Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sefate “Seo Makhasi a Sona a sa Poneng”

Sefate “Seo Makhasi a Sona a sa Poneng”

Sefate “Seo Makhasi a Sona a sa Poneng”

NA U se u kile ua bona libaka tse ka thōko ho litoropo, tse nang le meru ea lifate tse tlokomang tse talana? Mohlomong u tla lumela hore eo ke ntho e khahlang mahlo haholo. Haeba u bona lifate tse ngata tse khōlō, tse makhasi a teteaneng, na u ne u ka nahana hore ho na le komello sebakeng seo? Che, ho e-na le hoo, u ne u tla lemoha hore e tlameha ebe ho na le metsi a mangata a etsang hore lifate tseo li lule li tlokoma li bile li atlehile.

Ke ho loketseng hore ebe Bibele e tšoantša ba phetseng hantle moeeng le lifate tse khōlō, tse tlokomang. Ka mohlala, hlokomela mantsoe a monate a litemaneng tsa pele tse tharo tsa Pesaleme ea pele:

“Ho thaba motho ea sa kang a tsamaea keletsong ea ba khopo, ea sa kang a ema tseleng ea baetsalibe, ea sa kang a lula setulong sa basomi. Empa o thabela molao oa Jehova, molao oa hae o o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare. Ka sebele o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona le seo makhasi a sona a sa poneng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”

Ka ho tšoanang, ho Jeremia 17:7, 8, rea bala: “Ho hlohonolofatsoe monna ea shahlileng ea tšepang Jehova, le eo Jehova e leng tšepo ea hae. Ka sebele o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le metsi, seo metso ea sona e namelang molatsoaneng; a ke ke a bona ha mocheso o tla, empa makhasi a hae a tla beha haholo. Selemong sa komello a ke ke a tšoenyeha, kapa a khaotsa ho hlahisa litholoana.”

Litemaneng tsena ka bobeli, ho sebelisitsoe papiso ea lifate ho bontša se etsahalang ka motho ea etsang se lokileng, ea thabelang melao ea Molimo le ea mo tšepang ka ho feletseng. Sena se hlahisa potso ea hore na, Ke ka litsela life motho ea joalo litabeng tsa moea, a tšoanang le sefate se behang haholo kapa se tlokomang? A re ke re hlahlobisiseng litemana tsena.

“Se Lenngoeng Haufi le Melapo ea Metsi”

Lifate tseo ho builoeng ka tsona li hlalosoa li lenngoe “haufi le melapo ea metsi” kapa “haufi le metsi” a mangata e seng feela haufi le nōka e le ’ngoe kapa molapo. Ho sebelisitsoe mokhabo-puo o tšoanang ho Esaia 44:3, 4, moo Jehova Molimo a neng a bua ka tsela eo a tla hlokomela ka eona Bajuda ba bakileng ba neng ba khutlile botlamuoeng Babylona. Jehova o ile a re ka moprofeta Esaia: “Ke tla tšela ea nyoriloeng ka metsi, le sebaka se omileng ka melapo e phallang. . . . Ka sebele ba tla hlaha joalokaha eka ke har’a joang bo botala, joaloka lipopoliri pel’a liforo tsa metsi.” Mona ho hlalosoa hore “melapo” le “liforo tsa metsi” li etsa hore ba hlohonolofalitsoeng ke Molimo ba hōle joaloka lipopoliri tse makhasi a mangata.

Esita le kajeno libakeng tseo ho lengoang ho tsona, u ka ’na ua bona liforo tsa metsi le melapo e tlohang mohloling oa metsi, o kang selibeng se tebileng, nōkeng, letšeng kapa letamong. Hangata ke tsela eo masimo a nosetsoang ka eona. Ka linako tse ling, metsi a lebisoa lirapeng tsa lifate tsa litholoana. Maemong a mang, u tla fumana melatsoana e nōsetsa masimo ka lehlakoreng le leng e nōsetsa lifate tse kolokileng tse makhasi a mangata ’me mohlomong e tšoaea meeli ea masimo.

