Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo Lefu la Jesu le ka U Pholosang

Kamoo Lefu la Jesu le ka U Pholosang

LILEMO tse ka bang 2 000 tse fetileng ka Paseka ea Bajuda selemong sa 33 C.E., monna ea se nang molato o ile a shoa e le hore ba bang ba ka phela. Monna eo ke mang? Ke Jesu oa Nazaretha. Ke bo-mang ba tla rua molemo ketsong eo e babatsehang? Ke moloko oohle oa batho. Temana e tsebahalang ea Bibele e bua ka sehlabelo seo se pholosang bophelo ka mantsoe a makhutšoanyane, e re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

Le hoja ba bangata ba tseba lengolo lena, ke ba fokolang feela ba utloisisang hore na le bolela eng. Ba ipotsa potso ena: ‘Ke hobane’ng ha re hloka sehlabelo sa Kreste? Lefu la motho a le mong le ka thusa batho joang hore ba se ke ba shoella ruri?’ Bibele e araba lipotso tsena ka tsela e hlakileng le e khotsofatsang.

Se Entseng Hore Lefu le Buse Batho

Batho ba bang ba lumela hore batho ba bōpetsoe ho phela nako e khutšoanyane mona lefatšeng, ba be le mathata, ba thabe ka nako e seng kae, ebe baa shoa ’me ba fetela sebakeng se thabisang. Ba nahana hore Molimo o rerile hore batho ba shoe. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ho na le lebaka le fapaneng le leo le etsang hore lefu le sohloke moloko oa batho. E re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Temana ena e bontša hore batho ba shoa ka lebaka la sebe. Leha ho le joalo, “motho a le mong” eo ka eena lefu le ileng la hlasela moloko oa batho ke mang?

The World Book Encyclopedia e re bo-rasaense ba bangata ba lumela hore batho bohle ba tsoa mohloling o le mong, ’me Bibele e bolela ka ho hlaka hore na mohloli oo ke ofe—e re ba tsoa ho “motho a le mong.” Genese 1:27 e re: “Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.” Kahoo, Bibele e re batho ba pele ba babeli e ne e le mokhabo oa pōpo ea Molimo Ea Matla ’Ohle.

Genese e re fa makolopetso a eketsehileng a bophelo ba motho ha Jehova Molimo a qeta ho bōpa motho oa pele. Re lokela ho hlokomela hore tlalehong eo eohle, Molimo ha a bue ka  lefu ntle le ha a bolela hore le tla ba teng ka lebaka la ho se mo mamele. (Genese 2:16, 17) O ne a batla hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng le letle la paradeise, ba thabile ba bile ba phetse hantle. O ne a sa batle hore ba tsofale ’me ba qetelle ba shoele. Joale ho tlile joang hore lefu le buse batho bohle?

Genese khaolo ea 3 e re bolella kamoo ka boomo batho ba pele ba babeli ba ileng ba khetha ho se mamele Jehova Molimo Ea ba Fileng Bophelo. Ka lebaka leo, Molimo o ile a phethahatsa kahlolo eo a neng a ba tsebisitse eona esale pele. O ile a re ho monna: “U lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Batho bao ba babeli ba ile ba fela ba shoa joalokaha Molimo a boletse.

Leha ho le joalo, hase batho bao ba babeli feela ba neng ba tla shoa. Ho se mamele ha bona ho ile ha felisa tšepo ea bophelo bo se nang sekoli boo bana ba bona ba ka beng ba ile ba bo phela. Jehova o ile a akarelletsa batho ba neng ba e-s’o tsoaloe morerong oa hae ha a re ho Adama le Eva: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Ha nako e ntse e e-ea, batho ba ne ba tla tlala lefatšeng ’me ba thabele bophelo bo monate ka ho fetisisa ba sa shoe. Empa ntat’a bona moholo Adama—“motho a le mong”—o ile a ba rekisa bokhobeng ba sebe, ’me ba letetsoe ke lefu feela. Moapostola Pauluse, ea tsoang lelokong la motho eo oa pele, o ile a re: “’Na ke oa nama, ke rekisitsoe tlas’a sebe.”—Baroma 7:14.

