Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Tšaba Bafu?

Na U Tšaba Bafu?

Na U Tšaba Bafu?

BATHO ba bangata ba araba potso ena ka tsela e hlakileng, “Che. Ke ba tšabela’ng?” Ba lumela hore bafu ba fela ba shoele. Leha ho le joalo, batho ba limilione ba lumela hore leha motho a shoele, moea oa hae oona o sa ntse o phela.

Naheng ea Benin, Afrika Bophirimela, ba bangata ba lumela hore bafu ba ka khutla ho tla bolaea ba bang ba beng ka bona. Batho ba rekisa thepa ea bona kapa ba kene likolotong e le hore ba fumane chelete ea ho reka phoofolo ea ho hlabela balimo e le hore ba se ke ba halefa. Ba bang ba sebelisana le meea, e leng se akarelletsang ho lumela hore ha motho a e-shoa, moea oa hae ha o shoe le hore o ntse a ka buisana le ba phelang. Ba bang ba hlahetsoe ke lintho tse bohloko tseo ba nahanang hore li bakiloe ke meea ea bafu.

E mong oa batho ba ileng ba hlaheloa ke seo ke monna ea bitsoang Agboola, ea lulang haufi le moeli o arolang Benin le Nigeria. O re: “Ho sebelisana le meea ke bophelo ba letsatsi le letsatsi sebakeng sa heso. Ho na le moetlo oa ho hlatsoa litopo e le ho li lokisetsa ho ea sebakeng sa moea. Ke ne ke atisa ho bokella makumane a sesepa se hlatsoitseng litopo, ebe ke se tsoaka le makhasi a itseng. Ka mor’a moo, ke ne ke tlotsa motsoako oo sethunyeng seo ke tsomang ka sona, ebe ke bitsa lebitso la phoofolo eo ke batlang ho e thunya. Mekhoa e tjena e tloaelehile ’me e bonahala eka ehlile ea sebetsa. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse neng li tšosa ka ho sebelisana le meea.

“Ha bara ba ka ba babeli ba shoa ka tsela e makatsang, ke ile ka belaela hore e tlameha ebe ke lintho tsa batho. E le hore ke netefatse taba ena, ke ile ka ea bona monna-moholo e mong eo e leng nkhekhe e tummeng. O ile a re ho fela ho le joalo. Ntho e bohloko le ho feta, ke hore o ile a re bara bao ba ka ba ne ba emetse ’molai oa bona sebakeng sa meea, hore mohla a shoang, ba tl’o mo sebeletsa. Monna-moholo eo o ile a ba a re le mora oa ka oa boraro o tlil’o shoa lefu le tšoanang. Matsatsi a ’maloa hamorao, mora eo le eena o ile a shoa.”

Joale Agboola o ile a kopana le John, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea tsoang naheng ea boahisani ea Nigeria. John o ile a hlalosa boemo ba bafu a sebelisa Bibele. Tlhaloso eo e ile ea fetola bophelo ba Agboola. Le ba hao e ka bo fetola.

Na Bafu Baa Phela?

Ke mang ea ka arabang potso ee ka tsela e khotsofatsang? Ha ho na motho ea ka e arabang, ho sa tsotellehe hore na o tumme ka eng. Ho e-na le hoo, ea ka arabang potso eo ke Jehova Molimo, ’Mōpi oa lintho tsohle tse phelang “tse maholimong le tse lefatšeng . . . , lintho tse bonahalang le lintho tse sa bonahaleng.” (Bakolose 1:16) O bōpile mangeloi hore a phele sebakeng sa moea ’me a bōpa batho hore ba phele lefatšeng, hammoho le liphoofolo. (Pesaleme ea 104:4, 23, 24) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang ho sa tsotellehe hore na e hokae, e itšetlehile ka Eena. (Tšenolo 4:11) Ka hona, ak’u hlahlobe hore na Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, le re’ng ka bafu.

Motho oa pele ea ileng a bua ka lefu ke Jehova. O ile a lemosa Adama le Eva hore ba ne ba tla shoa haeba ba sa mo mamele. (Genese 2:17) Seo se ne se bolela’ng? Jehova o ile a re: “U lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Ha motho a shoele, ’mele oa bola; o khutlela lerōleng. Bophelo bo khaotsa ho ba teng.

