Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ho na le ea Hlileng a re Tsotellang?

Na ho na le ea Hlileng a re Tsotellang?

Na ho na le ea Hlileng a re Tsotellang?

Na u kile ua ikutloa u tsielehile, u se na mang-oe, eka batho ba bang ha ba hlile ha ba utloisise mathata ao u tjamelaneng le ’ona? Kapa le hoja ba tseba mathata a hao, na u ile ua nka hore ha ba hlile ha ba tsotelle?

HA MATHATA a hlaha, re ka ’na ra ikutloa joalokaha eka re har’a sefefo se ke keng sa feta. Ka linako tse ling, re ka ba ra bona eka re hlahetsoe ke ntho e bohloko le hona re sa utloisise hore na ke hobane’ng ha e re hlahetse hoo re seng re sitoa ho mamella. Re atisa ho ikutloa joalo ha re sithabetse re bile re tetebetse maikutlong, ha re hlahetsoe ke kotsi e mpe, re tšoeroe ke lefu le sa foleng kapa re tobane le maemo a mang a tšoanang le ao. Re ka ’na ra ikutloa re se na mang-oe re bile re tsielehile hoo re ka ipotsang hore na ebe ke mang ea tla re tšelisa. Na ho hlile ho na le ea re tsotellang?

“Molimo oa Matšeliso ’Ohle” oa re Tsotella

Ka Bibeleng, Molimo o hlalosoa e le “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakorinthe 1:3) Molimo eo lebitso la hae e leng Jehova, oa tseba hore re hloka ho tšelisoa. Bibele e sebelisa lentsoe “matšeliso” ka litsela tse sa tšoaneng ka makhetlo a fetang lekholo ’me seo se re tiisetsa hore Molimo o utloisisa seo re tobaneng le sona ebile o batla ho re tšelisa. Ho tseba sena hoa re kholisa hore esita le haeba ho bonahala eka ba bang ha ba elelloe masisa-pelo ao re tobaneng le ’ona, ba sa a utloisise kapa ba sa re tsotelle, Jehova Molimo eena oa tsotella.

Taba ea hore Jehova o tsotella batho ka bomong e bonahala ka ho hlaka ka Mangolong. Bibele e re: “Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.” (Liproverbia 15:3) Ka ho tšoanang, Jobo 34:21 e baleha tjena: “Mahlo a hae a holim’a litsela tsa motho, o bona mehato eohle ea hae.” Jehova o bona seo re se etsang—ebang se setle kapa se sebe—ebile o ela hloko maemo a rōna, e le hore a ka etsa seo eena a bonang se loketse. Sena se pakoa ke mantsoe a Hanani oa seboni kapa moprofeta, ea ileng a re ho Morena Asa oa Juda: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.”—2 Likronike 16:7, 9.

Ho na le lebaka le leng hape leo Jehova a re lebelang ka lona. Jesu o ile a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” (Johanne 6:44) Jehova o re tsotella hoo a shebang pelo ea e mong le e mong ho bona hore na o batla ho mo tseba e le kannete. Ha motho a batla ho mo tseba, a ka mo thusa ka litsela tse hlollang e le kannete. Ka mohlala, naheng ea Dominican Republic, mosali e mong o ne a ile sepetlele ho ea etsa opereishene ea kankere. O ile a kōpa Molimo ka tieo hore a mo thuse ho fumana bolumeli ba ’nete. Ka nako eo, monna oa hae o ile a mo tlisetsa bukana e nang le sehlooho se reng Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? * eo mosali e mong oa Paki ea Jehova a neng a ile a mo tlisetsa eona lapeng hoseng hona hoo. Mosali eo o ile a bala bukana eo a ba a lemoha hore ke tsela eo Molimo a arabang thapelo ea hae ka eona. O ile a lumela ho rutoa Bibele ke Paki eo, hoo le pele likhoeli tse tšeletseng li fela, a ileng a inehela ho Molimo ’me a kolobetsoa.

