Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Amoheloa ka Liatla Tse Peli

U Amoheloa ka Liatla Tse Peli

U Amoheloa ka Liatla Tse Peli

MOHLOMONG u kile ua feta Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova motseng oa heno eaba ua ipotsa hore na ebe ho etsoa’ng ka moo. Na u ne u tseba hore ho amoheloa motho e mong le e mong libokeng tsa tsona tsa beke le beke? Baeti ba amoheloa ka liatla tse peli.

Leha ho le joalo, e ka ’na eaba u na le lipotso tse itseng. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li bokana hammoho? Ho etsahala’ng libokeng tseo? Hona baeti bao e seng Lipaki Tsa Jehova ba re’ng ka liboka tsee?

“Phutha Sechaba”

Ho tloha mehleng ea boholo-holo, batho ba ’nile ba bokana hammoho bakeng sa borapeli le ho tla ithuta ka Molimo. Hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng, Baiseraele ba ile ba bolelloa: “Phutha sechaba, banna le basali le bana ba banyenyane le mojaki oa hao ea ka har’a liheke tsa hao, e le hore ba mamele le hore ba ithute, kaha ba lokela ho tšaba Jehova Molimo oa lōna ’me ba ele hloko hore ba phethe mantsoe ’ohle a molao ona.” (Deuteronoma 31:12) Kahoo, naheng ea Iseraele, ba banyenyane le ba baholo ka ho tšoanang ba ne ba rutoa ho rapela le ho mamela Jehova Molimo.

Lilemo tse makholo hamorao, ha phutheho ea Bokreste e thehoa, liboka li ile tsa ’na tsa phetha karolo ea bohlokoa borapeling ba ’nete. Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena: “A re hlokomelaneng, ’me re khothatsaneng leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra furalla liphutheho tsa rōna, joalokaha ba bang ba tloaetse. Empa re khothatsane, haholo-holo kaha lea bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.” (Baheberu 10:24, 25, Bibele—Phetolelo e Ncha) Feela joalokaha maqhama pakeng tsa litho tsa lelapa a tiea ha li qeta nako e itseng li le hammoho, ka tsela e tšoanang lerato pakeng tsa ba batlang ho sebeletsa Molimo le ba matla ha Bakreste ba kopana hammoho bakeng sa borapeli.

Tumellanong le liketsahalo tse bileng teng pele tse hlahang ka Mangolong, Lipaki Tsa Jehova li bokana Liholong tsa tsona Tsa ’Muso habeli ka beke. Liboka tsena li thusa batho ba tlileng ho tsona hore ba ananele melao-motheo ea Bibele, ba e utloisise le ho phela ka eona. Moo ho khonehang, lenaneo e ba le tšoanang lefatšeng ka bophara ’me seboka ka seng se na le sepheo seo se se finyellang borapeling. Pele le ka mor’a liboka, batho ba tlileng ho tsona ba “khothatsana” ka ho buisana ka lintho tse hahang. (Baroma 1:12) Ho etsahala’ng sebokeng ka seng?

Puo e Thehiloeng Bibeleng

Seboka sa pele seo batho ba bangata ba eang ho sona ke sa puo ea Bibele e reretsoeng ho thusa batho bohle, eo hangata e fanoang mafelong a beke. Jesu Kreste o ne a atisa ho fana ka lipuo phatlalatsa—’me e ’ngoe ea tsona ke Thuto ea Thabeng e tummeng haholo. (Matheu 5:1; 7:28, 29) Moapostola Pauluse o ile a bua le banna ba Athene. (Liketso 17:22-34) E le ho latela mohlala oa Jesu le Pauluse, libokeng tsena tsa Lipaki Tsa Jehova ho fanoa ka puo e reretsoeng ho thusa batho bao har’a bona ho nang le bao mohlomong ba qalang ho tla libokeng tseo.

Liboka li qalisoa ka pina e bukeng ea Binelang Jehova Lithoriso. * Bohle ba ratang, ba lumeletsoe ho ema ’me ba bine hammoho pina e binoang. Ka mor’a thapelo e khutšoanyane, sebui se nang le boiphihlelo se fana ka puo e nkang metsotso e 30. (Bona lebokose le reng  “Lipuo Tse Tsoelang Batho Bohle Molemo.”) Puo ea hae e thehiloe feela Bibeleng. Sebui se lula se khothalletsa bamameli hore ba bale litemana tse amanang le seo ho buuoang ka sona ebe ba tsamaisana le sebui ha se bala temana. Kahoo, u ka ’na ua tla le Bibele ea hao, kapa ua kōpa Bibele ho e mong oa Lipaki Tsa Jehova pele seboka seo se qala.

Thuto ea Molula-Qhooa

Liphuthehong tse ngata tsa Lipaki Tsa Jehova, puo ea phatlalatsa e lateloa ke Thuto ea Molula-Qhooa, e leng puisano ea lipotso le likarabo e nkang hora, eo ho eona ho tšohloang sehlooho se itseng sa Bibele. Seboka sena se khothalletsa ba teng hore ba latele mohlala oa Baberea ba mehleng ea Pauluse, ba ileng “ba amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko.”—Liketso 17:11.

