Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae

O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae

Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona

O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae

JONASE o ne a lakatsa eka litsebe tsa hae li ka kibana e le hore a se ke a utloa lerata lena le mo tšosang. O ne a sa tšoenngoe feela ke moea o matla o letsang meloli ha o foka pakeng tsa liropo tse tšoereng liseile; kapa hona ho tšoenngoa ke maqhubu a maholohali a neng a khahlellana maphakong a sekepe, e leng se neng se etsa hore mapolanka a sona a lle matlere. Che, lerata le neng le hlile le tšoenya Jonase e ne e le la basesisi ba sekepe, e leng motsamaisi le sehlopha sa hae, ha ba ntse ba loana ka thata hore sekepe se se ke sa teba. Jonase o ne a bona hantle hore batho bao kaofela ba mothating oa ho shoa—le hona ka lebaka la hae!

Jonase o bile maqakabetsing ao joang? O ne a entse phoso e khōlō ha a ntse a sebelisana le Molimo oa hae, Jehova. O ne a entse’ng? Na lintho li ne li se li le mpe hoo li neng li ke ke tsa hlola li loka? Ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona likarabong tsa lipotso tseo. Ka mohlala, tlaleho ea Jonase e re bontša hore esita le batho ba nang le tumelo e tiileng ba ka etsa liphoso—ebile e re bontša kamoo ba ka lokisang liphoso tsa bona kateng.

Moprofeta ea Tsoang Galilea

Hangata ha batho ba nahana ka motho ea bitsoang Jonase, ho bonahala ba sheba haholo-holo liphoso tsa hae, tse kang hore ha aa ka a mamela ka makhetlo a ’maloa kapa hore o ile a ba manganga. Empa ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ka eena. Hopola hore Jonase o ile a khethoa hore ebe moprofeta oa Jehova Molimo. Ho hang Jehova o ne a ke ke a mo khetha hore a phethe boikarabelo bo boholo hakaalo haeba a ne a sa tšepahale kapa a sa loka.

Ho 2 Marena 14:25, re fumana boitsebiso bo seng bokae mabapi le hore na Jonase o ne a tsoa hokae. O ne a tsoa Gathe-hefere, e bohōle ba lik’hilomithara tse ’nè ho tloha Nazaretha, e leng motse oo Jesu Kreste a neng a tla hōlela ho oona lilemong tse ka bang makholo a robeli hamorao. * Jonase e ile ea e-ba moprofeta nakong ea puso ea Morena Jeroboame II, ea neng a busa ’musong oa Iseraele oa meloko e leshome. E ne e se e le khale Elia a shoele; ’me mohlahlami oa hae, e leng Elisha, o ne a hlokahetse nakong ea ha ho busa ntat’a Jeroboame. Le hoja Jehova a ne a ile a sebelisa banna bao hore ba felise borapeli ba Baale, Baiseraele ba ne ba boetse ba hlahlathela ka manganga. Joale naha e ne e se e busoa ke morena ea neng “a tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova.” (2 Marena 14:24) Kahoo e tlameha ebe tšebeletso ea Jonase e ne e se bonolo ebile e se monate. Leha ho le joalo, o ile a e phetha ka botšepehi.

Leha ho le joalo, ka le leng la matsatsi Jonase o ile a tlameha ho etsa qeto e tebileng haholo. Jehova o ile a mo fa mosebetsi oo a neng a bona eka o tla mo imela haholo. Jehova o ne a re a etse’ng?

“Ema, U ee Ninive”

Jehova o ile a re ho Jonase: “Ema, u ee Ninive motseng o moholo, ’me u phatlalatse khahlanong le eona hore bobe ba bona bo nyolohetse ka pel’a ka.” (Jonase 1:2) Ha ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho ne ho bonahala eka mosebetsi oo o boima. Ninive e ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 800 ka bochabela, e leng leeto leo motho a neng a ka nka khoeli kaofela a tsamaea ka maoto. Leha le ho joalo, e ka ’na eaba mathata ao a neng a tla kopana le oona leetong leo e ne e se letho ha a bapisoa le se larileng kapele. Jonase o ne a lokela ho isa molaetsa oa kahlolo ea Jehova ho Baassyria ba neng ba lula Ninive, ba neng ba tumme hampe ka ho ba batho ba mabifi, ba bile ba le sehlōhō ka ho fetisisa. Kaha boholo ba batho ba Molimo ba ne ba sa ka ba mamela molaetsa oa Jonase, e tlameha ebe o ile a ipotsa hore na ebe bahetene ba tla mo mamela. Mohlanka a le mong feela oa Jehova o ne a ka atleha joang har’a Ninive e khōlō hakaalo, eo hamorao e neng e tla bitsoa “motse oa tšollo ea mali”?—Nahume 3:1, 7.