Lifate tse lenngoeng haufi le melatsoana e joalo li hōla joang? Pesaleme ea 1:3 e bua ka sefate se “fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona.” Linaheng tsa Bochabela bo Hare, ho na le lifate tsa feiga, tsa kharenate le tsa liapole, hammoho le lifate tsa palema le tsa mohloare. Le hoja sefate sa feiga se makala a pharaletseng se ka ba bolelele ba limithara tse robong, lifate tse ling tse ngata tsa litholoana ha li be telele hakaalo. Leha ho le joalo, li ka tlokoma le ho atleha tsa ba tsa beha litholoana ka bongata ka nako ea tsona e loketseng.

Mehleng ea boholo-holo, lifate tse khōlō tsa popoliri li ne li mela mabōpong a linōka le a melatsoana Syria le Palestina. Ka Bibeleng, hangata popoliri e amahanngoa le metsi kapa “liphula tsa melapo.” (Levitike 23:40) Lifate tsa moluoane, tse oelang sehlopheng sa lipopoliri, le tsona li rata ho mela haufi le moo ho nang le metsi a mangata. (Ezekiele 17:5) Lifate tsena tse khōlō tse tlokomang ke papiso e nepahetseng ea molaetsa oo mopesaleme le Jeremia ba neng ba batla ho o fetisa: Ba batlang ho latela molao oa Molimo le ba mo tšepang ka ho feletseng ba tla lula ba phetse hantle moeeng ’me ‘ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang e tla atleha.’ Na ho atleha bophelong hase eona ntho eo re e batlang?

Ho Thabela Molao oa Jehova

Kajeno batho ba leka ka litsela tse ngata hore ba atlehe. Ba tšoareha ka thata mesebetsing e ka ba tlisetsang botumo le chelete e ngata—lintho tseo hangata e leng tsa lefeela tse bileng li ba soetsang. Leha ho le joalo, ke eng e ka tlisetsang batho khotsofalo ea sebele le thabo e sa feleng bophelong? Mantsoe a Jesu Thutong ea hae ea Thabeng a fana ka karabo. O itse: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Matheu 5:3) Ke ’nete hore thabo ea sebele ha e tlisoe ke ho ba le matlotlo a mangata, empa e tlisoa ke ho lemoha hore re hloka ho ba le kamano e ntle le Molimo ’me re ikitlaelletse ho ba le eona e le hore re ka lula re phetse hantle moeeng, re tšoana le lifate tse tlokomang tse fanang ka litholoana nakong ea tsona. Re ka etsa joang hore re atlehe moeeng?

Ho ea ka mopesaleme, ho na le lintho tseo pele re lokelang ho li qoba. O buile ka ‘keletso ea ba khopo,’ ‘tsela ea baetsalibe’ le ‘setulo sa basomi.’ E le hore re thabe, re lokela ho furalla ba somang esita le ba iphapanyetsang melao ea Molimo.

Ntlha e ’ngoe ke hore re lokela ho thabela molao oa Jehova. Ha re thabela ntho e itseng kapa mosebetsi o itseng, ha ho pelaelo hore re sebelisa monyetla o mong le o mong oo re o fumanang. Ka hona, ho thabela molao oa Molimo ho bolela hore re lokela ho ananela Lentsoe la Molimo ka ho tebileng, re be le takatso ea ho ithuta lona ka ho eketsehileng le ho le utloisisa hantle.

Ntlha ea ho qetela, re tlameha ho le bala “ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare.” Sena se bolela hore re lokela ho bala Bibele kamehla le ho nahanisisa ka seo re se balang. Re lokela ho ikutloa joaloka mopesaleme ea neng a ikutloa tjena ka Lentsoe la Molimo ha a tla bina: “Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.”—Pesaleme ea 119:97.

Ha re fumana tsebo e nepahetseng re bile re utloisisa Jehova Molimo le ho mo tšepa ka ho feletseng, hammoho le ho tšepa litšepiso tsa hae, ka sebele re tla phela hantle moeeng. Haeba re etsa joalo, re tla tšoana le motho ea thabileng eo ha mopesaleme a mo hlalosa, a reng “ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”