Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Malumeli ’Ohle e Mpa e le Litsela Tse Lebang ho Molimo a le Mong?

Na Malumeli ’Ohle e Mpa e le Litsela Tse Lebang ho Molimo a le Mong?

Na Malumeli ’Ohle e Mpa e le Litsela Tse Lebang ho Molimo a le Mong?

“Ke na le kereke ea ka, ebile nkeke ka e tlohela. Etsoe ha ho tsotellehe hore na u kena kereke efe hobane kaofela ke litsela tse lebang ho Molimo a le mong.”

NA U kile ua utloa motho a bua joalo? Batho ba bangata ba lumela hore likereke tsohle li ka ba thusa hore ba fumane Molimo ’me ba utloisise morero oa bophelo. Hape ho atile tumelo ea hore malumeli ’ohle a na le moo a lokileng teng le moo a sa lokang teng, le hore ha ho na kereke e ka reng ke eona feela ea ’nete kapa ke eona feela e lebisang batho ho Molimo.

Batho ba bangata ba mehleng ena ba bolelang hore ba nka malumeli kaofela a tšoana, ba ikutloa ka tsela eo. Ha e le hantle, hangata ba nka hore ba nahanang ka tsela e fapaneng le ea bona ba inka ba lokile ho feta batho ba bang ebile ba tsitlella maikutlong a bona. Uena u re’ng? Na u nka hore likereke tsohle ke litsela tse lebang ho Molimo a le mong? Na ke taba ea bohlokoa hore na motho o kena kereke efe?

Na Ehlile ho na le Moo li Fapanang Teng?

Ho latela buka e ’ngoe e fanang ka boitsebiso, hona joale ho na le malumeli a 9 900 lefatšeng, ao a mang a ’ona a leng likarolong tse ngata tsa lefatše, a bileng a nang le litho tse baloang ka limilione. Ho hakanngoa hore bonyane batho ba ka etsang liphesente tse 70 lefatšeng ka bophara ba oela ho bo bong ba malumeli a mahlano a maholo—e leng Bobuddha, Bokreste, Bohindu, Boislamo le Bojuda. Haeba likereke tsohle li lebisa batho ho Molimo a le mong, ka sebele malumeli ana a mahlano a ne a lokela ho ruta batho lithuto tse tšoanang, a hlalose Molimo le morero oa hae ka litsela tse tšoanang. Empa ha e le hantle ’nete ke efe?

Moruti e mong oa Kereke ea Roma e K’hatholike e leng Hans Küng, o re bonneteng malumeli ana a maholo a na le lithuto tse tšoanang tsa motheo tse mabapi le litšebelisano. Ka mohlala, a mangata a ruta batho hore ba se ke ba bolaea, ba bua leshano, ba utsoa, ba kopanela liphate le batho ba amanang le bona, ebile a ruta bana ho hlompha batsoali le hore batsoali ba rate bana ba bona. Leha ho le joalo, litabeng tse ling, haholo-holo tseleng eo a hlalosang Molimo ka eona, malumeli ana a maholo a fapana ka ho feletseng.

Ka mohlala, Mahindu a rapela melingoana e mengata haholo, athe Mabuddha ’ona ha aa tiiseha mabapi le hore na Molimo ke motho oa sebele kapa che. Maislamo a ruta hore ho na le Molimo a le mong. Le likereke tse ipolelang hore ke tsa Bokreste li ruta thuto eona eo, empa boholo ba tsona li boetse li bolela hore Molimo ke Boraro-bo-bong. Esita le likerekeng tse ipolelang hore ke tsa Bokreste, ho rutoa lithuto tse ngata tse sa tšoaneng. Mak’hatholike a rapela Maria, ’mè oa Jesu, empa Maprostanta ha a mo rapele. Mak’hatholike a mangata a haneloa ho sebelisa lithibela-pelehi empa Maprostanta a mangata ha a thibeloe ho li sebelisa. Ebile Maprostanta ka booona ha a lumellane tabeng ea ho ratana le ho nyalana ha batho ba bong bo tšoanang.

Na hoa utloahala ho nahana hore malumeli a rutang lithuto tse ngata joalo tse sa tšoaneng kaofela a rapela Molimo a le mong? Le letho! Ho e-na le hoo, litholoana tsa seo e ka ba pherekano feela tabeng ea hore na Molimo ke mang le hore na o batla hore batho ba mo rapelang ba etse eng.

Na Malumeli a Kopanya Batho Kapa aa ba Arohanya?

Haeba malumeli ’ohle a lebisa batho ho Molimo a le mong, ka sebele re ne re tla bona bo bong le bo bong bo leka ka matla hore bo kopanye moloko oa batho ka khotso. Na lintho tse etsahalang li paka hore a etsa joalo? Histori e bontša hore ho e-na le hore bolumeli bo kopanye moloko oa batho, ke sesosa sa likarohano le liqhoebeshano tse teng. A re ke re hlahlobeng mehlala e seng mekae.

