Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa Historing

Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa Historing

Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa Historing

Ke letsatsi leo Jesu Kreste a shoeleng ka lona. Ke hobane’ng ha lefu la Jesu e ne e le la bohlokoa hakaalo? Ho na le mabaka a ’maloa.

Hore ebe Jesu o ile a tšepahala ho fihlela lefung ho ile ha bontša hore motho a ka lula a tšepahala ho Molimo.

Lefu la Kreste le ile la boela la neha ba bang molokong oa batho monyetla oa ho ba babusi le eena leholimong. Ho phaella moo, le ile la bulela ba bang ba bangata monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.

Mantsiboeeng a pele a shoa, Jesu o ile a sebelisa bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu ho tšoantšetsa sehlabelo seo a neng a tl’o se etsa ka lerato ka bophelo ba hae. Eaba o re ho barutuoa ba hae: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Na u tla hopola ketsahalo ee ea bohlokoa?

Lipaki Tsa Jehova li u mema ka mofuthu hore u tl’o ba le tsona tšebeletsong ea Sehopotso sa lefu la Jesu. Selemong sena letsatsi la ho ikhopotsa ketsahalo ena ke Labone, la la 9 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. U ka ea Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang teng. Ka kōpo botsa Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno hore na se tla tšoaroa ka nako efe le hore na se tla tšoareloa hokae.