Mohlomong Jonase o ile a tleloa ke menahano e joalo. Empa ha re tsebe. Ntho feela eo re e tsebang ke hore o ile a tšola tlhako morong. Jehova o ne a mo laetse hore a ee ka bochabela; Jonase eena o ile a leba bophirimela, o ne a ea hōle ka ho fetisisa moo a neng a ka fihla ka bophirimela. O ile a theohela boema-kepeng ba motse oa Jopa, moo a neng a ka palama sekepe se eang Tarshishe. Litsebi tse ling li bolela hore Tarshishe e ne e le Spain. Haeba ho joalo, Jonase o ne a ea sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 3 500 ho tloha Ninive. Mohlomong ho tšela Leoatle la Mediterranean—leo mehleng eo le neng le bitsoa Leoatle le Leholo—ho ne ho ka nka selemo kaofela! Jonase o ne a hlile a ikemiselitse ho baleha mosebetsi oo Jehova a neng a mo file oona!

Na re ka nka feela hore Jonase e ne e le lekoala? Ha rea lokela ho potlakela ho etsa qeto eo. Joalokaha re tla bona, e ne e le motho ea sebete ka tsela e tsotehang. Leha ho le joalo, Jonase o ne a tšoana le mang le mang ka hore o ne a sa phethahala a bile a etsa liphoso tse ngata. (Pesaleme ea 51:5) Ke mang har’a rōna ea ka bolelang hore eena ha ho mohla a eeng a tšohe?

Ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala eka seo Molimo a reng re se etse se thata, ebile ke ntho e ke keng ea khoneha. Mohlomong re ka ba ra fumana ho le thata ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, e leng seo ho hlokahalang hore Bakreste ba se etse. (Matheu 24:14) Ho bonolo haholo hore re lebale ’nete ea bohlokoa eo Jesu a ileng a e bua, ha a re: “Lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Mareka 10:27) Haeba ka linako tse ling re ee re lebale ’nete eo, mohlomong re tla utloisisa bothata boo Jonase a neng a tobane le bona. Leha ho le joalo, liphello tsa hore Jonase a balehe e bile life?

Jehova o Khalemela Moprofeta oa Hae ea Batlang ho Itaola

Re se re ka inahanela re bona Jonase a palama sekepe, seo mohlomong e neng e le sekepe se tsamaisang thepa sa Bafoenisia. O shebile ha motsamaisi oa sekepe le basesisi ba hae ba le maphathaphathe ba lokisetsa sekepe sa bona tsela ’me se tloha koung. Mohlomong Jonase o nahana hore o chophotse kabelong eo a neng a e tšaba ka ho fetisisa ha sekepe se ntse se kenella hare-hare ho leoatle ’me lebōpo le se le sa bonahale. Empa maemo a leholimo a ile a fetoha ka ho panya ha leihlo.

Meea e matla e ile ea loebehlanya metsi a leoatle hoo le ileng la befa ka bohale bo tšabehang eaba ho ba le maqhubu a maholo hoo a neng a ka feta le tsona likepe tsa kajeno ka boholo. Ebe ho ile ha nka nako e kae pele sekepe seo sa lehong se bonahala se le senyenyane se bile se fokola, ebile eka se lahlehile lesabasabeng leo la maqhubu a kang lithabahali tse nang le likhohlo? Na ka nako eo Jonase o ne a tseba seo hamorao a ileng a se ngola—ha a re, “Jehova [ke eena ea ileng] a romela moea o moholo leoatleng, ’me ha e-ba le sefefo se matla leoatleng”? Ha re tsebe. Leha ho le joalo, o ile a bona ha basesisi bao ba qala ho ipiletsa ho melimo ea bona e fapa-fapaneng, empa o ne a tseba hore e ke ke ea ba thusa. Tlaleho ea hae e re: “Ha e le sekepe, se ne se le haufi le ho soahlamana.” (Jonase 1:4; Levitike 19:4) Empa Jonase o ne a ka rapela Molimo eo a neng a mo baleha joang?