Ka boomo, Adama le Eva ha baa ka ba mamela Molimo, ka hona, ba ile ba ahloleloa lefu. Empa ho na le motho ea ileng a shoa pele ho bona, e leng mora oa bona ea bitsoang Abele. Moholoane oa hae ea bitsoang Kaine o ile a mo bolaea. (Genese 4:8) Kaine o ne a sa tšabe hore moen’ae ea shoeleng o tla mo pokela. Ho e-na le hoo, Kaine o ne a tšohile hore na batho ba phelang ba ne ba ka ’na ba mo etsa’ng.—Genese 4:10-16.

Lilemo tse makholo hamorao, Morena Heroda o ile a ferekana ha linohe tsa linaleli li mo bolella hore “morena oa Bajuda” o ne a hlahetse sebakeng se tlas’a taolo ea hae. A ikemiselitse ho tlosa morena enoa tseleng, eo a neng a nahana hore o tla qothisana lehlokoa le eena, Heroda o ile a loha leano la ho bolaea bana bohle ba bashanyana ba Bethlehema ba lilemo li peli ho ea tlaase. Empa lengeloi le ile la lemosa Josefa hore a nke Jesu le Maria ’me a “balehele Egepeta.”—Matheu 2:1-16.

Ha Heroda a e-shoa, lengeloi le ile la bolella Josefa hore a khutlele Iseraele, “kaha ba neng ba batla moea oa ngoana e monyenyane ba shoele.” (Matheu 2:19, 20) Lengeloi leo ka bolona, e leng sebōpuoa sa moea, le ne le tseba hore Heroda a ke ke a hlola a lematsa Jesu. Josefa o ne a sa tšabe Morena Heroda ea shoeleng. Leha ho le joalo, Josefa o ne a tšaba se neng se ka etsoa ke Arkelause oa mohatelli, eo e neng e le mora oa Heroda. Kahoo, Josefa o ile a lula Galilea le lelapa la hae, e leng sebaka se neng se se tlas’a taolo ea Arkelause.—Matheu 2:22.

Litlaleho tsena li re thusa ho elelloa hore bafu ha ba na matla. Joale lintho tse bohloko tse hlahetseng Agboola le ba bang li ka hlalosoa joang?

“Bademona,” Kapa Meea e Litšila

Ha Jesu e se e le motho e moholo, o ile a kopana le meea e khopo. E ne e tseba Jesu ’me e mo bitsa “Mora oa Molimo.” Jesu le eena o ne a tseba hore na ke bo-mang. E ne e se meea ea batho ba shoeleng. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a re ke “bademona,” kapa meea e litšila.—Matheu 8:29-31; 10:8; Mareka 5:8.

Bibele e bua ka libōpuoa tsa moea tse tšepahalang ho Molimo hammoho le ka tse ileng tsa mo fetohela. Buka ea Genese e re ha Jehova a leleka Adama le Eva serapeng sa Edene ka lebaka la ho se mo mamele, o ile a beha likerubime, kapa mangeloi, ka bochabela ho serapa e le hore a thibele motho leha e le ofe ho kena serapeng. (Genese 3:24) Ho bonahala lena e ne e le lekhetlo la pele batho ba bona libōpuoa tsa moea.

Hamorao mangeloi a itseng a ile a tla lefatšeng ’me a iphetola batho. Jehova o ne a sa ka a a roma lefatšeng. Ho e-na le hoo, a ile a “furalla sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng” sa moea. (Juda 6) A ne a tlile ka morero oa boithati. A ile a nyala basali ba ileng ba tsoala moloko o tsoakaneng o ileng oa bitsoa Banefilime. Banefilime le bo-ntat’a bona ba marabele ba ile ba tlatsa lefatše ka liketso tse mabifi le ho etsa bobe bohle bo teng tlas’a letsatsi. (Genese 6:1-5) Jehova o ile a lokisa boemo bona ka ho tlisa Moroallo oa mehleng ea Noe. Metsi a moroallo a ile a felisa banna le basali ba khopo, hammoho le Banefilime bao. Empa ho ile ha etsahala’ng ka mangeloi ao?

Moroallo o ile oa a qobella hore a khutlele sebakeng sa moea. Leha ho le joalo, Jehova o ile a a thibela ho khutlela “boemong ba ’ona ba pele.” (Juda 6) Bibele e re: “Molimo . . . [ha aa ka] a tlohela ho fana ka kotlo ho mangeloi a ileng a etsa sebe, empa, ka ho a akhela Tartarase, a nehelana ka ’ona likoting tsa lefifi le letšo-letšo hore a bolokeloe kahlolo.”—2 Petrose 2:4.