Thuto ea Molula-Qhooa e qala ka pina. Boitsebiso boo mokhanni a bo tšohlang le bamameli hammoho le lipotso tseo a ba botsang tsona li hlaha khatisong e ithutoang ea makasine ena. U ka ’na ua iphumanela khatiso e ithutoang ho e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Morao-rao tjena, lihlooho tse ithutiloeng li ne li akarelletsa se reng: “Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato,” “Ho se ke ha E-ba le eo le Busetsang Bobe ka Bobe ho Eena” le se reng “Lebaka Leo Mahlomola ’Ohle A Tla Fela Ka Lona Haufinyane.” Le hoja seboka sena se khannoa ka mokhoa oa lipotso le likarabo, bamameli ba araba ka boithaopo ebile hangata batho ba arabang ke ba ileng ba bala boitsebiso ba sehlooho se ithutoang esale pele ebe ba nahanisisa ka sona le mangolo a tšehetsang taba. Seboka sena se phethoa ka pina le thapelo.—Matheu 26:30; Baefese 5:19.

Thuto ea Bibele ea Phutheho

Hang ka beke, mantsiboea, Lipaki Tsa Jehova li kopana hape Holong ea ’Muso bakeng sa lenaneo le likarolo li tharo le nkang hora le metsotso e 45. Karolo ea pele ea lenaneo leo ke Thuto ea Bibele ea Phutheho, e nkang metsotso e 25. E thusa ba teng sebokeng seo hore ba tsebe Bibele haholoanyane, hore ba fetole tsela eo ba nahanang ka eona le boikutlo ba bona, hammoho le ho ntlafatsa joaloka barutuoa ba Kreste. (2 Timothea 3:16, 17) Seboka sena se tsamaisoa joaloka Thuto ea Molula-Qhooa, kaha ke puisano ea lipotso le likarabo e tšohlang sehlooho se itseng sa Bibele. Batho ba araba ka boithaopo. Hangata sengoliloeng se ithutoang se thehiloeng Bibeleng e ba buka kapa bukana e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

Ke hobane’ng ha ho sebelisoa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng sebokeng see? Mehleng ea Bibele, ho ne ho sa lekana hore batho ba bale Lentsoe la Molimo feela. “[Le ile la] qaqisoa, ’me [la] kenngoa moelelo; ba tsoela pele ho etsa hore ’malo o utloisisoe.” (Nehemia 8:8) Lilemong tsa morao-rao tjena, lingoliloeng tse tšohlang libuka tse kang ea Esaia, ea Daniele le ea Tšenolo li thusitse ba tlang sebokeng sena ho utloisisa likarolo tsena tsa Bibele.

Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ka mor’a Thuto ea Bibele ea Phutheho ho latela Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Seboka sena se nkang metsotso e 30 se reretsoe ho thusa Bakreste ho ba le “tsebo ea ho ruta.” (2 Timothea 4:2) Ka mohlala, na ngoana oa hao kapa motsoalle o kile a u botsa potso e itseng ka Molimo kapa ka Bibele eaba u sitoa ho e araba ka tsela e khotsofatsang? Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se ka u rupela hore u fane ka likarabo tse khothatsang tse thehiloeng Bibeleng ha u botsoa lipotso tse thata. Kahoo, re ka ikutloa joaloka moprofeta Esaia, ea ileng a re: “Musi Morena Jehova o mphile leleme la ba rutiloeng, e le hore ka lentsoe ke tsebe ho araba ea khathetseng.”—Esaia 50:4.

Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se qala ka puo e thehiloeng karolong e ’ngoe ea Bibele eo batho ba tlileng sebokeng sena ba khothalelitsoeng ho e bala bekeng e fetileng. Ka mor’a moo, sebui se kōpa hore bamameli ba bolele lintlha tse molemo tseo ba li fumaneng ha ba bala karolo eo ea Bibele. Ka mor’a puisano eo, liithuti tse ingolisitseng sekolong sena li fana ka lipuo tseo li li abetsoeng.

Libui li abeloa hore li bale karolo e itseng ea Bibele li le sethaleng kapa li bontše hore na motho a ka rutoa taba e itseng e hlahang ka Mangolong joang. Ka mor’a puo ka ’ngoe, moeletsi ea nang le tsebo o babatsa seithuti mabapi le seo a se entseng hantle ’me o theha lintlha tsa hae bukeng ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Hamorao, ha ba se ba le babeli, a ka ’na a fa seithuti litlhahiso tsa hore na se ka ntlafatsa hokae.

