Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tsoaloa Hape—Na ke Tsela ea ho Pholoha?

Ho Tsoaloa Hape—Na ke Tsela ea ho Pholoha?

Ho Tsoaloa Hape​—Na ke Tsela ea ho Pholoha?

U NE u ka araba potso ee joang, “Na u tsoetsoe hape?” Balumeli ba limilione lefatšeng ka bophara ba ne ba ka araba ba sa qeaqee ka hore, “E!” Ba lumela hore ho tsoaloa hape ke letšoao la Bakreste bohle ba ’nete le hore ke eona feela tsela ea hore motho a pholohe. Ba lumellana le baeta-pele ba bolumeli ba kang setsebi sa thuto ea bolumeli Robert C. Sproul ea ileng a ngola tjena: “Haeba motho a sa tsoaloa hape, . . . hase Mokreste.”

Na le uena u lumela hore ho tsoaloa hape ke eona tsela e tla etsa hore u pholohe? Haeba ho joalo, ha ho potang hore u tla rata ho thusa beng ka uena le metsoalle ea hao hore ba fumane tsela eo ’me ba qale ho tsamaea ho eona. Leha ho le joalo, e le hore ba e fumane, ba lokela ho utloisisa phapang pakeng tsa motho ea tsoetsoeng hape le ea sa tsoaloang hape. U ka ba hlalosetsa joang hore na ho bolela’ng hore motho o tsoetsoe hape?

Ba bangata ba lumela hore polelo e reng motho ea ‘tsoetsoeng hape’ e bolela motho ea entseng tšepiso e tlohang botebong ba pelo ea hore o tla sebeletsa Molimo le Kreste, ka lebaka leo, ha e sa ba motho ea shoeleng moeeng, empa e se e le ea phelang moeeng. Ha e le hantle, buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e re motho ea tsoetsoeng hape “hangata ke Mokreste ea entseng boitlamo bocha kapa ea pakileng hore o ikanne tumelong haholo-holo ka mor’a hore a amehe maikutlong ketsahalong e itseng ea bolumeli.”—Merriam-Webster’s Collegiate Dictionary—Eleventh Edition.

Na u ne u tla makala ha u ithuta hore Bibele ha e lumellane le tlhaloso eo? Na u ka rata ho tseba hore hantle-ntle Lentsoe la Molimo le ruta eng mabapi le ho tsoaloa hape? Ka sebele u tla rua molemo ka ho hlahlobisisa taba ena. Hobaneng? Hobane ho utloisisa ka nepo se boleloang ke ho tsoaloa hape ho tla ama bophelo ba hao le lintho tseo u lebeletseng hore li etsahale nakong e tlang.

Bibele e Ruta Eng?

Ka Bibeleng, polelo e reng “le tsoaloe hape” e hlaha feela ho Johanne 3:1-12, moo ho hlahang puisano e thahasellisang pakeng tsa Jesu le moeta-pele e mong oa bolumeli, Jerusalema. Tlaleho eo ea Bibele e qotsitsoe ka botlalo lebokoseng le tsamaisanang le sehlooho sena. Re u khothalletsa hore u e bale ka hloko.

Tlalehong eo, Jesu o ile a totobatsa lintho tse ’maloa mabapi le “tsoalo e ncha.” * Ha e le hantle, puisano eo ea Jesu e re thusa hore re arabe lipotso tsena tse hlano tsa bohlokoa:

Tsoalo e ncha ke ea bohlokoa hakae?

Na ke rōna ba ka iketsetsang qeto ea hore re tsoaloe bocha?

Morero oa eona ke ofe?

Tsoalo e ncha e etsahala joang?

E fetola kamano ea bona le Molimo joang?

A re ke re hlahlobeng lipotso tsena ka bonngoe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Polelo e reng “tsoalo e ncha” e fumanoa ho 1 Petrose 1:3, 23. Ke polelo e ’ngoe e sebelisoang ke Bibele ea hore “le tsoaloe hape.” Lipolelo tsena ka bobeli li tsoa leetsing la Segerike, gen·naʹo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]

Le Lokela Hore “le Tsoaloe Hape”

“Joale ho ne ho e-na le monna e mong oa Bafarisi, lebitso la hae e le Nikodemase, ’musi oa Bajuda. A tla ho Jesu bosiu ’me a re ho eena: ‘Rabi, rea tseba hore uena joaloka mosuoe u tlile u tsoa ho Molimo; kaha ha ho ea ka etsang lipontšo tsena tseo u li etsang ntle leha Molimo a e-na le eena.’ Ha Jesu a araba a re ho eena: ‘Kannete-nete ke re ho uena, Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe hape, a ke ke a bona ’muso oa Molimo.’ Nikodemase a re ho eena: ‘Ke joang motho a ka tsoaloang ha a le moholo? A ke ke a kena ka pōpelong ea ’m’ae ka lekhetlo la bobeli ’me a tsoaloa, na ha ho joalo?’ Jesu a araba: ‘Kannete-nete ke re ho uena, Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe ka metsi le ka moea, a ke ke a kena ’musong oa Molimo. Se tsoetsoeng ka nama ke nama, ’me se tsoetsoeng ka moea ke moea. U se ke ua hlolloa hobane ke u boleletse, [“Le lokela hore,” NW] le tsoaloe hape. Moea o fokela moo o batlang, ’me u utloa molumo oa oona, empa ha u tsebe hore na o tsoa hokae le hore na o ea hokae. Ho joalo ka e mong le e mong ea tsoetsoeng ka moea.’ Ha Nikodemase a araba a re ho eena: ‘Lintho tsee li ka etsahala joang?’ Ha Jesu a araba a re ho eena: ‘Na u mosuoe oa Iseraele ’me leha ho le joalo ha u tsebe lintho tsee? Kannete-nete ke re ho uena, Seo re se tsebang rea se bua ’me seo re se boneng re paka ka sona, empa lōna ha le amohele bopaki boo re fanang ka bona. Haeba ke le boleletse lintho tsa lefatše ’me leha ho le joalo le sa lumele, le tla lumela joang haeba ke le bolella lintho tsa leholimo?’”—Johanne 3:1-12.