Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Hloka Mopholosi!

Re Hloka Mopholosi!

KA TŠOHANYETSO maene oa mashala Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A., o ile oa tlala metsi a mangata. Basebetsi ba robong ba maeneng oo ba ile ba qabelloa sebakeng se omileng se botebong ba limithara tse 73 ka tlas’a lefatše. Ba ile ba tsoa ka mor’a matsatsi a mararo ba se na le mongoapo feela. Ba ile ba pholosoa joang?

Bapholosi ba bona ba ile ba thusoa ke limmapa tsa maene oo le Sathalaete eaba ba cheka mokoti oa lisenthimithara tse 65 ’me ba theolela sefe e motopo moo banna bao ba neng ba entse seqhoqho teng. Ho ile ha sebelisoa sefe eo hore basebetsi bao ba maene ba ntšoe ka bonngoe ho seo e batlileng e e-ba lebitla la bona. Kaofela ba ne ba thabile, ba imolohile ’me ba tletse teboho ha e le moo ba pholositsoe.

Boholo ba rōna ha ho mohla re tla qabelloa ka tlas’a lefatše joaloka basebetsi bao ba maene kapa re hlaheloe ke koluoa e behang bophelo ba rōna kotsing. Leha ho le joalo, kaofela ha rōna re hloka mopholosi, hobane re ke ke ra qoba masisa-pelo a bakoang ke bokuli le botsofali ’me qetellong ke lefu. Jobo, eo e neng e le hlooho ea lelapa e tšepahalang, o ile a re: “Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso. O hlahile joaloka thunthung ’me oa khaoloa, o baleha joaloka moriti ’me ha a tsoele pele a le teng.” (Jobo 14:1, 2) Kajeno, lilemo tse ka bang 3 500 hamorao, mantsoe ao e ntse e le ’nete, hobane ke mang oa rōna ea ka qobang qetello e bohloko ea bophelo—e leng lefu? Ho sa tsotellehe hore na re phela hantle hakae kapa re babaletse bophelo ba rōna hakae, ho hlokahala re pholosoe mahlomoleng, botsofaling le lefung.

Bo-rasaense le ba bang ba leka ka thata ho lelefatsa bophelo. Mokhatlo o mong o re o ikemiselitse ho “thibela seoa sa lefu la tšohanyetso” le ho “etsa hore litho tsa oona li atlehe ho thusa batho hore ba se hlole ba e-shoa.” Leha ho le joalo, hajoale saense le takatso e matla ea ho phela ha lia etsa letho le lekaalo hore batho ba phele lilemo tse fetang 70 kapa 80 tseo Moshe a li boletseng lilemong tse fetileng tse 3 500.—Pesaleme ea 90:10.

Ebang u lumellana le Jobo ha a bua ka bophelo le lefu kapa che, ntle ho pelaelo ha lilemo li ntse li feta, le uena u tla “baleha joaloka moriti,” u be hōle le metsoalle ea hao, ba lelapa, lehae la hao le tsohle tseo u li finyeletseng—ebe ua shoa. Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo o ile a re: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho, leha e le hore ba sa na le moputso, hobane ho hopoloa ha bona ho lebetsoe.”—Moeklesia 9:5.

Joalokaha Bibele e bolela, ’nete e bohloko ke hore “lefu le ile la busa e le morena,” e le ’musi ea sehlōhō oa batho. Ka sebele lefu ke sera sa ho qetela seo ho hlokahalang hore batho ba pholosoe ho sona. (Baroma 5:14; 1 Bakorinthe 15:26) Basebetsi ba maemo a tšohanyetso ba koetlisitsoeng hamolemohali le ba hlomeletsoeng hamolemohali lefatšeng ba ke ke ba u pholosa ka ho sa feleng. Empa, ’Mōpi oa motho, e leng Jehova Molimo, o lokiselitse hore u pholosoe ka ho sa feleng.