Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bopaki bo Boholo ka ho Fetisisa ba Lerato la Molimo

Bopaki bo Boholo ka ho Fetisisa ba Lerato la Molimo

Atamela ho Molimo

Bopaki bo Boholo ka ho Fetisisa ba Lerato la Molimo

Genese 22:1-18

ABRAHAMA o ne a rata Molimo. Mopatriareka eo ea tšepahalang o ne a boetse a rata Isaka, mora oa hae eo a neng a mo fumanetse botsofaling. Empa ha Isaka a ka ba lilemo li 25, Abrahama o ile a tobana le teko eo ka tlhaho e neng e ka thatafalla ntate leha e le ofe—Molimo o ile a re a etse sehlabelo ka mora oa hae. Leha ho le joalo, Isaka ha aa ka a bolaoa. Eitse moo Abrahama a kokositseng thipa, eaba Molimo o romela lengeloi hore le mo thibe. Tlaleho ena ea Bibele, e ngotsoeng ho Genese 22:1-18, e ne e le boprofeta bo tšoantšetsang lerato le leholo ka ho fetisisa leo Molimo a neng a tla re bontša lona.

Temana ea 1 e re: “Molimo . . . a leka Abrahama.” Abrahama o ne a e-na le tumelo e matla, empa joale tumelo ea hae e ne e tla lekoa ho feta leha e le neng pele. Molimo o ile a re ho eena: “Ka kōpo, nka mora oa hao, mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo, Isaka, . . . u mo nyehele e le nyehelo ea secheso ho e ’ngoe ea lithaba tseo ke tla u bontša tsona.” (Temana ea 2) Hopola hore Molimo ha a lumelle bahlanka ba hae hore ba lekoe ho feta seo ba ka se jarang. Kahoo, teko ena e ile ea bontša hore Molimo o ne a tšepa Abrahama.—1 Bakorinthe 10:13.

Abrahama o ile a mamela Molimo hang-hang. Re bala ho re: “Abrahama a tsoha hoseng haholo a qhaneha esele ea hae eaba o nka bahlanka ba hae ba babeli le mora oa hae Isaka; eaba o ratha patsi bakeng sa nyehelo ea secheso. Joale a ema eaba o nka leeto.” (Temana 3) Ho bonahala Abrahama a sa ka a bolella motho e mong ka teko eo.

Joale o ile a nka leeto la matsatsi a mararo, le ileng la mo fa monyetla oa ho nahanisisa ka taba ena. Empa Abrahama o ne a ikemiselitse ho tobana le teko eo. Seo a ileng a se bua se bontša hore o ne a e-na le tumelo. Ha a bonela hōjana thaba eo Molimo a e khethileng, o ile a re ho bahlanka ba hae: “Salang mona . . . , empa ’na le moshanyana re batla ho ea mane ho ea rapela ’me re tla khutlela ho lōna.” Ha Isaka a botsa hore na nku ea nyehelo e kae, Abrahama o ile a re ho eena: “Molimo o tla iphumanela nku.” (Temana ea 5, 8) Abrahama o ne a lebeletse hore o tla khutla le mora oa hae. Hobane’ng? Hobane “o ile a lekanya hore Molimo o ne a khona ho . . . tsosa [Isaka] bafung.”—Baheberu 11:19.

Ha Abrahama a le thabeng ’me a nkile “thipa . . . hore a bolaee mora oa hae,” lengeloi le ile la mo thiba. Eaba Molimo o fana ka pheleu, e neng e tšoasitsoe moferong, e le hore Abrahama a ka e nyehela “sebakeng sa mora oa hae.” (Temana ea 10-13) Ho Molimo, ho ne ho tšoana le ha eka Isaka o ne a hlile a entsoe sehlabelo. (Baheberu 11:17) Setsebi se seng se re: “Mahlong a Molimo, boikemisetso ba Abrahama bo ne bo le joalokaha eka o se a ntse a entse sehlabelo ka mora oa hae.”

Ho ile ha hlaka hore Jehova o tšepa Abrahama ka lebaka le utloahalang. Abrahama o ile a putsoa ka lebaka la ho tšepa Jehova, etsoe Molimo o ile a pheta mantsoe a selekane seo a ileng a se etsa le Abrahama a ba a akarelletsa le lintho tse eketsehileng selekaneng seo ho sona a neng a tšepisa hore batho ba lichaba tsohle ba tla hlohonolofatsoa.​—Temana ea 15-18.

Le hoja Molimo a ile a thibela Abrahama ho etsa sehlabelo ka mora oa hae, qetellong eena o ne a tla etsa sehlabelo ka mora oa hae. Hore ebe Abrahama o ne a ikemiselitse ho nyehela Isaka ho ne ho tšoantšetsa nyehelo eo Molimo a neng a tla e etsa ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu, bakeng sa libe tsa rōna. (Johanne 3:16) Sehlabelo sa Kreste ke bopaki bo boholo ka ho fetisisa ba hore Molimo oa re rata. Kaha Molimo o re etselitse sehlabelo se joalo, re tšoanela ho ipotsa potso ena, ‘Ke ikemiselitse ho tela eng e le hore ke khahlise Molimo?’