Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Na Ponse Pilato o ne a e-na le lebaka la ho tšaba Cesare?

E le hore baeta-pele ba Bajuda ba susumelletse ’Musisi oa Moroma, Ponse Pilato, hore a bolaee Jesu, ba ile ba re: “Haeba u lokolla monna enoa, ha u motsoalle oa Cesare.” (Johanne 19:12) “Cesare” eo ho buuoang ka eena mona ke Moemphera oa Roma, Tiberiuse. Na ho ne ho e-na le lebaka leha e le lefe la hore Pilato a tšabe Cesare eo?

Tiberiuse Cesare e ne e le motho ea joang? The New Encyclopædia Britannica e re, lilemo tse ngata le pele Jesu a qosoa, Tiberiuse e ne e se e ntse e le “motho ea bonahalang a ichebile boeena feela a bile a batla ho ikhotsofatsa ka litsela tse litšila.” Kaha o ne a belaella motho e mong le e mong, o ne a hlokofatsa mang kapa mang eo a neng a nahana hore ke lehlaba-phio a bile a mo bolaea. Encyclopædia eo e boetse e re: “Haeba seo bo-rahistori ba mehleng ea hae ba se buang ke ’nete, ba re o ne a rata ho ithabisa ka lintho tse khopo le tse nyonyehang. Esita le ha motho a ne a ka bua hantle haholo ka eena, o ne a ka mo bolaea ka sehlōhō neng kapa neng.”

Ka hona, e ka ’na eaba botumo ba Tiberiuse ke bona bo ileng ba susumelletsa Pilato hore a inehele ha a hatelloa ke baeta-pele ba Bajuda ’me a nehelane ka Jesu hore a bolaoe.—Johanne 19:13-16.

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a hlatsoa baapostola ba hae maoto?

Iseraeleng ea boholo-holo, batho ba bangata ba tloaelehileng ba ne ba sa roale lieta ha ba etsa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi. Ba neng ba roala lieta ba ne ba roala meqathatso, eo e neng e le feela sole e nang le marapo a fasoang ho fihla maqaqailaneng. Kaha ho ne ho tletse lerōle le seretse litseleng le masimong, ha ho potang hore maoto a bona a ne a e-ba litšila.

Ka lebaka leo, ho ne ho tloaelehile hore motho a rōle meqathatso pele a kena ka tlung. Moeti o ne a lokela ho hlatsuoa maoto e le pontšo ea hore o amohetsoe hantle. Hangata mosebetsi ona o ne o etsoa ke mong’a ntlo kapa mohlanka oa hae. Bibele e na le mehlala e mengata ea batho ba ileng ba hlatsuoa maoto. Ka mohlala, Abrahama o ile a re ho baeti ba neng ba tlile tenteng ea hae: “Ka kōpo, ho ke ho nkoe metsinyana, ’me maoto a lōna a hlatsuoe. Joale le otle ka lehlakore tlas’a sefate. E-re ke nke sengoathoana sa bohobe, ke khatholle lipelo tsa lōna.”—Genese 18:4, 5; 24:32; 1 Samuele 25:41; Luka 7:37, 38, 44.

Boitsebiso bona ba hore na lintho li ne li etsoa joang mehleng eo bo etsa hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a hlatsoa barutuoa ba hae maoto Pasekeng ea ho qetela a e-na le bona. Moo ho ne ho se na mong’a ntlo kapa mohlanka ea ka ba hlatsoang maoto ’me ho hlakile hore ha ho le ea mong oa barutuoa ea ileng a ithaopela ho hlatsoa ba bang maoto. Ka hona, ha Jesu a nka thaole le beisine e tšetseng metsi ’me a hlatsoa baapostola ba hae maoto a bile a a hlakola, o ile a fa banna bao thuto ea hore ba lokela ho ba le lerato le boikokobetso.—Johanne 13:5-17.