Tartarase hase sebaka se itseng; ke boemo boo melahloa ena e hobosoang ho bona joalokaha eka e kentsoe chankaneng, ka ho khinoa hore e se ke ea etsa lintho tse itseng. Bademona ba ke ke ba hlola ba iphetola batho, empa ba ntse ba e-na le matla a maholo le tšusumetso likelellong tsa batho le bophelong ba bona. A ka kena bathong le liphoofolong. (Matheu 12:43-45; Luka 8:27-33) A boetse a thetsa batho ka ho itlhahisa ho bona a ikentse eka ke meea ea bafu. Hobane’ng? E le ho thibela batho ho rapela Jehova ka tsela e mo khahlisang le ho ba ferekanya mabapi le hore na ha e le hantle boemo ba bafu ke bofe.

Tsela ea ho Hlōla Tšabo

Agboola o ile a lemoha hore tlhaloso ea Bibele ka bafu le meea ea utloahala. O ile a hlokomela hore o lokela ho ithuta ka ho eketsehileng. Eaba o qala ho ithuta Bibele hammoho le libuka tse ling tse thehiloeng Bibeleng le John. Agboola o ile a tšeliseha ha a ithuta hore bara ba hae ba robetse lebitleng, ha baa emela ’molai oa bona sebakeng sa moea hore ba tl’o mo sebeletsa.—Johanne 11:11-13.

Agboola o ile a boela a lemoha hore o tla lokela ho itšoasolla ka ho feletseng mekhoeng ea ho sebelisana le meea. O ile a chesa lintho tsohle tsa hae tse amanang le meea. (Liketso 19:19) Ba bang motseng ba ne ba ile ba mo bolella hore meea e tla mo ja ka bohale. Empa Agboola o ne a sa tšoha. O ile a latela keletso e ho Baefese 6:11, 12, e reng: “Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo . . . hobane . . . re loana le . . . makhotla a moea a khopo.” Lihlomo tsena tsa ntoa li akarelletsa ’nete, ho loka, litaba tse molemo tsa khotso, tumelo le sabole ea moea, e leng Lentsoe la Molimo. Lihlomo tse joalo li tsoa ho Molimo ’me li matla!

Ha Agboola a furalla meetlo ea ho sebelisana le meea, metsoalle e meng ea hae le beng ka eena ba ile ba mo nena. Leha ho le joalo, ha a le Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova, o ile a fumana metsoalle e mecha e neng e lumela seo Bibele e se rutang.

Hona joale Agboola oa tseba hore haufinyane Jehova o tla tlosa bokhopo bohle lefatšeng ’me a thibele bademona ho etsa eng kapa eng. Qetellong, O tla ba felisa. (Tšenolo 20:1, 2, 10) Molimo o tla tsosa “bohle ba mabitleng a khopotso” hore ba tl’o phela lefatšeng mona. (Johanne 5:28, 29) Bona ba tla akarelletsa Abele, bana ba se nang molato ba ileng ba bolaoa ke Morena Heroda hammoho le batho ba bang ba limilione. Agboola o na le tumelo ea hore bara ba hae ba bararo le bona ba tla tsosoa. Batho bao o ba ratang ba hlokahetseng ba ka ’na ba e-ba palong eo. Batho bao ba tsositsoeng kaofela, ba tla fana ka bopaki ba hore ho tloha ha ba e-shoa ho fihlela ha ba tsosoa, ha ho letho leo ba neng ba le utloa—ebile ha ba tsebe le hore ba ile ba ’na ba etsetsoa mekete.

Ha ho na lebaka la hore u tšabe bafu. Ho e-na le hoo, u ka lebella ho boela u kopana le batho bao u ba ratang ba ileng ba hlokahala. Hajoale ho ka ba molemo hore u ithute Bibele e le hore u matlafatse tumelo ea hao. Tloaelana le batho ba lumelang seo Bibele e se rutang. Haeba u sa ntse u qopetsa tšebelisanong le meea, khaotsa hang-hang. Itšireletse ho bademona ka ho ‘apara lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo.’ (Baefese 6:11) Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa. Li ruta batho Bibele malapeng a bona li sa ba lefise, li sebelisa buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? *

Agboola ha a sa tšaba bafu ’me o ithutile ho hanyetsa bademona. O re: “Ha ke tsebe hore na ke mang ea bolaileng bara ba ka ba bararo. Empa haesale ke sebeletsa Jehova, ke bile le bana ba bang ba supileng. Ha ho le ea mong ea tsoang sebakeng sa meea ea ba hlokofalitseng.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 25 E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Agboola ha a sa tšaba bafu ’me o ithutile ho hanyetsa bademona

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Kaine o ne a sa tšabe hore moen’ae ea shoeleng o tla mo pokela