Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Leha Puo e se e Shoele, Bibele Eona e Ntse e Phela

Leha Puo e se e Shoele, Bibele Eona e Ntse e Phela

Leha Puo e se e Shoele, Bibele Eona e Ntse e Phela

HO KA etsahala hore halofo ea lipuo tse neng li buuoa lefatšeng lilemong tse makholo a ’maloa tse fetileng, ha li sa buuoa. Puo ea shoa ha e se e se na batho ba e buang. Ka kutloisiso eo, hangata Selatine se hlalosoa e le “puo e shoeleng,” le hoja batho ba bangata ba ithuta sona ebile se ntse se nkoa e le puo e buuoang—Motseng oa Vatican.

Selatine ke e ’ngoe ea lipuo tsa pepe-pele tse ileng tsa sebelisoa ha ho fetoleloa Bibele. Na molaetsa o fetoletsoeng ka lipuo tse shoeleng, e ka ba o “phelang” kajeno ’me oa ama babali ba Bibele? Pale e hlollang ea liphetolelo tseo e tla re thusa ho araba potso eo.

Liphetolelo Tsa Boholo-holo Tsa Selatine

Selatine e ne e le puo e ka sehloohong e buuoang Roma. Leha ho le joalo, ha moapostola Pauluse a ngolla Bakreste ba neng ba lula motseng oo, o ile a ba ngolla ka Segerike. * Seo ha sea ka sa baka mathata kaha ho ne ho tloaelehile hore batho ba moo ba bue lipuo tseo ka bobeli. Kaha baahi ba bangata ba Roma ba ne ba tsoa karolong ea Asia moo ho buuoang Segerike, ho ne ho thoe motse oo o fetoha oa Bagerike. Lipuo tse neng li buuoa ’Musong oa Roma li ne li fapana ho ea ka libaka, empa ha ’muso oo o ntse o hōla, Selatine e ile ea e-ba sa bohlokoa haholo. Ka lebaka leo, Mangolo a Halalelang a Segerike a ile a fetoleloa ka Selatine. Ho bonahala sena se etsahetse lekholong la bobeli la lilemo C.E., Afrika Leboea.

Libuka tse sa tšoaneng tse ileng tsa fetoleloa li tsejoa e le Vetus Latina, kapa phetolelo ea Selatine sa Khale. Kajeno ha ho na phetolelo e feletseng ea Mangolo a boholo-holo a Selatine e ngotsoeng ka letsoho. Ho bonahala likarolo tse ntseng li le teng hammoho le tse qotsitsoeng ke bangoli ba boholo-holo li bontša hore Vetus Latina e ne e se buka e le ’ngoe feela. Ho e-na le hoo, e ka ’na eaba e ne e le libuka tsa bafetoleli ba ’maloa ba ileng ba sebetsa ba arohane ka linako tse sa tšoaneng, ba bile ba le libakeng tse sa tšoaneng. Ka hona, ho e-na le hore e be buka e le ’ngoe, ke libuka tse ’maloa tse bokeletsoeng hammoho tse fetoletsoeng ka ho toba ho tloha Segerikeng.

Boiteko ba batho ka bomong ba ho fetolela likarolo tse ling tsa Mangolo ka Selatine bo ile ba baka pherekano e itseng. Bofelong ba lekholo la bone la lilemo C.E., Augustine o ne a lumela hore “motho e mong le e mong ea neng a fumane buka e ngotsoeng ka letsoho ea Segerike, ea neng a nahana hore o na le tsebo e itseng lipuong tseo tse peli—esita le haeba e ne e fokola—o ne a leka ho e fetolela” ka Selatine. Augustine le ba bang ba ne ba nka hore ho na le liphetolelo tse ngata haholo ’me ba belaella ho nepahala ha tsona.

Phetolelo ea Jerome

Jerome, eo ka linako tse ling e neng e e-ba mongoli oa mobishopo oa Roma, Damasus, ka 382 C.E., ke eena motho ea ileng a leka ho felisa pherekano ena ea liphetolelo tse ngata. Mobishopo o ile a kōpa Jerome hore a ntlafatse Likosepele tse ngotsoeng ka Selatine, ’me Jerome o ile a phetha mosebetsi oo ka lilemo tse ’maloa feela. Ka mor’a moo o ile a qala ho ntlafatsa libuka tse ling tsa Bibele tse ngotsoeng ka Selatine.

