Fetela boitsebisong

 Ruta Bana ba Hao

O ne a Batla ho Thusa

O ne a Batla ho Thusa

NA HO na le motho eo u mo tsebang ea neng a kula haholo?— Na u ile ua lakatsa eka u ka mo thusa ka tsela e itseng?— Haeba ke oa naheng e ’ngoe teng kapa ke oa bolumeli bo bong? Na u ne u tla ’ne u rate ho mo thusa hore a fole?— Ngoananyana e mong ea neng a lula naheng ea Iseraele lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng o ile a etsa joalo. A re ke re bue ka se ileng sa etsahala nakong eo.

Naha ea Iseraele ea boholo-holo, e leng moo ngoanana enoa a neng a lula teng, e ne e atisa ho loana le naha ea Syria e haufi. (1 Marena 22:1) Ka letsatsi le leng Basyria ba tla Iseraele ’me ba hapa ngoananyana enoa. O isoa Syria, moo e bang lekhabunyane la mosali oa Naamane, molaoli oa lebotho la morena oa Syria. Naamane o tšoeroe ke lefu le lebe le bitsoang lepera, le ka etsang hore motho a hlephohe linama.

Ngoanana enoa oa lekhabunyane o bolella mosali oa Naamane hore na monna oa hae a ka phekoloa joang. O re: ‘Hoja Naamane a ne a le Samaria, moprofeta oa Jehova ea bitsoang Elisha o ne a tla mo folisa lepera la hae.’ Ha e le hantle tsela eo ngoanana enoa oa lekhabunyane a neng a bua ka eona ka Elisha e etsa hore Naamane a lumele hore moprofeta eo o tla hle a mo folise. Ka hona, ka tumello ea Ben-hadade, morena oa Syria, Naamane le balebeli ba bang ba nka leeto le lelelele la lik’hilomithara tse ka bang 150 ho ea batla Elisha.

Ba qala ka ho ea ho Jehorame, morena oa Iseraele. Ba mo bontša lengolo la Morena Ben-hadade le kōpelang Naamane thuso. Empa Jehorame ha a na tumelo ho Jehova le ho moprofeta Elisha. Jehorame o nahana hore Ben-hadade oa mo qholotsa. Ha Elisha a utloela ka sena, o re ho Morena Jehorame: “Ka kōpo, e-re a tle ho ’na.” Elisha o batla ho bontša matla a Molimo a ho folisa Naamane boloetse ba hae bo tšabehang.—2 Marena 5:1-8.

Ha Naamane a fihla ntlong ea Elisha ka lipere tsa hae le likoloi tsa hae tsa ntoa, Elisha o romela lenģosa hore le re ho eena: ‘U itlhatsoe ka makhetlo a supileng Nōkeng ea Jordane e le hore u fole.’ Naamane oa halefa. O lebeletse hore Elisha a tsoe ’me a tsoke letsoho la hae holim’a lepera e le hore le ka fola. Ho e-na le hoo, o bona lenģosa lena feela! Eaba Naamane o reteleha a halefile ’me o batla ho khutlela hae.—2 Marena 5:9-12.

 Ha u ne u le e mong oa bahlanka ba Naamane u ne u tla etsa joang?— Eaba bahlanka ba hae baa mo botsa ba re: ‘Haeba Elisha a ne a itse u etse ntho e thata, na u ne u ke ke ua e etsa? Joale, ke hobane’ng ha u sa etse ntho ee e bonolo—u tole ’me u hloeke?’ Naamane oa ba mamela. “Eaba oa theoha ’me o qala ho itahlela ka har’a Jordane ka makhetlo a supileng . . . , ka mor’a moo nama ea hae ea e-ba joaloka nama ea moshanyana.”

Naamane o khutlela ho Elisha ’me o re: “Bona! joale, ka sebele kea tseba hore ha ho na Molimo kae kapa kae lefatšeng haese Iseraele.” O tšepisa Elisha hore ha a sa tla hlola a “nyehela nyehelo ea secheso kapa sehlabelo ho melimo leha e le efe e meng haese ho Jehova.”—2 Marena 5:13-17.

Na u ka rata ho thusa motho e mong ho ithuta ka Jehova le ka seo a ka se etsang, joalokaha ngoananyana eo a entse?— Ha Jesu a le lefatšeng, monna ea neng a e-na le lepera o ne a lumela ho eena eaba o re: ‘Haeba u hlile u batla, u ka nthusa.’ Na ua tseba hore Jesu o ile a re’ng?— O ile a re: “Kea batla.” Eaba Jesu oa mo folisa, joalokaha Jehova a ile a folisa Naamane.—Matheu 8:2, 3.

Na u tseba litaba tsa lefatše le lecha leo Jehova a tla le bōpa leo ho lona batho bohle ba tla phela hantle ’me ba phele ka ho sa feleng?— (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4) Joale, ka sebele u lokela ho bolella ba bang lintho tsena tse babatsehang!