Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsoalo e Ncha—E Finyella Eng?

Tsoalo e Ncha—E Finyella Eng?

Tsoalo e Ncha​—E Finyella Eng?

KE HOBANE’NG ha Jesu a sebelisitse poleloana e reng “a tsoaloe . . . ka moea” ha a bua ka ho kolobetsoa ka moea o halalelang? (Johanne 3:5) Ha lentsoe “tsoalo” le sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso, le bolela “qalo” joaloka polelong e reng “tsoalo ea sechaba.” Ka hona, poleloana e reng “tsoalo e ncha” e bolela “qaleho e ncha.” Ka lebaka leo, mantsoe a tšoantšetso a reng ‘tsoaloa’ le “tsoalo e ncha” a hatisa hore ba kolobelitsoeng ka moea o halalelang ba tla qala ho ba le kamano e ncha le Molimo. Kamano ea bona le Molimo e fetoha joang ka ho feletseng?

Ha a hlalosa hore na Molimo o lokisetsa batho joang hore ba e’o busa leholimong, moapostola Pauluse o ile a sebelisa mohlala o amanang le bophelo ba lelapa. O ile a ngolla Bakreste ba mehleng ea hae hore ba ne ba tla “nkeloa ka lapeng [e] le bara” le hore ka tsela eo, Molimo o ne a tla sebelisana le bona joalokaha a sebelisana “le bara.” (Bagalata 4:5; Baheberu 12:7) Hore re bone hore na mohlala ona oa ho nkeloa ka lapeng o re thusa joang hore re utloisise hore na ho etsahala phetoho ea mofuta ofe ha motho a kolobetsoa ka moea o halalelang, nahana hape ka mohlala oane oa moshanyana ea batlang ho ngolisa sekolong sa matsoalloa a naha e itseng.

Phetoho e Bang Teng ka Lebaka la ho Nkeloa ka Lapeng

Papisong eo, moshanyana a ke ke a ngolisoa sekolong seo hobane hase moahi oa naha eo. Joale, nahana feela ka letsatsi le leng ho etsahala phetoho e khōlō. Ntate e mong eo e leng moahi oa naha eo o mo nkela ka lapeng la hae ka molao e le mora oa hae. Phetoho ee e ama moshanyana eo joang? Kaha joale o se a nkoa e le mora oa ntate eo, o na le litokelo tse tšoanang le tsa bana bao e leng matsoalloa a naha eo—ho akarelletsa le tokelo ea hore a ngolisoe sekolong. Ho nkeloa ha hae ka lapeng leo ho fetotse boemo ba hae ka ho feletseng.

Sena se tšoantšetsa se etsahallang ba tsoetsoeng hape, le hona ka tsela ea bohlokoa le ho feta. Hlokomela kamoo lintlha tsena li tšoanang kateng. Moshanyana ea papisong eo ho builoeng ka eona o tla amoheloa sekolong feela ha a e-na le ntho e itseng e hlokahalang, e leng ho ba moahi oa naha eo. Empa seo a ke ke a se etsa ka boeena. Ka ho tšoanang, batho ba bang ba tla fuoa boemo ba ho busa ’Musong oa Molimo, kapa pusong ea leholimo, empa ba tla bo fuoa feela haeba ba e-na le ntho e itseng e hlokahalang—e leng ‘ho tsoaloa hape.’ Leha ho le joalo, ba ke ke ba e fumana ka bobona hobane Molimo ke eena ea khethang ba tsoaloang hape.

Se fetotseng boemo ba moshanyana eloa ke eng? Ke bohato ba molao ba ho mo nkela ka lapeng. Ke ’nete hore bohato boo ha boa ka ba fetola semelo sa moshanyana eo. Ka mor’a hore ntate eane a mo nkele ka lapeng la hae, moshanyana eo ha aa ka a fetoha motho e mong. Leha ho le joalo, ka mor’a hore ho phethoe lintho tse hlokahalang ka molao hore a nkeloe ka lapeng, moshanyana eo o ile a fumana boemo bo bocha. Ka sebele, o ile a qala bophelo bo bocha, joalokaha eka o tsoetsoe bocha. O ile a nkoa e le mora oa hae, e leng se ileng sa mo fa tokelo ea ho ea sekolong seo le ho ba karolo ea lelapa la ntate ea mo nketseng ka lapeng la hae.

Ka ho tšoanang, Jehova o ile a fetola boemo ba sehlopha sa batho ba sa phethahalang ka ho nka bohato ba pele ba molao e le hore a ba nkele ka lapeng e le bana ba hae. Moapostola Pauluse, eo e leng e mong oa sehlopha seo, o ile a ngolla balumeli-’moho le eena mantsoe a reng: “Le ile la amohela moea oa ho nkeloa ka lapeng le le bara, e leng moea oo ka oona re hoeletsang: ‘Abba, Ntate!’ Moea o paka le moea oa rōna hore re bana ba Molimo.” (Baroma 8:15, 16) Ka sebele, ka lebaka la mohato oo oa ho ba nkela ka lapeng, Bakreste bao ba fetohile karolo ea lelapa la Molimo, kapa “bana ba Molimo.”—1 Johanne 3:1; 2 Bakorinthe 6:18.

Ke ’nete hore ha Molimo a nkela Bakreste bao ka lapeng, seo ha sea ka sa fetola boemo ba bona ba tlhaho ba ho se phethahale. (1 Johanne 1:8) Leha ho le joalo, joalokaha Pauluse a ile a tsoela pele ho hlalosa, ka mor’a hore ba nkeloe ka lapeng joalokaha ho ne ho hlokahala, ba ile ba e-ba le boemo bo bocha. Ka nako e tšoanang, moea oa Molimo o ile oa fa bara bana ba nketsoeng ka lapeng kholiseho e matla ea hore ba ne ba tla lula le Kreste leholimong. (1 Johanne 3:2) Kaha moea o halalelang o entse hore ba kholisehe ka ho feletseng ka tšepo eo, ba ile ba qala ho talima bophelo ka tsela e ’ngoe. (2 Bakorinthe 1:21, 22) Ka sebele, ba ile ba e-ba le qaleho e ncha, joalokaha eka ba tsoaloa bocha.

Ha Bibele e bua ka bara ba Molimo ba nketsoeng ka lapeng, e re: “E tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena e le marena ka lilemo tseo tse sekete.” (Tšenolo 20:6) Ba e-na le Kreste, bara bana ba Molimo ba nketsoeng ka lapeng ba tla etsoa marena ’Musong oa Molimo, kapa pusong ea leholimo. Moapostola Petrose o ile a bolella balumeli-’moho le eena hore ba ne ba tla fumana “[lefa] le ke keng la bola le le sa silafalang le le sa senyeheng” le “[bolokiloeng] maholimong” bakeng sa bona. (1 Petrose 1:3, 4) Leo ke lefa la bohlokoa hakaakang!

Leha ho le joalo, taba ena ea bobusi e boetse e hlahisa potso e ’ngoe. Haeba ba tsoaloang hape ba tla busa e le marena leholimong, ba tla busa bo-mang? Ho tla tšohloa potso eo sehloohong se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Pauluse o ile a re’ng ka ho nkeloa ka lapeng?