Phetolelo ea Jerome, eo hamorao e ileng ea bitsoa Vulgate, e ne e thehiloe libukeng tse ’maloa tse sa tšoaneng. Ha a fetolela Lipesaleme, Jerome o ile a sebelisa Septuagint, e leng phetolelo ea Segerike ea Mangolo a Seheberu e qetiloeng lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. O ile a ntlafatsa Likosepele, a ba a fetolela boholo ba Mangolo a Seheberu ho tloha puong ea pele ea Seheberu. Ho ka etsahala hore mangolo a setseng a ile a ntlafatsoa ke batho ba bang. Likarolo tsa Vetus Latina le tsona li ile tsa qetella li kenyelelitsoe phetolelong ea Vulgate ea Jerome.

Qalong, phetolelo ea Jerome e ne e sa ratisisoe. Esita le eena Augustine o ile a e tšoaea liphoso. Empa butle-butle e ile ea qetella e nkoa e le eona Bibele e molaong. Lekholong la borobeli le la borobong la lilemo, litsebi tse kang Alcuin le Theodulf li ile tsa qala ho lokisa liphoso tsa puo le tsa taba e ngotsoeng tse ileng tsa ’na tsa kenella phetolelong ea Jerome ka lebaka la ho kopitsoa hangata. Ba bang ba ile ba arola molaetsa ka likhaolo, ba etsa hore ho be bonolo ho bala Mangolo. Ha mechine e hatisang litlhaku e qaptjoa, phetolelo ea Jerome ke eona Bibele ea pele e ileng ea hatisoa.

E bile Lekhotleng la Trent ka 1546 moo ka lekhetlo la pele Kereke e K’hatholike e ileng ea reha phetolelo ea Jerome Vulgate. Lekhotla leo le ile la phatlalatsa hore Bibele ena ke e ka “tšeptjoang,” le hore e tla ba eona Bibele e tla sebelisoa ke Mak’hatholike. Leha ho le joalo, lekhotla leo le ile la ba la etsa qeto ea hore phetolelo eo e ntlafatsoe. Mosebetsi oa ho e ntlafatsa o ne o lokela ho etelloa pele ke moifo o khethehileng, empa Mopapa Sixtus V, ea neng a tatetse hore e fele, eo ka ho hlakileng a neng a bile a itšepa haholo, o ile a etsa qeto ea ho phetha mosebetsi oo a le mong. Phetolelo ea hae e ne e sa tsoa qala ho hatisoa ha mopapa eo a hlokahala ka 1590. Hang-hang, bak’hadinale ba ile ba qhela phetolelo eo, eo ba neng ba e nka e tletse liphoso ’me ba ile ba e etsa hore e se ke ea hlola e fumaneha.

Qetellong phetolelo e ncha e ileng ea hatisoa ka 1592 tlas’a tataiso ea Mopapa Clement VIII e ile ea tsejoa e le khatiso ea Sixtine Clementine. E ile ea nka nako e telele e le eona phetolelo e molaong e neng e sebelisoa ke Kereke e K’hatholike. Vulgate ea Sixtine Clementine e ile ea boela ea e-ba motheo oa liphetolelo tse ling tsa K’hatholike, tse kang phetolelo ea Setaliana ea Antonio Martini, e phethiloeng ka 1781.

Bibele ea Kajeno ea Selatine

Lekholong la bo20 la lilemo ha Vulgate e hlahlojoa, e bapisoa le mangolo a boholo-holo, ho ile ha fumanoa hore e lokela ho hlaoloa liphoso joaloka liphetolelo tse ling. E le hore liphoso tseo li lokisoe, ka 1965, Kereke e K’hatholike e ile ea theha Moifo Bakeng sa Vulgate e Ncha ’me ea fa moifo oo boikarabelo ba ho ntlafatsa phetolelo ea Selatine motheong oa boitsebiso bo neng bo sa tsoa fumanoa. Bibele eo e ncha e ne e tla sebelisoa litšebeletsong tsa K’hatholike tsa Selatine.

Karolo ea pele ea phetolelo e ncha e ile ea e-ba teng ka 1969, eaba ka 1979, Mopapa John Paul II o amohela Nova Vulgata. Khatiso ea pele e ne e e-na le lebitso la Molimo, Iahveh, litemaneng tse ’maloa, ho akarelletsa le ho Exoda 3:15 le 6:3. Hamorao, joalokaha setho se seng sa moifo oo se ile sa bontša, khatiso ea bobeli e molaong, e ileng ea hatisoa ka 1986, e ile ea “sokoloha . . . eaba ho khutlisetsoa Dominus [‘Morena’] moo ho hlahang Iahveh.”

