Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsoalo e Ncha—E Etsahala Joang?

Tsoalo e Ncha—E Etsahala Joang?

Tsoalo e Ncha​—E Etsahala Joang?

HA Jesu a bua le Nikodemase, ha aa ka a bua feela ka bohlokoa ba tsoalo e ncha, hore na ke mang ea fang batho tsoalo e ncha le hore na morero oa eona ke ofe, empa o ile a boela a bua ka tsela eo e etsahalang ka eona. Jesu o ile a re: “Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe ka metsi le ka moea, a ke ke a kena ’musong oa Molimo.” (Johanne 3:5) Ka hona, motho o tsoaloa hape ka metsi le ka moea. Empa mantsoe “ka metsi le ka moea” a bolela’ng?

‘Metsi le Moea’—Li Emela Eng?

Kaha Nikodemase e ne e le setsebi sa bolumeli ba Sejuda, ha ho potang hore o ne a tloaelane le tsela eo Mangolo a Seheberu a sebelisang poleloana e reng “moea oa Molimo” ka eona—e leng matla a Molimo a sebetsang a ka susumetsang batho hore ba etse liketso tse hlollang. (Genese 41:38; Exoda 31:3; 1 Samuele 10:6) Kahoo ha Jesu a sebelisa lentsoe “moea,” e tlameha ebe Nikodemase o ile a utloisisa hore o bua ka moea o halalelang, e leng matla a Molimo a sebetsang.

Ho thoe’ng ka metsi ao Jesu a neng a bua ka ’ona? Nahana ka liketsahalo tse tlalehiloeng pejana le ka mor’a puisano eo ea hae le Nikodemase. Tsona li bontša hore Johanne Mokolobetsi le barutuoa ba Jesu ba ne ba kolobetsa ka metsi. (Johanne 1:19, 31; 3:22; 4:1-3) Mokhoa ona o ile oa tsebahala haholo Jerusalema. Kahoo, ha Jesu a ne a bua ka metsi, e tlameha ebe Nikodemase o ile a lemoha hore Jesu o ne a sa bue ka metsi ka kakaretso, empa o ne a bua ka metsi a sebelisetsoang kolobetso. *

Ho Kolobetsoa “ka Moea o Halalelang”

Haeba ho ‘tsoaloa ka metsi’ ho bolela ho kolobetsoa metsing, joale ho ‘tsoaloa ka moea’ ho bolela’ng? Pele Jesu a bua le Nikodemase, Johanne Mokolobetsi o ne a ile a bolela hore hase metsi feela a neng a tla phetha karolo ea bohlokoa, empa le moea o halalelang o ne o tla phetha karolo ea bohlokoa. O ile a re: “Ke le kolobelitse ka metsi, empa [Jesu] o tla le kolobetsa ka moea o halalelang.” (Mareka 1:7, 8) Mongoli oa kosepele Mareka o bolela lekhetlo la pele leo ka lona ho ileng ha e-ba le kolobetso ea mofuta oo. O ile a ngola tjena: “Matsatsing ao Jesu a tsoa Nazaretha ea Galilea ’me a kolobetsoa Jordane ke Johanne. Kapele-pele ha a nyoloha a tsoa ka metsing a bona maholimo a ntse a aroha, ’me moea o theohela holim’a hae joaloka leeba.” (Mareka 1:9, 10) Ha Jesu a qoelisoa Jordane, o ile a kolobetsoa ka metsi. Nakong eo ka eona a fumanang moea o tsoang leholimong, o ile a kolobetsoa ka moea o halalelang.

Hoo e ka bang lilemo tse tharo ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a tiisetsa barutuoa ba hae: “Le tla kolobetsoa ka moea o halalelang matsatsi a seng makae ka mor’a sena.” (Liketso 1:5) See se etsahetse neng?

Ka Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba ka bang 120 ba Jesu ba ne ba bokane ntlong e ’ngoe Jerusalema. “Eaba ka tšohanyetso ho ba le lerata le tsoang leholimong le joaloka la moea o fokang ka sekhahla, ’me la tlala ntlo eohle eo ba neng ba lutse ka hare ho eona. Maleme a kang a mollo a bonahala ho bona . . . , eaba kaofela ba tlala moea o halalelang.” (Liketso 2:1-4) Hona letsatsing leo, ba bang Jerusalema ba ile ba susumelletsoa hore ba kolobetsoe metsing. Moapostola Petrose o ile a bolella letšoele leo: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a ke a kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste hore le tšoareloe libe, ’me le tla amohela mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang.” Eaba letšoele leo le nka bohato bofe? “Ba ileng ba amohela lentsoe la hae ka pelo eohle ba kolobetsoa, ’me letsatsing leo ha eketsoa meea e ka bang likete tse tharo.”—Liketso 2:38, 41.

Ho Feta Mefuteng e ’Meli ea Kolobetso

Mefuta ee ea kolobetso e senola eng ka tsoalo e ncha? E bontša hore tsoalo e ncha e etsahala ha motho a fetile mefuteng e ’meli ea kolobetso. Hlokomela hore Jesu o ile a qala ka ho kolobetsoa metsing. Eaba o fumana moea o halalelang. Ka tsela e tšoanang, barutuoa ba pele ba ile ba lokela ho kolobetsoa ka metsi pele (ba bang ba kolobelitsoe ke Johanne Mokolobetsi), eaba ka mor’a moo ba fumana moea o halalelang. (Johanne 1:26-36) Ka tsela e tšoanang, batho ba 3 000 ba sokolohileng ba ile ba qala ka ho kolobetsoa metsing, eaba ka mor’a moo ba fumana moea o halalelang.

Re nahanne hore na ka Pentekonta ea 33 C.E., batho ba ile ba feta mefuteng efe ea kolobetso, re lokela ho lebella hore tsoalo e ncha e etsahale joang kajeno? E lokela ho etsahala ka tsela e tšoanang le eo e ileng ea etsahala ka eona ho baapostola ba Jesu le barutuoa ba pele. Pele ho tsohle, motho o bakela libe tsa hae, a sokolohe tseleng e fosahetseng ’me a nehele bophelo ba hae ho Jehova e le hore a mo rapele le ho mo sebeletsa, ebe o bontša phatlalatsa hore o inehetse ka hore a kolobetsoe metsing. Ka mor’a moo, haeba Molimo a khetha hore e be e mong ea tla busa ’Musong oa Hae, o tla mo tlotsa ka moea o halalelang. Motho ke eena ea nkang khato karolong e qalang mefuteng ena e ’meli ea kolobetso (e leng kolobetso ea metsing); empa Molimo ke eena ea phethang karolo ea bobeli (e leng ho kolobetsa ka moea o halalelang). Ha motho a fetile mefuteng ena e ’meli ea kolobetso, o fuoe tsoalo e ncha.

Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Jesu a ile a sebelisa poleloana “a tsoaloe ka metsi le ka moea”? E ne e le ho hatisa hore ho tla ba le phetoho e khōlō ho ba kolobelitsoeng ka metsi le ka moea. Sehlooho se latelang se tla tšohla karolo eo ea tsoalo e ncha.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Ka tsela e tšoanang, ka nako e ’ngoe moapostola Petrose o ile a bua mantsoe ana ha batho ba ne ba kolobetsoa: “Na leha e le mang a ka hana ka metsi?”—Liketso 10:47.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Johanne o ile a kolobetsa Baiseraele ba bakileng metsing