Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Etsa Matsapa ’Ohle a ho Batla Motho ea Itseng

Ho Etsa Matsapa ’Ohle a ho Batla Motho ea Itseng

Lengolo le Tsoang Ireland

Ho Etsa Matsapa ’Ohle a ho Batla Motho ea Itseng

E NE e le le leng la matsatsi ao re reng pula e tšoela feela. Kaha e ne e lula e fafatsa, e ile ea siea marotholi a pula fensetereng e ka pele ea koloi ’me a ntšitisa ho bona lintho tse sebakeng sena se mahaeng hantle. Ka mor’a ho khanna lik’hilomithara tse 16, ke ile ka fihla ka holim’a sehlaba moo e itseng ha ke lahlela mahlo tlaase ka bona Westport, e leng torotsoana e lebōpong la leoatle e ka bophirimela ho Ireland. Qetellong, letsatsi le ile la apola moholi ’me ha hlahella lihlekehleke tse ngata tse nyenyane tse qalikaneng ho potoloha kou eo, li le botle ba mahakoe a emeralde holim’a lesela le leputsoa la foloberi. Ke tse ’maloa feela tseo batho ba lulang ho tsona, empa lihoai tsa mona li tsamaisa mehlape ea tsona ka sekepe ho e isa lihlekehlekeng tseo hore e e’o fula.

Ho na le mokoloko oa maralla a iphaphathileng ka lebōpo ho leba ka bophirimela. Maralla ana a kupelitsoeng ke bo-’mamauoaneng, matlakala a bolileng le lihlahla a ne a bonahala joalokaha eka ke koporo e bentšitsoeng ha a utloa letsatsi la thapama. Hojana mane ho hlaheletse thaba e tlhōrō e motsu e bitsoang Croagh Patrick, eo baahi ba moo ba e bitsang Reek. Ke ile ka khanna har’a literata tse phetheselang le tse tšesaane tsa Westport, ka feta thaba ea Reek ka ba ka ea fihla sebakeng seo Lipaki Tsa Jehova li se etelang seoelo.

Monna eo ke neng ke ea ho eena o ne a sa tsebe hore ke tla tla mohlang oo. Ke ne ke ile ka fumana lengolo le reng o sa tsoa fallela sebakeng sena ’me o batla ho tsoela pele ho tšohla Bibele le Lipaki. Ke ile ka ipotsa: ‘Ebe o mokae? Hona na ke lesoha kapa o nyetse? Ebe o thahasella lintho life?’ Ke ile ka qekotsa mokotla oa ka eaba kea hopola hore ke tšetse Bibele le lingoliloeng tse ’maloa tse thehiloeng Bibeleng. Eaba ke nahana hore na ke tla re’ng ho eena e le ho mo etsa hore a batle ho tseba ho eketsehileng ka molaetsa oa ’Muso.

Joale ke ne ke se ke furaletse thaba ea Reek. Marako a hahiloeng ka majoe feela a sa kopanngoa ka taka, ao boholo ba ’ona a hahiloeng nakong ea Tlala ea Boja-likata lekholong la bo19 la lilemo, a entse meeli ea masimo a letseng ’me a shebahala joaloka masakana ho theosa ho ea fihla leoatleng. Holimo mane letata la leoatleng le fofa hamonate le phukalalitse mapheo. Moo mahlo a fellang teng ke lifate tse meutloa tsa hawthorn le blackthorn, tse neng li kobehile li bile li kotlobane joaloka banna-baholo, li teteane ’me li furaletse moea.

Sebakeng sena sa mahaeng ha ho na linomoro tsa matlo kapa mabitso a literata. Atereseng ea monna eo ho ne ho ngotsoe lebitso la ntlo le la polasi. Leha ho le joalo, ntho ea pele eo ke neng ke e batla e ne e le ho fumana motho eo joang kapa joang a tsebang hore na motho e mong le e mong oa sebakeng seo o lula hokae, e leng motsamaisi oa poso. Metsotso e mashome a mararo hamorao, ke ile ka fihla posong, e leng kamore e le ’ngoe mohahong o nang le likamore tse kolokileng. Monyako ho ne ho behiloe tsebiso e reng “Ho Koetsoe.” Ho e-na le hore ke nyahame, ke ile ka botsa lebenkeleng le leng ’me mong’a lebenkele a re ke ee sebakeng se neng se le haufi le polasi.