Kaha Jonase o ne a ikutloa a se na thuso, o ile a ea karolong e ka tlaase ea sekepe eaba o fumana moo a ka robalang teng. Ha a fihla moo, o ile a ea le sephume sa boroko. * Motsamaisi o ile a fumana Jonase a robetse, a mo tsosa eaba o re a rapele molimo oa hae joalokaha batho ba bang. Kaha ba ne ba kholisehile hore sefefo sena e ne e le sa mohlolo, basesisi bao ba likepe ba ile ba lahla lotho e le hore ba bone hore na ke bo-mang har’a bona bao e ka ’nang eaba ba nkha lefotha. Ha ho potang hore Jonase o ile a tetebela maikutlo ha lotho e ntse e feta ba bang. Nakoana hamorao ’nete e ile ea hlaka. Jehova o ne a loebehlanya leoatle ka lebaka la motho a le mong, e leng Jonase, ebile o ile a etsa hore lotho e oele ho eena!—Jonase 1:5-7.

Jonase o ile a bolella basesisi bao hore na ho etsahala’ng. E ne e le mohlanka oa Molimo ea matla ’ohle, Jehova. O ne a baleha Molimo oa hae ’me o ne a mo halefisitse, ke ka hona ba neng ba le kotsing e tšabehang hakaalo. Banna bao ba ile ba haroha letsoalo; ’me Jonase o ile a bona hore ba tšohile. Ba ile ba mo botsa hore na ba mo etse’ng e le hore ba pholose sekepe le bophelo ba bona. O ile a re’ng? E tlameha ebe Jonase o ile a sehoa ke letsoalo ha a ipona a se a ntse a khangoa ke metsi a batang a leoatle le befileng. Empa ho ne ho se kamoo a neng a ka tlohela batho bao kaofela hore ba shoe lefu la mofuta oo empa a tseba hore a ka ba pholosa. Kahoo o ile a re: “Mphahamiseng ’me le ntahlele ka leoatleng, ’me leoatle le tla khutsa bakeng sa lōna; hobane kea hlokomela hore ke ka lebaka la ka sefefo sena se matla se leng holim’a lōna.”—Jonase 1:12.

Ha ho na lekoala le ka buang joalo, na le teng? E tlameha ebe Jehova o ile a thaba ha a bona Jonase a iteta sebete a bile a itela nakong eo ea mahlomola. Mona ho ile ha hlaka hore Jonase o ne a e-na le tumelo e matla. Kajeno re ka etsisa tumelo ea hae ka ho beha lintho tseo batho ba bang ba li hlokang ka pele ho tsa rōna. (Johanne 13:34, 35) Ha re bona motho a hloka, ebang ke linthong tsa nama, maikutlong, kapa moeeng, na rea itela e le hore re mo thuse? Ruri re thabisa Jehova ha re etsa joalo!

Mohlomong basesisi le bona ba ile ba hauha, hobane qalong ha baa ka ba lumellana le tlhahiso ea hae! Ho e-na le hoo, ba ile ba etsa sohle se matleng a bona hore ba fete sefefong seo, empa ho ile ha pala. Sefefo se ile sa tōta le ho feta. Ba ile ba qetella ba bone hore ha ba na boikhethelo. Eaba ba ipiletsa ho Molimo oa Jonase, Jehova, ba mo kōpa hore a ba bontše mohau, ba phahamisa monna eo, ba mo lahlela ka leoatleng.—Jonase 1:13-15.

Jonase oa Hauheloa Ebile oa Lopolloa

Jonase o ile a oela har’a maqhubu a befileng. Mohlomong ka nakoana o ile a loanela ho phaphamala holim’a metsi, eaba o bona sekepe se tsamaea ka potlako a le har’a maqhubu a loebehlaneng a entseng lefulo. Empa o ile a pupetsoa ke maqhubu a matla. Ha a ntse a tebela tlaase-tlaase o ile a felloa ke tšepo ka ho feletseng.

Hamorao Jonase o ile a hlalosa hore na ka nako eo o ile a ikutloa joang. Kelello ea hae e ile ea farasa. Ka pelo e bohloko, o ile a nahana hore ha ho mohla a tla ke a boele a bone tempele e ntle ea Jehova e neng e le Jerusalema. O ile a ikutloa ha a theohela botebong ba leoatle, haufi le moo lithaba li qalang teng, moo a ileng a thateloa ke litlamatlama tsa leoatle. Ho ne ho bonahala eka lebitla la hae le tla ba moo.—Jonase 2:2-6.

