Re U Lome Tsebe?
Re U Lome Tsebe?
Na lepera la mehleng ee ke lona lepera lela la mehleng ea Bibele?
Lefu leo kajeno lingaka li le bitsang “lepera,” ke lefu le tšoarang batho le bakoang ke baktheria. Ka 1873, Dr. G.A. Hansen, o ile a sibolla baktheria ena e bitsoang Mycobacterium leprae. Bafuputsi ba fumane hore baktheria ena e ka phela mamineng a mokuli matsatsi a robong ka mor’a hore a mine. Ba boetse ba fumane hore ho na le menyetla e mengata ea hore batho ba haufi le bakuli ba tšoeroeng ke lepera ba tšoaetsoe lefu lena le hore liaparo tse nang le baktheria ena li ka e fetisetsa ho batho ba bang. Ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, ka 2007 ho ile ha tlalehoa hore batho ba fetang 220- 000 ba ile ba tšoaroa ke lefu la lepera.
Ha ho potang hore mehleng ea boholo-holo, batho ba Bochabela bo Hare ba ne ba tšoaroa ke lepera ebile Molao oa Moshe o ne o re motho ea tšoeroeng ke lepera a behelloe ka thōko ho ba bang. (Levitike 13:4, 5) Leha ho le joalo, lentsoe la Seheberu tsa·raʹʽath le fetoletsoeng e le “lepera” ha le amane feela le bokuli. Tsa·raʹʽath e ne e boetse e hlasela liaparo le matlo. Mofuta ona oa lepera o ne o ka bonahala liaparong tse entsoeng ka ulu kapa ka line kapa ntho leha e le efe e entsoeng ka letlalo. Maemong a mang, e ne e ka tlosoa ka hore lintho tseo li hlatsuoe, empa haeba “lefu le botala bo bosehla kapa le lefubelunyana” le le manganga, seaparo seo kapa letlalo le ne le lokela ho chesoa. (Levitike 13:47-52) Ka matlung, lefu lena le ne le ka bonahala e le “likoti tse botala bo bosehla kapa tse khubelunyana” leboteng. Ho ne ho lokela ho tlosoe majoe le taka e sebelisitsoeng ’me e lahleloe hōle le moo batho ba lulang teng. Haeba lepera leo le ne le khutla, mohaho o ne o lokela ho heletsoa, ebe thepa ea mohaho ea lahloa. (Levitike 14:33-45) Ba bang ba re mohlomong lepera le neng le tšoara liaparo le matlo e ne e le ntho eo kajeno e bitsoang hlobo kapa mofuta o itseng oa eona. Leha ho le joalo, ha ho ea ka tiisang taba eo.
Ke hobane’ng ha ho ile ha e-ba le pherekano har’a litei tsa silevera ha moapostola Pauluse a bolela litaba tse molemo Efese?
Litei tsa silevera tsa Efese li ne li ruile ka lebaka la ho etsa “litempelana tsa silevera tsa Artemise,” e leng molimotsana eo Baefese ba neng ba mo nka e le mohlokomeli oa bona, molimotsana oa ho tsoma, oa pelehi le oa tsoalo. (Liketso 19:24) Ba neng ba rapela setšoantšo sa hae ba ne ba bolela hore se oele “leholimong” eaba se bolokoa tempeleng ea Artemise e Efese. (Liketso 19:35) Mehleng ea boholo-holo, tempele ena e ne e nkoa e le e ’ngoe ea lintho tse supileng tse hlollang ka ho fetisisa lefatšeng. Barapeli ba tsoang libakeng tse ling ba ne ba etela Efese ka bongata khoeling ea March le April selemo le selemo ho tla moketeng o tlotlisang Artemise. Matšoele a neng a phallela moo a ne a etsa hore ho hlokahale litšoantšo tse ngata tse rapeloang, tseo ha baeti bao ba khutlela mahahabo bona ba neng ba li sebelisa e le lintho tseo batho ba ikhopotsang sebaka se itseng ka tsona, e le lithatho, melingoana e etsetsoang linyehelo kapa lintho tse sebelisoang ke malapa ha a rapela. Mengolo ea boholo-holo e fumanoeng Efese e bontša hore ho ne ho etsoa liemahale tsa Artemise ka khauta le silevera, ebile mengolo e meng eona e bua ka ho toba ka mokhatlo oa litei tsa silevera.
Pauluse o ile a ruta hore litšoantšo tse “entsoeng ka matsoho hase melimo.” (Liketso 19:26) Kahoo, litei tseo tsa silevera li ne li nka hore li tla ntšoa mejo hanong eaba li fehla merusu ho hanyetsa mosebetsi oa Pauluse oa ho bolela. Demetriase, e mong oa litei tseo tsa silevera, o ile a bontša seo ba neng ba ngongorehile ka sona ha a re: “Kotsi e teng eseng feela ea hore mosebetsi ona oa rōna o tla nyeliseha empa le ea hore tempele ea molimotsana e moholo Artemise e tla nkoa e se letho esita le botle ba hae bo hlollang boo setereke sa Asia sohle le lefatše leo ho ahiloeng ho lona li bo rapelang bo haufi le ho etsoa lefeela.”—Liketso 19:23-31.