Karolo ena ea lenaneo e khutšoanyane ha ea rereloa ho thusa liithuti feela, empa e thusa le bohle ba teng hore ba ntlafatse tsela eo ba balang ka eona, eo ba buang ka eona le eo ba rutang ka eona. Ha Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se fela, Seboka sa Tšebeletso se qala ka pina e thehiloeng temaneng e itseng ea Bibele.

Seboka sa Tšebeletso

Karolo ea ho qetela ea lenaneo lena ke Seboka sa Tšebeletso. Lipuo, lipontšo, lipuisano le batho ba itseng, hammoho le puisano le bamameli, li thusa ba teng sebokeng sena hore ba ithute ho ruta batho ba bang ’nete ea Bibele ka katleho. Pele Jesu a romela barutuoa ba hae ho ea bolela litaba tse molemo, o ile a ba fa litaelo tse tobileng. (Luka 10:1-16) Joale, kaha ba ne ba hlomeletsoe ka botlalo bakeng sa ho bolela evangeli, ho ile ha e-ba le lintho tse ngata tse thabisang tse ileng tsa ba etsahalla. Hamorao balateli ba Jesu ba ile ba mo phetela se etsahetseng. (Luka 10:17) Barutuoa ba ne ba atisa ho phetelana lintho tse ba etsahalletseng.—Liketso 4:23; 15:4.

Lenaneo le nkang metsotso e 35 la Seboka sa Tšebeletso le tla bontšoa khatisong ea khoeli le khoeli ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Lihlooho tse tšohliloeng morao tjena khatisong eo li akarelletsa se reng: “Ho Rapela Jehova le le Lelapa,” “Lebaka Leo re Lulang re Khutlela ka Lona” le se reng “Etsisa Kreste Tšebeletsong ea Hao.” Lenaneo lena le phethoa ka pina ebe setho se seng sa phutheho se abetsoeng esale pele se phetha ka thapelo.

Seo Baeti ba se Hlokometseng

Liphutheho li leka ka matla ho etsa hore e mong le e mong a ikutloe a amohelehile. Ka mohlala, Andrew o ne a ile a utloa ha batho ba bua Lipaki Tsa Jehova hampe linthong tse ngata. Empa ha a tla sebokeng ka lekhetlo la pele, o ile a makala ha a amoheloa ka liatla tse peli. Andrew o re: “Ho ne ho le monate ho ba moo. Ke ile ka hlolloa ke tsela eo batho ba neng ba le botsoalle ka eona le kamoo ba neng ba nthahasella kateng.” Mocha e mong ea bitsoang Ashel, oa Canada, o lumellana le seo. O re: “Ho ne ho le monate haholo sebokeng! Ho ne ho se thata ho utloisisa se rutoang lenaneong leo.”

José ea lulang Brazil, o ne a tsejoa e le motho ea mabifi motseng oa habo. Leha ho le joalo, o ile a memeloa sebokeng Holong ea ’Muso e motseng oa habo. O re: “Holong ea ’Muso batho ba ile ba nkamohela ka mofuthu, le hoja ba ne ba tseba hore na ke motho oa mofuta ofe.” Atsushi, ea lulang Japane, o re: “Bonneteng, ha ke qala ho ea sebokeng sa Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka utloa eka ke lahlehile. Leha ho le joalo, ke ile ka qala ho lemoha hore ke batho ba tšoanang le batho ba bang. Ka sebele ba ile ba leka ho etsa hore ke ikutloe ke phutholohile.”

Rea U Amohela

Joalokaha batho ba ka holimo ba boletse, ho ea libokeng Holong ea ’Muso e ka ba ketsahalo e khotsofatsang. U tla ithuta ka Molimo, ebile Jehova Molimo o tla u ruta “hore u itsoele molemo” ka thupelo e thehiloeng Bibeleng eo u tla e fumana moo.—Esaia 48:17.

Batho ha ba lefisoe libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova ebile ha ho ntšoe koleke. Na u ka rata ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso e motseng oa heno? Ha ho le joalo, u amoheloa ka liatla tse peli.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Lingoliloeng tsohle tse bontšitsoeng sehloohong sena li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose le leqepheng la 21]

 Lipuo Tse Tsoelang Batho Bohle Molemo

Lipuo tse thehiloeng Bibeleng li khethoa ho tse fetang 170 tseo lihlooho tsa tsona li akarelletsang tse latelang:

▪ Na Hoa Tsotelleha Hore na U Lumela’ng ka Tšimoloho ea Batho?

▪ Pono ea Molimo ka Likamano Tsa Botona le Botšehali le Lenyalo

▪ Ho Senya Lefatše ho Tlisa Kotlo ea Molimo

▪ Ho Sebetsana le Matšoenyeho a Bophelo

▪ Na Bophelo Bona ke Bona Phetho bo Teng?

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Puo e thehiloeng Bibeleng

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Thuto ea “Molula-Qhooa”

[Litšoantšo tse leqepheng la 22]

Thuto ea Bibele ea Phutheho

[Litšoantšo tse leqepheng la 22]

Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Seboka sa Tšebeletso