Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Korinthe—Motse o “Laolang Likou Tse Peli”

Korinthe—Motse o “Laolang Likou Tse Peli”

Korinthe—Motse o “Laolang Likou Tse Peli”

HA U sheba ’mapa oa Greece, u tla hlokomela hore karolo e khōlō ea naha ena ke hloahloa ’me ka boroa ke karolo e shebahalang joaloka sehlekehleke se seholo. Likarolo tsena tse peli li kopanngoa ke mochoporo oa naha o ka bang lik’hilomithara tse tšeletseng moo o leng mosesaane haholo. Mochophoro ona oa Korinthe o kopanya hloahloa ea Peloponnese e ka boroa le karolo e khōlō ea naha e ka leboea.

Ho na le lebaka le leng hape le etsang hore mochophoro ona ebe oa bohlokoa. O ’nile oa bitsoa borokho ba leoatle hobane karolong e ka bochabela ea oona ke Kou ea Saronic ha motho a hlaha Leoatleng la Aegean le la Mediterranean le ka bochabela ’me ka bophirimela ke Kou ea Korinthe ha motho a hlaha Leoatleng la Ionian, la Adriatic le la Mediterranean le ka bophirimela. Hona moo, ho na le motse oa Korinthe, e leng oa bohlokoa oo moapostola Pauluse a neng a emisa ho oona ha a le maetong a boromuoa, oo mehleng ea boholo-holo o neng o tumme ka lebaka la ho atleha khoebong, batho ba teng ba phela mabothobothong ba bile ba itšoere ka tsela e hlephileng.

Motse o Lutseng Botleng

Motse oa Korinthe o haufi le lehlakore le ka bophirimela mochophorong ona oa bohlokoa. O na le likou tse peli, kapa libaka tsa boema-kepe, ka mahlakoreng ao ka bobeli a mochophoro—e ’ngoe ke kou ea Lechaeum e ka bophirimela, ha e ’ngoe e le ea Senkrea ka bochabela. Ke lona lebaka le ileng la etsa hore Strabo, e leng setsebi sa Mogerike sa jeokrafi, a hlalose Korinthe e le motse o “laolang likou tse peli.” Kaha motse oa Korinthe o lutse botleng, litsela tsohle tsa khoebo tse eang libakeng tse ling li ne li feta ho oona ’me o ne o laola khoebo e pakeng tsa karolo e ka leboea ea naha le e ka boroa, o bile o laola le khoebo ea likepe e pakeng tsa linaha tsa bochabela le bophirimela.

Ho tloha mehleng ea boholo-holo, likepe tse hlahang bochabela (Asia Minor, Syria, Foenisia le Egepeta) le tse hlahang bophirimela (Italy le Spain) li ne li tla le thepa ea tsona, e laolloe koung e ’ngoe e be e tsamaisoa lik’hilomithara tse ’maloa ho ea ka lehlakoreng le leng la mochophoro. Ha e fihla moo, thepa e ne e laeloa likepeng tse ling ebe e fetela pele. Likepe tse nyenyane li ne li huloa tseleng e khethehileng e entsoeng mochophorong oo, e neng e bitsoa diolkos.—Bona  lebokose le leqepheng la 27.

Ke hobane’ng ha basesisi ba likepe ba ne ba khetha ho paroletsa le mochophorong oo? Ba ne ba qoba tsela e kotsi ea lik’hilomithara tse 320 maoatleng a nang le lihloahloa tseo ka tloaelo ho fokang meea e matla tse karolong e ka boroa ea Peloponnese. Ka ho khetheha, basesisi ba likepe ba ne ba qoba ho tsamaea ka tsela ea Cape Malea, eo hangata ho neng ho buuoa tjena ka eona: “Ho tsoa ka tsela ea Cape Malea ke ho tela hae.”

Ho Sibolloa Kou ea Senkrea e Pupelitsoeng ke Metsi

Kou ea Senkrea e ka bang lik’hilomithara tse 11 ka bochabela ho motse oa Korinthe, e ne e le boema-kepe ba ho qetela ba likepe tse tsoang linaheng tsa Asia. Kajeno halofo ea kou ena e kupelitsoe ke metsi ka lebaka la ho sisinyeha ha lefatše ho ileng ha baka tšenyo e khōlō hoo e ka bang bofelong ba lekholo la bone la lilemo C.E. Strabo o ile a hlalosa Senkrea e le kou e phetheselang le e kenyang chelete e ngata, ha rafilosofi oa Moroma, Lucius Apuleius eena a ile a e bitsa “kou e khōlō eo hangata ho eona ho emisang likepe tsa lichaba tse ngata.”

