Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molimo ke Mang?

Molimo ke Mang?

Molimo ke Mang?

U NE u ka araba potso eo joang? Ba bang ba nka hore ba tseba Molimo hantle—ba mo nka e le motsoalle oa bona e moholo. Ba bang ba talima Molimo ka tsela eo ba talimang mong ka bona eo ba sa amaneng le eena haufi. Baa lumela hore o teng, empa ha ba tsebe hakaalo ka eena. Haeba u lumela ho Molimo, u ne u ka araba lipotso tse ka tlaase moo joang?

1. Na Molimo ke motho oa sebele?

2. Na Molimo o na le lebitso?

3. Na Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle?

4. Na Molimo oa ntsotella?

5. Na Molimo o amohela bolumeli bo bong le bo bong?

Haeba u ka botsa batho ba bang lipotso tsena, mohlomong u ka fumana letoto la likarabo tse makatsang tse sa tšoaneng. Kahoo ha ho makatse hore ebe ho na le litšōmo le likhopolo-taba tse fosahetseng tseo batho ba li lumelang mabapi le Molimo.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa ho Fumana Likarabo?

Ha Jesu Kreste a ne a bua le mosali e mong ea lumelang ho Molimo eo a ileng a kopana le eena selibeng, o ile a hatisa hore ke habohlokoa hore batho ba tsebe ’nete mabapi le Molimo. Mosali enoa oa Mosamaria o ile a lumela hore Jesu e ne e le moprofeta. Empa ho na le ntho e neng e mo tšoenya. Bolumeli ba Jesu bo ne bo fapane le ba hae. Ha mosali eo a bontša hore o tšoenyehile ka taba ena, Jesu o ile a re ho eena ka tsela e tobileng: “Le rapela seo le sa se tsebeng.” (Johanne 4:19-22) Ho hlakile hore Jesu o ne a elelloa hore hase batho bohle ba ratang bolumeli ba tsebang Molimo hantle.

Na polelo ee ea Jesu e bolela hore ha ho le ea mong ea ka tsebang Molimo hantle? Le hanyenyane. Jesu o ile a tsoela pele ho re ho mosali enoa: “Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete, etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joalo hore ba mo rapele.” (Johanne 4:23) Na u har’a ba rapelang Molimo “ka moea le ka ’nete”?

Ke habohlokoa haholo hore u tsebe karabo ea potso eo hantle. Hobane’ng? Jesu o ile a totobatsa hore tsebo e nepahetseng ke ea bohlokoa thapelong ea hae e reng: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ka sebele, monyetla oa hore u ka phela nakong e tlang o itšetlehile ka ho feletseng ka hore u tsebe ’nete ka Molimo!

Na ruri hoa khoneha hore motho a tsebe ’nete ka Molimo? Ka sebele, ho joalo! Joale u ka e tseba ka ho etsa joang? Jesu o ile a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) O ile a boela a re: “Ha ho ea tsebang hore na Mora ke mang haese Ntate; ’me ha ho ea tsebang hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela eena.”—Luka 10:22.

Kahoo ntho e tla re thusa ho tseba Molimo ke ho ithuta lithuto tsa Mor’a Molimo, e leng Jesu Kreste. Ha e le hantle, Jesu o ile a re tšepisa hore: “Haeba le lula lentsoeng la ka [kapa “lithutong tsa ka,” The Holy Bible—New International Version], ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:31, 32.

Joale, Jesu o ne a ka araba lipotso tse hlano tse botsitsoeng pejana joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Na u rapela Molimo eo u sa mo tsebeng hantle?