Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Myanmar ba Phonyohileng Leholiotsoana Baa Thusoa

Batho ba Myanmar ba Phonyohileng Leholiotsoana Baa Thusoa

Batho ba Myanmar ba Phonyohileng Leholiotsoana Baa Thusoa

KA LA 2 May, 2008, Leholiotsoana la Nargis le ile la puputla Myanmar ’me ka potlako taba eo e ne e hasoa litabeng tsa machaba. Ka mor’a sefefo seo se matla, ho ile ha tlalehoa hore batho ba ka bang 140 000 ba shoele kapa ba nyametse tikolohong ea moo Nōka ea Irrawaddy e kenang leoatleng teng.

Se hlollang ke hore ha ho le ea mong oa Lipaki Tsa Jehova tse ngata tse lulang tikolohong eo ea ileng a tsoa kotsi. Ntho e ka sehloohong e ileng ea etsa hore li pholohe ke Liholo tsa tsona Tsa ’Muso tse hahiloeng hantle tseo li ileng tsa balehela ho tsona. Sebakeng se seng, Lipaki tse 20 le baahi ba motse ba bang ba 80 ba ile ba lula holim’a marulelo a Holo ea ’Muso ka lihora tse robong ha metsi a likhohola tseo a ntse a nyoloha ka limithara tse ka bang hlano. Kaofela ha bona ba ile ba pholoha. Ka masoabi batho ba bang ba 300 motseng oo ba ile ba shoa. Metseng e mengata, mohaho feela o neng o setse ka mor’a sefefo, e ne e le Holo ea ’Muso.

Matsatsi a mabeli ka mor’a leholiotsoana leo, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Yangon e ile ea rōmela sehlopha se thusang ka liphallelo phuthehong e motseng oa Bothingone, o pel’a moo nōka e kenang leoatleng. Sehlopha sena se ile sa tsamaea libakeng tse senyehileng hampe, sa leka ho qoba linokoane tse ka se tšoarang poho, sa feta litopo tse ntseng li bola, sa ba sa fihla Bothingone ka liphallelo tsa raese, li-noodle tse omisitsoeng, metsi le likerese. Ke sona sehlopha sa pele sa liphallelo se ileng sa fihla sebakeng seo. Ka mor’a hore sehlopha seo se fe Lipaki tsa moo liphallelo, se ile sa li haha ka lipuo tse thehiloeng Bibeleng sa ba sa li siela Libibele le lingoliloeng tse ling tse thehiloeng Bibeleng, etsoe lintho tsohle tsa tsona li ne li hohotsoe ke metsi a leholiotsoana.

Ka sebele tsela eo Lipaki tse senyehetsoeng li neng li ikutloa ka eona e ne e tsoteha. Setho se seng sa phutheho ea Irrawaddy e tikolohong e senyehileng, se ile sa re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re e-na le eona e ile. Matlo a rōna kaofela a senyehile. Lijalo tsa rōna kaofela li ruthuthiloe. Likhohola li silafalitse metsi a nooang. Leha ho le joalo, bara le barali babo rōna ha baa tšoenyeha joaloka batho ba bang. Ba tšepile Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Re tla latela tataiso leha e le efe eo re e fuoang, ebang ho thoe re lule motseng mona kapa re ee sebakeng se seng.”

Sehlopha sa Lipaki tse 30, seo le sona se neng se lahlehetsoe ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe, se ile sa bina lipina tsa ’Muso ka thabo leetong la sona la lihora tse leshome ho ea moo lihlopha tsa liphallelo li neng li se lokiselitse lijo, liaparo le bolulo. Ha li ntse li le leetong, li ile tsa utloa hore motseng o mong o haufi ho tšoeroe kopano ea potoloho ea Lipaki Tsa Jehova. Li ile tsa etsa qeto ea ho ea kopanong eo pele e le hore li fumane matšeliso a Bibele li be li thabele ho ea ba le Bakreste ba bang.

Sebakeng sohle se puputliloeng ke leholiotsoana, matlo a 35 a Lipaki a ne a senyehile, mahae a 125 a tsona a senyehile hanyenyane ’me Liholo Tsa ’Muso tse robeli li sa senyeha hakaalo. Ho thabisang ke hore mehaho ea lekala e ne e sa senyeha hampe.

Ka lebaka la leholiotsoana, qalong ho ne ho sa khonehe ho ea ofising ea lekala, kaha lifate tsa litonanahali li ne li oele li koetse litsela tse haufi! Lihora tse ’maloa ka mor’a hore leholiotsoana leo le fete, litho tsa lekala tse fetang 30 li ile tsa ea thusa ho tlosa lifate tseo ka matsoho. Ha li ntse li sebetsa, batho ba ile ba ema matlotlosia. Ka mor’a nakoana, sehlopha sa basali ba Lipaki se ile sa tla le lino-mapholi le litholoana ho tla phomosetsa basebetsi hammoho le baahisani ba neng ba sa lumele seo ba se bonang. Ha moqolotsi e mong oa litaba a bona se etsahalang, o ile a botsa, “Batho baa ba sebetsang ka tsela e hlophisehileng hakaale ke bo-mang?” Ka mor’a hore a bolelloe hore na ke bo-mang, o ile a re, “Ekare batho ba bangata ba ka be ba bontša moea o tjena oa ho thusa baahisani joaloka Lipaki Tsa Jehova!”