Mehleng ea Baroma, kou ena e ne e e-na le litupu tse peli tse sephara tse neng li kena leoatleng, tse neng li shebahala joaloka tšepe e otlelloang tlhakong ea pere, ka lebaka leo, sebaka sena seo ho kenoang ho sona se ne se le bophara ba limithara tse 150 ho ea ho tse 200. Ho ne ho ka ema likepe tse bolelele ba limithara tse 40 koung ena. Baepolli ba lintho tsa khale ba sibolotse lintho tseo e neng e le karolo ea tempele lehlakoreng le ka boroa-bophirimela, eo ho nahanoang hore e ne e le sehalalelo sa molimotsana ea bitsoang Isis. Ho ka etsahala hore mehaho e lehlakoreng le leng la kou ena ho elella qetellong ea eona e ne e le sehalalelo sa molimotsana Aphrodite. Melimotsana ena ka bobeli e ne e nkoa e le e sireletsang basesisi ba likepe.

Mesebetsi ea khoebo e amanang le likepe koung ena e ka ’na eaba ke eona e ileng ea etsa hore moapostola Pauluse a etse litente ha a le Korinthe. (Liketso 18:1-3) Buka ea In the Steps of St. Paul e re: “Ha mariha a atamela, baetsi ba litente ba Korinthe, ba neng ba boetse ba etsa liseile, ba ne ba khangoa ke mosebetsi. Kaha likou ka bobeli li ne li tlala likepe tse khefutsang mariha tseo basesisi ba tsona ba neng ba labalabela hore li lokisoe le ho nchafatsoa nakong ena eo ka eona li khefulitseng, ha ho pelaelo hore bahoebi ba thepa ea likepe ba Lechæum le Senkrea ba ne ba e-ba le mosebetsi bakeng sa motho leha e le ofe ea tsebang ho roka liseile.”

Ka mor’a hore Pauluse a qete likhoeli tse 18 a le Korinthe, o ile a tloha ka sekepe Senkrea ho ea Efese hoo e ka bang ka 52 C.E. (Liketso 18:18, 19) Lilemong tse ka bang ’nè hamorao, ho ile ha thehoa phutheho ea Bokreste Senkrea. Bibele e re bolella hore Pauluse o ile a kōpa Bakreste ba Roma hore ba thuse mosali oa Mokreste ea bitsoang Fibi, ea neng a tsoa ‘phuthehong e Senkrea.’—Baroma 16:1, 2.

Kajeno, baeti ba tlang koung ena ea boholo-holo ea Senkrea e pupelitsoeng ke metsi ba sesa metsing a hloekileng tlhoeko. Ke ba ’maloa haholo ba tsebang hore lilemong tse makholo tse fetileng, sebaka sena e ne e le kou e phetheselang eo ho eona batho ba neng ba tšoarehile ka mesebetsi ea Bokreste le ea khoebo. Ho etsahala se tšoanang le ka kou e ’ngoe ea Korinthe, e leng kou ea Lechaeum, e neng e le ka lehlakoreng le ka bophirimela la mochophoro.

Lechaeum—Kou ea Likepe Tse Hlahang ka Bophirimela

Seterata se katiloeng se bitsoang Tsela ea Lechaeum se ne se tloha ’marakeng oa Korinthe ka ho toba se leba koung ea eona e ka bophirimela, e leng kou ea Lechaeum, e bohōle ba lik’hilomithara tse peli. Baenjiniere ba ile ba cheka karolo e itseng ea lebōpo la leoatle e le hore ba hahe kou ’me ba bokella qubuhali ea maloanlahla lebōpong e le ho sireletsa likepe tse emeng meeeng e matla e hlahang koung. Ho na le nako eo kou ena e neng e le e ’ngoe ea tse khōlōhali Mediterranean. Baepolli ba lintho tsa khale ba epolotse mesaletsa ea tora e fanang ka khanya bakeng sa basesisi leoatleng, e leng seemahale sa molimotsana Poseidon a tšoere serumula.

Ka mathōko ho Tsela ea Lechaeum e neng e sirelelitsoe ke marako ka mahlakoreng a mabeli, ho ne ho e-na le litsela tsa maoto, mehaho ea ’muso, litempele hammoho le litšiea tse kolokileng tseo ho entsoeng mabenkele ho tsona. E tlameha ebe mona Pauluse o ne a kopana le batho ba phathahaneng ba neng ba tlile mabenkeleng, batho ba buang lintho tse se nang thuso, ba rekisang mabenkeleng, makhoba, bo-rakhoebo le ba bang—e leng batho ba neng ba loketse bakeng sa mosebetsi oa hae oa boboleli.