Empa ema hanyane! Ho ne ho e-na le ntho e neng e tsamaea haufi le eena—e joaloka ntho e phelang, ea tonanahali, e ntšo. E ile ea mo seohela ka tsela e tšosang. Ea ahlamisa molomo o moholohali, ea mo kometsa!

O ne a nahana hore joale ho felile ka eena. Empa Jonase o ile a lemoha ntho e ’ngoe e makatsang. O ne a sa ntse a phela! Ho hang ntho ena e ne e sa mo hlafuna kapa hona ho mo robokella, ebile o ne a sa bipetsana. Che, o ne a ntse a phela le hoja a le moo e neng e tšoanela ho ba lebitla la hae. Butle-butle Jonase o ile a hlolloa. Ha ho pelaelo hore ke Molimo oa hae, Jehova ea neng a ile “a lokisetsa hore tlhapi e khōlō e metse Jonase.” *Jonase 1:17.

Ho feta metsotso, metsotso e fetoha lihora. Ha Jonase a le lefifing leo le letšo-letšo leo ho seng mohla a kileng a le bona, o fumana nako ea ho thuisa ebile o rapela Jehova Molimo. Thapelo ea hae e tlalehiloeng ka botlalo khaolong ea bobeli ea buka ea Jonase, e fana ka lintlha tse itseng tsa bohlokoa. E bontša hore Jonase o ne a tseba Mangolo haholo, kaha khafetsa thapelong eo o ile a bua mantsoe a ileng a buuoa ho Lipesaleme. E boetse e bontša hore o ne a e-na le tšobotsi e itseng e babatsehang: e leng teboho. Jonase o ile a phetha ka ho re: “Ha e le ’na, ke tla u etsetsa sehlabelo ka lentsoe la liteboho. Seo ke itlammeng ka sona, ke tla se phetha. Poloko ke ea Jehova.”—Jonase 2:9.

Jonase o ile a ithuta hore Jehova a ka boloka mang kapa mang, kae kapa kae, neng kapa neng. Esita le ha a le moo, “likarolong tse ka hare tsa tlhapi,” Jehova o ile a fumana mohlanka oa hae ea mathateng ’me a mo pholosa. (Jonase 1:17) Ke Jehova feela ea neng a ka etsa hore motho a lule a phela ka matsatsi a mararo le masiu a mararo mpeng ea tlhapi e khōlō. Kajeno ke habohlokoa hore le rōna re hopole hore Jehova ke “Molimo eo phefumoloho ea [rōna] e leng letsohong la hae.” (Daniele 5:23) Hore ebe re teng, rea phela, ke ka lebaka la hae. Na rea mo leboha? Ka sebele seo se lokela ho re susumelletsa ho mamela Jehova.

Jonase o ile a etsa joang? Na o ile a ithuta ho leboha Jehova ka hore a mo mamele? Hantle haholo. Ka mor’a matsatsi a mararo le masiu a mararo, tlhapi eo e ile ea tlisa Jonase lebōpong moo “e ileng ea hlatsetsa Jonase naheng e omileng.” (Jonase 2:10) Ak’u inahanele—ka mor’a lintho tsena tsohle, ho ne ho sa hlokahale hore Jonase a sese ho ea lebōpong! Ke ’nete hore o ile a lokela ho ipatlela tsela ea ho tloha lebōpong leo, ho sa tsotellehe hore na le ne le le hokae. Leha ho le joalo, nakoana hamorao, ho ile ha fihla nako ea hore a bontše hore na o na le kananelo kapa che. Jonase 3:1, 2, e re: “Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho Jonase ka lekhetlo la bobeli, la re: ‘Ema, u ee Ninive motseng o moholo, ’me u phatlalatse ho eona phatlalatso eo ke u bolellang eona.’” Jonase o ne a tla etsa’ng?

Jonase ha aa ka a tsilatsila. Tlaleho e baleha tjena: “Eaba Jonase oa ema ’me o ea Ninive tumellanong le lentsoe la Jehova.” (Jonase 3:3) Ka sebele, o ile a mamela. Ho hlakile hore o ile a ithuta liphosong tsa hae. Le ntlheng ena, re lokela ho etsisa tumelo ea Jonase. Kaofela ha rōna re etsa libe; re bile re etsa liphoso. (Baroma 3:23) Empa na rea tela, kapa na re ithuta liphosong tseo re li entseng ebe re mamela Molimo ’me rea mo sebeletsa?

