Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsoalo e Ncha—Na ke Ntho eo Motho a ka Ikhethelang Eona?

Tsoalo e Ncha—Na ke Ntho eo Motho a ka Ikhethelang Eona?

Tsoalo e Ncha​—Na ke Ntho eo Motho a ka Ikhethelang Eona?

KE MANG ea etsang hore batho ba tsoaloe hape? Ha baruti ba bang ba khothalletsa bamameli ba bona hore e be Bakreste ba tsoetsoeng hape, ba qotsa mantsoe ana a Jesu: “Le lokela hore le tsoaloe hape.” (Johanne 3:7, NW) Baruti bao ba fetola mantsoe ana taelo, ha e le hantle ba re, ‘Tsoaloang hape!’ Ka hona, ba ruta hore molumeli ka mong a ka ikhethela ho mamela Jesu ebe o nka mehato e loketseng ea hore a tsoaloe hape. Ha e le hantle seo ba se bolelang ke hore motho a ka ikhethela ho tsoaloa hape. Empa na seo se lumellana le mantsoe ao Jesu a ileng a a bolella Nikodemase?

Ho hlahlobisisa mantsoe a Jesu ho bontša hore Jesu o ne a sa rute hore motho a ka ikhethela hore na o batla ho tsoaloa hape kapa che. Ke hobane’ng ha re bua mantsoe aa? Poleloana ea Segerike e fetoletsoeng e le “a tsoaloe hape” e ka boela ea fetoleloa e le “o lokela hore a tsoaloe ho tsoa holimo.” * Kahoo, ho latela phetolelo eo, tsoalo e ncha “e tsoa holimo”—ke hore “e tsoa leholimong,” kapa “e theoha ho Ntate.” (Johanne 19:11, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe; Jakobo 1:17) Ka sebele, ke Molimo ea etsang hore batho ba tsoaloe hape.—1 Johanne 3:9.

Haeba re lula re hopotse poleloana e reng “e tsoa holimo,” re ke ke ra thatafalloa ke ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha motho a ke ke a iketsa hore a tsoaloe hape. Ak’u nahane ka ha u ne u tsoaloa. Na u ile ua ikhethela hore u batla ho tsoaloa? Le hanyenyane! Ntate oa hao ke eena ea ileng a etsa hore u tsoaloe. Ka ho tšoanang, re ka tsoaloa hape hafeela Molimo, e leng Ntate oa rōna oa leholimo, a etsa hore re fumane tsoalo e ncha. (Johanne 1:13) Ka hona, moapostola Petrose o bua ka nepo ha a re: “Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, kaha ho ea ka mohau oa hae o moholo o ile a re fa tsoalo e ncha.”—1 Petrose 1:3.

Na ke Taelo?

Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Haeba ke ’nete hore ha ho na motho ea ka iketsetsang qeto ea hore eena o batla ho tsoaloa hape, ke hobane’ng ha Jesu a ile a fana ka taelo e reng: “Le lokela hore le tsoaloe hape”?’ Eo ke potso e utloahalang. Etsoe haeba ruri mantsoe ao a Jesu ke taelo, o ne a tla be a re laela hore re etse ntho eo re ke keng ra khona ho e etsa. Eo e ne e ke ke ea e-ba ntho e utloahalang. Joale re lokela ho utloisisa mantsoe a reng le lokela hore le “tsoaloe hape” joang?

Ha polelo eo e hlahlobisisoa ka puo ea pele eo e ngotsoeng ka eona, hoa hlaka hore e ne e sa ngoloa e le taelo. Ho e-na le hoo, e ngotsoe e le polelo e hlalosang boemo. Ka mantsoe a mang, ha Jesu a ne a re le lokela hore le “tsoaloe hape,” o ne a bolela taba kamoo e leng kateng, o ne a sa fane ka taelo. O ile a re: “Ho hlokahala hore le tsoaloe ho tsoa holimo.”—Johanne 3:7, Modern Young’s Literal Translation.

Ho etsa mohlala oa hore na taelo le polelo li fapana hokae, nahana ka papiso ena. Nahana ka motse o itseng o nang le likolo tse ngata. Ebe ho khethoa sekolo se seng hore e be sa bana bao e leng baahi kapa matsoalloa a naha eo, ba lulang libakeng tse hōle le motse oo. Ebe ka letsatsi le leng ho fihla moshanyana eo e seng moahi oa naha eo ’me o re ho mosuoe-hlooho oa sekolo seo: “Ke kōpa ho ngolisa sekolong sena.” Ha mosuoe-hlooho a mo araba, o re ho eena: “E le hore u ngolisoe sekolong sena u lokela hore u be moahi oa naha ena.” Ho hlakile hore mantsoe a mosuoe-hlooho hase taelo. Ha a fe seithuti seo taelo e reng: “E-ba moahi oa naha ena!” Mosuoe-hlooho o mpa a bolela taba kamoo e leng kateng—e leng se hlokahalang hore motho a kene sekolo seo. Ka ho tšoanang, ha Jesu a ne a re: “Le lokela hore le tsoaloe hape,” o ne a mpa a bolela taba kamoo e leng kateng—e leng se hlokahalang e le hore motho a ka “kena ’musong oa Molimo.”

’Muso oo oa Molimo, o boletsoeng qetellong, o amana le karolo e ’ngoe hape ea tsoalo e ncha. Karolo ena e amana le potso e reng, Morero oa eona ke ofe? Ke habohlokoa hore re tsebe karabo ea potso eo e le hore re ka utloisisa ka nepo se boleloang ke ho tsoaloa hape.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Liphetolelo tse ’maloa tsa Bibele li fetolela Johanne 3:3 ka tsela ena. Ka mohlala, A Literal Translation of the Bible, e re: “Haeba motho a sa fumane tsoalo e tsoang holimo, a ke ke a bona ’muso oa Molimo.”

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ho tsoaloa bocha le ho tsoaloa ho tloaelehileng ha tlhaho ho tšoana joang?