Lachaeum e ne e se feela kou ea khoebo, empa hape e ne e le setsi sa likepe tsa ntoa. Ba bang ba re likepe tse bitsoang trireme, e leng mofuta o mong oa likepe tsa ntoa tsa boholo-holo o neng o atleha ka ho fetisisa, li qapiloe ke Mokorinthe e mong ea bitsoang Ameinocles, ea neng a haha likepe Lechaeum hoo e ka bang ka 700 B.C.E. Baathene ba ile ba sebelisa likepe tseo ntoeng ea makhaola-khang ha ba tla hlōla lebotho la metsing la Persia ka 480 B.C.E. ntoeng e neng e loaneloa Salamis.

Kajeno seo e kileng ea e-ba kou e phetheselang e se e le feela “letoto la matangoana a matšo, a tletseng lehlaka.” Ha ho letho le bontšang hore lilemong tse lekholo tse fetileng, sebaka sena e ne e le se seng sa likou tse khōlō ka ho fetisisa libakeng tsa Mediterranean.

Motse oa Korinthe o fa Bakreste Bothata

Ntle le hore likou tsa Korinthe e ne e le tsa khoebo, e ne e boetse e le khoro eo ka eona ho kenang batho ba neng ba tla ka mekhoa e meng e neng e ama batho ba motseng oo haholo. Taba ea pele, likou tseo li ne li hohela batho ba ratang khoebo le leruo. Motse oa Korinthe o ile oa bokella maruo ka ho lefisa thepa e kenang lekhetho le holimo hammoho le ho lefisa thepa le likepe tse neng li tsamaisoa tseleng eo lintho li neng li huloa ho eona. Motse oo o ne o boetse o bokella lekhetho sephethephetheng se neng se feta har’a oona. Ho elella qetellong ea lilemo tsa bo-600 B.C.E., chelete eo ’Muso o neng o e bokella mesebetsing e neng e etsoa ka ’marakeng hammoho le likoung tsa oona e ile ea etsa hore batho ba se ke ba hlola ba lefisoa lekhetho!

Motse oa Korinthe o ne o fumana chelete e eketsehileng ho bahoebi ba neng ba lula moo. Ba bangata ba bona ba ne ba phelela mabothobotho le meketjana e tletseng boitšoaro bo litšila. Basesisi ba likepe le bona ba ile ba tla ka bongata ’me ba ruisa motse oa Korinthe. Joalokaha Strabo a ile a bolela, ba ne ba sebelisa chelete ea bona bohlasoa. Baahi ba motse ba ne ba fana ka litšebeletso tse ngata, tse akarelletsang ho lokisa likepe.

Ho tlalehoa hore mehleng ea Pauluse motse oo o ne o e-na le baahi ba ka bang 400 000, o fetoa feela ke Roma, Alexandria le Antioke ea Syria. Ho ne ho e-na le Bagerike, Baroma, Basyria, Baegepeta hammoho le Bajuda ba neng ba lula motseng oa Korinthe. Ka lebaka la likou tsa eona, ho ne ho lula ho fihla baeti ba bangata ba tlileng lipapaling tsa baatlelete, baetsi ba litšoantšo, bo-rafilosofi, bo-rakhoebo le ba bang. Baeti bao ba ne ba tlisa limpho tempeleng ba bile ba etsetsa melimo mahlabelo. Lintho tsena kaofela li ile tsa etsa hore Korinthe e be motse o moholo o phetheselang, o ruileng, le hoja seo se ile sa tlisa liphello tse mpe.

Buka ea In the Steps of St. Paul e re: “Motse oa Korinthe o neng o le pakeng tsa likou tseo tse peli, e ile ea e-ba motse o tsoetseng pele, o tletseng mekhoa e litšila ea lichaba tse ling tseo likepe tsa tsona li neng li emisa likoung tsa oona.” Batho ba tsoang Bochabela le Bophirimela ba ne ba kopana Korinthe ka mekhoa ea bona ea boitšoaro bo hlephileng. Ka lebaka leo, motse oa Korinthe o ile oa hlepha haholo boitšoarong, oa rata mabothobotho ka tsela e tsoileng taolong—ha e le hantle e ile ea e-ba motse o boitšoaro bo bobe ka ho fetisisa mehleng eo ea Greece ea boholo-holo. Ha batho ba ne ba re motho o phela ka tsela ea Bakorinthe, kapa o fetohile Mokorinthe, ha e le hantle ba ne ba bolela hore boitšoaro ba hae bo hlephile.

