Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tema eo Maria a e Khathileng Morerong oa Molimo

Tema eo Maria a e Khathileng Morerong oa Molimo

Tema eo Maria a e Khathileng Morerong oa Molimo

HA Jesu a ntse a phetha tšebeletso ea hae lefatšeng, mosali e mong o ile a hoeletsa ka lentsoe le phefa har’a mokhopi o neng o entse lerata, eaba o re: “Ho thaba pōpelo e ileng ea u jara le matsoele ao u a antseng!” Haeba Jesu a ne a batla hore batho ba rapele ’mè oa hae, oo e ne e le monyetla o babatsehang oa ho buella mofuta oo oa borapeli. Empa o ile a araba ka ho re: “Che, ho e-na le hoo, Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!”—Luka 11:27, 28.

Jesu ha aa ka a tlotlisa ’mè oa hae ka tsela e itseng e ikhethang; ebile ha ho mohla a ileng a bolella balateli ba hae hore ba etse joalo. See se amana joang le borapeli boo balumeli ba bangata ba bo lebisang ho Maria ka pelo eohle? A re hlahlobeng hore na Bibele e re’ng ka tse ling tsa lithuto tse atileng ka ’mè oa Jesu.

“Mohauheloa,” “Ho hlohonolofetse Uena Har’a Basali”

Lengeloi Gabriele le ile la bolella Maria hore na o ne a tla khatha tema efe morerong oa Molimo. Ha le fihla, le ile la mo lumelisa la re: “Lumela, uena ea hauhetsoeng haholo, Jehova o na le uena.” (Luka 1:28) Phetolelo e ’ngoe e beha tumeliso eo tjena: “Ahe, ea tletseng grasia [mohauheloa]; Morena o na le uena.” Nakoana ka mor’a moo, Elizabetha o ile a lumelisa Maria ka mantsoe ana: “Ho hlohonolofetse uena har’a basali, ’me ho hlohonolofetse tholoana ea pōpelo ea hao!” (Luka 1:42) Na mantsoe aa ha a bontše hore Maria o lokela ho rapeloa ka tsela e itseng?

Che, ha ho joalo. Le hoja mantsoe ana a kenyelelitsoe thapelong ea Mak’hatholike e lebisoang ho Maria, ha ho moo Bibele e fanang ka lebaka la hore a rapeloe. Gabriele le Elizabetha ba ne ba bontša hore ba lemoha tokelo e ikhethang ea Maria ea hore ebe o tla tsoala Mesia, empa ha e le khopolo ea ho mo rapela eona ha e eo ka Mangolong. Ho e-na le hoo, ha barutuoa ba Jesu ba ne ba mo kōpa hore a ba rute ho rapela, o ile a bontša hore lithapelo li lokela ho lebisoa ho Ntate oa hae. Ha e le hantle, thapelo ea mohlala e tsebahalang ea Jesu e qala ka mantsoe a reng: “Ntat’a rōna ea maholimong.”—Matheu 6:9.

Ke e Mong oa Babusi

Thuto e ’ngoe e tummeng ke ea hore hona joale Maria ke “Mofumahali oa leholimo.” Ha ho moo Bibele e mo fang tlotla e joalo. Leha ho le joalo, e bontša hore o boemong bo ikhethang ’musong oa Molimo ea leholimo. Boo ke boemo bofe?

Jesu o ile a bontša hore ba bang ba barutuoa ba hae ba tšepahalang ba ne ba tla busa le eena ’Musong oa hae. (Luka 22:28-30) Jesu o tla fa bao ba khethiloeng matla a ho ba “baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa e le marena holim’a lefatše.” (Tšenolo 5:10) Bibele e beha litaba ka tsela e hlakileng ho re thusa ho etsa qeto ea hore Maria o har’a bao ba fuoeng boemo boo bo phahameng. Ke hobane’ng ha re rialo?

U tla hopola hore ka mor’a lefu la Jesu, Maria o ile a “phehella thapelong” hammoho le barutuoa ba Jesu le barab’abo. Batho ba ka bang 120 ba ile ba kopana ka oona morero oo ’me ba ne ba akarelletsa le “basali ba bang.” (Liketso 1:12-15) Bibele e re ha “letsatsi la mokete oa Pentekonta le ntse le tsoela pele kaofela ba ne ba le hammoho sebakeng se le seng,” ha moea o halalelang oa Molimo o tšolleloa holim’a bona, o ba fa matla a ho bua lipuo tse ling.—Liketso 2:1-4.

Taba ea hore Maria o ne a le har’a bao ba ileng ba hlohonolofatsoa ka tsela ena e bontša hore eena le basali ba bang ba ileng ba amohela moea o halalelang, ba ne ba khethetsoe ho busa le Jesu ’Musong oa hae oa leholimo. Ka hona, bona ke bopaki ba hore hona joale Maria o na le Jesu khanyeng ea leholimo. (Baroma 8:14-17) Nahana ka tema eo eena le babusi ba bang ba tla busa le Jesu ba tla e khatha ho phethahatseng merero ea Molimo.

Ho Aba Mahlohonolo a Hlollang

Buka ea Bibele ea Tšenolo e re ba 144 000 ba tla tsosetsoa khanyeng ea leholimo hore ba e’o sebetsa le Jesu e le baprista, baahloli le marena. (Tšenolo 14:1, 4; 20:4, 6) Ha e se e le baprista, ba tla kenya letsoho ho abeleng batho ba tšepahalang mahlohonolo a tlisoang ke sehlabelo sa Jesu, ba etse hore ba qetelle ba phethahetse moeeng, boitšoarong le ’meleng. (Tšenolo 21:1-4) Eo e tla ba tokelo e kaakang ho barapeli bohle ba tšepahalang ba Jehova nakong eo e babatsehang! *

Nakong e fetileng, Maria o khathile tema morerong oa Jehova ’me le kajeno o sa e khatha. O behile mohlala o motle o ka lateloang tabeng ea ho ba le boikokobetso, tumelo, ho mamela le ho ba ’mè ea itetseng, haesitana le ho mamella ha hae tlas’a teko. O lokela ho hlomphuoa haholo kaha ke eena ea tsoetseng Mesia ebile o na le tema eo a tla e khatha ha ho tlisetsoa moloko oa batho mahlohonolo a ka ho sa feleng.

Leha ho le joalo, thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka e ithutang eona ho Maria ke ea hore eena, hammoho le bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Molimo, ba rapela Jehova, eseng molimo e mong. Maria, hammoho le ba bang ba tla busa le Kreste leholimong, ba re ka mantsoe a phahameng: “Ho Ea lutseng teroneng [Jehova Molimo] le ho Konyana [Jesu Kreste] e be poko le tlhompho le khanya le bonatla ka ho sa feleng le kamehla.”—Tšenolo 5:13; 19:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le mahlohonolo ana, sheba khaolo ea 8 ea buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]

Re ka etsisa mohlala o motle oa Maria tabeng ea ho ba le boikokobetso, ho ba le tumelo le ho mamela