Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Ke Tseba Hantle Bohloko Boo ba bo Utloang’

‘Ke Tseba Hantle Bohloko Boo ba bo Utloang’

Atamela ho Molimo

‘Ke Tseba Hantle Bohloko Boo ba bo Utloang’

Exoda 3:1-10

“OA HALALELA, oa halalela, oa halalela Jehova.” (Esaia 6:3) Mantsoe ana a bululetsoeng a bontša hore Jehova Molimo ha a na sekoli ebile o hloekile ka mokhoa o ke keng oa lekanngoa. Empa u ka ’na ua ipotsa, ‘Na ebe ho halalela ha Jehova ho etsa hore e be Molimo ea sa tsotelleng le ea sa atameleheng? Na ebe Molimo ea halalelang hakana a ka tsotella moetsalibe ea sa phethahalang joaloka ’na?’ A re ke re hlahlobeng mantsoe a khothatsang ao Molimo a ileng a a bua ho Moshe joalokaha a tlalehiloe ho Exoda 3:1-10.

Ka letsatsi le leng ha Moshe a ntse a lisitse linku o ile a bona pono e sa tloaelehang—sehlahla se meutloa se ne se tuka empa “se sa che.” (Temana ea 2) A hloletsoe ke sena, Moshe o ile a atamela e le hore a bone hantle se etsahalang. A sebelisa lengeloi, Jehova o ile a bua le Moshe a le ka har’a mollo a re: “U se ke ua atamela mona. Rōla meqathatso ea hao, hobane sebaka seo u emeng ho sona ke mobu o halalelang.” (Temana ea 5) Nahana feela—kaha Molimo o ne a le teng moo ka tsela ea tšoantšetso, esita le mobu o ile oa halalela!

Molimo ea halalelang o ne a e-na le lebaka la ho bua le Moshe. O ile a re: “Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka se Egepeta, ’me ke utloile mohoo oa sona ka lebaka la ba se qobellang ho sebetsa; hobane ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang.” (Temana ea 7) Molimo o ne a sa iphapanyetsa mahlomola a batho ba hae le likōpo tsa bona tse tiileng. Ho e-na le hoo, o ile a ba utloela bohloko. Sena re se bona mantsoeng a Molimo a reng: “Ke tseba hantle bohloko boo [ba] bo utloang.” Buka e ’ngoe ea lipatlisiso ha e hlalosa mantsoe a reng, “Ke tseba hantle,” e re: “Polelo ena e bontša kutloelo-bohloko, ho nahanela, le qenehelo.” Mantsoe ao Jehova a ileng a a bua ho Moshe a bontša hore ke Molimo ea amehang le ea tsotellang e le kannete.

Molimo o ne a tla etsa joang? Ha aa ka a shebella feela ka mohau kapa a mamela ka qenehelo. O ile a susumelletseha hore a nke khato. Eaba o etsa qeto ea ho ntša batho ba hae Egepeta ho ba isa “naheng e phallang lebese le mahe a linotši.” (Temana ea 8) E le ho phethahatsa sena Jehova o ile a roma Moshe a re: ‘Ntša sechaba sa ka Egepeta.’ (Temana ea 10) Moshe o ile a tšepahalla thōmo ena eaba o ntša Baiseraele Egepeta ka 1513 B.C.E.

Jehova o ntse a e-s’o fetohe. Barapeli ba hae kajeno ba ka kholiseha hore o ntse a bona mahlomola a bona le hore o utloa lillo tsa bona ha ba kōpa thuso. O tseba hantle bohloko boo ba bo utloang. Empa hase feela hore Jehova o qenehela bahlanka ba hae ba inehetseng. Molimo ea mosa o boetse o susumelletseha ho ba thusa ‘hobane oa ba tsotella.’—1 Petrose 5:7.

Qenehelo ea Molimo e etsa hore re be le tšepo. Ka thuso ea Jehova, re ka leka ho phela ka melao ea hae e hloekileng le hoja re sa phethahala ’me ra ba ba amohelehang ho eena. (1 Petrose 1:15, 16) Morali e mong oabo rōna ea neng a e-na le bothata ba ho sithabela maikutlo le ho nyahama o ile a khothatsoa ke phihlelo eo Moshe a ileng a ba le eona ha a le sehlahleng se meutloa. O re: “Haeba Jehova a ka etsa hore le mobu feela o halalele, mohlomong ho na le tšepo bakeng sa ka. Khopolo ena e nthusitse haholo.”

Na see ha se u susumelletse hore u ithute ho eketsehileng ka Jehova Molimo ea halalelang? Re ka khona ho atamela haufi le Jehova kaha “o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.”—Pesaleme ea 103:14.