Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E-ba le Lerato le Kang la Molimo

E-ba le Lerato le Kang la Molimo

E-ba le Lerato le Kang la Molimo

LERATO la ’nete ke lona le boletsoeng pele ha ho thathamisoa litšobotsi tsa tholoana ea moea oa Molimo. (Bagalata 5:22, 23) Motho o lokela ho rata Molimo, Mora oa hae le mokhatlo ’ohle oa barab’abo ba Bakreste lefatšeng ka bophara. (Deuteronoma 6:5; Baefese 6:24; 1 Johanne 2:10) O lokela ho rata moloko oohle oa batho, esita le lira tsa hae, a be a ba tšoare ka tsela e bontšang hore ke Mokreste. (Matheu 5:44) Ha ho na molao o ka thibelang lerato la mofuta ona. Motho a ka le bontša batho ba tšoanelehang neng kapa neng, kae kapa kae le ka tsela leha e le efe.

Kamoo Lerato le Kang la Molimo le Sebetsang Kateng

Lerato le kang la Molimo le hlolla haholo hoo ho leng thata ho le hlalosa. Ho batla ho le bonolo ho hlalosa tsela eo le sebetsang ka eona. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa litšobotsi tse sa tšoaneng tsa lerato ho 1 Bakorinthe 13:4-7: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe. Ha le thabele ho se loke, empa le thabela ’nete. Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.” Re tla tšohla karolo ka ’ngoe ea lerato lirapeng tse latelang.

“Lerato lea tiisetsa ’me le mosa.” Le mamella maemo a sa thabiseng le liphoso tsa batho ba bang. Sepheo ke hore batho ba etsang phoso ba qetelle ba pholohile, esita le hore qetellong ho tlosoe qoso bobusing ba Jehova. (2 Petrose 3:15) Lerato le mosa, ho sa tsotellehe hore na mohlomong motho o khopisitsoe ke eng. Leha ho le joalo, lerato le ka ema le tiile la ba la nka bohato bo lumellanang le toka lebitsong la ho loka. Batho ba nang le boikarabelo ka phuthehong ba ka ’na ba laea batho ba entseng phoso, empa le hona boemong boo, ba lokela ho ba mosa.—Baroma 2:4.

“Lerato ha le boulele.” Ha le honohele lintho tse ntle tseo ba bang ba nang le tsona. Le susumelletsa motho hore a thabe ha batho ba bang ba fumana boikarabelo bo eketsehileng. Ha le etse hore motho a hlonamele lira tsa hae ha li fumana lintho tse ntle. Le fana ka seatla se bulehileng. Molimo o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula ea hae. (Matheu 5:45) Bahlanka ba Molimo ba nang le lerato ba khotsofalla seo ba leng sona bophelong le boemo boo ba leng ho bona; ha ba ipehe boemong boo e seng ba bona kapa ka boithati ba batle boemo bo fuoeng motho e mong.—1 Timothea 6:6-8.

Lerato “ha le ithorise, ha le ikhohomose.” Ha le batle hore libōpuoa tse ling li le thoholetse kapa li le tlotlise. (Pesaleme ea 75:4-7) Motho ea nang le lerato ha a nyenyefatse e mong e le hore eena a bonahale a mo phahametse. Ho e-na le hoo, o tla phahamisa Molimo ’me ka pelo eohle a khothatse batho ba bang a be a ba matlafatse. (1 Bathesalonika 1:2, 3) A ke ke a ithorisa ka ntho eo a tla e etsa. (Liproverbia 27:1) O tla lemoha hore sohle seo a se etsang o se etsa ka lebaka la matla a tsoang ho Jehova.—Pesaleme ea 34:2.

Lerato “ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng.” Ha le mekhoa e mebe. Ha le kenelle boitšoarong bo litšila, bo kang ho hlekefetsa batho ka thobalano kapa ho kopanela boitšoarong bo bong bo nyarosang. Ha le tala, ha le bue lintho tse hlohlontšang litsebe, ha le mekhoa e fosahetseng, lea hlompha, ha le khahlapetse kapa hona ho tella mang kapa mang. Motho ea nang le lerato o tla qoba ho etsa lintho tse tšoenyang Bakreste ba bang kapa ho ba fa boikutlo bo fosahetseng. Pauluse o ile a laela phutheho ea Korinthe: “Lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.” (1 Bakorinthe 14:40) Lerato le tla boela le susumelletse motho hore a tsamaee ka tsela e hlomphehang molemong oa batho bao eseng Bakreste.—Baroma 13:13.

Lerato “ha le batle lithahasello tsa lona.” Le latela molao-motheo o reng: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.” (1 Bakorinthe 10:24) Ho ameha ka batho ba bang ho tsoa pelong ke e ’ngoe ea lintho tse matla haholo tse susumetsang motho hore a bontše lerato ebile ke e ’ngoe ea lintho tse atlehang le tse nang le litholoana tse molemo ka ho fetisisa. Motho ea nang le lerato ha a tsitlelle hore lintho li etsoe kamoo eena a ratang kateng. (1 Bakorinthe 9:22, 23) Ebile lerato ha le loanele “litokelo” tsa lona; le amehile haholo ka hore batho ba bang ba atlehe moeeng.—Baroma 14:13, 15.