Ho tloha lekholong la bo11 ho ea ho la bo13 la lilemo, linaha tse ipolelang hore ke tsa Bokreste li ile tsa loana lintoa tse ngata tsa bolumeli le Maislamo ha ho ne ho tsekoa seo ho thoeng ke Naha e Halalelang (Jerusalema). Lekholong la bo17 la lilemo, linaheng tsa Europe, Mak’hatholike le Maprostanta a ile a loana ea khumamela Ntoeng ea Lilemo Tse Mashome a Mararo. Ka 1947, hang hoba linaha tsa Asia Boroa li fumane boipuso ho Great Britain, Mahindu le Mamosleme a ile a qeta lilemo-lemo a loana ea khehlepe. Morao tjena Mak’hatholike le Maprostanta a sa tsoa qeta lilemo-lemo a loana e mahlo-mafubelu Ireland Leboea. Linaheng Tsa Bochabela bo Hare, Bajuda le Mamosleme ba ntse ba sa okhelane mollo le kajeno. Mohlala o ka sehloohong ke Ntoa ea II ea Lefatše, e ileng ea loanoa ke litho tsa malumeli ’ohle a maholo a mahlano, moo batho ba bolumeli bo le bong ba neng ba bile ba ripitlana.

Ho hlakile hore malumeli a lefatše ha aa thusa batho hore ba be le khotso le bonngoe, ebile ha aa ba lebisa ho Molimo a le mong. Ho e-na le hoo, a ’nile a fehla morusu har’a moloko oa batho le ho ba ferekanya ha a hlalosa Molimo le tsela ea ho mo rapela. Kahoo, mang kapa mang ea batlang ho tla ho Molimo oa ’nete o lokela ho khetha tsela eo a tsamaeang ka eona ka hloko. Sena se lumellana le seo Bibele e se khothalletsang, e leng e ’ngoe ea libuka tsa bolumeli tsa khale ka ho fetisisa tse tsebahalang molokong oa batho.

Ikhethele eo U Tla mo Sebeletsa

Bibele e bontša ka tsela e hlakileng hore motho o lokela ho nahanisisa taba ena ka hloko a be a iketsetse khetho e le hore a fumane tsela e lebisang ho Molimo oa ’nete. Mohlanka oa Jehova Molimo ea bitsoang Joshua, o ile a re ho sechaba sa Iseraele: “Le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa, ebang ke melimo eo baholo-holo ba lōna ba neng ba le ka lehlakoreng le leng la Nōka ba neng ba e sebeletsa kapa melimo ea Baamore bao le lulang naheng ea bona. Empa ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.” Lilemo hamorao, moprofeta Elia o ile a khothalletsa sechaba hore se iketsetse khetho e tšoanang ha a ne a re: “Le tla ’ne le qeaqee halelele hakae pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng? Haeba Jehova ke Molimo oa ’nete, mo lateleng; empa haeba Baale ke eena, mo lateleng.”—Joshua 24:15, 16; 1 Marena 18:21.

Litemana tsena tsa Bibele le tse ling li hatisa hore ba batlang ho sebeletsa Molimo oa ’nete ba ne ba lokela ho iketsetsa khetho. Ho ntse ho tšoana le kajeno. Haeba re batla ho rapela Molimo oa ’nete re bile re batla ho mo sebeletsa, le rōna re tlameha ho etsa khetho e nepahetseng. Empa ke eng e ka re thusang hore re etse khetho e joalo litabeng tsa borapeli? Re ka khetholla barapeli ba ’nete joang?

Barapeli ba ’Nete ba Tsejoa ka Litholoana Tsa Bona

Ha Jesu Kreste a bua ka barapeli ba ’nete le ba bohata, o ile a re ho balateli ba hae: “Le ka mohla batho ha ba bokelle morara meutloeng kapa lifeiga hlabahlabaneng, na ha ho joalo? Ka ho tšoanang sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle, empa sefate se seng le se seng se bolileng se hlahisa litholoana tse se nang thuso; sefate se setle se ke ke sa beha litholoana tse se nang thuso, kapa sefate se bolileng sa hlahisa litholoana tse ntle. . . . Joale, ka sebele, le tla tseba batho bao ka litholoana tsa bona.” Kahoo, barapeli ba ’nete ba ne ba tla bonahala ka litholoana, kapa mesebetsi ea bona. Litholoana tsee ke life?—Matheu 7:16-20.

Tholoana ea pele ke hore borapeli ba ’nete bo kopanya balumeli ka lerato. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ho re: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” Balateli ba ’nete ba Kreste ba lokela ho bontšana lerato le ikhethang, le ba khethollang e le barapeli ba ’nete ho batho bohle.—Johanne 13:34, 35.