Bukeng ea Bibele ea Lipesaleme, re fumana lipolelo tse ngata tse thobang pelo tse hlalosang tsela e lerato eo Jehova a hlokomelang bahlanka ba hae ka eona, e leng lipolelo tse boletsoeng ke bangoli ba Lipesaleme ba Baheberu ba mehleng ea boholo-holo, ba joaloka Morena Davida. Pesalemeng ea 56:8, re utloa mantsoe a Morena Davida ha a ipiletsa ho Molimo, a re: “U tšele meokho ea ka ka lekukeng la hao. Na ha e bukeng ea hao?” Joalokaha mokhabo-puo ona o bontša, Davida o ne a tseba hore Jehova o utloisisa litsietsi tsa hae le tsela eo li neng li mo ama ka eona. Jehova o ne a tseba bohloko boo Davida a neng a le ho bona a bile a hopola hore na Davida o kile a feta maemong a joang a ileng a mo thefula maikutlo a ba a etsa hore a tšolohe likeleli. Ka sebele, ’Mōpi oa rōna o shebile bohle ba ikitlaelletsang ho etsa thato ea hae, “bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.”

Khaolo e ’ngoe ea Bibele e hlalosang tsela e lerato eo Molimo a re tsotellang ka eona ke Pesaleme ea 23 e tsebahalang haholo. Mantsoe a qalang feela a bapisa Molimo le molisa ea lerato: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho.” Linaheng Tsa Bochabela bo Hare, molisa o ameha ka nku e ’ngoe le e ’ngoe, ebile o reha e ’ngoe le e ’ngoe lebitso. Letsatsi le letsatsi o bitsa nku ka ’ngoe ebe oa e phaphatha le ho sheba hore na ha ea lemala. Haeba a fumana leqeba, o le tlotsa ka oli kapa moriana e le hore le ka fola ka potlako. Haeba nku e kula, molisa a ka ’na a tlameha ho e qaha moriana ’me a e thuse hore e eme e le hore e se ka ea botha eaba ea shoa. Ka sebele, oo ke mokhabo-puo o motle o bontšang kamoo Jehova a hlokomelang ba ipiletsang ho eena kateng.

Thapelo le Tsoho ke Bopaki ba Hore Molimo oa re Tsotella

Lipesaleme tsena hammoho le tse ling tse monate tse tlalehiloeng ka Bibeleng ha lia ngolloa feela hore re li balle monate. Li re bontša kamoo bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba nakong e fetileng ba ileng ba tšollela lipelo tsa bona ho Jehova kateng e le ho mo kōpa thuso hammoho le ho mo leboha ka lebaka la tataiso ea hae le tlhohonolofatso ea hae. Lipolelo tsa mofuta oo li bontša ka ho hlakileng hore bahlanka bao ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba lumela ka tieo hore Molimo oa ba tsotella. Ho bala mantsoe ana a thobang pelo le ho nahanisisa ka ’ona ho ka re thusa hore re ikutloe ka tsela eo ba neng ba ikutloa ka eona ka Molimo. Taba ea hore Molimo o re lumella hore re mo rapele ke bopaki bo matla ba hore oa re tsotella.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling, re ikutloa re sithabelitsoe ke bothata hoo re sa tsebeng hore na ha re bo rapella re re’ng. Na seo se etsa hore Jehova a se ke a tseba matšoenyeho a rōna? Baroma 8:26 e araba potso eo tjena: “Moea le oona o kopanela ka thuso bakeng sa bofokoli ba rōna; etsoe ha re tsebe bothata ba seo re lokelang ho se rapella joalokaha ho hlokahala hore re rapele, empa moea o re kōpela ka tieo ka lipōbōli tse sa buuoeng.” Lengolo lena le re bolella hore lithapelo tse bululetsoeng tsa bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng li ka ’na tsa tšoana le tsela eo re ikutloang ka eona ebe Jehova, “Ea Utloang thapelo,” o mamela lithapelo tse joalo.—Pesaleme ea 65:2.