Joalokaha kajeno litlokotsebe li ka senya setšoantšo sa boleng bo phahameng haholo, ha Adama a etsa sebe o ile a senya pōpo e babatsehang ea Molimo—e leng batho. Bana ba Adama ba ile ba ba le bana, ba ba le litloholo, joalo-joalo. Ho ile ha tsoaloa meloko e latellanang, ea hōla, ea ba le bana, eaba ea shoa. Ke hobane’ng ha e shoele kaofela? Ke hobane kaofela e tsoa ho Adama. Bibele e re: “Ka tšito ea motho a le mong ba bangata ba ile ba shoa.” (Baroma 5:15) Ho kula, botsofali, ho tloaela ho etsa bobe, le lefu li bile teng kahobane Adama a ile a soetsa lelapa la hae. Kaofela ha rōna re litho tsa lelapa leo.

Lengolong leo moapostola Pauluse a ileng a le ngolla Bakreste ba Roma, o ile a bua ka boemo bo hlomolang ba batho ba baetsalibe, ho tšoana le eena, le ba loanang ntoa e sa eeng moriting le mefokolo e bakoang ke sebe. O ile a re: “Ke monna ea sōtō hakaakang! Ke mang ea tla mpholosa ’meleng ona o fetang lefung lee?” Ke potso e ntle, na ha ho joalo? Ke mang ea neng a ka  lopolla Pauluse le bohle ba batlang ho lopolloa bokhobeng ba sebe le lefu? Pauluse o ile a araba a re: “Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!” (Baroma 7:14-25) Ka sebele ’Mōpi oa rōna o lokiselitse hore Mora oa hae, Jesu Kreste, a re lopolle.

Karolo e Phethoang ke Jesu Tokisetsong ea Molimo ea ho Lopolla Batho

Jesu o ile a hlalosa karolo eo a e phethang ea ho lopolla batho bokhobeng ba sebe bo isang lefung. O itse: ‘Mor’a motho o tletse ho fana ka bophelo ba hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Matheu 20:28) Bophelo ba Jesu ke thekollo joang? Lefu la hae le re tsoela molemo joang?

Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae bakeng sa ho felisa liphello tsa sebe sa Adama

Bibele e re Jesu o ne “a se na sebe” ’me ‘a arohile ho baetsalibe.’ Bophelong bohle ba hae, Jesu o ile a boloka Molao oa Molimo ka botlalo. (Baheberu 4:15; 7:26) Kahoo, lefu la Jesu ha le tšoane le la Adama le ileng la bakoa ke sebe le ho se mamele. (Ezekiele 18:4) Ho e-na le hoo, Jesu o ile a amohela lefu le neng le sa mo tšoanela e le hore a phethe thato ea Ntate oa hae ea ho lopolla batho sebeng le lefung. Joalokaha ho se ho boletsoe, ka boithatelo Jesu o ile a tlela ‘ho fana ka bophelo ba hae hore e be thekollo.’ A susumetsoa ke lerato leo ho seng le kileng la tšoana le lona, Jesu ka boithatelo o ile a “latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong.”—Baheberu 2:9.

Bophelo boo Jesu a ileng a bo tela bo ne bo lekana hantle le bophelo boo Adama a ileng a bo lahla ha a etsa sebe. Lefu la Jesu le bile le phello efe? Jehova o ile a amohela sehlabelo seo “e le thekollo e lekanang bakeng sa bohle.” (1 Timothea 2:6) Ha e le hantle, Molimo o ile a rekolla kapa a lopolla batho bokhobeng ba sebe le lefu ka bophelo ba Jesu.

Khafetsa Bibele e bua ka lerato lena le leholo ka ho fetisisa leo ’Mōpi oa motho a le bontšitseng. Pauluse o ile a hopotsa Bakreste hore ‘ba ile ba rekoa ka theko.’ (1 Bakorinthe 6:20; 7:23) Petrose o ile a re Molimo ha aa ka a sebelisa khauta le silevera, empa o sebelisitse mali a Mora oa hae ho lopolla Bakreste bophelong bo neng bo tla fella ka lefu. (1 Petrose 1:18, 19) Ka sehlabelo sa Kreste sa thekollo, Jehova o ile a lokisetsa ho lopolla batho hore ba se ke ba shoella ruri.