Ka mor’a ho tsamaea lik’hilomithara tse ling tse robeli, ke ile ka fumana letšoao leo ho neng ho itsoe ke le shebe—e leng mothinya o mobe o lebang ka letsohong le letona, ha ka ho le letšehali e le tselana e tšesaane. Ke ile ka kokota ntlong e ’ngoe e haufi le moo. Ke moo ho ileng ha hlaha mosali-moholo monyako eaba o mpolella a le motlotlo hore o lutse sebakeng seo bophelo bohle ba hae empa o ile a soetseha habohloko ha a hlokomela hore monna eo ke mo batlang ha a mo tsebe. O ile a re ke kene ka tlung a ke a leke ho founela batho ba ’maloa.

O ne a lula a nqekotsa ha a ntse a bua, mohlomong a ipotsa hore na ke mang le hona ke batla’ng. Ke ile ka bona seemahale se senyenyane sa Moroetsana Maria monyako ’me leboteng ho ne ho e-na le setšoantšo se seholo sa Kreste. Sefaha sa rosari se ne se behiloe tafoleng ka kichineng. E le ho etsa hore a khobe matšoafo, ke ile ka re ho eena, “Ke na le molaetsa oa bohlokoa oo ke lokelang ho mo fa oona o tsoang ho metsoalle e meng ea hae.”

Monna oa hae o ile a kena ’me a qala ho mpolella pale ea sebaka seo. Khabareng, motho oa pele eo mosali eo a ileng a mo founela o ne a sa tsebe motho eo ke mo batlang, empa mosali eo o ile a tsitlella hore ke eme hanyenyane a ke a founele ba bang. Ho ne ho bonahala ho se motho ea kileng a utloela ka monna eo kapa ka ntlo eo a lulang ho eona. Ke ile ka sheba nako ’me ka bona hore e se e ile. Eaba kea hlokomela hore ke tla tlameha ho leka ka le leng. Ke ile ka ba leboha ka thuso ea bona, ka kena koloing ’me ka nka leeto le lelelele ho khutlela hae.

Bekeng e latelang ke ile ka khutlela. Lekhetlong lena, ke ile ka kopana le motsamaisi oa poso ea ileng a mpha litaelo tse hlakileng. Ka mor’a metsotso e 15, ke ile ka fihla mateanong a litsela moo a neng a itse ke tla fihla teng. Ke ile ka thinyetsa ka ho letšehali ’me ka khanna meepeng le metheong e ’maloa, ke ntse ke sheba letšoao le latelang, e leng borokho ba khale bo entsoeng ka majoe. Ha kea ka ka bo bona. Qetellong ke ile ka fumana letšoao la ho qetela ’me holim’a leralla mane, e ne e le ntlo eo ke qetileng nako e ngata hakana ke ntse ke etsa boiteko ba ho e fumana.

Ke ile ka nahana ho se hokae hore na ha ke fihla ke tla beha litaba tse molemo joang. Ho ile ha bula monna-moholo ha ke kokota monyako. O ile a re: “Ke masoabi empa ntlo eo u e batlang ke eane mose mane.” O ile a supa ntlo e siriloeng ke lifate. Ka tšepo e khōlō, ke ile ka hatela holimo ho ea kokota ntlong eo. Ha ke ntse ke emetse karabo, ke ile ka sheba Leoatle la Atlantic le bohōle ba limithara tse makholo a ’maloa feela ho tloha moo. Moea o ne o se o le mongata ’me maqhubu a ne a le masoeu ha a ntse a fihla a khahlellana lebōpong le sabaletseng le letle. Ntlong eo ho ne ho se na motho.

Ke ile ka ea moo ka makhetlo a mang a mabeli pele ke fumana mohlankana ea lulang moo. O ile a re: “U fihlile ntlong e nepahetseng, empa motho eo u mo batlang ke ea neng a hirile mona ’me o tsamaile, ebile ha ke tsebe hore na o ile hokae.” Ke ile ka mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ke ne ke mo batla ’me ka fumana hore mohlankana enoa o ne a e-s’o ka a buisana le Lipaki Tsa Jehova ho hang. O ne a kile a nkeloa lintho ka likhoka kahoo a ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse seo hammoho le lintho tse ling tse leeme hore li etsahale. O ile a thabela limakasine tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse neng li e-na le lihlooho tse tšohlang taba eo.

Mangolo a re laela hore re etse matsapa ’ohle a ho batla batho ba kang linku. Ka masoabi ha kea ka ka fumana motho eo ke neng ke mo batla. Leha ho le joalo, ho hang ha ke nke hore ke sentse nako. Ireland mona batho ba bangata ba labalabela ho tseba molaetsa oa ’Muso ’me ka thuso ea Jehova, ka le leng la matsatsi peō ea ’nete e jetsoeng pelong ea mohlankana eo e tla beha litholoana.