Kaha moea o neng o rena motseng e ne e le oa ho rata lintho tse bonahalang le oa boitšoaro bo litšila, o ne o ka ’na oa hahlamela Bakreste eaba ba senyeheloa ke kamano ea bona le Molimo. Balateli ba Jesu ba neng ba lula Korinthe ba ne ba lokela ho lemosoa hore ba lule ba itšoere hantle e le hore Molimo a ba amohele. Ke kahoo e ileng ea e-ba ho loketseng hore ha Pauluse a ngolla Bakorinthe, a ba khalemele ka thata ka lebaka la meharo, ho qhekella le boitšoaro bo litšila. Ha u bala mangolo ao a bululetsoeng, joang kapa joang u tla lemoha mekhoa e litšila e nang e tšusumetso e matla eo Bakreste ba neng ba lokela ho e hanela.—1 Bakorinthe 5:9, 10; 6:9-11, 18; 2 Bakorinthe 7:1.

Leha ho le joalo, ho bile le melemo ea hore ebe motse oa Korinthe o ne o e-na le merabe e sa tšoaneng. Batho ba moo ba ne ba lula ba fumana likhopolo tse ncha. Baahi ba oona ba ne ba amohela maikutlo a macha ho feta ba metseng e meng eo Pauluse a ileng a e etela. Mohlalosi e mong oa Bibele o re: “Batho ba tsoang bochabela le bophirimela ba ne ba kopana motseng ona o nang le likou, ebe ba fetisetsa ho baahi ba moo maikutlo leha e le afe a macha, filosofi le mefuta e fapa-fapaneng ea bolumeli.” Ka lebaka leo, malumeli a sa tšoaneng a ne a amoheloa motseng oo ’me ho hlakile hore sena ke sona se ileng sa etsa hore mosebetsi oa Pauluse oa boboleli o be bonolo motseng oo.

Likou tse peli tsa Korinthe—e leng kou ea Senkrea le ea Lechaeum—li khathile tema e khōlō e le hore motse oo o atlehe o be o tume. Empa tsona likou tseo li ile tsa etsa hore lintho li be thata bakeng sa Bakreste ba lulang motseng oa Korinthe. Lefatše leo re phelang ho lona kajeno le joalo. Mekhoa e mebe e nang le tšusumetso e matla, e kang lerato la maruo le boitšoaro bo hlephileng, li ka senya kamano ea batho le Molimo. Ka hona, e ka ba hantle hore le rōna re ele hloko keletso eo e bululetsoeng eo Pauluse a ileng a e fa Bakreste ba Korinthe.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]

 DIOLKOS—TSELA EO THEPA E NENG E HULOA HO EONA

Ho ea qetellong ea lekholo la bosupa la lilemo B.C.E., ha leano la ho haha kanale le nyopa, ka bohlale ’musi oa Korinthe, e leng Periander, o ile a etsa tsela ea ho tsamaisa thepa mochophorong ona. * Tsela ena e neng e bitsoa diolkos, e bolelang “ho hulela ka nģ’ane,” e ne e le tsela e katiloeng ka majoe a sephara, e neng e e-na le liforo tse tebileng tseo ka har’a tsona ho mathang seporo sa lehong se bitietsoeng ka mafura. Thepa e ne e laolloa likepeng tse emeng koung e ’ngoe, e ntoo laeloa likosekareng ebe li huloa ke makhoba tseleng ena ho e isa koung e ’ngoe. Ka linako tse ling liketsoana tse laetseng thepa le tsona li ne huloa tselaneng eo li isoa koung e ’ngoe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 29 Ho fumana hore na kanale ea mehleng ea kajeno e hahuoe joang, bala Tsoha! (ea Senyesemane) ea December 22, 1984, leqepheng la 25-27, sehloohong se reng, “The Corinth Canal and its Story.”

[’Mapa o leqepheng la 25]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

GREECE

Kou ea Korinthe

Kou ea Lechaeum

Korinthe ea Boholo-holo

Senkrea

Mochophoro oa Korinthe

Kou ea Saronic

Peloponnese

LEOATLE LA IONIA

Cape Malea

LEOATLE LA AEGEAN

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Kajeno likepe tsa thepa li feta Kanaleng ea Korinthe

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Kou ea Lechaeum

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Kou ea Senkrea

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Todd Bolen/Bible Places.com