Thekollo ea Kreste e ka U Tsoela Molemo Joang?

Ha moapostola Johanne a bontša kamoo melemo ea thekollo ea Kreste e leng meholo kateng, o ile a re: “[Jesu Kreste] ke sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna, empa leha ho le joalo eseng bakeng sa tsa rōna feela empa le bakeng sa tsa lefatše lohle.” (1 Johanne 2:2) Sehlabelo sa Kreste sa thekollo se entsoe molemong oa batho bohle. Na see se bolela hore e mong le e mong a ka rua molemo sehlabelong see a phuthile matsoho? Che. Hopola se etsahetseng ha ho pholosoa batho ba boletsoeng sehloohong se fetileng. Ba neng ba leka ho pholosa basebetsi bao ba qabeletsoeng ka maeneng ba ile ba theolela sefe e motopo moo ba  leng teng, empa ho ile ha hlokahala hore monna e mong le e mong a kene ka har’a sefe eo. Ka ho tšoanang, ba batlang ho rua molemo sehlabelong sa Kreste sa thekollo ba ke ke ba phutha matsoho eaba ba letela hore Molimo a ba hlohonolofatse. Ho hlokahala hore ba nke khato.

Molimo o batla hore re nke khato efe? Johanne 3:36 e re: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, empa khalefo ea Molimo e sala holim’a hae.” Molimo o batla hore re be le tumelo sehlabelong sa Kreste. Ho boetse ho na le seo re lokelang ho se etsa. “Ka sena re na le tsebo ea hore [re tseba Jesu], e leng, haeba re tsoela pele ho boloka litaelo tsa hae.” (1 Johanne 2:3) Kahoo, ho hlakile hore ke habohlokoa hore re be le tumelo sehlabelong sa Kreste sa thekollo ’me re boloke litaelo tsa Kreste e le hore re lopolloe sebeng le lefung.

Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo re ka bontšang tumelo ka eona sehlabelong sa Jesu sa thekollo ke ho ananela lefu la hae ka ho ikhopotsa lona, joalokaha a laetse. Pele ho lefu la hae, Jesu o ile a theha sejo sa tšoantšetso le baapostola ba hae ba tšepahalang, eaba o re ho bona: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Lipaki Tsa Jehova li nka botsoalle ba tsona le Mora oa Molimo e le ba bohlokoa, ’me li boloka taelo eo. Selemong sena, Sehopotso sa lefu la Jesu Kreste se tla tšoaroa ka Moqebelo oa la 22 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Re u mema ka mofuthu hore u mamele taelo eo ea Jesu ka hore u be teng sebokeng seo se khethehileng. Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li tla u bolella hore na se tla tšoaroa ka nako mang, le hore na se tla tšoareloa hokae. Ha u ile Sehopotsong u tla ithuta lintho tse ngata mabapi le hore na ho hlokahala hore u etse eng e le hore sehlabelo sa Kreste sa thekollo se ka u lopolla sebeng sa Adama se isang lefung.

Kajeno, ke batho ba seng bakae ba utloisisang ka ho feletseng hore na ’Mōpi oa bona le Mora oa hae ba entse sehlabelo se sekaakang hore ba ba lopolle timetsong. Ba bontšang tumelo ho sona ba thabile ka ho khethehileng. Moapostola Petrose o ile a bua ka Bakreste-’moho le eena, a re: “Le bontša tumelo ho [Jesu] ’me le thaba haholo ka thabo e ke keng ea hlalosoa le e tlotlisitsoeng, ha le ntse le amohela pheletso ea tumelo ea lōna, e leng poloko ea meea ea lōna.” (1 Petrose 1:8, 9) Ka ho rata Jesu Kreste le ho ba le tumelo sehlabelong sa hae sa thekollo, u ka tlatsa bophelo ba hao ka thabo hona joale ’me ua lebella ho lopolloa sebeng le lefung.