Na Jehova o ile a hlohonolofatsa Jonase ka lebaka la ho mo mamela? Ka sebele ho joalo. Ho bonahala har’a tse ling e le hore Jonase o ile a qetella a tsebile hore basesisi bane ba ile ba pholoha. Sefefo seo se ile sa khutsa hang ka mor’a hore Jonase a bontše boitelo ’me basesisi ba sekepe seo ba ile “ba qala ho tšaba Jehova haholo” eaba ba khaotsa ho nyehela mahlabelo ho melimo ea bona ea bohata, empa ba a nyehela ho Jehova.—Jonase 1:15, 16.

O ile a fumana moputso o moholoanyane nako e telele hamorao. Jesu o ile a sebelisa ketsahalo ea ha Jonase a le ka har’a tlhapi eo ea tonanahali e le boprofeta bo tšoantšetsang ha a le ka lebitleng kapa Sheole. (Matheu 12:38-40) Jonase o tla thaba hakaakang ha a ithuta ka tlhohonolofatso eo ha a tsosetsoa bophelong mona lefatšeng! (Johanne 5:28, 29) Le uena, Jehova o batla ho u hlohonolofatsa. Na u tla etsisa Jonase, ka hore u ithute liphosong tsa hao ’me u mamele u be u itele?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Hore ebe Jonase o ne a tsoa motseng o mong oa Galilea hoa thahasellisa hobane ka boikakaso Bafarisi ha ba bua ka Jesu, ba ile ba re: “Batla ’me u bone hore ha ho moprofeta ea tla hlahisoa Galilea.” (Johanne 7:52) Bafetoleli le bafuputsi ba bangata ba re Bafarisi ba ne ba re ho hang ha ho na moprofeta ea kileng a hōlisetsoa kapa hona ho hlahela motseng oa boemo bo tlaase oa Galilea. Haeba ho le joalo, banna bao ba ne ba iphapanyetsa histori hammoho le boprofeta.—Esaia 9:1, 2.

^ ser. 17 Septuagint e hatisa taba ea hore Jonase o ne a khalehile thuoe! hobane e re o ne a bile a khona. Ho e-na le ho nka hore Jonase o ile a robala hobane a sa tsotelle se etsahalang, re lokela ho hopola hore ka linako tse ling batho ba nyahameng haholo ba tleloa ke boroko bo boholo. Lihoreng tseo Jesu a neng a le mahlomoleng ka tsona serapeng sa Gethesemane, Petrose, Jakobo le Johanne ba ile “ba otsela ka lebaka la ho sareloa.”—Luka 22:45.

^ ser. 25 Lentsoe la Seheberu bakeng sa “tlhapi” le ile la fetoleloa ka Segerike e le “sebatahali se tšabehang sa leoatleng” kapa “tlhapi ea tonanahali.” Le hoja re se na mokhoa oa ho tseba hantle hore na phoofolo ena ea leoatleng e ne e le ea mofuta ofe, ho ’nile ha hlokomeloa hore Leoatleng la Mediterranean ho na le lishaka tse khōlō hoo li ka koenyang motho a ntse a feletse. Libakeng tse ling ho na le lishaka tse khōlō le ho feta; mofuta o mong oa shaka o ka ba bolelele ba limithara tse 15—esita le ho feta moo!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 29]

Buka ea Jonase ea Belaelloa

▪ Na liketsahalo tse tlalehiloeng bukeng ea Bibele ea Jonase li hlile li etsahetse? Ho tloha mehleng ea boholo-holo, buka ena e ’nile ea belaelloa. Mehleng ea kajeno ea tlhahlobisiso ea Bibele, buka ena e atisa ho qheleloa ka thōko—hobane e nkoa e le tšōmo, tšoantšiso, khopolo-taba, kapa pale e iqapetsoeng. Mongoli e mong oa lilemong tsa bo-1800, o ile a tlaleha hore moruti e mong o ile a hlalosa tlaleho ea Jonase le tlhapi e khōlō e le tšoantšetso ea mohlolo, eo a neng a e hlalosa tjena: Jonase o ne a lula hoteleng e ’ngoe Jopa e neng e bitsoa Letšoao la Leruarua. Ha a se a feletsoe ke chelete ea ho lefella bolulo, mong’a hotele o ile a mo ntša. Ke ka kutloisiso eo Jonase a ileng a “koenngoa” ke leruarua leo hamorao le ileng la mo “hlatsa”! Ruri ho bonahala bahlahlobisisi ba Bibele ba ikemiselitse ho metsa Jonase esita le ho feta tlhapi eo e khōlō!

Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba belaella buka ee ea Bibele? E hlalosa mehlolo. Ho bonahala bahlahlobisisi ba bangata ba hlahloba mehlolo ba se ba ntse ba e-na le maikutlo a bona a sa fetoheng a ho re: Tseo ke lintho tse ke keng tsa etsahala. Empa na ka sebele ho talima lintho ka tsela ee hoa utloahala? Ipotse: ‘Na ke lumela polelo ea pele ea Bibele?’ Eona e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Batho ba limilione ba hlaphohetsoeng likelellong lefatšeng ka bophara ba lumela ’nete eo e hlakileng. Leha ho le joalo, ka tsela e itseng polelo ena e le ’ngoe e bolela mohlolo o moholo ka ho fetisisa har’a e boletsoeng hamorao ka Bibeleng.

Nahana ka taba ena: Ke eng e hlalositsoeng bukeng ea Jonase e neng e ka sita Ea bōpileng maholimo a tletseng linaleli le lintho tsohle tse hlollang tse phelang, tse rarahaneng, tse teng lefatšeng? Na o ne a ka thatafalloa ke ho etsa sefefo? Ho khanna tlhapi e khōlō hore e metse motho? Kapa ho etsa hore eona tlhapi eo e boele e mo hlatse? Ho hang lintho tseo li ne li ke ke tsa thatafalla Ea nang le matla a se nang moeli.—Esaia 40:26.

Esita leha Molimo a sa kenelle ka matla a hae, ka linako tse ling ho etsahala lintho tse hlollang. Ka mohlala, ho boleloa hore ka 1758 mosesisi e mong o ile a thella sekepeng sa hae eaba o oela ka Leoatleng la Mediterranean moo shaka e ileng ea mo koenya. Leha ho le joalo, shaka eo e ile ea thunngoa ka kanono. Eitse ha e thunngoa, eaba e hlatsa motho eo ’me a huleloa sebakeng se sireletsehileng a ntse a phela, ho hang a sa lemala. Haeba pale eo ke ’nete, re ka ’na ra e nka e hlolla esita le hona ho makatsa—empa e se mohlolo. Na Molimo o ne a ke ke a sebelisa matla a hae ho etsa se fetang seo hōle?

Bahlahlobisisi ba boetse ba tsitlella hore ha ho na motho ea ka phelang ka mpeng ea tlhapi ka matsatsi a mararo a sa bipetsane. Leha ho le joalo, batho ba ’nile ba e-ba le bohlale ba ho pompela moea ka litankeng tseo ba li sebelisetsang ho hema ha ba le ka tlas’a metsi nako e telele. Na Molimo o ne a ke ke a sebelisa matla a hae a maholo, a se nang moeli hammoho le bohlale ba hae ho etsa hore Jonase a ’ne a phele ’me a heme ka matsatsi ao a mararo? Seo lengeloi le leng la Jehova le ileng la se bolella Maria, ’mè oa Jesu, ke ’nete ha le ne le re: “Ho Molimo ha ho polelo e ke keng ea khoneha.”—Luka 1:37.

Ke eng hape e bontšang hore buka ea Jonase ke histori e nepahetseng? Jonase o beha litaba tse amanang le sekepe le basesisi ba sona ka tsela e hlakileng le ea sebele. Ho Jonase 1:5, ho boleloa hore basesisi ba ile ba lahla lintho tse neng li le ka sekepeng e le hore se be bobebe. Bo-rahistori ba mehleng ea boholo-holo le melao e meng ea bo-rabi e bontša hore ona e ne e le mokhoa o tloaelehileng ha maemo a leholimo a le mabe. Tsela eo hamorao Jonase a ileng a hlalosa Ninive ka eona e boetse e lumellana le bopaki ba histori le ba lintho tse epolotsoeng. Ka holim’a tsohle, Jesu Kreste o ile a bua ka taba ea ho lula ha Jonase ka mpeng ea tlhapi ea tonanahali ka matsatsi a mararo e le ketsahalo ea boprofeta ba ho lula ha hae lebitleng. (Matheu 12:38-40) Bopaki ba Jesu bo tiisa hore tlaleho ea Jonase ke ’nete.

“Ho Molimo ha ho polelo e ke keng ea khoneha.”—LUKA 1:37

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Joalokaha Jonase a ne a ba kōpile, basesisi ba ile ba mo phahamisa ’me ba mo lahlela ka leoatleng