Lerato “ha le halefe.” Ha le batle monyetla oa ho khopeha kapa lebaka la ho khopeha. Ha le phatlohe ka bohale, kaha oo ke mosebetsi oa nama. (Bagalata 5:19, 20) Motho ea nang le lerato ha a khopisehe habonolo ka lebaka la seo ba bang ba se buang kapa ba se etsang. Ha a tšohe hore o tla tlosoa “seriti.”

Lerato “ha le boloke tlaleho ea bobe.” Motho ea nang le lerato ha a jare motho ea mo sitetsoeng ka pelo, ebe ba phela sa ntja le phiri ho fihlela a mo fumane. Oo e ne e tla be e le moea oa boiphetetso, oo Bibele e o nyatsang. (Levitike 19:18) Lerato le ke ke la belaella motho e mong ho sa hlokahale empa le tla ikemisetsa ho mamella liphoso tsa ba bang le ho nka hore ha ba li etse ka boomo.—Baroma 14:1, 5.

Lerato “ha le thabele ho se loke, empa le thabela ’nete.” Lerato le thabela ’nete esita le hoja e ka kukunela lintho tseo motho a neng a li lumela pele. Le khomarela Lentsoe la Molimo la ’nete. Ka linako tsohle le ema ka lehlakoreng la se lokileng, ha le thabele lintho tse mpe, mashano kapa mofuta leha e le ofe oa ntho e sa lokang, ho sa tsotellehe hore na e hlahetse mang, esita le haeba e hlahetse sera sa hae. Haeba ntho e itseng e fosahetse kapa e khelosa, lerato ha le tšabe ho bua molemong oa ’nete le oa batho ba bang. (Bagalata 2:11-14) Ebile le khetha hore le ka mpa la utloisoa bohloko ho e-na le hore le etse phoso moo le lekang ho lokisa taba.—Baroma 12:17, 20.

Lerato “le jara lintho tsohle.” Le ikemiselitse ho mamella le ho utloa bohloko ka lebaka la ho loka. Motho ea nang le lerato a ke ke a potlakela ho pepesa motho ea mo sitetsoeng. Haeba phoso e se mpe hakaalo, o tla e hlokomoloha. Ho seng joalo o tla latela keletso ea Jesu e ho Matheu 18:15-17 ha ho hlokahala. Maemong ao, haeba motho e mong a kōpa tšoarelo ka mor’a ho bontšoa phoso ea hae ’me a lokisa bothata, ea nang le lerato o tla bontša ka liketso hore o mo tšoaretse e le kannete.—Liproverbia 17:9.

Lerato “le lumela lintho tsohle.” Lerato le lumela lintho tsohle tseo Molimo a li boletseng ka Lentsoeng la hae la ’nete, esita le haeba batho ba bang ba bona eka ke lintho tse ke keng tsa etsahala ’me batho ba sa lumelang ba li nyefola. Lerato le boetse le tšepa tataiso eo Molimo a fanang ka eona a sebelisa phutheho ea Bokreste le bahlanka ba hae ba khethiloeng ebile le tšehetsa liqeto tsa bona tse thehiloeng Lentsoeng la Molimo. (Baheberu 13:17) Leha ho le joalo, lerato ha le ee le khongoana holimo, ebile le hlahloba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ho e bapisa le Bibele. (1 Johanne 4:1) Lerato le susumelletsa motho hore a tšepe Bakreste ba bang ba tšepahalang; Mokreste a ke ke a ba belaella kapa ho sola seo ba se buang ntle le haeba ho e-na le bopaki bo matla ba hore ba hlile ba entse phoso.—2 Bakorinthe 2:3.

Lerato “le tšepa lintho tsohle.” Le tšepa lintho tsohle tseo Jehova a li tšepisitseng. (Baroma 12:12) Le tsoela pele ka mosebetsi, ka mamello le letetse hore Jehova a hlahise litholoana, a etse hore lintho li hōle. (1 Bakorinthe 3:7) Motho ea nang le lerato o tla tšepa hore lintho li tla tsamaela Bakreste ba bang hantle maemong ’ohle ao ba ka bang ho ’ona esita leha mohlomong tumelo ea ba bang e fokola.—2 Petrose 3:15.

Lerato “le mamella lintho tsohle.” Ho hlokahala lerato e le hore Mokreste a lule a tšepahala ho Jehova Molimo. Ho sa tsotellehe hore na Diabolose o etsa’ng ho leka botebo ba boinehelo ba Mokreste ho Molimo le hore na o tšepahala hakae ho Eena, lerato le tla mamella ka tsela e pakang hore Mokreste o tšepahala ho Molimo.—Baroma 5:3-5.

“Lerato ha le fele le ka mohla.” Le ke ke la fela kapa la khaotsa ho ba teng. Tsebo le kutloisiso e ncha li ka fetola lintho tseo re kileng ra li lumela; tšepo ea fetoha ha lintho tseo re li tšepileng li phethahala ebe re ba le tšepo ea lintho tse ncha, empa ha e le lerato, lona le lula le le teng, ebile le tsoela pele ho ba matla le ho feta.—1 Bakorinthe 13:8-13.