Ka potlako Lipaki li ile tsa theha likomiti tse peli tsa liphallelo libakeng tse sa tšoaneng naheng ena e le hore li tsamaise mosebetsi oa liphallelo. Baithaopi ba makholo ba ile ba sebetsa lihlopheng tsena tsa liphallelo. Ka mor’a matsatsi a se makae feela, Lipaki tse neng li senyehetsoe li ile tsa haheloa matlo a macha. Ha sehlopha sa liphallelo se fihla ha mosali e mong oa Paki ho tla mo hahela ntlo e ncha, baahelani ba hae ha baa ka ba lumela seo ba se bonang. Moahelani e mong o ile a re: “Mosali enoa oa Paki o haheloa ntlo e ’ngoe ke kereke ea hae. ’Na ha ho Mobuddha oa heso ea tlileng ho tla nthusa. Hoja ke ile ka ba Paki ha a ne a bua le ’na ka Bibele!”

Ha basebetsi ba hahang le komiti ea liphallelo ba hlahloba ntlo e ’ngoe e neng e senyehile motseng oa Thanlyn, ba ile ba ameha haholo ha lelapa leo la Lipaki le re: “Che, ha ho hobe hakaalo! Bonyane re sa na le ntlo eo re ka lulang ho eona. Lipaki tse ling tsona ha li na leha e le moo li ka sunyang hlooho feela. Re kōpa le thuse tsona pele!”

Sebakeng se seng sa Yangon, batho ba bang ba ile ba leka ho balehela likerekeng tsa moo. Leha ho le joalo, ba ile ba fumana likereke li notletsoe ’me ba sitoa ho kena. Batho ba ne ba halefile haholo ’me ba batla ho roba lemati la kereke. Empa Lipaki Tsa Jehova tsona li ile tsa thusa batho ba bangata hore ba fumane botšabelo Liholong Tsa ’Muso nakong eo ea leholiotsoana. Ka mohlala, Holong ea ’Muso ea Dala, banyalani ba bang ba Lipaki ba ile ba amohela baahisani ba bona ba 20 ba neng ba tsielehile ’me ba balehetse moo bakeng sa ho itšireletsa. Letsatsing le hlahlamang, batho bao ba ne ba se na mahae ao ba ka khutlelang ho ’ona ’me ba lapile. Monna o ile a fumana motho ea rekisang raese eaba o reka e lekaneng ho fepa batho bao kaofela.

Lelapeng le leng la Yangon, litho tse ling ke Lipaki Tsa Jehova, ha tse ling li kena likereke tse sa tšoaneng. Ka mor’a leholiotsoana, lelapa lohle le ile la tla sebokeng Holong ea ’Muso. Hobane’ng? Setho se seng sa lelapa se ile sa re: “Litho tsa kereke ea rōna li ile tsa re li tla re etela ka mor’a leholiotsoana, empa ha lia ka tsa tla. Ke Lipaki feela tse tlileng. Le ile la re fa raese le metsi. Le fapane le likereke tse ling!” Litho tsa lelapa leo tseo e seng Lipaki li ile tsa thabela se neng se tšohloa sehloohong sa Molula-Qhooa se reng, “Jehova o Utloa Mehoo ea Rōna e Kōpang Thuso” ’me li ile tsa arabela hangata sebokeng seo.

Mosali e mong ea neng a ithuta Bibele le Lipaki o ile a tla sebokeng sa phutheho beke ka mor’a leholiotsoana leo. Sebokeng seo, ho ile ha baloa lengolo le tsoang ofising ea lekala, le neng le hlalosa se entsoeng ho thusa batho hammoho le ho bolela se etsahalletseng ba pholohileng leholiotsoana leo. Ha lengolo le ntse le baloa, mosali eo o ile a qala ho lla. O ne a hloletsoe a bile a thabetse ho utloa hore ho ne ho se Paki e timetseng ebile kaofela li ne li sireletsehile. Ka mor’a moo, o ile a fuoa liphallelo tse itseng a ba a hlomeloa tente haufi le ntlo ea hae. O ile a re ruri o ikutloa a hlokometsoe hantle ke Lipaki.

Jesu o itse: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Morutuoa Jakobo le eena o ile a hatisa hore tumelo ea sebele e tsamaea le mesebetsi e molemo. (Jakobo 2:14-17) Lipaki Tsa Jehova li nka mantsoe ao ka botebo ’me li leka ka matla ho bontša lerato le joalo ka ho thusa le ho tšehetsa ba hlokang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

Bibele e re tumelo ea sebele e tsamaea le mesebetsi e molemo