na eaba Luka o ne a ithutetse bongaka Laodisia, e haufi le Kolose. Ho feta moo, Luka o ile a sebelisa mantsoe a bongaka ha a ngola Kosepele ea hae le buka ea Liketso. Kaha e ne e le ngaka o ile a tlaleha liketsahalo tse ngata tsa ha Jesu a ne a folisa batho.

13. Ke’ng seo re lokelang ho se hopola pele re eletsa ba bang kapa re amohela keletso litabeng tsa phekolo?

13 Kajeno, ha ho na barab’abo rōna ba ka etsang mehlolo esita le ho re folisa. Empa kaha ba batla ho re thusa, ba bang ba ka ’na ba re fa keletso le hoja re sa ba kōpa. Ke ’nete hore likeletso tse ling ha li kotsi. Ka mohlala, Pauluse o ile a eletsa Timothea hore a noe veine e seng kae. Timothea o ne a e-na le bothata ba mala, mohlomong ka lebaka la metsi a sa hloekang. * (Sheba naletsana.) (Bala 1 Timothea 5:23.) Re lokela ho ba hlokolosi. Mor’abo rōna a ka ’na a re khothalletsa hore re sebelise pheko e itseng kapa hore re je lijo tse itseng esita le ho qoba tse itseng. A ka ’na a re bolella hore pheko eo e thusitse e mong ka lapeng la hae ea neng a e-na le bothata bo tšoanang. Empa sena hase bolele hore le rōna e tla re thusa. Re lokela ho hopola hore le haeba pheko eo e thusitse batho ba bangata, e ntse e ka ba le mathata.—Bala Liproverbia 27:12.

E-BA LE TEMOHO

14, 15. (a) Re lokela ho ba hlokolosi ka batho ba mofuta ofe? (b) Re ithuta’ng ho Liproverbia 14:15?

14 Kaofela re batla ho phela hantle e le hore re thabele bophelo ’me re sebeletse Jehova. Empa ha rea phethahala, kahoo re ke ke ra qoba ho kula. Ho na le mekhoa e mengata ea phekolo eo re ka khethang ho eona ha re kula. Ka bomalimabe, batho ba bang le lik’hamphani tse ling ba re ba fumane pheko e ka folisang maloetse a rōna. Ba bua sena hobane ba batla ho etsa chelete. Ba ka ’na ba re batho ba bangata ba sebelisitse pheko eo ’me e ba thusitse. Haeba re kula, re ka ’na ra ikemisetsa ho etsa ntho leha e le efe e ka re folisang ’me ea lelefatsa bophelo ba rōna. Empa ha rea lokela ho lebala keletso e ka Lentsoeng la Molimo, e reng: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.”—Liproverbia 14:15.

Re lokela ho ba le temoho ’me re khethe ka hloko hore na re lumela eng

15 Haeba re le masene, re tla khetha ka hloko hore na re lumela eng, haholo haeba motho ea re eletsang a sa fumana koetliso e nepahetseng. Re ka ipotsa: ‘O re ho noa litlhare tsena le ho ja lijo tsena ho thusitse batho, empa na ke kholisehile hore seo ke ’nete? Le haeba li thusitse ba bang, ke tseba joang hore li tla nthusa? Na ho hlokahala hore ke etse lipatlisiso ’me ke buisane le motho ea koetlisitsoeng ea ka nthusang ka boloetse ba ka?’—Deuteronoma 17:6.

16. Re lokela ho nahana ka eng ha re khetha phekolo?

16 Ha re etsa qeto ea hore na re etsa teko efe kapa re khetha phekolo efe, re lokela ho e etsa ka kelello e hlaphohileng, kapa re be le temoho. (Tite 2:12) Sena ke sa bohlokoa le ho feta haeba ho bonahala eka ho etsoa teko kapa ho fanoa ka phekolo e sa tloaelehang. Na motho ea reng ke etse teko kapa ke sebelise phekolo e itseng a ka hlalosa hore na e sebetsa joang? Na tlhaloso ea hae e ea utloahala? Na lingaka tse ngata li lumellana le hore teko kapa pheko ee e ea sebetsa? (Liproverbia 22:29) Mohlomong motho e mong o re bolella ka pheko e fumanoeng sebakeng se seng, eo lingaka li e-s’o tsebe ka eona. Empa na ho na le bopaki bo bontšang hore pheko e joalo e teng? Ba bang ba ka ’na ba u khothalletsa ho sebelisa litlhare tse entsoeng ka motsoako o sa tsebahaleng kapa pheko e sebelisang matla a sa tsejoeng. Sena se ka ba kotsi haholo. Re lokela ho hopola hore Molimo o re lemosa hore re se ke ra sebelisa boloi kapa boselamose.—Deuteronoma 18:10-12; Esaia 1:13.

“BOPHELO BO BOTLE HO LŌNA!”

17. Ke takatso efe eo ka tlhaho re nang le eona?

17 Sehlopha se busang sa mehleng ea baapostola se ile sa ngolla barab’abo rōna lengolo liphuthehong, ho ba hlokomelisa lintho tseo ba lokelang ho li qoba. Se ile sa phethela lengolo leo ka ho re: “Haeba le phema lintho tsena, le tla atleha. Bophelo bo botle ho lōna!” (Liketso 15:29) Le hoja mantsoe ao a qetellang e le tsela e ’ngoe feela ea hore ba sale hantle, a re hopotsa hore ka tlhaho re batla ho phela hantle.

Le hoja re batla ho phela hantle, re lokela ho ameha ka ho sebeletsa Jehova (Sheba serapa sa 17)

18, 19. Re ka lebella eng lefatšeng le lecha?

18 Re ke ke ra qoba ho kula, kaha ha rea phethahala. ’Me ha re kula, ha rea lebella hore Jehova a re folise ka mohlolo. Empa re ka lebella hore nakong e tlang Molimo o tla re folisa ka ho feletseng. Ho Tšenolo 22:1, 2, moapostola Johanne o ile a bua ka “metsi a bophelo” le “lifate tsa bophelo” tse tla phekola batho bohle. O ne a sa bue ka litlhare tseo re ka li noang hona joale kapa lefatšeng le lecha ho iphekola. Ho e-na le hoo, o ne a bua ka lintho tsohle tseo Jehova le Jesu ba tla li etsa e le hore re phele ka ho sa feleng.—Esaia 35:5, 6.

19 Re lebeletse ka tjantjello e khōlō nako eo e thabisang. Empa re kholisehile hore Jehova o oa re rata ’me o oa tseba hore na re ikutloa joang ha re na le mathata. Joaloka Davida, re kholisehile hore Jehova ha a na ho re lahla ha re kula. O tla lula a hlokomela bahlanka ba hae ba tšepahalang.—Pesaleme ea 41:12.

^ ser. 13 Buka ea The Origins and Ancient History of Wine e re bo-rasaense ba fumane hore veine e bolaea thaefote le likokoana-hloko tse ling tse kotsi.