Tšepo ea tsoho ke bopaki bo bong bo hlakileng ba hore Molimo o thahasella e mong le e mong oa rōna. Jesu Kreste o itse: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng ka nepo e le ‘mabitla a khopotso’ hase feela “mabitla.” Le bontša hore Molimo ke eena ea hopolang histori eohle ea bophelo ba motho ea shoeleng.

Ak’u nahane ka taba ena, hore Molimo a tsose motho, o lokela ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka motho eo, ho akarelletsa le hore na o ne a shebahala joang, lintho tseo a li futsitseng le tseo a ithutileng tsona, le mohopolo oa motho eo kaofela! (Mareka 10:27) Molimo a ke ke a lebala motho eo esita leha ho ka feta lilemo tse likete. (Jobo 14:13-15; Luka 20:38) Kahoo, Jehova Molimo o ntse a hopola batho ba limilione tse likete ba shoeleng—e leng se re kholisang hore Molimo o tsotella e mong le e mong oa rōna!

Jehova ke Moputsi

Re lokela ho etsa’ng e le hore ka lerato Molimo a ikutloe a amehile ka rōna a bile a re tsotella? Ntho ea pele, re lokela ho bontša hore rea mo tšepa ebile rea mo mamela, re bontše hore re na le tumelo ho eena. Moapostola Pauluse o re bontša hore tumelo e tsamaisana le ho hlokomeloa ke Molimo ha a ngola a re: “Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa, kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheberu 11:6.

Hlokomela hore tumelo e khahlisang Molimo e akarelletsa litšobotsi tse peli. Ea pele, re lokela “ho lumela hore o teng,” e leng se bolelang hore, re lokela ho lumela hore Molimo oa phela le hore ke ’Musi oa rōna ea Phahameng ka ho Fetisisa, eo re tšoanelang ho mo mamela le ho mo rapela. Ea bobeli, re lokela ho lumela hore ke “moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” Tumelo ea ’nete e akarelletsa ho lumela hore Molimo o tsotella bohle ba batlang ho etsa thato ea hae ka tieo ebile o batla ho ba putsa. Ka ho ithuta Lentsoe la Molimo le ka ho tsamaea le batho ba mo mamelang, le uena u ka ba le tumelo e joalo e ka etsang hore Molimo a u putse ’me a u hlokomele ka lerato.

Batho ba bangata kajeno ba lumela hore Molimo ha a tsotelle lintho tse etsahallang batho. Empa joalokaha re se re bone, Bibele e bontša ka ho hlakileng hore ruri Molimo o tsotella batho ba bontšang tumelo ea ’nete ho eena. Esita le hoja kajeno bophelo bo tletse litsietsi, matšoenyeho, lintho tse nyahamisang le tse utloisang bohloko, ha rea lokela ho felloa ke tšepo. Jehova Molimo oa re tsotella. Ha e le hantle, ka lerato o re khothalletsa hore re ipiletse ho eena hore a re tšehetse. Mopesaleme o ile a re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.”—Pesaleme ea 55:22.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 29]

Mangolo a ka Matlafatsang Tumelo ea Hao ea Hore Molimo o U Tsotella ka Lerato

“Etsoe, ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.”—2 LIKRONIKE 16:9

“U tšele meokho ea ka ka lekukeng la hao. Na ha e bukeng ea hao?”—PESALEME EA 56:8

“Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho.”—PESALEME EA 23:1

“Uena Ea Utloang thapelo, batho ba nama eohle ba tla tla ho uena.”—PESALEME EA 65:2

“U tla hooa, ’me ke tla u araba. U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.”—JOBO 14:15

“Ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—BAHEBERU 11:6

“Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.”—PESALEME EA 55:22