Joalokaha Vulgate e ile ea tšoauoa liphoso lilemong tse makholo tse fetileng, Nova Vulgata le eona e ile ea tšoauoa liphoso, esita le ke litsebi tsa Mak’hatholike. Le hoja qalong e ile ea hlalosoa e le phetolelo e tla momahanya batho ba ipolelang hore ke Bakreste, ba bangata ba ne ba e nka e sitisa bafetoleli ba Bibele ba malumeli a fapaneng hore ba momahane, haholo-holo hobane e ne e nkoa e le eona e nepahetseng eo liphetolelo tsa lipuo tse ling li lokelang ho thehoa ho eona. Jeremane, Nova Vulgata, e ile ea baka khang e khōlō pakeng tsa Maprostanta le Mak’hatholike mabapi le ho fetolela Bibele e neng e tla amoheloa ke Mak’hatholike le ke Maprostanta. Maprostanta a ile a nyatsa Mak’hatholike ka ho tsitlella hore phetolelo ena e ncha e lumellane le Nova Vulgata.

Le hoja Selatine e se e le puo e sa buuoeng hakaalo, Bibele ea Selatine e susumelitse batho ba limilione ka tsela e tobileng le e sa tobang. Lipuo tse ngata li alimile mantsoe a mangata a bolumeli ho sona. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na Lentsoe la Molimo le hatisoa ka puo efe, le tsoela pele ho fana ka matla, le fetola bophelo ba batho ba limilione bao ka boikokobetso ba lekang ho etsa lintho tumellanong le lithuto tsa eona tse molemo.—Baheberu 4:12.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Bakeng sa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na ke hobane’ng ha Mangolo a Bakreste a ile a ngoloa ka Segerike, bala sehlooho se reng “Re U Lome Tsebe?” leqepheng la 13.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]

Mopapa John Paul II o ile a amohela Nova Vulgata. Khatiso ea eona ea pele e ne e e-na le lebitso la Molimo, Iahveh

[Lebokose le leqepheng la 21]

MANTSOE A FETOLETSOENG A TSEBAHALANG E LE A BOHLOKOA

Vetus Latina, e fetoletsoeng ho tsoa Segerikeng, e ne e e-na le mantsoe a mangata a fetoletsoeng a tsebahalang e le a bohlokoa. Le leng la ’ona ke lentsoe la Segerike di·a·theʹke, “selekane,” le ileng la fetoleloa e le testamentum, kapa “testamente.” (2 Bakorinthe 3:14) Ka lebaka la phetolelo eo, ha batho ba bangata ba bua ka Mangolo a Seheberu le a Segerike ba ntse ba a bitsa Testamente ea Khale le Testamente e Ncha.

[Lebokose le leqepheng la 23]

TAELO EO BA BANG BA SA LUMELLANENG LE EONA

Ka 2001, lilemo tse ’nè ka mor’a ho sebetsa ka thata, Phutheho ea Vatican ea ho Rapela Molimo le ho Fana ka Melao e Tsamaisang Litšebeletso Tsa Kereke e ile ea hatisa Liturgiam authenticam, taelo ea (Litšebeletso Tse Khethehileng Tsa Kereke Tse ka Tšeptjoang). Taelo ena e ’nile ea nyatsoa ka matla ke litsebi tse ngata tsa Mak’hatholike.

Ho latela taelo ena, kaha Nova Vulgata ke khatiso eo kereke e e amohelang ka molao, liphetolelo tse ling li lokela iphaphatha ka eona, esita le hoja e fetotse taba e neng e ngotsoe libukeng tsa boholo-holo. Ba boemong bo phahameng Kerekeng e K’hatholike ba tla amohela Bibele e ’ngoe hafeela ho ile ha lateloa taelo eo ha e fetoleloa. Taelo ena e re “lebitso la Molimo ea matla ’ohle, le emeloang ke litlhaku tse ’nè tsa Seheberu (YHWH),” le lokela ho fetoleloa ka “lentsoe leha e le lefe le bolelang” Dominus, kapa “Morena,” Libibeleng tsa K’hatholike joalokaha khatiso ea bobeli ea Nova Vulgata e le fetoletse—le hoja khatiso ea pele e ne e sebelisitse lebitso “Iahveh.” *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Phetolelo ea Alcuin ea Bibele ea Selatine, 800 C.E.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From Paléographìe latine, by F. Steffens (www.archivi.beniculturali.it)

[Litšoantšo tse leqepheng la 22]

Vulgate ea sixtine Clementine, 1592

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Exoda 3:15, Nova Vulgata, 1979

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© 2008 Libreria Editrice Vaticana