Ka lebaka lena e ne e tla ba ntho e sa utloahaleng hore Bakreste ba ’nete ba tsohelane matla lintoeng. Na litho tsa likereke li latela molao oo? Ntoeng ea II ea Lefatše, sehlopha feela se seholo sa bolumeli se neng se hana se tiile ho tšehetsa ntoa ka linako tsohle ho sa tsotellehe liphello tsa seo, e ne e le Lipaki Tsa Jehova. Dr. Hanns Lilje, eo e neng e le mobishopo oa Kereke ea Prostanta motseng oa Hannover, Jeremane, o ile a ngola tjena ka Lipaki: “Li tla be li nepile ha li re ke tsona feela tseo li neng li le ngata har’a batho bao letsoalo la bona le ileng la ba hanela ho nka lihlomo Pusong ea Bonazi.” Ntoeng eo, linaheng tse ngata Lipaki li ile tsa khetha ho tšoaroa ka sehlōhō ho e-na le hore li thoholetse ntoa kapa li e tšehetse.

Jesu o ne a boetse a nahanne ka litholoana life tse neng li tla thusa batho hore ba hloaee barutuoa ba ’nete? Thapelong e tsebahalang ka hore ke Thapelo ea Morena, Jesu o ile a qala ka mantsoe ana: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” Ntho ea pele eo Jesu a ileng a bua ka eona e bile hore lebitso la Molimo, e leng Jehova, le halaletsoe. O ile a bolela hore o labalabela hore thato ea Jehova e etsoe lefatšeng ho sebelisoa ’Muso oa Molimo. Ke bolumeli bofe bo tsebahalang ka ho phatlalatsa lebitso la Jehova le ho bolella batho hore ’Muso oa Molimo ke eona feela puso e ka tlisetsang moloko oa batho khotso lefatšeng? Lipaki Tsa Jehova li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso linaheng tse 236 hammoho le libakeng tse oelang tlas’a linaha tse ling, li aba lingoliloeng ka lipuo tse 470.—Matheu 6:9, 10.

Ho feta moo, Lipaki Tsa Jehova li latela mohlala oa Jesu oa ho se itšunya-tšunye liqhoebeshanong tsa lipolotiki le tsa lichaba. Jesu o ile a re ka barutuoa ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” Ho phaella moo, Lipaki li lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo ebile li kholisehile hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—Johanne 17:14, 17; 2 Timothea 3:16, 17.

Bolumeli ba ’Nete Boa Ikhetha

Litholoana tsena—e leng lerato le bontšoang ka ho itela, ho batla ho halaletsa lebitso la Jehova, ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo, ho se itšunya-tšunye litabeng tsa lefatše le ho lumela Bibeleng—kaofela ke lintho tse hloaeang barapeli ba ’nete. Litholoana tsa mofuta oo li boetse li khetholla barapeli ba ’nete ho ba malumeli a mang. Mosali e mong ea neng a rata ho qoqa le Lipaki Tsa Jehova o ile a iketsetsa qeto eaba o re: “Ke tseba malumeli a mangata ’me kaofela ha ’ona aa tšoana. Ke lōna feela ba fapaneng ka ho feletseng le batho ba bang.”

Ho hlakile hore malumeli ’ohle hase litsela tse lebang ho Molimo a le mong. Empa ho na le sehlopha se le seng se fapaneng le malumeli a mang kaofela—e leng Lipaki Tsa Jehova, tseo hona joale li fetang limilione tse supileng lefatšeng lohle. Ka ho buella Lentsoe la Molimo, Bibele, le ho le khomarela, li kopantse batho ba lichaba tse sa tšoaneng, ba lipuo, ba limelo le ba merabe e sa tšoaneng hore ba rapele Molimo a le mong oa ’nete, Jehova, e leng ntho eo ho seng sehlopha kapa mokhatlo leha e le ofe o kileng oa e etsa. Li tla thabela ho u thusa hore u ithute Molimo oa ’nete, u tsebe seo a batlang hore u se etse, u be le khotso ’me u ikutloe u sireletsehile ka lebaka la ho rapela Molimo ka tsela eo a batlang hore u mo rapele ka eona. Ruri seo ke sepheo se setle seo u ka se hahamallang!

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Moprista oa Orthodox o hlohonolofatsa mabotho a Ukraine ka 2004

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

GENIA SAVILOV/AFP/Getty Images

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Lipaki Tsa Jehova li thusa batho hohle hore ba ithute Molimo ’me ba tsebe ka ’Muso oa hae

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 12]

Page 12: Buddhist woman: © Yan Liao/Alamy; Hindu holy man: © imagebroker/Alamy; page 13: Man reading Koran: Mohamed Amin/Camerapix; Jewish man: Todd Bolen/Bible Places.com